Buka ea Bibele ea 44—Liketso
Mongoli: Luka
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Roma
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 61 C.E.
Nako e Akarelitsoeng: 33 ho ea ho hoo e ka bang ka 61 C.E.
1, 2. (a) Ke liketsahalo life tsa histori le mesebetsi tse hlalosoang ho Liketso? (b) Buka ena e akaretsa nako efe?
BUKENG ea Mangolo a bululetsoeng ea bo42, Luka o fana ka tlaleho e akaretsang bophelo, mosebetsi, le tšebeletso tsa Jesu le balateli ba hae ho fihlela nakong eo Jesu a ileng a nyoloha ka eona. Tlaleho ea histori ea buka ea bo44 ea Mangolo ana, Liketso tsa Baapostola, e tsoela pele ka histori ea Bakreste ba pele ka ho hlalosa ho theoa ha phutheho ka lebaka la ho sebetsa ha moea o halalelang. E boetse e hlalosa katoloso ea bopaki, e qalileng har’a Bajode eaba e fetela ho batho ba lichaba tsohle. Karolo e khōlō ea taba e likhaolong tsa pele tse 12 e akaretsa liketso tsa Petrose, ’me likhaolo tse saletseng tse 16, li akaretsa liketso tsa Pauluse. Luka o ne a tloaelane haufi-ufi le Pauluse, a tsamaea le eena maetong a hae a mangata.
2 Buka e ngoletsoe Theofile. Kaha ho buuoa ka eena e le “ea khabane,” mohlomong o ne a e-na le sebaka se itseng sa boikarabello, kapa mohlomong e ne e mpa e le feela polelo ea tlhompho e khōlō. (Luka 1:3) Tlaleho e fana ka boitsebiso bo nepahetseng ba histori ea ho theoa ha phutheho ea Bokreste le ho hōla ha eona. E qala ka ho hlaha ha Jesu ho barutuoa ba hae ka morao ho tsoho ea hae ’me joale e tlaleha liketsahalo tsa bohlokoa tsa nakong ea ho tloha ka 33 ho ea ho hoo e ka bang ka 61 C.E., e akaretsa hoo e ka bang lilemo tse 28 kaofela.
3. Buka ea Liketso e ngotsoe ke mang, ’me ho ngoloa ho phethiloe neng?
3 Ho tloha linakong tsa boholo-holo mongoli oa Kosepele ea Luka o ’nile a boleloa hore ke eena ea ngotseng Liketso. Libuka tsena ka bobeli li ngoletsoe Theofile. Ka ho pheta liketsahalo tse qetellang tsa Kosepele ea hae litemaneng tse qalang tsa Liketso, Luka o tlamahanya litlaleho tsena tse peli e le mosebetsi oa mongoli a le mong. Hape ho bonahala hore Luka o ile a phetha buka ea Liketso hoo e ka bang ka 61 C.E., mohlomong ho ea qetellong ea lilemo tse peli tseo a ileng a lula Roma ka tsona ha a ntse a e-na le moapostola Pauluse. Kaha buka ena e tlaleha litaba ho fihlela selemong seo, ho ke ke ha etsahala hore e be e ile ea phethoa pejana ho moo, ’me ho siea ha eona boipiletso ba Pauluse ho Cesare bo sa etsetsoa qeto ho bontša hore e phethiloe ka selemo seo.
4. Ke eng se pakang hore Liketso ke karolo ea Mangolo a Halalelang ’me ke ea ’nete?
4 Ho tloha linakong tsa khale haholo, liithuti tsa Bibele li ’nile tsa amohela buka ea Liketso e le karolo ea Mangolo a Halalelang. Likarolo tsa buka ena li fumanoa har’a tse ling tsa libuka tse teng tsa Mangolo a Segerike tsa khale ka ho fetisisa tse ngotsoeng ka loli, haholo-holo Michigan No. 1571 (P38) ea lekholong la boraro kapa la bohlano la lilemo C.E. le Chester Beatty No. 1 (P45) ea lekholong la boraro la lilemo. Tsena ka bobeli li supa hore Liketso e ne e potoloha le libuka tse ling tsa Mangolo a bululetsoeng ’me kahoo e bile karolo ea lethathamo la oona qalong haholo. Bongoli ba Luka ho Liketso bo bonahatsa ho nepahala ho tšoanang ho tsotehang ho kang hoo re seng re ho hlokometse hore ho tšoaea Kosepele ea hae. Sir William M. Ramsay o beha mongoli oa Liketso “har’a bo-rahistori ba boemo ba pele,” ’me o hlalosa hore na sena se bolela eng ha a re: “Tšoaneleho ea pele le ea bohlokoa ea rahistori oa bohlokoa ke ’nete. Seo a se bolelang se tlameha e be e le se tšepahalang.”a
5. Bontša mohlala oa ho nepahala ha litlaleho tsa Luka.
5 Ha re bapisa mokhoa oa ho tlaleha o nepahetseng o khethollang mangolo a Luka, re qotsa Edwin Smith, molaoli oa sehlopha sa likepe tsa ntoa tsa Brithani Mediterranean nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, ha a ngola makasineng oa The Rudder, oa March 1947: “Likepe tsa boholo-holo li ne li sa tsamaisoe joaloka tsa mehleng ea kajeno ka lebili le le leng le tlamelletsoeng palong e karolong e ka morao, empa li ne li tsamaisoa ka masokoana a mabeli kapa lithupa tse peli tse tenya, e le ’ngoe ka lehlakoreng le leng le le leng karolong e ka morao; ke kahoo Mohalaleli Luka a buang ka tsona ka bongateng. [Lik. 27:40, BPN] . . . Tlhahlobong ea rōna re bone hore polelo e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le ho tsamaea ha sekepe sena, ho tloha ha se tloha Koung e Ntle ho fihlela ha se ema koung Malta, joalokaha ho boletse Mohalaleli Luka ho ’nile ha hlakisoa ka bopaki boo e seng ba Mangolo le bo ikemetseng ba mofuta o nepahetseng le o khotsofatsang ka ho fetisisa; le hore lipolelo tsa hae ka nako eo sekepe sena se ileng sa e hlola leoatleng li lumellana le sebaka seo se se tsamaileng; le hore qetellong tlhaloso ea hae ea sebaka seo ho ileng ha fihloa ho sona e lumellana le sebaka kamoo se leng ka teng. Sena sohle se bontša hore ka sebele Luka o ne a le leetong leo joalokaha le hlalositsoe, ’me ho feta moo o iponahalitse hore ke monna eo pono ea hae le lipolelo tsa hae li ka nkoang li tšepahala li e-na le ’nete ka tekanyo e phahameng ka ho fetisisa.”b
6. Ke mehlala efe e bontšang kamoo lintho tse fumanoeng ke baepolli ba mesaletsa ea lintho tsa khale li tiisang ho nepahala ha Liketso?
6 Lintho tse fumanoeng ke baepolli ba mesaletsa ea lintho tsa khale le tsona li paka bonnete ba tlaleho ea Luka. Ka mohlala, lintho tse epollotsoeng Efese li tsetollotse tempele ea Artemise hammoho le lebala la boithabiso la boholo-holo moo Baefese ba ileng ba etsetsa moapostola Pauluse morusu. (Lik. 19:27-41) Ho sibollotsoe litšoantšo tse nang le tlhaloso e ngotsoeng tse tiisang hore Luka o ne a nepile ha a sebelisa tlotla “babusi ba motse” bakeng sa ba boholong Thessalonika. (17:6, 8) Litšoantšo tse peli tsa Malta tse nang le tlhaloso e ngotsoeng li bontša hore Luka o ne a boetse a nepile ha a bua ka Publiuse e le “moholo” oa Malta.—28:7, NW.c
7. Lipuo tse tlalehiloeng li bontša joang hore tlaleho ea Liketso e na le ’nete?
7 Ho feta moo, lipuo tse sa tšoaneng tsa Petrose, Setefane, Kornele, Tertulluse, Pauluse, le ba bang, kamoo li tlalehiloeng ke Luka, kaofela li fapane ka mokhoa le ka boqapi. Esita le lipuo tsa Pauluse, tseo a li buileng ka pel’a bamameli ba sa tšoaneng, li ile tsa fetola mokhoa ho lumellana le ketsahalo. Sena se bontša hore Luka o tlalehile feela seo eena ka boeena a ileng a se utloa kapa seo lipaki tse ling tse boneng li ileng tsa mo tlalehela sona. Luka e ne e se mongoli oa lipale tse iqapetsoeng.
8. Mangolo a re bolella eng ka Luka le ho tloaelana ha hae le Pauluse?
8 Ho honyenyane haholo ho tsejoang ka bophelo ba Luka. Luka ka boeena e ne se moapostola empa o ne a tloaelane le bao e neng e le baapostola. (Luka 1:1-4) Ka makhetlo a mararo moapostola Pauluse o bolela Luka ka lebitso. (Ba-Kol. 4:10, 14; 2 Tim. 4:11; Filemone 24) Ka lilemo tse itseng ka linako tsohle o ne a tsamaea le Pauluse, ea ileng a mo bitsa “ngaka e ratoang.” Tlalehong ena mantsoe “ba,” “ra,” le “re” a hlaha hangata, a bontša hore Luka o ne a e-na le Pauluse Troase nakong ea leeto la bobeli la boromuoa la Pauluse, hoo e ka ’nang eaba o ile a sala Filippi ho fihlela ha Pauluse a khutla lilemo tse seng kae hamorao, le hore ka nako eo o ile a kopana le Pauluse hape ’me a tsamaea le eena leetong la hae la ho ea Roma nyeoeng.—Liketso 16:8, 10; 17:1; 20:4-6; 28:16.
LITABA TSE KA HARE TSA LIKETSO
9. Barutuoa ba bolelloa lintho life nakong ea ho nyoloha ha Jesu?
9 Liketsahalo tsa ho fihlela ka Pentekonta (1:1-26). Ha Luka a qala tlaleho ena ea bobeli, Jesu ea tsositsoeng o bolella barutuoa ba hae ba chesehang hore ba tla kolobetsoa ka moea o halalelang. Na ’Muso o tla tsosolosoa ka nako ee? Che. Empa ba tla fumana matla le ho ba lipaki “ho isa pheletsong ea lefatše.” Ha Jesu a nyolleloa holimo a tlosoa mahlong a bona, banna ba babeli ba apereng liaparo tse tšoeu ba re ho bona: “Jesu eo ea nketsoeng leholimong a le har’a lōna, o tla be a tle ka mokhoa oo le ’moneng a e-ea leholimong ka oona.”—1:8, 11.
10. (a) Ke lintho life tsa bohlokoa tse etsahalang letsatsing la Pentekonta? (b) Petrose o fana ka tlhaloso efe, ’me e hlahisa eng?
10 Letsatsi la bohlokoa la Pentekonta (2:1-42). Barutuoa kaofela ba bokane Jerusalema. Ka tšohanyetso ho utloahala lerata le kang la moea o tlang ka potlako le tlala ka hare ho ntlo. Maleme a kang malakabe a mollo a lula holim’a ba teng. Ba tlatsoa ka moea o halalelang ’me ba qala ho bua ka lipuo tse sa tšoaneng ba bua ka “limakatso tsa Molimo.” (2:11) Ba shebelletseng baa tsieleha. Joale Petrose oa ema ’me oa bua. O hlalosa hore ho tšolloa hona ha moea ho phethahatsong ea boprofeta ba Joele (2:28-32) le hore Jesu Kreste, eo joale a tsositsoeng le ea phahamiselitsoeng ka letsohong le letona la Molimo, ‘o qhatsitse seo ba se bonang le ho se utloa.’ Ba hlabehile ho fihla pelong, ba ka bang 3 000 ba amohela lentsoe ’me baa kolobetsoa.—2:33.
11. Jehova o atlehisa mosebetsi oa ho bolela joang?
11 Bopaki boa atoloha (2:43–5:42). Letsatsi le leng le le leng, Jehova o tsoela pele ho ba eketsa ka ba bolokoang. Ka ntle ho tempele Petrose le Johanne ba oela monna ea holofetseng eo ho seng mohla a kileng a tsamaea bophelong ba hae. Petrose oa laela: “Ka lebitso la Jesu oa Nazaretha, ema, u tsamaee.” Hang-hang monna enoa o qala ho “tsamaea, a tlola, a boka Molimo.” Joale Petrose o ipiletsa ho batho hore ba bake ’me ba sokolohe, “ho tle ho fihle mehla ea khatholoho ka ponahalo ea Morena.” Baeta-pele ba bolumeli ba khopisitsoe ke hore Petrose le Johanne ba ruta ka tsoho ea Jesu, baa ba tšoara, empa palo ea ba lumelang ea hōla ho ea ho hoo e ka bang banna ba 5 000.—3:6, 8, 20.
12. (a) Barutuoa ba fana ka karabo efe ha ba laeloa ho khaotsa ho bolela? (b) Ananiase le Safira ba otloa ka lebaka la eng?
12 Ka letsatsi le hlahlamang, Petrose le Johanne ba isoa ka pele ho babusi ba Bajode ho ea hlongoa lipotso. Petrose o paka a sa tšabe letho hore poloko e teng feela ka Jesu Kreste, ’me ha ba laeloa hore ba khaotse mosebetsi oa bona oa ho bolela, Petrose le Johanne baa arabela: “A ho ahlole lōna hore na ke taba e lokileng pel’a Molimo ho utloa lōna ho fetisa Molimo na? Hobane ha e le rōna, ha ho kamoo re ka lesang ho bolela tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” (4:19, 20) Baa lokolloa, ’me barutuoa bohle ba tsoela pele ho bua lentsoe la Molimo ka sebete. Ka lebaka la maemo, ba fana ka lintho tsa bona tse bonahalang molemong oa bohle ’me ba li aba kamoo ho hlokahalang. Leha ho le joalo, e mong ea bitsoang Ananiase le Safira, mosali oa hae, ba rekisa thepa e itseng ’me ka lekunutu ba boloka karolo e ’ngoe ea theko ha ba itlhahisa eka ba fane ka chelete kaofela. Petrose oa ba senola, ’me ba oela fatše ba shoele ka lebaka la hobane ba thetsitse Molimo le moea o halalelang.
13. Baapostola ba qosoa ka eng, ba arabela joang, ’me ba tsoela pele ho etsa joang?
13 Baeta-pele ba bolumeli ba halefileng ba boetse ba lahlela baapostola chankaneng, empa ka lekhetlo lena lengeloi la Jehova lea ba lokolla. Ka letsatsi le hlahlamang ba boetse ba tlisoa ka pele ho Sanhedrin ’me ba qosoa ka ‘ho tlatsa Jerusalema eohle ka thuto ea bona.’ Baa arabela: “E ka khona re utloe Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” Le hoja ba shapuoe ba bile ba soketsoe, ba ntse ba hana ho khaotsa, ’me ‘ka letsatsi le leng le le leng tempeleng le ka ntlo le ntlo ba tsoela pele ba sa khaotse ho ruta le ho phatlalatsa litaba tse molemo ka Kreste, Jesu.’—5:28, 29, 42, NW.
14. Setefane o thulana le ho shoela tumelo joang?
14 Ho shoela tumelo ha Setefane (6:1–8:1a). Setefane ke e mong oa ba supileng ba khethiloeng ke moea o halalelang hore ba abe lijo litafoleng. O boetse o pakela ’nete ka matla, ’me ho tšehetsa ha hae tumelo ho matla hoo bahanyetsi ba hae ba halefileng ba mo tlisang ka pele ho Sanhedrin ka qoso ea bonyefoli. Ha a itšireletsa, Setefane o bolela pele ka mamello ea Jehova ho Iseraele. Joale, ka puo e matla e phehellang a sa tšabe, o fihla ntlheng ena: ‘Lōna ba melala e thata, le hanela Moea o Halalelang ka mehla; le amohetse molao ka matsoho a mangeloi, ’me ha lea ka la o boloka.’ (7:51-53) Ba sitoa ho mamella sena. Ba mo tšolohela holimo, ba mo lahlela ka ntle ho motse, ’me ba mo tlepetsa ka majoe ho fihlela a e-shoa. Saule o shebelletse ka kananelo.
15. Mahloriso a tsoala eng, ’me ke liphihlelo life tsa ho bolela tseo Filippi a bang le tsona?
15 Mahloriso, ho sokoloha ha Saule (8:1b–9:30). Tlhoriso e qalang ka letsatsi leo khahlanong le phutheho e Jerusalema e etsa hore bohle ntle ho baapostola ba hasa-hasane le naha. Filippi o ea Samaria, moo ba bangata ba amohelang lentsoe la Molimo. Petrose le Johanne ba rongoa ba e-tsoa Jerusalema e le hore balumeli bana ba ka amohela moea o halalelang “ka peo ea matsoho a baapostola.” (8:18) Joale lengeloi le tsamaisa Filippi ho leba ka boroa tseleng ea Jerusalema le Gaza, moo a fumanang leqhalaha la lekhotla la borena la Ethiopia le palameng koloi ea lona ea lipere le ntse le bala buka ea Esaia. Filippi o le beha leseling ka hore na boprofeta boo bo bolela eng joale oa le kolobetsa.
16. Ho tla joang hore Saule a sokolohe?
16 Ho sa le joalo, Saule, “a befetsoe ho sokela le ho bolaea barutuoa ba Morena,” o tsoa ho ea tšoara “ba thuto eo” Damaseka. Ka tšohanyetso khanya e tsoang leholimong ea halima ho mo pota, ’me o oela fatše a foufetse. Lentsoe le tsoang leholimong lea mo bolella: “Ke ’na Jesu, eo u mo hlorisang.” Ka morao ho matsatsi a mararo a le Damaseka, morutuoa ea bitsoang Ananiase oa mo sebeletsa. Mahlo a Saule a boetse a bona hape, oa kolobetsoa, ’me o tlala moea o halalelang, hoo a fetohang ’moleli ea chesehang le ea khonang oa litaba tse molemo. (9:1, 2, 5) Ketsahalong ena eo ho eona litaba li fetohang ka mokhoa o makatsang, mohlorisi o fetoha ea hlorisoang ’me o lokela ho balehisa bophelo ba hae, pele o bo balehisa Damaseka ’me hamorao Jerusalema.
17. Litaba tse molemo li ea joang ho Balichaba ba sa bollang?
17 Litaba tse molemo li ea ho Balichaba ba sa bollang (9:31–12:25). Phutheho joale e ‘kena nakong ea ho lula ka khotso kahohle, e hahisoa, e tsamaea ka tšabo ea Morena, ’me e anafala ka tšeliso ea Moea o Halalelang.’ (9:31) Joppo, Petrose o tsosa Tabitha (Dorkase) ea ratoang bafung, ’me ke ho tloha mona moo a fumanang pitso ea ho ea Cesarea, moo molaoli oa sesole ea bitsoang Kornele a mo letetseng. O bolella Kornele le ba ntlo ea hae ’me baa lumela, ’me ba tšolleloa moea o halalelang. Ha a lemohile “hore Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho . . . Empa har’a lichaba tsohle, ea o tšabang, le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang,” Petrose oa ba kolobetsa—ke basokolohi ba pele ba Balichaba ba sa bollang. Hamorao Petrose o hlalosetsa banab’abo ba Jerusalema phetoho ena e ncha, eo ka eona ba tlotlisang Molimo.—10:34, 35.
18. (a) Ke eng se latelang se etsahalang Antioke? (b) Ho qhoma mahloriso afe, empa na a finyella sepheo sa ’ona?
18 Ha litaba tse molemo li ntse li ata ka potlako, Barnabase le Saule ba ruta letšoele Antioke, ‘ke Antioke moo ka lekhetlo la pele barutuoa ba bitsoang Bakreste ka tataiso ea Molimo.’ (11:26, NW) Hang hape mahloriso aa qhoma. Heroda Agrippa I o etsa hore Jakobo ngoan’abo Johanne a bolaoe ka sabole. Hape o kenya Petrose chankaneng, empa hang hape lengeloi la Jehova le lokolla Petrose. Ke masoabi a makaakang bakeng sa Heroda ea khopo! Kaha o hlōleha ho isa tlhompho ho Molimo, o jeoa ke liboko ’me oa shoa. Ka lehlakoreng le leng, “lentsoe la Molimo la ’na la ata, la anafala.”—12:24.
19. Leeto la pele la boromuoa la Pauluse le pharalla hakae, ’me ho finyelloa eng?
19 Leeto la pele la boromuoa la Pauluse, a e-na le Barnabase (13:1–14:28).d Barnabase le “Saule, eo lebitso le leng la hae e leng Pauluse,” baa khethoa ’me ba rongoa ke moea o halalelang ho tloha Antioke. (13:9) Sehleke-hlekeng sa Cypera, ba bangata ba fetoha balumeli, ho akarelletsa ’musisi Sergiuse Pauluse. Asia Minor, ba potoloha le metse e tšeletseng kapa e fetang moo, ’me hohle ke ntho e tšoanang: Ho hlaha karohano e hlakileng pakeng tsa ba amohelang litaba tse molemo ka thabo le bahanyetsi ba melala e thata ba hlohlelletsang matšoele a betsang ka majoe hore a tsohele manģosa a Jehova matla. Ka mor’a ho khetha baholo liphuthehong tse sa tsoa theoa, Pauluse le Barnabase ba khutlela Syria ea Antioke.
20. Khang ea lebollo e rarolloa ka qeto efe?
20 Ho khaola khang ea lebollo (15:1-35). Ka ba bangata bao e seng Bajode ba neng ba kena, ho hlaha potso ea hore na ba lokela ho bolla kapa che. Pauluse le Barnabase ba isa khang ho baapostola le baholo ba Jerusalema, moo morutuoa Jakobo a okamelang le ho lokisetsa hore ka lengolo le loketseng ho romeloe qeto e entsoeng ka tumellano e felletseng: “Ho hopotsoe ke Moea o Halalelang le ke rōna, hore re se ke ra le jarisa boima bo fetisang, ha e se ba litaba tsena tse tšoanelang, e leng ho tela tse hlabetsoeng melimo, le mali, le tse fenethiloeng, le bofebe.” (15:28, 29) Khothatso ea lengolo lena e etsa hore banab’abo bona ba Antioke ba thabe.
21. (a) Ke bo-mang ba nang le Pauluse leetong la hae la bobeli la boromuoa? (b) Ke liketsahalo life tse tšoaeang leeto la Macedonia?
21 Tšebeletso e atoloha le leeto la bobeli la Pauluse (15:36–18:22).e “Hobane ho fete matsatsi a se makae” Barnabase le Mareka ba tsamaea ka sekepe ho ea Cypera, ha Pauluse le Silase ba haola Syria le Asia Minor. (15:36) Monna e monyenyane Timothea o ikopanya le Pauluse Lystra, ’me ba nka leeto le eang Troase ba sikile le lebōpo la leoatle la Aegean. Ke mona moo ponong Pauluse a bonang monna ea mo kōpang: “Tšelela Macedonia, u re thuse.” (16:9) Luka o ikopanya le Pauluse, ’me ba kena sekepeng ho ea Filippi, motse o moholo oa Macedonia, moo Pauluse le Silase ba kenngoang chankaneng. Sena se fella ka hore molebeli oa chankane a fetohe molumeli ’me a kolobetsoe. Hoba ba lokolloe, ba fetela pele Thessalonika, ’me mono Bajode ba mōna ba susumelletsa mahoo-hoo hore a ba tsohele matla. Ka hona bosiu banab’abo bona ba romela Pauluse le Silase Berea. Mona Bajode ba bontša bohlale ka ho amohela lentsoe “ka cheseho e kholo, ba botsisisa Mangolo ka matsatsi ’ohle” ba batla bopaki bo tiileng ba lintho tseo ba ithutang tsona. (17:11) A siea Silase le Timothea phuthehong ena e ncha, joalokaha a ne a ile a siea Luka Filippi, Pauluse o tsoela pele ho leba ka boroa Athene.
22. Ke eng e tsoaloang ke polelo e bohlale ea Pauluse Areopago?
22 Motseng ona oa melimo ea litšoantšo, Baepikure ba iphahamisang le bo-rafilosofi ba Bastoike ba soma Pauluse ka hore ke “mobua-bui” le ‘ea bolelang melimo esele,’ ’me ba mo isa Areopago, kapa Leralleng la Mars. Ka bokheleke bo boholo ba puo Pauluse o beha mabaka a emelang ho batla Molimo oa ’nete, “Morena oa leholimo le lefatše,” o tiisang hore ho tla ba le kahlolo e lokileng ka Eo o mo tsositseng bafung. Ho boleloa ha tsoho ho arola bamameli ba hae, empa ba bang ba fetoha balumeli.—17:18, 24.
23. Ke eng se finyelloang Korinthe?
23 Ho latelang, ha a le Korinthe, Pauluse o lula le Akila le Priscilla, a ikopanya le bona mosebetsing oa ho etsa litente. Ho hanyetsoa ha boboleli ba hae ho mo tlama hore a tsoe ntlong ea thapelo le hore a tšoarele liboka tsa hae ntlong e mabapi le eona, lapeng ha Titiuse Justuse. Krispo, moholo ea okamelang oa ntlo ea thapelo, o fetoha molumeli. Ka mor’a ho lula Korinthe ka likhoeli tse 18, Pauluse o tloha le Akila le Priscilla ho ea Efese, moo a ba sieang teng ’me a tsoela pele ho ea Antioke ea Syria, ka hoo a phetha leeto la hae la boromuoa la bobeli.
24, 25. (a) Nakong ea ha Pauluse a simolla leeto la hae la boraro, ho etsahala eng Efese? (b) Ke mofere-fere ofe o tšoaeang ho fela ha tulo ea Pauluse ea lilemo tse tharo?
24 Pauluse o etela liphutheho hape, leeto la boraro (18:23–21:26).f Mojode e mong ea bitsoang Apollose o tla Efese a e-tsoa Alexandria, Egepeta, o bua ka sebete ka Jesu ka tlung ea thapelo, empa Akila le Priscilla ba fumana ho hlokahala ho otlolla thuto ea hae pele a fetela Korinthe. Pauluse joale o leetong la hae la boraro ’me ka nako ea teng o fihla Efese. Ha a tseba hore balumeli ba mona ba kolobelitsoe ka kolobetso ea Johanne, Pauluse o hlalosa kolobetso e etsoang ka lebitso la Jesu. Joale o kolobetsa banna ba ka bang 12; ’me ha a ba beha matsoho, ba amohela moea o halalelang.
25 Ka lilemo tse tharo tseo Pauluse a li lulang Efese, ‘lentsoe la Morena [“Jehova,” NW] le ntse le ata le ho sebetsa ka matla,’ ’me ba bangata ba lahla borapeli ba bona ba molimotsana o lebelang motse, Artemise. (19:20) Ba halefisitsoe ke ho bona hore ba tla felloa ke mosebetsi, baetsi ba litempelana tsa silevera ba ferekanya motse hoo ho nkang lihora ho qhala mahoo-hoo a ferekaneng. Kapele ka morao ho moo Pauluse o tloha a e-ea Macedonia le Greece, a etela balumeli ba tseleng ea hae.
26. (a) Ke mohlolo ofe oo Pauluse a o etsang Troase? (b) O neha balebeli ba Efese keletso efe?
26 Pauluse o lula likhoeli tse tharo Greece pele a khutla ka tsela ea Macedonia, moo Luka a ikopanyang le eena. Ba tšelela Troase, ’me ha ba le mona, ha Pauluse a ntse a bua ho fihlela bosiu, monna e mong e monyenyane o tšoaroa ke boroko ’me o oa le fensetereng ea mokato oa boraro. Ba mo nka a shoele, empa Pauluse o mo khutlisetsa bophelong. Ka letsatsi le latelang Pauluse le ba tsamaeang le eena ba tloha ho ea Mileta, moo Pauluse a emisang tseleng ha a e-ea Jerusalema, hore a be le seboka le baholo ba tsoang Efese. O ba tsebisa hore ba ke ke ba hlola ba bona sefahleho sa hae. Kahoo, ho potlakile hakaakang hore ba nke ketello-pele le ho alosa mohlape oa Molimo, oo ‘moea o halalelang o ba beileng balebeli ba oona’! O hopola mohlala oo a ba behetseng oona, ’me o ba khothatsa hore ba falimehe, ba sa ipaballe ha ba sebeletsa banab’abo bona. (20:28) Le hoja a ne a hlokomelisitsoe ka hore a se ke a beha leeto Jerusalema, Pauluse ha a cheche. Metsoalle ea hae ea inehela, e re: “Ho etsoe se ratoang ke Morena.” (21:14) Thabo e ba khōlō ha Pauluse a tlalehela Jakobo le baholo ba bang ka tlhohonolofatso ea Molimo tšebeletsong ea hae har’a lichaba.
27. Pauluse o fumana kamohelo ea mofuta ofe tempeleng?
27 Pauluse oa tšoaroa le ho isoa nyeoeng (21:27–26:32). Ha Pauluse a hlaha tempeleng Jerusalema, o amoheloa ka mokhoa o hlaha. Bajode ba tsoang Asia ba hlohlelletsa motse kaofela hore o mo tsohele matla, ’me masole a Roma a mo pholosa ka nako.
28. (a) Pauluse o phahamisa taba efe ka pele ho Sanhedrin, hona ka phello efe? (b) Joale o romeloa hokae?
28 Mofere-fere oo oohle ke oa eng? Pauluse eo ke mang? Molato oa hae ke ofe? Molaoli oa sesole ea maketseng o batla ho tseba likarabo. Kaha ke moahi oa Roma, Pauluse o phonyoha ho thakhisoa a shapuoa ’me o tlisoa ka pele ho Sanhedrin. Lekhotla le arohaneng la Bafarisi le Basadduci! Pauluse ka hona o phahamisa taba ea tsoho, a ba qabanya. Ha qhoebeshano e bakoang ke ho arohana e e-ba mabifi, masole a Roma a lokela ho hlotha Pauluse har’a Sanhedrin pele a tsekolloa likoto. O romeloa ka lenyele bosiu ho ’Musisi Felixe Cesarea a lebetsoe ka thata ke masole.
29. Ha a qosoa ka bofetoheli, Pauluse o ba le letoto lefe la linyeoe, ’me o etsa boipiletso ba eng?
29 Banģosi ba hae ba mo nģosa ka bofetoheli, Pauluse o khona ho ikemela ka pele ho Felixe. Empa Felixe o lieha ka tšepo ea hore o tla fumana chelete ea tjotjo bakeng sa ho lokolla Pauluse. Ho feta lilemo tse peli. Porciuse Festuse o hlahlama Felixe e le ’musisi ’me ho laeloa hore ho be le nyeoe e ’ngoe hape. Ho boetse ho etsoa liqoso tse matla, ’me hape Pauluse o phatlalatsa ho hloka molato ha hae. Empa Festuse, e le hore a ka ratoa ke Bajode, o khothalletsa nyeoe e ’ngoe ka pel’a hae Jerusalema. Pauluse oa phatlalatsa: “Ke ipea ho Cesare.” (25:11) Ho feta nako e eketsehileng. Qetellong, Morena Heroda Agrippa II o etela Festuse ho ea boka likhomo, ’me Pauluse o boetse o tlisoa ka holong ea kahlolo. Bopaki ba hae ke bo matla le bo kholisang hoo Agrippa a susumetsehang ho re ho eena: “U batla ho ntlhōla hore ke be mokreste.” (26:28) Agrippa ka ho tšoanang o hlokomela ho hloka molato ha Pauluse le hore o ne a ka lokolloa hoja o ne a sa ipiletsa ho Cesare.
30. Pauluse o ba le liphihlelo life leetong ho ea fihla Malta?
30 Pauluse o ea Roma (27:1–28:31).g Motšoaruoa Pauluse le ba bang ba nkoa ka sekepe bakeng sa karolo ea pele ea leeto le eang Roma. Ba tsamaea butle kaha ba tobane le meea. Ha ba fihla koung ea likepe ea Myra, ba kena sekepeng sesele. Ha ba fihla Koung e Ntle, Kreta, Pauluse o buella hore ho emisoe moo bakeng sa mariha, empa bongata bo eletsa hore ho tsoeloe pele ka leeto la sekepe. Ba sa tsoa tloha feela ho kena leoatleng ke ha moea o bohale o ba tšoara ’me o ba sutumeletsa pele ka sehlōhō. Ka morao ho libeke tse peli sekepe sa bona se qetella se tamukane likoto tututsoaneng ea lehlabathe e pel’a lebōpo la Malta. Ho paka seo Pauluse a neng a se tiisitse pele, ha ho lea mong oa ba 276 ba neng ba le ka sekepeng ea lahleheloang ke bophelo ba hae! Baahi ba Malta ba bontša mosa o sa tloaelehang oa botho, ’me mariheng ao, Pauluse o phekola ba bangata ba bona ka matla a mohlolo a moea oa Molimo.
31. Pauluse o lumelisoa joang ha a fihla Roma, ’me o iphathahanya ka eng moo?
31 Nakong ea selemo selemong se hlahlamang Pauluse o fihla Roma, ’me banab’abo ba tla tseleng ho tla mo khahlametsa. Ho ba bona ho etsa hore Pauluse a ‘lebohe Molimo le ho betefala.’ Le hoja e ntse e le motšoaruoa, Pauluse o lumelloa ho lula ntlong ea hae eo a e lefellang a e-na le molebeli oa lesole. Luka o qetella tlaleho ea hae, a hlalosa ho amohela ha Pauluse ka mosa bohle ba tlang ho eena ’me a ‘bo-lela ’muso oa Molimo, a ruta le tsa Morena Jesu Kreste ka ho tiea hohle, a sa thibeloe ke motho.’—28:15, 31.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
32. Pele ho Pentekonta le ka morao ho eona, Petrose o ile a paka joang bonnete ba Mangolo a Seheberu?
32 Buka ea Liketso e eketsa bopaki litlalehong tsa Kosepele ho tiisa bonnete le ho bululeloa ha Mangolo a Seheberu. Ha Pentekonta e atamela, Petrose o ile a qotsa phethahatso ea boprofeta ba bobeli hore ‘Moea o Halalelang o se o buile pele ka molomo oa Davida ka Judase.’ (Lik. 1:16, 20; Pes. 69:25; 109:8) Petrose o boetse o boleletse bongata ba Pentekonta bo maketseng hore ha e le hantle bo ne bo bona phethahatso ea boprofeta: “Hona ke taba e neng e boleloe ke moprofeta Joele.”—Lik. 2:16-21; Joele 2:28-32; hape bapisa Liketso 2:25-28, 34, 35 le Pesaleme ea 16:8-11 le 110:1.
33. Petrose, Filippi, Jakobo, le Pauluse kaofela ba bontšitse joang hore Mangolo a Seheberu a bululetsoe?
33 Ho kholisa bongata bo bong bo ka ntle ho tempele, Petrose o boetse o ea Mangolong a Seheberu, a qala ka ho qotsa Moshe ’me joale a re: “Baprofeta kaofela, ho qala ka Samuele, le ba mo hlahlamileng, bohle ba buileng ba profetile mehla ena.” Hamorao, ka pele ho Sanhedrin, Petrose o ile a qotsa Pesaleme ea 118:22 ha a bontša hore Kreste, lejoe leo ba le hanneng, o ne a fetohile “lejoe la ntlha la motheo.” (Lik. 3:22-24; 4:11) Filippi o ile a hlalosetsa leqhalaha la Ethiopia kamoo boprofeta ba Esaia 53:7, 8 bo phethahalitsoeng, ’me hoba a behoe leseling, ka boikokobetso o ile a kōpa ho kolobetsoa. (Lik. 8:28-35) Ka ho tšoanang, ha a bua le Kornele ka Jesu, Petrose o ile a tiisa: “Baprofeta bohle ba ’moletse.” (10:43) Ha ho ntse ho fapanyetsanoa maikutlo ka taba ea lebollo, Jakobo o ile a tšehetsa qeto ea hae ka ho re: “Litaba tsa baprofeta li lumellana teng, joale ka ha ho ngoliloe.” (15:15-18) Moapostola Pauluse o ile a itšetleha ka bopaki bo tšoanang. (26:22; 28:23, 25-27) Hore e be barutuoa le bamameli ba bona ba ile ba amohela habonolo Mangolo a Seheberu e le karolo ea Lentsoe la Molimo ho beha tiiso ea kamohelo e bululetsoeng ea mangolo ao.
34. Buka ea Liketso e senola eng mabapi le phutheho ea Bokreste, ’me na see se na le phapang kajeno?
34 Buka ea Liketso e molemo ka ho fetisisa ho bontšeng kamoo phutheho ea Bokreste e ileng ea theoa le kamoo e ileng ea hōla tlas’a matla a moea o halalelang. Tlalehong ena eohle e hlasimollang kelello, re lemoha tlhohonolofatso ea Molimo ea keketseho, sebete le thabo tsa Bakreste ba pele, boemo ba bona bo sa sekisetseng har’a mahloriso, le ho ithaopela ha bona ho sebeletsa, joalokaha li beetsoe mohlala ke Pauluse ha a arabela pitso ea ho kenela tšebeletso linaheng lisele le ho kena Macedonia. (4:13, 31; 15:3; 5:28, 29; 8:4; 13:2-4; 16:9, 10) Phutheho ea Bokreste kajeno le eona e ntse e le joalo, hobane e tlamahantsoe hammoho ka lerato, bonngoe, le thahasello e tšoanang ha e bolela “limakatso tsa Molimo” tlas’a tataiso ea moea o halalelang.—2:11, 17, 45; 4:34, 35; 11:27-30; 12:25.
35. Liketso e bontša joang hore na bopaki bo ne bo tla fanoa joang, ’me ke tšobotsi efe ea tšebeletso e hatisoang?
35 Buka ea Liketso e bontša hantle kamoo mosebetsi oa Bokreste oa ho bolela ’Muso oa Molimo o lokelang ho etsoa ka teng. Pauluse ka boeena e ne e le mohlala, a re: “Ha kea ka ka checha ho le bolella leha e le efe ea lintho tse neng li le molemo kapa ho le ruta pontšeng le ka ntlo le ntlo.” Joale o tsoela pele ho re: “Ke behile bopaki ka ho phethahetseng.” Sehlooho sena sa ‘bopaki bo phethahetseng’ se hapa tlhokomelo ea rōna bukeng ena eohle, ’me se hlahella ka mokhoa o khahlisang lirapeng tse qetellang, moo boinehelo ba pelo eohle ba Pauluse boboleling le ho ruteng ha hae, le tlas’a litlamo tsa chankane, bo pakoang ka mantsoe ana: “’Me a ba hlalosetsa taba ena ka ho ba behela bopaki bo phethahetseng mabapi le ’muso oa Molimo le ka ho sebelisa ho ba phehella mabapi le Jesu ho tsoa molaong oa Moshe le Baprofeteng, ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboea.” E se eka re ka ba pelo e le ’ngoe joalo mosebetsing oa rōna oa ’Muso!—20:20, 21, NW; 28:23; 2:40; 5:42; 26:22.
36. Ke keletso efe e sebetsang ea Pauluse e sebetsang ka matla ho balebeli kajeno?
36 Puo ea Pauluse ho baholo ba Efese e na le keletso e ngata e sebetsang bakeng sa balebeli kajeno. Kaha bana ba khethiloe ke moea o halalelang, ke habohlokoa haholo hore ‘ba hle ba itise le mohlape oohle,’ ba o alose ka mosa le ho o lebela khahlanong le liphiri tse hatellang tse batlang ha o senyeha. Bona hase boikarabelo bo bobebe! Ho hlokahala hore balebeli ba lule ba falimehile le ho ikaha ka lentsoe la mosa o sa tšoanelang oa Molimo. Ha ba ntse ba sebetsa ka thata ho thusa ba fokolang, ba tlameha ho “elelloa taba ea Morena Jesu, eo a e boletseng ka sebele sa hae, ha a re: Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.”—20:17-35.
37. Ke ka mabaka afe a bohlale Pauluse a ileng a fetisa ntlha ea hae Areopago?
37 Lipuo tse ling tsa Pauluse le tsona li khanya tlhaloso e hlakileng ea melao-motheo ea Bibele. Ka mohlala, ho na le khang e behang mohlala ea puo ea hae ho Bastoike le Baepikure Areopago. O qala ka ho qotsa tlhaloso e ngotsoeng aletareng, “Ho Molimo o sa tsejoeng,” ’me o sebelisa sena e le lebaka la ho hlalosa hore Molimo o le mong oa ’nete, Morena oa leholimo le lefatše, ea entseng ka motho a le mong sechaba se seng le se seng sa batho, ‘ha a hole ho e mong le e mong oa rōna.’ Joale o qotsa mantsoe a baroki ba bona, “Re moloko oa hae ka sebele,” a bontša hore na ke ho nyelisang hakaakang ho nahana hore ba tsoile ho melimo ea litšoantšo ea gauda le ea silevera, kapa ea majoe, e se nang bophelo. Kahoo Pauluse ka bohlale o tiisa borena ba Molimo o phelang. Ke mantsoeng a hae a qetellang feela moo a phahamisang khang ea tsoho, ’me le teng ha a bolele lebitso la Kreste. O entse hore ntlha ea hae ka borena bo phahameng ba Molimo o le mong oa ’nete e utloahale, ’me ba bang ba fetoha balumeli ka lebaka leo.—17:22-34.
38. Ke mahlohonolo afe a tla hlahisoa ke mofuta oa boithuto o khothalletsoang ho Liketso?
38 Buka ea Liketso e khothalletsa boithuto bo sa khaotseng le bo matla ba “Lengolo lohle.” Ha Pauluse a qala ho bolela Berea, Bajode ba moo, kaha ‘ba ile ba amohela lentsoe ka likelello tse chesehang ka ho fetisisa, ka hloko ba hlahloba Mangolo letsatsi le leng le le leng hore na lintho tseo li joalo na,’ ba ile ba babatsoa hore ‘likelello tsa bona li khabane.’ (Lik. 17:11, NW) Kajeno, joaloka nakong eo, ho batlisisa tjena ka cheseho ka Mangolong tšebelisanong le phutheho e tletseng moea ea Jehova ho tla fella ka mahlohonolo a kholiseho le tumelo e matla. Ke ka boithuto bo joalo bo matla moo motho a ka fihlelang kananelo e hlakileng ea melao-motheo ea bomolimo. Polelo e ntle ea melao-motheo ena e tlalehiloe ho Liketso 15:29. Mona sehlopha se busang sa baapostola le banab’abo bona ba hōlileng Jerusalema se ile sa tsebahatsa hore le hoja lebollo le ne le sa hlokahale ho Iseraele oa moea, ho rapela melimo ea litšoantšo, mali, le bohlola li thibeloa ka ho felletseng.
39. (a) Barutuoa ba ile ba matlafatsoa joang hore ba thulane le mahloriso? (b) Ba ile ba fana ka bopaki bofe bo sebete? Na bo ile ba e-ba molemo?
39 Barutuoa bao ba pele ka sebele ba ne ba ithuta Mangolo a bululetsoeng ’me ba ne ba ka a qotsa le ho a sebelisa kamoo ho hlokahalang. Ba ile ba matlafatsoa ka tsebo e nepahetseng le ka moea oa Molimo hore ba thulane le mahloriso a bohale. Petrose le Johanne ba ile ba beha mohlala bakeng sa Bakreste bohle ba tšepahalang ha ba bolella ka sebete babusi ba bahanyetsi: “A ho ahlole lōna hore na ke taba e lokileng pel’a Molimo ho utloa lōna ho fetisa Molimo na? Hobane ha e le rōna, ha ho kamoo re ka lesang ho bolela tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” ’Me ha ba tlisoa hape ka pele ho Sanhedrin, e neng e ‘ba laetse ka ho hlaka’ hore ba se ke ba tsoela pele ho ruta ka lebitso la Jesu, ka ntsoe le le leng ba ile ba re: “Re tlameha ho utloa Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” Bopaki bona bo se nang tšabo bo ile ba fella ka bopaki bo botle ho babusi bana, ’me ba etsa hore moruti oa Molao ea tummeng Gamaliele a bolele polelo ea hae e tsebahalang, e ileng ea etsa hore baapostola ba lokolloe ha a emela bolokolohi ba borapeli.—4:19, 20; 5:28, 29, 34, 35, 38, 39, NW.
40. Buka ea Liketso e fana ka tšusumetso efe ho rōna hore re pakele ’Muso ka ho phethahetseng?
40 Morero o khanyang oa Jehova mabapi le ’Muso oa hae, o pholletsang joaloka tšoele ea gauda har’a Bibele eohle, o totobala haholo bukeng ea Liketso. Qalong ho bonahatsoa Jesu “a ntse a bolela tsa ’muso oa Molimo” ka matsatsi a 40 pele a nyoloha. E ne e le ha a arabela potso ea barutuoa ka ho tsosolosoa ha ’Muso moo Jesu a ileng a ba bolella hore ba tlameha ho qala ka ho ba lipaki tsa hae ho isa pheletsong ea lefatše. (1:3, 6, 8) Ho qala Jerusalema, barutuoa ba ile ba bolela ’Muso ka sebete se se nang tšabo. Mahloriso a ile a etsa hore Setefane a tlepetsoe ka majoe le hore barutuoa ba bangata ba qhalane ho ea libakeng tse ncha. (7:59, 60) Ho tlalehiloe hore Filippi o ile a phatlalatsa “litaba tsa ’muso oa Molimo” ka katleho e khōlō Samaria le hore Pauluse le bao a neng a tsamaea le bona ba ile ba bolela “’muso” Asia, Korinthe, Efese, le Roma. Bakreste bana bohle ba pele ba beile mehlala e matla ea hore motho a itšetlehe a sa thekesele ka Jehova le moea oa hae o tšehetsang. (8:5, 12; 14:5-7, 21, 22; 18:1, 4; 19:1, 8; 20:25; 28:30, 31) Ho talima cheseho e sa timeng ea bona le sebete le ho hlokomela kamoo Jehova a ileng a hlohonolofatsa boiteko ba bona ka matla ka teng, le rōna re na le tšusumetso e hlollang ea ho tšepahala ha re ‘beha bopaki ka ho phethahetseng mabapi le ’muso oa Molimo.’—28:23, NW.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a St. Paul the Traveller, 1895, leqephe 4.
b E qotsitsoe ho Awake! ea July 22, 1947, maqephe 22-3; bona le Awake! ea April 8, 1971, maqephe 27-8.
c Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 153-4, 734-5; Moq. 2, leqephe 748.
d Insight on the Scriptures, Moq. 2, leqephe 747.
e Insight on the Scriptures, Moq. 2, leqephe 747.
f Insight on the Scriptures, Moq. 2, leqephe 747.
g Insight on the Scriptures, Moq. 2, leqephe 750.