Buka ea Bibele ea 50—Ba-Filippi
Mongoli: Pauluse
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Roma
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 60–61 C.E.
1. (a) Ho tlile joang hore Bafilippi ba utloe litaba tse molemo? (b) Ke histori efe e khahlang e hlalosang boemo ba litaba ka motse oa Filippi?
MOAPOSTOLA PAULUSE ha a ne a bitsoa ka pono hore a ise litaba tse molemo Macedonia, eena le metsoalle ea hae, Luka, Silase, le Timothea e monyenyane, ba ile ba utloa ka potlako. Ho tloha Troase e Asia Minor, ba ile ba tsamaea ka sekepe ho ea Neapolise ’me hang ba tsamaea ho ea Filippi, hoo e ka bang lik’hilomithara tse 15 ho kenella hare ho naha ba tsoa ka lekhalo. Luka o hlalosa motse oo e le “motse oa sehlooho oa karolo eo ea Masedonia.” (Lik. 16:12, BPN) O ile oa bitsoa Filippi o rehelloa ka morena oa Macedonia Philip II (ntat’a Alexandere e Moholo), ea ileng a hapa motse ona ka 356 B.C.E. Hamorao o ile oa haptjoa ke Baroma. E bile sebaka sa lintoa tsa makhaola-khang ka 42 B.C.E. tse ileng tsa thusa ho tiisa boemo ba Octavian, eo hamorao a ileng a fetoha Cesare Augusto. Ho ikhopotsa tlhōlo ena, o ile a etsa Filippi koloni ea Roma.
2. Pauluse o ile a tsoela pele hakae ka boboleli ba hae Filippi, ’me ke liketsahalo life tse ileng tsa tsamaea le ho tsoaloa ha phutheho moo?
2 E ne e le mokhoa oa Pauluse hore ha a fihla motseng o mocha a bolelle Bajode pele. Leha ho le joalo, ha a fihla Filippi ka lekhetlo la pele hoo e ka bang ka 50 C.E., o ile a fumana ba fokola ka palo ’me ho hlakile hore ba ne ba se na ntlo ea thapelo, hobane ba ne ba tloaetse ho kopana ka ntle ho motse lebōpong la nōka bakeng sa thapelo. Boboleli ba Pauluse bo ile ba beha litholoana kapele, e mong oa basokolohi ba pele e bile Lydia, mosali oa mohoebi eo pele ho moo e neng e le moproselite oa Mojode, ea ileng a amohela habonolo ’nete e buang ka Kreste le ea ileng a tsitlella hore baeti bana ba lule tlung ea hae. Luka oa ngola, “A re qophella.” Leha ho le joalo, ho ile ha thulanoa le khanyetso kapele, ’me Pauluse le Silase ba ile ba shapuoa ka lithupa le ho kenngoa litlamong. Ha ba ntse ba le chankaneng, ho ile ha etsahala tšisinyeho ea lefatše, ’me molebeli oa chankane le lelapa la hae, ba ile ba fetoha balumeli ka ho mamela Pauluse le Silase. Ka letsatsi le hlahlamang Pauluse le Silase ba ile ba lokolloa chankaneng, ’me ba etela banab’abo bona lapeng ha Lydia le ho ba khothatsa pele ba tloha motseng ona. Pauluse o ile a tsamaea a hopotse ka ho hlakileng mahloriso a neng a likolohile ho tsoaloa ha phutheho e ncha ea Filippi.—Lik. 16:9-40, BPN.
3. Pauluse hamorao o ile a kopana joang le phutheho ea Bafilippi?
3 Lilemo tse seng kae hamorao, leetong la hae la boraro la boromuoa, Pauluse o ile a khona ho etela phutheho ea Filippi hape. Joale, hoo e ka bang lilemo tse leshome ka mor’a ho thea phutheho ena, pontšo e amang ea lerato la banab’abo ba Filippi e ile ea susumelletsa Pauluse hore a ba ngolle lengolo le bululetsoeng le bolokiloeng ka Mangolong a Halalelang ka lebitso la phutheho eo e ratoang.
4. Ke eng se tsebahatsang mongoli oa Ba-Filippi, ’me ke eng e pakang bonnete ba lengolo lee?
4 Hore Pauluse o ngotse lengolo lena, joalokaha ho boletsoe temaneng ea lona ea pele, ho amoheloa ka kakaretso ke bahlalosi ba Bibele, le hona e le ka lebaka le utloahalang. Polycarp (69?–155? C.E.) lengolong la hae le eang ho Bafilippi o bolela hore Pauluse o ne a ile a ba ngolla. Bahlalosi ba pele ba Bibele ba kang Ignatius, Irenaeus, Tertullian, le Clement oa Alexandria, ba qotsa lengolo lena e le le tsoang ho Pauluse. Ho na le moo le boletsoeng ho Muratorian Fragment ea lekholong la bobeli la lilemo C.E. le libukeng tse ling tsa pele, ’me le hlaha le bapile le mangolo a mang a robeli a Pauluse ho Chester Beatty Papyrus No. 2 (P46), eo ho lumeloang hore ke ea ho tloha ho hoo e ka bang ka 200 C.E.
5. Ke eng e supang Roma e le sebaka seo le ngoletsoeng ho sona?
5 Ho ka behelanoa mabaka a utloahalang ka sebaka seo e ngoletsoeng ho sona le nako eo e ngotsoeng ka eona. Nakong ea ha a ngola, Pauluse e ne e le motlamuoa tlhokomelong ea sehlopha sa balebeli sa ’musisi oa Roma, ’me ho ne ho e-na le mosebetsi o mongata oa Bokreste o neng o tsoela pele ho mo pota-pota. O phethetse lengolo la hae ka litumeliso tse tsoang ho ba tšepahalang ba ntlo ea Cesare. Linnete tsena li momahana ho supa hore lengolo lena le rometsoe ho tloha Roma.—Ba-Fil. 1:7, 13, 14; 4:22; Lik. 28:30, 31.
6. Ho na le bopaki bofe ka nako eo Ba-Filippi e ngotsoeng ka eona?
6 Empa lengolo lee le ile la ngoloa neng? Ho bonahala eka e ne e se e le nako Pauluse a le Roma hoo litaba tsa ho kenngoa litlamong ha hae joaloka Mokreste le mabaka a teng li neng li se li hasane ho ea fihla ho Balebeli ba Praetorian ba ’musisi le ho ba bang ba bangata. Hape, ho ne ho bile le nako ea hore Epafrodite ea neng a e-tsoa Filippi (bōhōle ba lik’hilomithara tse ka bang 1000) a tle a nkile mpho ea Pauluse, hore litaba tsa ho kula ha Epafrodite Roma li khutlele Filippi, le hore pontšo ea masoabi a bakiloeng ke taba ena e tle Roma ho tsoa Filippi. (Ba-Fil. 2:25-30; 4:18) Kaha ho kenngoa litlamong ha Pauluse ka lekhetlo la pele Roma ho ile ha etsahala hoo e ka bang ka 59-61 C.E., mohlomong o ile a ngola lengolo lena hoo e ka bang ka 60 kapa ka 61 C.E., selemo kapa ho feta ka morao ho hore a fihle Roma ka lekhetlo la pele.
7. (a) Ke tlamo efe e neng e le teng pakeng tsa Pauluse le Bafilippi, ’me ke eng se ileng sa mo susumelletsa ho ngola? (b) Ba-Filippi ke lengolo la mofuta ofe?
7 Bohloko ba pelehi boo a ileng a bo utloa ha a tsoala bana bana ba Filippi ka lentsoe la ’nete, kameho e mofuthu ea Bafilippi le ho fana ha bona ka limpho tsa lintho tse hlokoang tse ileng tsa latela Pauluse maetong a mangata a hae le mathateng a hae, le pontšo ea Jehova ea ho hlohonolofatsa mosebetsi oa hae oa pele oa boromuoa Macedonia, kaofela li ile tsa kopana ho thea tlamo e matla ea ho ratana pakeng tsa Pauluse le banab’abo ba Filippi. Joale mpho ea bona e fanoeng ka mosa, e ileng ea lateloa ke ho botsisisa ha bona ho bontšang hore ba ne ba tšoenyehile ka lebaka la Epafrodite le tsoelo-pele ea litaba tse molemo Roma, li ile tsa susumelletsa Pauluse hore a ba ngolle lengolo le mofuthu le le bontšang kameho la khothatso e hahang.
LITABA TSE KA HARE TSA BA-FILIPPI
8. (a) Pauluse o bontša joang tšepo ea hae le kameho e mofuthu ea hae ho banab’abo ba Filippi? (b) Pauluse o re’ng ka litlamo tsa hae tsa chankane, ’me o fana ka keletso efe?
8 Ho sireletsoa le ho ntšetsoa pele ha litaba tse molemo (1:1-30). Pauluse le Timothea ba romella litumeliso, ’me Pauluse o leboha Molimo ka tlatsetso eo Bafilippi ba e entseng bakeng sa litaba tse molemo “ho tloha ka letsatsi la pele ho fihlela motsotsong ona.” O kholisehile hore ba tla tsoela pele ka mosebetsi oa bona o motle ho fihlela qetellong, hobane ke ba kopanelang le eena mosa o sa tšoanelang, ho akarelletsa “ho sireletsa le ho thea ka molao litaba tse molemo.” O ba hlolohetsoe bohle ka kameho e mofuthu e bonolo ’me o re: “Sena ke seo ke tsoelang pele ho se rapella, hore lerato la lōna le ’ne le eketsehe hape ho feta . . . hore le tle le nepisise lintho tsa bohlokoa haholoanyane.” (1:5, 7, 9, 10, NW) Pauluse o batla ba tsebe hore ‘tse mo hlahetseng li thusitse haholo ho ntšetsa Evangeli pele,’ ka hore litlamo tsa hae tsa chankane li tsejoa hohle le hore banab’abo ba khothalitsoe hore ba bue lentsoe la Molimo ba se na tšabo. Le hoja ho ka ba molemo hore Pauluse a shoe hona joale, leha ho le joalo oa tseba hore ka lebaka la tsoelo-pele ea bona le thabo ea bona, ke habohlokoa haholoanyane hore a ’ne a be teng. O ba eletsa hore ba itšoare ka mokhoa o tšoanelang litaba tse molemo, hobane ebang o tla ho bona kapa che, o batla ho utloa hore ba loana ba le bonngoeng le hore ha ba “tšohe leha e le tabeng e le ’ngoe ka baka la bahanyetsi.”—1:12, 28.
9. Ba-Filippi ba ka boloka boikutlo ba kelello ba Kreste joang?
9 Ho ba le kelello e tšoanang le ea Kreste (2:1-30). Pauluse o khothalletsa Bafilippi hore ba be le likelello tse ikokobelitseng, ‘e mong le e mong a sa hlokomele tsee e leng tsa hae feela empa a hlokomele le tsa ba bang.’ Ba lokela hore ba be le kelello e tšoanang le ea Kreste Jesu, eo, le hoja a ne a le ka sebopeho sa Molimo, a ileng a hlobola boeena hore e be motho ’me a ikokobetsa ka kutlo ho isa lefung, hoo Molimo o mo phahamisitseng le ho mo neha lebitso le ka holimo ho mabitso a mang ’ohle. Pauluse oa ba khothatsa: “Le [“Le ’ne le,” NW] sebeletse polokeho ea lona ka tšabo le ka thothomelo.” “Etsang tsohle le sa ngongorehe, le sa lika-like,” “le ntse le phahamisitse lentsoe la bophelo.” (2:4, 12, 14, 15) O tšepile hore o tla romela Timothea ho bona ’me o kholisehile hore le eena ka boeena o tla tla hape haufinyane. Hona joale, hore ba tle ba thabe hape, o romela ho bona Epafrodite, ea folileng ho kuleng ha hae.
10. Pauluse o hahamalletse pheo joang, ’me o eletsa ba bang hore ba etse joang?
10 “Ho titimela moo ho lekanntsoeng” (3:1–4:23). Pauluse o re, ‘Rōna ba lebollo la ’nete re tšabe, lintja, ba lebollo la bohata.’ Haeba ho na le motho ea nang le mabaka a ho tšepa nama, Pauluse o na le a fetang ao, ’me tlaleho ea hae joaloka Mojode ea bolotseng le Mofarisi e paka sena. Empa tsena tsohle o ile a li nka e le tahlehelo ‘ha li bapisoa le boholo ba ho tseba Jesu Kreste, Morena oa hae.’ Ka ho loka ho leng ka tumelo, o na le tšepo ea ho ‘fihlela tsoho ea pele.’ (3:2, 3, 8, 11) Ka baka leo, Pauluse o re, “ke etsa ho le hong feela: ke lebala tse kamorao, ’me ke hahamalla ho tse kapele; ke titimela moo ho lekanntsoeng teng, e leng pheo eo re e biletsoang holimo ke Molimo, ka Jesu Kreste.” Bohle ba hōlileng tsebong ba ke ba be le kelello e tšoanang. Ho na le bao molimo oa bona e leng limpa tsa bona, bao likelello tsa bona li leng linthong tsa lefatše, le bao qetello ea bona e leng timelo, empa Pauluse oa tiisa, “oa rōna motse o maholimong.”—3:13, 14, 20.
11. (a) Lintho tse lokelang ho nahanoa le ho etsoa ke life? (b) Pauluse o re’ng ka ho fana ha Bafilippi?
11 Pauluse oa khothatsa, “Ithabeleng Moreneng . . . Mosa oa lōna o tsejoe ke batho bohle. . . . tsohle tsee e leng tsa ’nete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hloekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse botumo bo botle, tsohle tseo bokhabane bo bong le poko e ’ngoe e leng teng ho tsona, le ke le hopole tsona. Tseo le ithutileng tsona, la li amohela, la li utloa, la li bona ho ’na, etsang tsona; ’me Molimo oa khotso o tla ba le lōna.” (4:4-9) Pauluse o thaba haholo ha Bafilippi ba ntse ba hopola ho mo fa, le hoja a e-na le matla a lintho tsohle ‘ka ea mo fang matla.’ O ba leboha ka mofuthu ka mpho ea bona. Ho tloha ha a qala ho bolela litaba tse molemo Macedonia, ba ’nile ba fana ka mokhoa o motle haholo. Ho ba buseletsa, Molimo o tla ba neha ka botlalo tsohle tseo ba “li hlokang, ka monono oa oona khanyeng, ka Jesu Kreste.” (4:13, 19) O fetisa litumeliso tse tsoang ho bahalaleli bohle, ho akarelletsa ba ntlo ea Cesare.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
12. Rōna kajeno, joaloka banab’abo rōna ba Filippi, re ka fumana kamohelo ea Molimo le ho fetoha thabo ho banab’abo rōna joang?
12 Buka ea Ba-Filippi e molemo hakaakang bakeng sa rōna! Ka sebele re lakatsa ho amoheloa ke Jehova le ho lakatsa pabatso e tšoanang e tsoang ho balebeli ba rōna ba Bakreste joalokaha phutheho ea Filippi e ile ea li amohela ho tsoa ho Pauluse. Ho ka ba joalo haeba re latela mohlala o motle oa Bafilippi le keletso e lerato ea Pauluse. Ho tšoana le Ba-Filippi, re lokela ho bontša ho fana, re amehe ka ho thusa banab’abo rōna ha ba le mathateng, le ho nka karolo ho sireletsa le ho thea ka molao litaba tse molemo. (1:3-7, NW) Re lokela ho tsoela pele re ‘eme moeeng o le mong le pelong [“sephefumolohing,” NW] e le ’ngoe, re ntse re loanela hammoho tumelo ea Evangeli,” re khanya joaloka “maseli” har’a moloko o khopo le o senyehileng. Ha re ntse re etsa lintho tsena ’me re tsoela pele ho nahana ka lintho tse tebileng, mohlomong re ka fetoha thabo ho banab’abo rōna ka tsela e tšoanang le eo Bafilippi ba ileng ba fetoha moqhaka oa thabo ho moapostola Pauluse.—1:27; 2:15; 4:1, 8.
13. Ke ka tsela efe re ka etsisang Pauluse re momahane?
13 Pauluse o re, “bohle hammoho le be baetsisi ba ka.” Re mo etsise ka tsela efe? Tsela e ’ngoe ke ka ho khotsofala tlas’a maemo ’ohle. Ebang Pauluse o ne a e-na le ho hongata kapa o ne a hloka, o ile a ithuta ho lokisa kelello ea hae hore e lumellane le maemo a sa belaele, e le hore a tsoele pele ka cheseho le ka ho thaba tšebeletsong ea Molimo. Bohle ba lokela ho tšoana le Pauluse, hape, ho bontšeng kameho e mofuthu, e bonolo ho banab’abo bona ba tšepahalang. O ile a bua ka thabo e nang le kameho e mofuthu hakaakang ka tšebeletso ea Timothea le Epafrodite! Hape o ile a ikutloa a le haufi hakaakang le banab’abo ba Bafilippi, bao a ileng a bua ka bona e le “ba ratoang, ba hloloheloang haholo, lōna bao le leng thabo ea ka”!—3:17; 4:1, 11, 12; 2:19-30.
14. Lengolo la Ba-Filippi le fana ka keletso efe e ntle mabapi le pakane ea bophelo le ’Muso, ’me lengolo le lebisitsoe ho bo-mang haholo-holo?
14 Pauluse a ka etsisoa hape joang? Ka “ho titimela moo ho lekanntsoeng teng”! Bohle bao likelello tsa bona li leng ‘linthong tse hlomphehang’ ba thahasella ka matla tokisetso e hlollang ea Jehova leholimong le lefatšeng, moo ‘maleme ’ohle a tla bolela hore Jesu Kreste ke Morena, e be tlotliso ea Molimo Ntate.’ Keletso e ntle e ho Ba-Filippi e khothatsa bohle ba nang le tšepo ea bophelo bo sa feleng mabapi le ’Muso oa Molimo hore ba phehelle pakane eo. Leha ho le joalo, lengolo le eang ho Bafilippi, le ngoletsoe haholo-holo bao ‘oa bona motse o leng maholimong’ le bao ka cheseho ba emetseng ‘ho fetoha ’mele o tšoane le oa Kreste o khanyang.’ ‘Ba lebetse tse ka morao ’me ba hahamalla tse ka pele,’ bana bohle ba ke ba etsise moapostola Pauluse ka ho “titimela moo ho lekanntsoeng teng, e leng pheo eo [ba] e biletsoang holimo,” lefa le khanyang la bona ’Musong oa maholimo!—4:8; 2:10, 11; 3:13, 14, 20, 21.