Buka ea Bibele ea 17—Esthere
Mongoli: Mordekai
Libaka Tseo e Ngoletsoeng ho Tsona: Susane, Elame
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 475 B.C.E.
Nako e Akarelitsoeng: 493 ho ea ho hoo e ka bang ka 475 B.C.E.
1. Ke pale efe e senoloang bukeng ea Esthere?
KA HO toba, ena ke pale ea Assueruse, morena oa Persia, eo ba bang ba nahanang hore ke Xerxes I, eo mosali oa hae ea sa mameleng Vasthi a ileng a nkeloa sebaka ke Mojode Esthere, ngoan’a rangoan’a Mordekai. Hamane Moagage o rera ho bolaea Mordekai le Bajode bohle, empa o fanyehoa thupeng ea hae ka boeena, ha Mordekai a phahamisoa ho ba tona-khōlō ’me Bajode ba lopolloa.
2. (a) Ke hobane’ng ha ba bang ba ’nile ba belaella ho bululeloa ha buka ea Esthere? (b) Ho bonahala eka lebitso la Molimo le sebelisitsoe ka sebōpeho sefe bukeng ea Esthere?
2 Ka ho hlakileng, ho na le ba batlang ho bolela hore buka ea Esthere ha ea bululeloa ebile ha e na molemo empa e le tšōmo e monate feela. Ba theile polelo ea bona tabeng ea ho ba sieo ha lebitso la Molimo. Le hoja e le ’nete hore Molimo ha o boleloe ka ho toba, tabeng e ngotsoeng ka Seheberu ho bonahala ho e-na le libaka tse ’nè tse arohaneng tseo ho tsona Litlhaku tse Emelang Lebitso la Molimo li hlahang mantsoeng a sa tšoaneng, litlhaku tse qalang tsa mantsoe a mane a latellanang ha li kopanngoa li hlahisa YHWH (יהוה, ka Seheberu), kapa Jehova. Litlhaku tsena tse qalang li totobalitsoe ka ho khethehileng bonyane libukeng tse tharo tse ngotsoeng ka letsoho tsa boholo-holo tsa Seheberu ’me li boetse li tšoailoe ka litlhaku tse khubelu lintlheng tse hlalosang ho ngoloa ha mantsoe tse bitsoang Masora. Hape, ho Esthere 7:5 (NW) ho bonahala litlhaku tsa lebitso la Molimo li hlaha mantsoeng a sa tšoaneng a phatlalatso ea Molimo e reng: “Ke tla ipaka ho ba.”—Bona litlhaloso tse botlaaseng ba leqephe ho New World Translation Reference Bible ho Esthere 1:20; 5:4, 13; 7:7, hammoho le 7:5.
3. Ke liketsahalo life tse bontšang tumelo le thapelo ho Molimo, ’me ke liketsahalo life tse fanang ka maikutlo a hore Molimo o ne o laola litaba?
3 Ho theosa le tlaleho ena ho totobala ka matla hore Mordekai o ne a amohela molao oa Jehova a bile a o mamela. O ile a hana ho inamela ka tlhompho motho eo mohlomong e neng e le Moamaleke; Molimo o ne o tšoaetse Baamaleke thipitlo. (Esthere 3:1, 5; Deut. 25:19; 1 Sam. 15:3) Polelo ea Mordekai e ho Esthere 4:14 e bontša hore o ne a lebelletse topollo e tsoang ho Jehova le hore o ne a e-na le tumelo tataisong ea Molimo bakeng sa tsela eohle eo liketsahalo li neng li tla tsamaea ka eona. Ho itima lijo ha Esthere, esita le ho etsa ha Bajode ba bang se tšoanang, ka matsatsi a mararo pele a e-ea ho morena ho bontša ho itšetleha ka Molimo. (Esthere 4:16) Ho laola liketsahalo ha Molimo ho boetse ho bontšoa ke hore Esthere o ile a fumana mohau mahlong a Hegai, mohlokomeli oa basali, esita le ho hlobaela ha morena bosiung boo ka bona a ileng a re ho tlisoe litlaleho tsa molao ’me a fumana hore Mordekai o ne a sa ka a hlonepshoa bakeng sa ketso ea hae e ntle ea nakong e fetileng. (Esthere 2:8, 9; 6:1-3; bapisa le Liproverbia 21:1.) Ha ho pelaelo hore ho buuoa ka thapelo mantsoeng ana, “litaba tsa ho itima lijo, le tsa mehoo ea bona.”—Esthere 9:31.
4. Buka ea Esthere e tiisitsoe joang hore ke tlaleho e tšepahalang esita le ea ’nete?
4 Linnete tse ngata li tiisa hore tlaleho ena ea tšepahala e bile ke ea ’nete. E ne e amoheloa ke Bajode, ba neng ba bitsa buka eo ka lebitso le bonolo feela la Meghil·lahʹ, le bolelang “moqolo; buka.” Ho bonahala eka e ile ea akarelletsoa libukeng tse amoheloang tsa Mangolo a halalelang a Seheberu ke Esdrase, eo ka sebele a ka beng a hanne pale e iqapetsoeng. Ho fihlela kajeno, Bajode ba ntse ba boloka mokete oa Purime, kapa Lilotho, ho keteka topollo e khōlō ea nakong ea Esthere. Buka ena e hlahisa mekhoa le meetlo ea Bapersia ka tsela ea sebele e bileng e lumellanang le linnete tse tsejoang tsa histori le litšibollo tsa baepolli ba lintho tsa khale. Ka mohlala, buka ea Esthere e hlalosa ka nepo tsela eo Bapersia ba neng ba fa motho tlhompho ka eona. (6:8) Ho cheka ha baepolli ba lintho tsa khale ho senotse hore ho hlalosoa ha ntlo ea morena bukeng ea Esthere ke ho nepahetseng esita le ka lintlha tse nyenyane ka ho fetisisa.a—5:1, 2.
5. Ke ho nepa litaba hofe ho etsang hore tlaleho ea Esthere e hlokomelehe e le ea sebele, ’me puo e sebelisitsoeng e lumellana le nako efe?
5 Ho nepa litaba hona ho boetse ho hlokomeloa tlalehong ena ka boeona, mokhoeng oa eona o hlokolosi oa ho fana ka mabitso a liofisiri le bahlanka ba lekhotla, ebile e fana ka mabitso a bara ba Hamane ba leshome. Lesika la Mordekai le Esthere le lokolisoa ho ea fihla morao koana ho Kishe oa moloko oa Benjamine. (2:5-7) Ho buuoa ka litlaleho tsa molao tsa ’muso oa Persia. (2:23; 6:1; 10:2) Puo e sebelisitsoeng bukeng ena ke Seheberu sa morao, se nang le mantsoe le lipolelo tse ngata tsa Sepersia le Searame, e leng mokhoa oa ho ngola o tšoanang le oa Likronike, Esdrase, le Nehemia, ka hona e lumellana ka ho felletseng le nako eo e ngotsoeng ka eona.
6. (a) Nako e akarelitsoeng e bontšitsoeng bakeng sa buka ea Esthere ke efe? (b) Bopaki bo fana ka maikutlo afe mabapi le mongoli, hammoho le sebaka le nako tsa ho ngola?
6 Ho nahanoa hore liketsahalo tse ho Esthere ke tsa mehleng ea ha ’muso o matla oa Persia o ne o le sehlohlolong sa oona le hore li akaretsa lilemo tse ka bang 18 tsa puso ea Assueruse (Xerxes I). Nako e akaretsoang, e fihlang ho hoo e ka bang ka 475 B.C.E., e bontšoa ke bopaki bo tsoang mehloling ea Bagerike, Bapersia, le Bababylona.b E ka ’na eaba Mordekai, paki e boneng ka mahlo eo e bileng e leng motšoantšisi ea ka sehloohong tlalehong ena, ke eena mongoli oa buka ena; tlaleho e bontšang tsebo e tebileng le e nang le lintlha tse qaqileng e bontša hore e tlameha e be mongoli o phetse har’a liketsahalo tsena Susane tlung ea borena.c Le hoja Mordekai a sa boleloe bukeng leha e le efe e ’ngoe ea Bibele, ha ho pelaelo hore ke motho oa sebele ea bileng teng historing. Ho thahasellisang, ho fumanoe taba e ngotsoeng ka mongolo o kang lipekere eo ho sa tsejoeng hore na e ngotsoe neng eo A. Ungnad oa Jeremane a e hlalosang e le e buang ka Mardukâ (Mordekai?) e le ofisiri e phahameng lekhotleng la Susa (Susane) nakong ea puso ea Xerxes I.d Ntle le pelaelo ke hona moo Susane moo Mordekai a ileng a qetella tlaleho ea liketsahalo tsa Esthere teng hang ka mor’a hore li etsahale, ke hore, hoo e ka bang ka 475 B.C.E.
LITABA TSE KA HARE TSA ESTHERE
7. Ho hlaha boemo bofe bo bobe moketeng oa Assueruse, ’me morena o nka khato efe ka baka la bona?
7 Mofumahali Vasthi oa tlosoa (1:1-22). Ke selemong sa boraro sa puso ea Assueruse. O etsa mokete o moholo bakeng sa liofisiri tsa ’muso oa hae, o li bontša maruo le khanya tsa ’muso oa hae ka matsatsi a 180. Ka mor’a moo, ho ba le mokete o moholo oa matsatsi a supileng bakeng sa batho bohle ba Susane. Ka nako e tšoanang, mofumahali Vasthi o etsetsa basali mokete. Morena o ithorisa ka maruo le khanya tsa hae, ’me ha a nyakalalitsoe ke veine, o laela Vasthi hore a tl’o bontša sechaba le mahosana botle ba hae. Mofumahali Vasthi o hana ka makhetlo-khetlo ho tla. Ka keletso ea liofisiri tsa lekhotla, tse bontšang hore mohlala ona o mobe o ka etsa hore morena a tlotlollohe ’musong kaofela, Assueruse o tlosa Vasthi bofumahaling ’me o hatisa litokomane tse laelang basali bohle ho “hlonepha banna ba bona” le hore monna e mong le e mong “e be hloho tlung ea hae.”—1:20, 22.
8. (a) Ke liketsahalo life tse lebisang ho fetoheng ha Esthere mofumahali? (b) Mordekai o sibolla morero ofe oa bolotsana, ’me ho etsoa tlaleho efe ka oona?
8 Esthere e ba mofumahali (2:1-23). Hamorao, morena o khetha manģosa hore a batle baroetsana ba batle ka ho fetisisa literekeng tsohle tse 127 tsa ’muso ’me a ba tlise Susane, moo ba tla lokisoa ka mokhoa o etsang hore ba be batle e le hore ba hlahisoe ho morena. Har’a baroetsana ba khethoang e mong ke Esthere. Esthere ke Mojode oa khutsana, ‘e motle, ea bohehang,’ ea hōlisitsoeng ke ngoan’a ntat’ae moholo, Mordekai, eo e leng ofisiri Susane. (2:7) Lebitso la Esthere la Sejode, Hadassa, le bolela “Myrtle,” e leng mofuta o mong oa palesa. Hegai, mohlokomeli oa basali, o khahloa ke Esthere ’me o mo fa tlhokomelo e khethehileng. Ha ho ea tsebang hore ke Mojode, kaha Mordekai o mo laetse hore a boloke hona e le lekunutu. Baroetsana bao ba tlisoa ho morena ka ho fapa-fapana. O khetha Esthere hore e be mofumahali e mocha, ’me ho etsoa mokete o moholo oa ho keteka ho behoa ha hae bofumahaling. Nakoana ka mor’a moo, Mordekai o utloa hore ho na le ’momori oa ho bolaea morena, ’me o bolella Esthere hore a mo tsebise seo “ka lebitso la Mordekai.” (2:22) Morero oo oa bolotsana oa sibolloa, ’me beng ba ’momori baa fanyehoa, ’me ho ngoloa sena litlalehong tsa histori tsa morena.
9. Mordekai o halefisa Hamane joang, ’me Hamane o fumana taelo efe ea morena khahlanong le Bajode?
9 ’Momori oa Hamane (3:1–5:14). Ho feta lilemo tse ka bang ’nè. Hamane, eo ho bonahalang eka ke setloholo sa morena Agage oa Baamaleke eo Samuele a neng a ’molaee, e ba tona-khōlō. (1 Sam. 15:33) Morena oa mo phahamisa ’me o laela bahlanka ba hae kaofela ba hekeng ea morena hore ba inamele Hamane. Bahlanka bana ba akarelletsa Mordekai. Leha ho le joalo, Mordekai o hana ho etsa joalo, o tsebisa bahlanka ba morena hore eena ke Mojode. (Bapisa le Exoda 17:14, 16.) Hamane o tlala khalefo, ’me ha a fumana hore Mordekai ke Mojode, o bona sena se fana ka monyetla o moholo oa ho timetsa Mordekai le Bajode bohle a ba timeletsa ruri. Ho laoloa lotho (pure) ho rera hore na letsatsi le letle la ho ripitla Bajode ke lefe. Hamane, a sebelisa setsoalle sa hae le morena, o nģosa Bajode ka ho se utloe molao ’me o kōpa hore ho ngoloe taelo ea hore ba timetsoe. Hamane o ithaopela ho ntša monehelo oa litalenta tsa silevera tse 10 000 (tse lekanang le hoo e ka bang R171 756 000) ho tšehetsa polao ena ka chelete. Morena oa lumela, ’me litaelo tse ngotsoeng, tse tiisitsoeng ka lesale la morena, li romeloa hohle ’musong, li beha la 13 Adare e le letsatsi la ho bolaea Bajode.
10. Mordekai le Esthere ba tsoela pele joang ka tumelo matleng a Jehova?
10 Ha Mordekai le Bajode bohle ba utloa ka molao oo, ba bontša tšiamo ka masela a mahoashe le molora. Ho ba le “ho itima lijo, le lillo, le ho bokolla.” (Esthere 4:3) Ha Mordekai a tsebisa Esthere ka tlokotsi ea Bajode, qalong Esthere o tsila-tsila ho ba ’muelli. Kotlo ea motho ea itlhahisang ho morena a sa bitsoa ke lefu. Leha ho le joalo, Mordekai o bontša tumelo ea hae matleng a Jehova ka ho bolela hore haeba Esthere a sa ba thuse, le eena o tla shoa ’me topollo e “tla hlahela ba-Jode, [e] e-tsoa hosele.” Ho feta moo, na mohlomong Esthere ha aa fetoha mofumahali “ka baka la nako e kang ena”? (4:14) Ha Esthere a bona moo taba e leng teng, o lumela ho beha bophelo ba hae kotsing, ’me Bajode bohle ba Susane ba itima lijo hammoho le eena ka matsatsi a mararo.
11. Esthere o sebelisa setsoalle sa hae le morena joang, empa ka bolotsana Hamane o rerela Mordekai eng?
11 Joale Esthere a apere liaparo tsa hae tse ntle ka ho fetisisa tsa bofumahali, o itlhahisa ho morena. O fumana mohau mahlong a hae, ’me morena o mo nanabeletsa lere la hae la gauda, o qenehela bophelo ba hae. Joale o memela morena le Hamane lijong tse khethehileng. Nakong ea mokete, morena o mo phehella hore a mo tsebise kōpo ea hae, o mo tiisetsa hore e tla amoheloa, “le hoja e ka ba karolo ea bobeli ea ’muso,” ’me ha a utloa seo Esthere o ba mema ba ntse ba le babeli hore ba tle lijong tse ling tse khethehileng letsatsing le latelang. (5:6) Hamane o tsamaea a thabile. Empa Mordekai o hekeng ea morena! O boetse o hana ho hlompha Hamane kapa ho mo thothomella. Thabo ea Hamane e fetoha khalefo. Mosali oa hae le metsoalle ea hae ba etsa tlhahiso ea hore a emise thupa e bophahamo ba litsoe tse 50 (limithara tse 22,3) ’me a fumane taelo e tsoang ho morena ea hore a fanyehe Mordekai ho eona. Hamane o laela hore thupa eo e emisoe hang-hang.
12. Ke phetoho efe ea liketsahalo e fellang ka hore Assueruse a fe Mordekai tlhompho, e leng ho hlabisang Hamane lihlong?
12 Litaba lia fetoha (6:1–7:10). Morena oa hlobaela bosiung boo. O laela hore a tlisetsoe buka ea litlaleho a be a li balloe, ’me o fumana hore ha aa ka a putsa Mordekai bakeng sa ho pholosa bophelo ba hae. Hamorao, morena o botsa hore na ke mang ea lebaleng. Ke Hamane, ea tlil’o kōpa tumello ea morena bakeng sa ho bolaea Mordekai. Morena o botsa Hamane hore na motho ea khahlisang morena o lokela ho fuoa tlhompho joang. Hamane, a nahana hore morena o hopotse eena, o hlalosa lenaneo le khethehileng haholo la tlhompho. Empa morena oa mo laela: “U etse joalo ho Mordekai, mo-Jode”! (6:10) Hamane ha a na boikhethelo haese ho apesa Mordekai khanya ea borena, ho mo palamisa pere ea morena, le ho mo tsamaisa lebaleng la motse, a tsamaea ka pel’a hae a hoelelitse. Hamane a hlabiloe ke lihlong, o potlakela hae a siame. Mosali oa hae le metsoalle ea hae ha ba na matšeliso ao ba ka fanang ka ’ona. Hamane o soetsitsoe!
13. Esthere o senola eng lijong tse khethehileng, ’me hoo ho lebisa kahlolong efe bakeng sa Hamane?
13 Joale ke nako ea hore Hamane a tle lijong tse khethehileng hammoho le morena le Esthere. Mofumahali o phatlalatsa hore eena le batho ba habo ba rekisitsoe hore ba timetsoe. Ke mang ea itetileng sefuba ho hlohlelletsa bokhopo boo? Esthere o re: “Motšoenyi le sera ke Hamane, motho e mobe enoa!” (7:6) Morena o ema ka khalefo ’me o tsamaela serapeng. Hamane, a setse a le mong le mofumahali, o rapella bophelo ba hae, ’me ha morena a khutla, o halefisoa ka ho eketsehileng ke ho bona Hamane a le sofeng ea mofumahali. Hang-hang o laela hore Hamane a fanyehoe hona thupeng eo Hamane a neng a e lokiselitse Mordekai!—Pes. 7:16.
14. Morena o putsa Esthere le Mordekai joang, ’me o etsetsa Bajode mohau ka taelo efe e ngotsoeng?
14 Mordekai oa phahamisoa, Bajode baa lopolloa (8:1–10:3). Morena o fa Esthere maruo ’ohle a Hamane. Esthere o tsebisa Assueruse kamano ea hae le Mordekai, eo morena a mo phahamisetsang boemong boo e neng e le ba Hamane pele, ’me o mo fa lesale la tiiso la borena. Esthere o boetse o beha bophelo ba hae kotsing ka ho ea ho morena ho ea kōpa hore ho etsolloe taelo e ngotsoeng ea ho timetsa Bajode. Leha ho le joalo, “melao ea Persia le Media” e ke ke ea hlakoloa! (1:19) Ka hona morena o fa Esthere le Mordekai matla a ho ngola molao o mocha le ho o tiisa ka lesale la morena. Taelo ena e ngotsoeng, e romeloang hohle ’musong joalokaha ho ile ha etsoa joalo ka taelo ea pele, e fa Bajode tokelo ea ‘ho phutheha le ho loanela bophelo ba bona, ho bolaea, ho felisa le ho timetsa makhotla ’ohle a hlometseng a batho ba ka ba loantšang linaheng tsohle, hammoho le bana ba bona le basali ba bona, le ho hapa tsa bona,’ hona letsatsing leo molao oa Hamane o qalang ho sebetsa.—8:11.
15. (a) Phello ea ntoa ke efe, ’me Mordekai o thea mokete ofe? (b) Mordekai o phahamisetsoa boemong bofe, ’me o sebelisa matla aa ho finyella eng?
15 Ha letsatsi le khethiloeng, la 13 Adare, le fihla, ha ho motho ea ka loantšang Bajode. Ka kōpo ea Esthere ho morena, ntoa e ntšetsoa pele Susane ka letsatsi la bo14. Ka kakaretso, lira tsa Bajode tse 75 000 lia bolaoa ’musong oohle. Tse ling tse 810 li bolaeloa Susane motse oa moreneng. Har’a lira tsena ho na le bara ba leshome ba Hamane, ba bolaoang letsatsing la pele ’me ba fanyehoa lithupeng letsatsing la bobeli. Ha ho khapo e nkoang. Ka la 15 Adare, ho ba le phomolo, ’me Bajode baa keteka ba bile baa nyakalla. Joale Mordekai o fana ka litaelo tse ngotsoeng tsa hore Bajode ba keteke mokete ona oa “Pure, e leng ho re lotho,” selemo se seng le se seng ka la 14 le la 15 Adare, ’me ba sa ntsane ba etsa sena le kajeno. (9:24) Mordekai oa phahamisoa ’musong ’me o sebelisa boemo ba hae ba ho ba ea hlahlamang Morena Assueruse ka bophahamo bakeng sa ho “’na a batlela sechaba sa habo molemo, a ’na a buella bohle ba mofuta oa habo khotso.”—10:3.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
16. Bakreste ba fumana melao-motheo efe ea bomolimo le mohlala ofe o tšoanelehang bukeng ea Esthere?
16 Le hoja ho se mongoli e mong oa Bibele ea qotsang kae kapa kae ho Esthere ka ho toba, buka ena e lumellana ka ho felletseng le likarolo tse ling kaofela tsa Mangolo a bululetsoeng. Ha e le hantle, e fana ka litšoantšo tse ling tse babatsehang tsa melao-motheo ea Bibele e boletsoeng hamorao ka Mangolong a Segerike a Bokreste le e sebetsang ho barapeli ba Jehova lilemong tsohle. Ho ithuta likarolo tse latelang ha ho na ho bontša feela hore sena ke ’nete empa hape ho tla matlafatsa tumelo ea Bokreste: Esthere 4:5—Ba-Filippi 2:4, NW; Esthere 9:22—Ba-Galata 2:10. Qoso e ileng ea etsoa khahlanong le Bajode, ea hore ba ne ba sa mamele melao ea morena, e tšoana le qoso e ileng ea phahamisoa khahlanong le Bakreste ba pele. (Esthere 3:8, 9; Lik. 16:21; 25:7) Bahlanka ba ’nete ba Jehova ba thulana le liqoso tse joalo ka sebete le ka ho itšetleha ka thapelo ka matla a Molimo a ho ba lopolla, ba latela mohlala o babatsehang oa Mordekai, Esthere, le Bajode ba habo bona.—Esthere 4:16; 5:1, 2; 7:3-6; 8:3-6; 9:1, 2.
17. Mordekai le Esthere ba behile mohlala oa tsela e loketseng joang ka ho ikokobeletsa Molimo le “borena”?
17 Re le Bakreste, ha rea lokela ho nahana hore boemo ba rōna bo fapane le ba Mordekai le Esthere. Le rōna re phela ka tlas’a “borena [“bolaoli bo phahameng,” NW]” lefatšeng le arohileng. Takatso ea rōna ke ho ba baahi ba utloang molao naheng efe kapa efe eo re lulang ho eona, empa ka nako e tšoanang, re batla hore ka nepo re tsebe meeli pakeng tsa ‘ho ntšetsa Cesare tseo e leng tsa Cesare, le Molimo tseo e leng tsa Molimo.’ (Ba-Roma 13:1; Luka 20:25) Tona-khōlō Mordekai le Mofumahali Esthere ba ile ba beha mehlala e metle ea boinehelo le kutlo mesebetsing ea bona ea lefatše ea boikarabelo. (Esthere 2:21-23; 6:2, 3, 10; 8:1, 2; 10:2) Leha ho le joalo, ka sebete Mordekai o ne a tseba hore na moeli oa ho mamela taelo ea morena ea ho inamela Moagage ea nyatsehang, Hamane, o fella hokae. Ho feta moo, o ile a nka khato ea ho bona hore ho etsoa boipiletso ba ho batla topollo ea molao ha Hamane a etsa ’momori oa ho timetsa Bajode.—3:1-4; 5:9; 4:6-8.
18. (a) Ke eng e pakang hore buka ea Esthere e ‘bululetsoe ke Molimo ’me e molemo’? (b) E khothalletsa ho sireletsa lithahasello tsa ’Muso oa Molimo joang?
18 Bopaki bohle bo supa buka ea Esthere e le karolo ea Bibele e Halalelang, e ‘bululetsoeng ke Molimo le e molemo.’ Esita le ha e sa bue ka Molimo kapa lona lebitso la oona ka ho toba, e fana ka mehlala e phahameng ka ho fetisisa ea tumelo. Mordekai le Esthere e ne e se batho feela ba iqapetsoeng ke motho e mong ea phetang pale, empa e ne e le bahlanka ba sebele ba Jehova Molimo, batho ba neng ba kholisehile ka ho felletseng ka matla a Jehova a ho pholosa. Le hoja ba ne ba phela ka tlas’a “borena” naheng esele, ba ile ba sebelisa mocha o mong le o mong oa molao ho sireletsa lithahasello tsa batho ba Molimo le borapeli ba bona. Kajeno re ka latela mehlala ea bona ho “sireletseng le ho theheng ka molao litaba tse molemo” tsa ’Muso oa Molimo oa topollo.—Ba-Fil. 1:7, NW.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 764; Moq. 2, maqephe 327-31.
b Insight on the Scriptures, Moq. 2, maqephe 613-16.
c Cyclopedia ea McClintock le Strong, e hatisitsoeng bocha ka 1981, Moq. III, leqephe 310.
d A. Ungnad, “Keilinschriftliche Beiträge zum Buch Esra und Ester,” Zeitschrift für die alttestamentliche Wissenschaft, LVIII (1940-41), maqephe 240-4.