Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wcg khao. 40 leq. 180-leq. 183
  • O Ile a Tsosolosa Marako

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Ile a Tsosolosa Marako
  • E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsa Lipatlisiso
  • Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
  • Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
  • Ithute Lintlha Tse Ling
  • Buka ea Bibele ea 16—Nehemia
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • “U ’ne U Hlōle Bobe ka Botle”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Nehemia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Marako a Jerusalema
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
wcg khao. 40 leq. 180-leq. 183

40 NEHEMIA

O Ile a Tsosolosa Marako

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

NEHEMIA o ne a lula motseng oa Persia o bitsoang Shushane, empa pelo ea hae e ne e le Jerusalema. O ne a rata motse oo haholo hobane tempele ea Jehova e ne e le moo. Batho ba Molimo ba ne ba lumeletsoe hore ba khutlele Jerusalema ka mor’a ho ba botlamuoeng ka lilemo tse ngata, empa borapeli ba ’nete bo ne bo ntse bo e-s’o tsosolosoe moo. Marako a motse a ne a oele. Mehleng eo, batho ba bangata ba ne ba sa rate ho lula motseng o se nang marako hobane o ne o ka hlaseloa habonolo.

Nehemia o ne a e-na le boemo bo phahameng ’musong oa Persia. E ne e le mosebeletsi ea tšepahalang oa Morena Artaseksese. Empa ho Nehemia ho ba mosebeletsi ea tšepahalang oa Jehova e ne e le eona ntho ea bohlokoa. Ka letsatsi le leng, ngoan’abo Nehemia o ile a mo chakela, a mo bolella hore Jerusalema e “maemong a hlobaetsang.” Marako a motse a ne a ntse a e-s’o tsosolosoe ’me le batho ba ne ba nyahame.

Nehemia o ile a nyahama haholo. O ile a ‘lula fatše a lla ’me a qeta matsatsi a mangata a hlomohile.’ O ile a rapela Jehova, a mo kopa hore a hopole batho ba hae ’me a ba thuse. Ka mor’a moo, ha Nehemia a fa Morena Artaseksese veine, o ile a mo botsa hore na ke hobane’ng ha a ne a shebahala a nyahame. Nehemia o ile a tšoha empa a khona ho araba morena. A mo bolella ka boemo bo hlobaetsang bo Jerusalema. Artaseksese o ile a mo botsa hore na o batla’ng. “Hang-hang [Nehemia a] rapela Molimo oa maholimo.” Ka mor’a ho rapela, a bolella Artaseksese hore o kopa ho tsamaea ka nakoana a khutlele Jerusalema, a e’o thusa ho tsosolosa marako le likeiti tsa eona. Morena o ile a re a ka tsamaea.

Kahoo, Nehemia o ile a tsamaea ’me a nka leeto le lelelele le le kotsi ho ea Jerusalema. Ha a fihla moo, o ile a e’o sheba hore na marako a senyehile hakae, empa a ea e le bosiu ho se motho ea mo bonang. Ka mor’a moo, o ile a bitsa batho a ba khothalletsa hore ba sebetse le eena ho tsosolosa marako. O ile a ba behela mohlala ka hore le eena a nke karolo mosebetsing. Batho ba bangata ba ile ba lumela ho etsa mosebetsi ona. Har’a bona ho ne ho e-na le batho ba ruileng le ba hlaheletseng sechabeng, joaloka likhosana le batho ba etsang lintho tsa khauta. Khosana e ’ngoe e ne e bile e sebetsa le barali ba eona.

Bajuda ba ne ba e-na le lira tse ngata tse neng li sa batle ho bona Jerusalema e ba le marako a e sirelelitseng. Qalong li ne li ba tšeha. Se seng sa lira tsa bona se ile sa re le haeba phokojoe e ka hloella holim’a lerako la bona la majoe leo ba le hahang, e ne e tla le liha. Nehemia o ile a iphapanya, a tsoela pele ka ho khothatsa basebetsi.

Nehemia o ile a tsosolosa marako a Jerusalema le hoja lira tsa hae li ne li mo soma ebile li mo tšosa e le hore a se ke a tsoela pele ka mosebetsi

Empa bahanyetsi ba bona ba ile ba halefa le ho feta. Eitse ha ba bona lerako le se le itšoere thekeng, ba itokisetsa ho hlasela Bajuda. Nehemia o ile a etsa sohle seo a ka se khonang ho sireletsa motse. Kahoo, lira tsa bona li ile tsa tlohela morero oa ho ba loantša. Leha ho le joalo, ho tloha ka nako eo ho ea pele, Nehemia le halofo ea banna ba neng ba sebetsa lerakong ba ile ba le kata ba tšoere libetsa, ha halofo e ’ngoe e ne e tsoela pele ho le haha. Kahoo, lira tsa bona li ile tsa leka leqheka le leng.

Nehemia o tsamaisa mosebetsi oa ho tsosolosa marako a Jerusalema a tsamaea le mothusi oa hae. Ba shebile banna le basali ba sebetsang ka thata ho bokella thepa ea ho haha hammoho le banna ba holim’a likafole lerakong.

Li ile tsa tšosa Nehemia tsa re ho na le batho ba tl’o mo bolaea. Tsa re a e’o ipata tempeleng ea Jehova. Empa ha a ne a ka etsa joalo, o ne a tla be a tlola Molao oa Molimo. Kahoo, Nehemia o ile a hana ho ea ka tempeleng, o ile a re: “Na motho ea joaloka ’na o lokela ho baleha?” O ile a tsoela pele ho sebetsa, a tseba hore Bajuda ba etsa seo Jehova a se batlang le hore oa ba tšehetsa. Kannete Jehova o ne a ba tšehelitse hobane ba ile ba qeta lerako ka mor’a matsatsi a 52 feela. Kahoo, lira tsa bona li ile tsa soaba hobane li ne li hlolehile ho ba sitisa.

Joale Nehemia o ne a hloka sebete e le hore a thuse batho ba habo. O ne a lokela ho ba thusa hore ba sebeletse Jehova ka tsela e nepahetseng. Ka mohlala, ha barui ba ne ba hatella batho ba futsanehileng ka hore ba batle tsoala ha ba ba alimme chelete, Nehemia ha aa ka a tšaba ho ba khalemela. Lilemo hamorao ha a hlokomela hore banna ba bang ba ne ba nyetse basali ba balichaba, ha aa ka a soabela ho ba bolella hore ntho eo ba e entseng e mpe le hore ba tlotse Molao oa Jehova.

Ka nako e ’ngoe Nehemia o ile a tlameha ho khothatsa Bajuda hobane ba ne ba nyahame ha ba hlokomela hore na ba sitetsoe Jehova hakae. O ile a re ho bona: “Thabo eo Jehova a le fang eona ea le matlafatsa.” Nehemia o ne a tseba hore ha motho a sebeletsa Molimo ea thabileng o tla thaba e le kannete. Thabo ena ke eona e matlafatsang motho, ho feta marako kapa setšabelo leha e le sefe. Le kajeno, Jehova o re fa thabo e joalo e le hore re be sebete ha re tobana le mathata.

Bala litemana tsena:

  • Nehemia 1:1–6:19; 8:​1-18; 13:​23-31

U ka re’ng?

Nehemia o ile a bontša joang hore o sebete?

Etsa Lipatlisiso

  1. 1. Nehemia e ne e le moqhatsetsi oa morena. Mosebetsi oa hae o ne o akarelletsa eng? (w10 7/1 9 ¶5-7) A

    National Museum of Iran, Tehran, Iran/Bridgeman Images

    Setšoantšo A: Setšoantšo se leboteng la Persia se bontšang Dariuse e Moholo, e leng ntate-moholo oa Artaseksese a e-na le moqhatsetsi oa hae

  2. 2. Barali ba Shalume ba ne ba fapane joang le banna ba hlaheletseng ba Batekooa? (Neh. 3:​5, 12; w19.10 23 ¶11)

  3. 3. Bajari ba meroalo ba ne ba ka khona joang ho “sebetsa ka letsoho le le leng, ha le leng le tšoere sebetsa”? (Neh. 4:​17, 18; w06 2/1 9 ¶1) B

    Sehahi se tšoere basekete e lehetleng la sona ka letsoho le le leng ha ka letsoho le leng se tšoere sabole e lethekeng la sona.

    Setšoantšo B

  4. 4. Ke hobane’ng ha taba ea hore bana ba bang ba Bajuda ba ne ba sa tsebe ho bua Seheberu e ne e tšoenya Nehemia? (Neh. 13:​23-27; w16.10 14 ¶4)

Nahana ka Seo u Ithutileng Sona

  • Baholo ba ka ithuta’ng ho Nehemia ka . . .

    • ho itšetleha ka Jehova? (Neh. 1:​4-11; 4:14; 13:​1-3)

    • ho sebetsa ’moho le Bakreste-’moho le bona? (Neh. 4:​15, 21-23)

    • ho mamela batho ba bang? (Neh. 5:​1-7) C

      Moholo o mametse ka hloko ha barali ba bo rona ba babeli ba bua le eena Holong ea ’Muso ka taba e ba tšoentseng.

      Setšoantšo C

  • Re ka ithuta’ng ho Nehemia tabeng ea ho tela bophelo bo monate e le hore re sebeletse Jehova haholoanyane?

  • U ka etsisa sebete seo Nehemia a ileng a se bontša joang?

Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae

  • U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?

  • Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?

  • U ka rata ho botsa Nehemia eng ha a se a tsositsoe?

Ithute Lintlha Tse Ling

Mohlala oa Nehemia o re ruta hore Jehova a ka re thusa joang ha re mo rapela?

“Molimo o Ile a Araba Thapelo ea Hae” (Sehlooho se websaeteng “Tsa Bacha”)

Tšoantšisong ena, sheba hore na Nehemia o ile a bontša sebete joang ha a ne a hanyetsoa khafetsa.

Pale ea Nehemia: “Thabo ea Jehova ke Qhobosheane ea Lona”—Karolo ea I—Karoloana (5:22)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela