Bontša Tumelo e Tšoanang le ea Bona
O ne a le Bohlale, a le Sebete a Bile a Itetse
ESTHERE o ile atamela terone a tsamaea butle, pelo ea hae e otla ka matla. Nahana feela hang ha ho thōla ho re tu! phaposing ea borena ea Persia e Shushane, ho khutsa hoo Esthere a neng a ka utloa liqi tse tšesaane tsa maoto a hae le ho hoashatsa ha seaparo sa hae sa bofumahali se nang le moleka o neng o ntse o hulana fatše. Ha aa ka a lumella hore kelello ea hae e khelosoe ke botle bo hlollang ba lebala la boreneng, litšiea tsa lona tse hapang mahlo le siling ea lifate tsa kedare tse betliloeng ka makhethe tse tsoang naheng e hōle ea Lebanone. O ile a tsepamisa mahlo a hae ho monna ea lutseng teroneng, monna eo bophelo ba hae bo neng bo le mohaung oa hae.
Morena o ile a mo sheba ka hloko ha a ntse a atamela, eaba o mo nanabeletsa lere la hae la borena la khauta. E ne e le ketso e bonolo, empa e ile ea pholosa bophelo ba Esthere, kaha ha morena a etsa joalo o ne a mo bontša hore o tšoaretse tlōlo ea molao eo a e entseng—ea ho hlaha ka pel’a morena a sa mo bitsa. Ha Esthere a atamela teroneng, o nanabetsa letsoho o tšoara ntlha ea lere la borena, a thabetse mohau oo a o bontšitsoeng.—Esthere 5:1, 2.a
Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho Morena Assueruse e ne e bontša feela hore ke motho ea hafang ka nkatana le ea matla. Litsebi li bontša hore seaparo sa morena oa Persia mehleng eo se ne se e-ja liranta tse limilione tse makholo. Leha ho le joalo, Esthere o ne a bona mofuthu sefahlehong sa monna oa hae; ka tsela ea hae e ikhethang, o ne a rata mosali oa hae. O ile a re: “U na le eng, Mofumahali Esthere, ’me ke eng seo u se kōpang? Ho fihlela halofong ea borena—u ke u se fuoe!”—Esthere 5:3.
Esthere o se a ntse a bontšitse hore o na le tumelo e tsotehang le sebete; o tlile ka pel’a morena ho tla sireletsa batho ba habo ’momoring oa ho ba felisa larita. Ho tla fihlela joale, o ne a atlehile, empa o ne a sa le qalong feela. O ne a lokela ho kholisa morena enoa oa moikakasi hore moeletsi oa hae eo a mo tšepang ka ho fetisisa, ke motho ea khopo ea mo qhekeletseng hore a ahlolele batho ba habo Esthere lefu. O ne a tla etsa joang hore a lumele, hona re ka ithuta’ng tumelong ea Esthere?
O Ile a Khetha “Nako ea ho Bua” ka Bohlale
Na Esthere o ne a ka phunya seso feela ka pel’a lekhotla lohle? Ho etsa joalo ho ne ho ka ’na ha theola morena seriti ha ba ha fa Hamane, moeletsi oa morena, monyetla oa ho hanyetsa qoso eo. Ebe joale Esthere o ile a etsa’ng? Lilemo tse makholo pele ho moo, Morena Solomone ea bohlale o ile a susumetsoa hore a ngole tjena: “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, . . . nako ea ho khutsa le nako ea ho bua.” (Moeklesia 3:1, 7) Re ka ’na ra nahana ka ntate ea tšepahalang ea hōlisitseng Esthere, e leng Mordekai, a ruta moroetsana enoa melao-motheo e kang eo, ha a ntse a mo hlokometse. Ha ho pelaelo hore Esthere o ne a utloisisa kamoo ho leng bohlokoa kateng hore a khethe “nako ea ho bua” ka hloko.
Esthere o ile a re: “Haeba ho morena ho bonahala ho le molemo, morena a ke a tle kajeno le Hamane moketeng oo ke mo etselitseng oona.” (Esthere 5:4) Morena o ile a lumela ’me a laela hore Hamane a tle. Na u hlokomela kamoo Esthere a ileng a bua ka bohlale kateng? O ile a siela monna oa hae seriti eaba o khetha nako le sebaka se loketseng e le hore a ’molelle se mo tšoenyang.
Ha ho potang hore Esthere o ne a le hlokolosi ha a lokisetsa mokete oo, a etsa bonnete ba hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ba feela kamoo monna oa hae a neng a tla e rata kateng. Moketeng ho ne ho e-na le veine e monate e etsang hore batho ba thabe. (Pesaleme ea 104:15) Assueruse o ile a thaba hoo a ileng a susumelletseha hore a botse Esthere hape hore na ebe kōpo ea hae e matla e ne e le efe. Na ee e ne e le eona nako ea ho bua?
Esthere ha aa ka a nahana joalo. Ho e-na le hoo, o ile a boela a kōpa morena le Hamane hore ba tle hape moketeng letsatsing le hlahlamang. (Esthere 5:7, 8) Hobane’ng a ne a ntse a senya nako? U hopole hore, batho bohle ba habo Esthere ba ne ba tobane le lefu ka taelo ea morena. Ka lebaka la batho ba bangata hakana ba neng ba tlil’o shoa, Esthere o ne a lokela ho kholiseha hantle hore o bua ka nako e loketseng. Kahoo o ile a leta, a lokisetsa nako e ’ngoe hape e le hore a bontše kamoo a hlomphang monna oa hae kateng.
Mamello ke tšobotsi e ikhethang e fumanehang seoelo. Le hoja Esthere a ne a tšoenyehile a bile a labalabela ho ntša se ka pelong ea hae, o ile a letela motsotso o nepahetseng a sa fele pelo. Re ka ithuta ho hongata mohlaleng oa hae, kaha e ka ’na eaba kaofela ha rōna re bona liphoso tse lokelang ho lokisoa. Haeba re batla ho kholisa e mong oa ba boholong hore ho na le bothata bo hlokang ho lokisoa, ho ka ’na ha hlokahala hore re etsise Esthere ’me re se fele pelo. Liproverbia 25:15 e re: “Molaoli o susumetsoa ka ho se fele pelo, ’me leleme le bonolo le ka roba lesapo.” Haeba joalokaha Esthere a entse, re letela nako e nepahetseng re sa fele pelo, re bile re bua ka bonolo, esita le khanyetso e thata joaloka lesapo e ka robeha. Na Molimo oa Esthere, Jehova, o ile a hlohonolofatsa mamello ea hae le bohlale?
Mamello e Betlela Toka Tsela
Mamello ea Esthere e ile ea betlela lethathamo la liketsahalo tse tsotehang tsela. Hamane o ile a tloha moketeng oa pele a thabile haholo, “a thabile ’me a nyakaletse pelong” hore ebe morena le mofumahali ba mo amohetse hantle hakana. Leha ho le joalo, eitse ha a tsoa ka keiti ea qhobosheane, a bona Mordekai, Mojuda eane ea ntseng a hana ho mo fa tlotla e khethehileng. Mordekai o ne a sa etse joalo hobane a sa mo hlomphe, empa o ne a etsa joalo ka lebaka la letsoalo la hae le kamano eo a nang le eona le Jehova Molimo. Leha ho le joalo, “kapele-pele Hamane a tlala khalefo.”—Esthere 5:9.
Ha Hamane a bolella mosali oa hae le metsoalle ea hae ka Mordekai, ba ile ba mo khothalletsa hore a etse palo e telele, e bophahamo bo fetang limithara tse 22, ebe o kōpa tumello ea morena hore a fanyehe Mordekai ho eona. Hamane o ile a rata tlhahiso eo ea bona eaba hang-hang o oela khabong.—Esthere 5:12-14.
Nakong eona eo, morena o ile a hlobaela bosiu. Bibele e re “boroko ba morena ba fela,” eaba o re a balloe buka ea litlaleho tsa ’Muso. Karolo e ’ngoe eo a ileng a e balloa e ne e e-na le ’momori oa hore a bolaoe. O ile a hopola taba eo; batho ba neng ba rerile ho ’molaea ba ile ba tšoaroa eaba baa bolaoa. Leha ho le joalo, monna ea ileng a utolla ’momori oo, e leng Mordekai, o ile a etsetsoa’ng? Hang ha morena a hlokomela seo, o ile a botsa hore na Mordekai o ile a putsoa ka eng. Karabo e ile ea e-ba efe? Ha aa ka a etsetsoa letho.—Esthere 6:1-3.
A ferekantsoe ke seo, morena o ile a botsa hore na ke balaoli bafe ba lekhotla ba neng ba le teng ba ka mo thusang hore a lokise phoso eo. Har’a batho bohle bao u ka ba nahanang, Hamane ke eena ea neng a se a le lebaleng la borena—ho bonahala a tsohelletse mono ka matjeke kaha o ne a lakatsa hore taba ea ho bolaoa ha Mordekai e chaeloe monoana. Empa le pele a ka etsa kōpo ea hae, morena o ile a botsa Hamane hore na monna ea khahlileng morena a ka fuoa tlhompho e joang. Hamane o ile a nahana hore morena o bua ka eena. Kahoo a re monna eo o lokela ho fuoa tlotla e khōlō ka ho fetisisa: A apesoe seaparo sa borena, ebe balaoli ba phahameng ba mo etsetsa mokoloko o potolohang Shushane a palame pere ea morena, ba ntse ba mo roka ba hoelelitse hore bohle ba utloe. Nahana feela hore na Hamane o ile a soaba hakaakang ha a utloa hore monna ea neng a tlil’o fuoa tlhompho ke Mordekai! Joale morena o ile a khetha mang hore a roke Mordekai? Hamane!—Esthere 6:4-10.
A tenehile, Hamane o ile a phetha mosebetsi oo a neng a o nyonya ka pelo ea hae eohle, eaba o mathela hae a utloile bohloko. Mosali oa hae le metsoalle ea hae ba ile ba re, joang kapa joang, ho tlil’o etsahala se sebe; o ne a le mothating oa ho hlōloa ntoeng ea hae le Mordekai oa Mojuda.—Esthere 6:12, 13.
Kaha Esthere ha aa ka a fela pelo, empa o ile a leta letsatsi le leng hape e le hore a bolelle morena kōpo ea hae, Hamane o ile a fuoa monyetla oa hore a ipetlele tsela ea ho oa ha hae. Na e ne e se Jehova Molimo ka boeena ea neng a entse hore morena a hlobaele bosiu? (Liproverbia 21:1) Hase feela Lentsoe la Molimo le re khothalletsang ho ‘leta.’ (Mikea 7:7) Ha re letela Molimo, re ka ’na ra fumana hore tsela eo a rarollang mathata a rōna ka eona e feta hōle eo e ka ’nang eaba rōna re ne re tla a rarolla ka eona.
O Ile a Bua ka Sebete
Esthere ha aa ka a leka mamello ea morena le ho feta; moketeng oa hae oa bobeli, o ne a lokela ho ’molella sohle. Empa o ne a tla ’molella joang? Kamoo ho bileng kateng, morena o ile a mo fa monyetla oa ho bua, a mo botsa hape hore na kōpo ea hae ke efe. (Esthere 7:2) “Nako ea ho bua” ea Esthere e ne e fihlile.
Re ka inahanela feela ha Esthere a rapela Molimo oa hae ka pelong pele a bua mantsoe ana: “Haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao, morena, le haeba ho bonahala ho le molemo ho morena, e-re ke fuoe moea oa ka ho ea ka kōpo ea ka e matla le batho ba heso ho ea ka seo ke se kōpang.” (Esthere 7:3) Hlokomela hore o ile a tiisetsa morena hore o hlompha qeto eo morena a nkang hore e nepahetse. Esthere o ne a fapane hakaakang le Vashti, mosali oa pele oa morena, eo ka boomo a ileng a tlotlolla monna oa hae! (Esthere 1:10-12) Ho feta moo, Esthere ha aa ka a nyatsa booatla ba morena ba ho tšepa Hamane. Ho e-na le hoo, o ile a kōpa hore morena a mo sireletse hore a se ke a bolaoa.
Ha ho pelaelo hore kōpo eo e ile ea ama morena maikutlo ea ba ea mo makatsa. Ke mang ea sebete hakaalo ea neng a ka bolaea mofumahali oa hae? Esthere o ile a tsoela pele: “Re rekisitsoe, ’na le batho ba heso, hore re felisoe, re bolaoe le ho timetsoa. Joale haeba re ne re rekisitsoe hore re be makhoba feela le ho ba makhabunyane feela, ke ne ke tla khutsa. Empa mahlomola ana ha aa lokela ha morena a senyeheloa.” (Esthere 7:4) Hlokomela hore Esthere o ile a toba taba ha a bua bothata ba hae, leha ho le joalo o ile a tsoela pele ka hore a ka be a thōtse hoja ba ne ba entsoe makhoba feela. Leha ho le joalo, tlhaselo ena ea batho ba habo, e ne e tla etsa hore morena a senyeheloe haholo ha a ne a ka thōla ka eona.
Mohlala oa Esthere o re ruta ho hoholo ka mokhoa o nepahetseng oa ho kholisa motho. Haeba ho hlokahala hore u bolelle motho eo u mo ratang kapa motho ea maemong a phahameng ka bothata bo tebileng, ho se fele pelo, ho hlompha le ho totobatsa taba, ho ka u thusa haholo.—Liproverbia 16:21, 23.
Assueruse o ile a botsa: “Ke mang eo, hona o kae eo ea itetileng sebete ho etsa ka tsela eo?” Ak’u nahane feela Esthere a supa ka monoana ha a re: “Monna eo, mohanyetsi le sera, ke Hamane enoa e mobe.” Joale ha litaba li le mothating oo, ho ne ho tla ba joang? Hamane o ile a utloa eka lefatše le ka petsoha a kene. Nahana feela sefahleho sa morena se retela ha a hlokomela hore moeletsi oa hae eo a mo tšepang o mo ekile hore a fane ka tumello e tla bolaea mosali eo a mo ratang! Morena o ile a tsoela ka ntle serapeng a halefile e le hore a khobe matšoafo.—Esthere 7:5-7.
Joale ka mor’a hore Hamane a seolloe e le lekoala le mano, o ile a itihela maotong a mofumahali. Ha morena a khutlela ka tlung a bona Hamane a le setulong sa Esthere a ntse a mo kōpa tšoarelo, o ile a halefela Hamane ’me a mo qosa ka hore o ne a batla ho beta mofumahali ka tlung eona eo ea morena. Qoso eo e ne e bolela hore Hamane o tla bolaoa. O ile a ntšoa a koahetsoe sefahleho. Joale e mong oa ba sebetsang lekhotleng a ntša litaba, a bolella morena hore Hamane o ne a entse palo e khōlō eo a neng a e etselitse Mordekai. Eaba Assueruse o laela hore Hamane a hle a fanyehoe ho eona.—Esthere 7:8-10.
Lefatšeng lena le se nang toka, ho bonolo ho nahana hore ha ho mohla toka e tla phethoa. Na le uena u kile ua ikutloa joalo? Esthere ha aa ka a nyahama ho hang, ho hang ha aa ka a felloa ke tšepo, le ka mohla ha aa ka a felloa ke tumelo. Ha nako e fihla, o ile a emela se nepahetseng ka sebete, a tšepile hore Jehova o tla etsa se hlokahalang. Le rōna a re etseng se tšoanang! Jehova ha a e-s’o fetohe esale ho tloha mehleng ea Esthere. O ntse a khona ho tšoara batho ba khopo le ho ba tšoasa ka maqheka a bona, joalokaha a ile a etsa ka Hamane.—Pesaleme ea 7:11-16.
O Ile a Itella Jehova le Batho ba Hae
Qetellong, morena o ile a tseba hore na Mordekai ke mang—o ile a tseba hore hase feela motho ea ileng a mo sireletsa ’momoring oa hore a bolaoe empa hape ke ntate ea hōlisitseng Esthere. Assueruse o ile a nka Mordekai a mo beha maemong a Hamane a ho ba tona-khōlō. Morena o ile a fa Esthere ntlo ea Hamane—ho kopanyelletsa le maruo ’ohle a hae—eaba Esthere o e fa Mordekai hore a e hlokomele.—Esthere 8:1, 2.
Kaha Esthere le Mordekai ba ne ba se ba pholohile, na joale mofumahali o ne a tla raha qhebelele? O ne a ka etsa joalo hafeela a ne a ichebile boeena. Nakong eo, taelo ea Hamane ea ho bolaea Bajuda e ne e ntse e romeloa libakeng tsohle tsa ’muso. Hamane o ne a ile a lahla lotho, kapa Pure—e leng ho bontšang hore o ne a sebelisana le meea—e le hore a fumane letsatsi le loketseng la ho qala tlhaselo ea hae e sehlōhō. (Esthere 9:24-26) Ho ne ho setse likhoeli tse ngata pele letsatsi leo le fihla, empa le ne le ntse le atamela ka potlako. Na koluoa eo e ne e ntse e ka qojoa?
Ka ho hloka boithati, Esthere o ile a boela a beha bophelo ba hae kotsing, a hlaha ka pel’a morena hape a sa mo bitsa. Lekhetlong lena o ile a llela batho ba habo, a etsa kōpo e tebileng ho monna oa hae ea hore a hlakole taelo eo e sehlōhō. Empa melao e neng e entsoe ke morena oa Persia e ne e ke ke ea hlakoloa. (Daniele 6:12, 15) Ka hona, morena o ile a khetha Esthere le Mordekai hore ba etse melao e mecha. Ho ile ha romeloa taelo ea bobeli, e fang Bajuda tokelo ea hore ba itoanele. Bapalami ba lipere ba ile ba tsoa ka makhalo ’ohle a ’muso, ba isetsa Bajuda litaba tsena tse monate. Joale ba bangata ba ile tsoha molota. (Esthere 8:3-16) U ka inahanela feela ka Bajuda, ho pholletsa le ’muso oo o moholo ha ba hlomela ba itokisetsa ho loana, e leng ntho eo ba neng ba ke ke ba e etsa ntle le molao oo o mocha. Leha ho le joalo, taba ea bohlokoa le ho feta e ne e le hore na “Jehova oa mabotho” o tla sireletsa batho ba hae na?—1 Samuele 17:45.
Ha letsatsi le behiloeng le qetella le fihlile, batho ba Molimo ba ne ba se ba le malala-a-laotsoe. Bahlabani ba bangata ba Bapersia le bona ba ne ba le malala-a-laotsoe, etsoe litaba tsa tona-khōlō e ncha, e leng Mordekai oa Mojuda, li ne li phatlaletse hohle. Jehova o ile a fa batho ba hae tlhōlo e khōlō. Ha ho pelaelo hore o ile a etsa hore lira tsa hae li hlōloe ka ho feletseng e le hore li se ke tsa hlola li utloisa batho ba hae bohloko.b—Esthere 9:1-6.
Ho feta moo, Mordekai o ne a ke ke a hlokomela ntlo ea Hamane a sireletsehile hafeela bara ba leshome ba monna eo ea khopo ba ntse ba phela. Le bona ba ile ba bolaoa. (Esthere 9:7-10) Ka hona, boprofeta ba Bibele bo ile ba phethahala, kaha pejana Molimo o ne a ile a bolela hore o tla felisa Baamaleke ka ho feletseng, bao e neng e le lira tse khopo tsa batho ba hae. (Deuteronoma 25:17-19) Ho bonahala bara ba Hamane e ne e le ba bang ba ho qetela sechabeng seo se rohakiloeng.
Le hoja Esthere a ne a le monyenyane, o ne a lokela ho jara mejaro e boima mahetleng a hae—e kang ho etsa melao ea borena e akarelletsang ea lintoa le ea likahlolo. Ho ne ho se bonolo. Empa Jehova o ne a hloka hore batho ba hae ba sireletsoe hore ba se ke ba timetsoa; sechabeng sa Iseraele ho ne ho tla hlaha Mesia ea tšepisitsoeng, e leng eena feela ea neng a tla fa moloko oa batho tšepo! (Genese 22:18) Bahlanka ba Molimo mehleng ena ba thabela ho tseba hore ha Mesia, e leng Jesu, a ne a tlile lefatšeng, o ile a hanela balateli ba hae ho tloha ka nako eo ho ea pele hore ba nke karolo lintoeng.—Matheu 26:52.
Leha ho le joalo, Bakreste ba ntse ba nka karolo ntoeng ea moea; Satane o lula a ikemiselitse ho senya tumelo eo re nang le eona ho Jehova Molimo. (2 Bakorinthe 10:3, 4) Re hlohonolofalitsoe hakaakang ka hore ebe re na le mohlala o kang oa Esthere! Joaloka eena, e se eka re ka bontša tumelo ka hore re be bohlale ’me re se fele pelo ha re kholisa motho ka taba e itseng, ka hore re be sebete le ka hore re itelle ho emela batho ba Molimo ka ho hloka boithati.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sehloohong se fetileng se buang ka taba ena, re bone kamoo Esthere oa khutsana a ileng a hōlisoa ke motsoala oa hae ea neng a se a hōlile haholo, Mordekai, eaba hamorao o khethoa hore e be mosali oa Assueruse, morena oa Persia. Moeletsi oa morena, e leng Hamane, o ile a etsa ’momori o khopo oa ho timetsa batho ba habo Mordekai, e leng Bajuda. Mordekai o ile a bolella Esthere hore a ee ho morena a il’o buella batho ba habo.—Sheba sehlooho se reng “Bontša Tumelo e Tšoanang le ea Bona—O Ile a Buella Batho ba Molimo,” Molula-Qhooeng oa October 1, 2011.
b Morena o ile a fa Bajuda letsatsi la bobeli e le hore ba qetele tlhōlo ea lira tsa bona. (Esthere 9:12-14) Ho tla fihlela le kajeno, Bajuda ba ntse ba ikhopotsa tlhōlo eo nakong ea selemo moketeng o bitsoang Purime, o reheletsoeng ka lotho eo Hamane a ileng a e lahla ha a ne a batla ho felisa Baiseraele.
[Lebokose le leqepheng la 28]
Lipotso Tse Mabapi le Esthere
Ke hobane’ng ha Mordekai a ile a lumella Esthere hore a nyaloe ke mohetene?
Ha ho na bopaki ka maikutlo ao litsebi tse ling li nang le ’ona a hore Mordekai e ne e le ramenyetla ea neng a batla hore Esthere a nyaloe ke morena hobane feela a shebile botumo. Kaha e ne e le Mojuda ea tšepahalang, o ne a ke ke a amohela lenyalo le joalo. (Deuteronoma 7:3) Lipale tsa boholo-holo tsa Bajuda li bolela hore Mordekai o ile a leka ho thibela lenyalo leo. Kaha e ne e le basele naheng e neng e busoa ke ’musi oa mohatelli ea matla ea neng a nkoa joaloka molimo, ha ho bonahale eka eena kapa Esthere ho ne ho e-na le seo ba neng ba ka se etsa tabeng eo. Ha nako e ntse e e-ea ho ile ha hlaka hore Jehova o ile a sebelisa lenyalo la Esthere e le mokhoa oa ho sireletsa batho ba hae.—Esthere 4:14.
Ke hobane’ng ha buka ea Esthere e sa hlahise lebitso la Molimo, Jehova?
Ho bonahala Mordekai e le eena ea ileng a bululeloa hore a ngole buka ena. Mohlomong qalong buka ena e ile ea bolokoa le litlaleho tsa ’muso tsa Persia pele e khutlisetsoa Jerusalema. Ho sebelisoa ha lebitso la Jehova ho ne ho ka ’na ha etsa hore barapeli ba melimo ea Persia ba timetse buka ena. Ho thahasellisang ke hore lebitso la Molimo le ne le patiloe ka litlhaku tse le emelang mengolong ea pele ea Seheberu moo ho bonahalang hore lipolelo li ile tsa ngoloa ka boomo e le hore litlhaku tse qalang kapa tse qetellang mantsoe a latellanang li emele lebitso la Molimo.—Esthere 1:20, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe.
Na buka ea Esthere ha e lumellane le histori?
Bahlahlobisisi ba bolela hore buka ena ha e lumellane le histori. Leha ho le joalo litsebi tse ling li hlokometse hore mongoli oa buka ena o bontšitse tsebo e hlollang ka puso ea Persia, mehaho le mekhoa ea teng. Ke ’nete hore ha ho na moo ho buuoang ka Mofumahali Esthere litokomaneng tse sa amaneng le Bibele tse fumanehang kajeno, empa Esthere hase eena feela motho ea neng a phahame boreneng ea tlositsoeng litlalehong tsa sechaba. Ho feta moo litlaleho tse sa amaneng le Bibele li bontša hore monna ea bitsoang Mardukâ, e leng Mordekai ka Sepersia, o ile a sebeletsa e le molaoli oa lekhotla Shushane ka nako e hlalositsoeng bukeng ena.
[Lebokose le leqepheng la 29]
Boprofeta bo Phethahetse
Ka ho loanela batho ba Molimo, Esthere le Mordekai ba ile ba phethahatsa boprofeta bo bong ba Bibele. Lilemo tse fetang 1 200 pejana, Jehova o ile a bululela mopatriareka Jakobo hore a bolele sena esale pele mabapi le e mong oa bara ba hae: “Benjamine o tla ’ne a rusolle joaloka phiri. Hoseng o tla ja phoofolo e nkiloeng ’me mantsiboea o tla arola thepa e hapuoeng.” (Genese 49:27) “Hoseng,” e leng mathoasong a histori ea borena ba Iseraele, litloholo tsa Benjamine li ne li akarelletsa Morena Saule le bahlabani ba bang ba matla ba neng ba loanela batho ba Jehova. “Mantsiboea,” ka mor’a hore letsatsi le likelle lesika la borena la Iseraele, e leng qetellong ea histori eo ea borena, Esthere le Mordekai, bao ka bobeli e leng ba moloko oa Benjamine, ba ile ba loantša lira tsa Jehova ’me ba li hlōla. Ka tsela e itseng ba ile ba arola thepa e hapuoeng hobane letlotlo le lengata la Hamane le ile la ea ho bona.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ka boikokobetso Esthere o ile ananela mohau oa morena
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Esthere o ile a ba sebete ho seolla bokhopo ba Hamane
[Setšoantšo se maqepheng a 28, 29]
Esthere le Mordekai ba ile ba romela taelo e eang ho Bajuda ba Pusong ea Persia