Buka ea Bibele ea 49—Ba-Efese
Mongoli: Pauluse
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Roma
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 60–61 C.E.
1. Ke neng hona e le tlas’a maemo afe moo Pauluse a ileng a ngola lengolo le eang ho Baefese?
INAHANE u le chankaneng. U moo ka lebaka la ho hlorisetsoa mosebetsi oa hao o chesehang u le moromuoa oa Mokreste. Kaha joale u ke ke ua hlola u tsamaea le ho etela liphutheho ho li matlafatsa, u tla etsa’ng? Na u ka ngola mangolo a eang ho ba ileng ba fetoha Bakreste ka mosebetsi oa hao oa ho bolela? Na e be mohlomong ha ba ipotse hore na u phela joang, hona na ha ba hloke ho khothatsoa? Kannete baa ho hloka! Joale u qala ho ngola. Joale u etsa hantle se ileng sa etsoa ke moapostola Pauluse ha a ne a le litlamong Roma ka lekhetlo la pele, hoo e ka bang ka 59-61 C.E. O ne a ipilelitse ho Cesare, ’me le hoja a ne a letetse nyeoe le ho lebeloa a ne a lebetsoe, o ne a e-na le bolokolohi ba ho etsa mosebetsi o mong o itseng. Pauluse o ile a ngola lengolo la hae le eang “Ho Ba-Efese” a le Roma, mohlomong ka 60 kapa ka 61 C.E., ’me a le romela ka Tykike, ea neng a tsamaea le Onesima.—Ba-Ef. 6:21; Ba-Kol. 4:7-9.
2, 3. Ke eng e pakang ka ho felletseng hore Pauluse ke eena mongoli ’me, ka nako e tšoanang, e paka ho ba ha Ba-Efese karolo ea Mangolo a Halalelang?
2 Pauluse o itsebahatsa e le mongoli ka lentsoe la pele feela ’me ka makhetlo a mane o supa kapa o bua ka mokhoa o sa tobang ka eena e le “moholehuoa ka baka la Morena.” (Ba-Ef. 1:1; 3:1, 13; 4:1; 6:20) Likhang tse hanang hore Pauluse ke eena mongoli li felletse sebakeng. Chester Beatty Papyrus No. 2 (P46), eo ho lumeloang hore ke ea ho tloha ho hoo e ka bang ka 200 C.E., e na le maqephe a 86 moqolong o nang le liepistole tsa Pauluse. Har’a tsona ke epistole ea Ba-Efese, kahoo ho bontšoa hore e ne e behiloe sehlopheng se le seng le mangolo a hae ka nako eo.
3 Bangoli ba pele ba litaba tsa kereke ba tiisa hore Pauluse o ngotse lengolo lena le hore le ne le e-ea “Ho Ba-Efese.” Ka mohlala, Irenaeus, oa lekholong la bobeli la lilemo C.E., o ile a qotsa Ba-Efese 5:30 ka mokhoa o latelang: “Joalokaha Pauluse ea hlohonolofalitsoeng a bolela epistoleng ea hae e eang ho Baefese, hore re litho tsa ’mele oa hae.” Clement oa Alexandria, oa nakong e tšoanang, o ile a qotsa Ba-Efese 5:21 ha a tlaleha: “Moo hape, epistoleng e eang ho Baefese a ngolang, Le ikokobetse e mong ka tlaase ho e mong ka ho tšaba Molimo.” Origen, ha a ngola halofong e qalang ea lekholo la boraro la lilemo C.E., o ile a qotsa Ba-Efese 1:4 ha a re: “Empa moapostola le eena epistoleng ea hae ho Baefese, o sebelisa puo e tšoanang ha a re, O re khethileng pele ho theoa lefatše.”a Eusebius, setsebi se seng sa histori ea Bokreste (oa hoo e ka bang ka 260-342 C.E.), o akarelletsa Ba-Efese lethathamong la libuka tsa Bibele, le bangoli ba bang ba bangata ba pele ba litaba tsa kereke ba qotsa ho Ba-Efese e le karolo ea Mangolo a bululetsoeng.b
4. Ke eng e entseng hore ba bang ba nahane hore lengolo la Ba-Efese le ne le ngoletsoe ho ea sebakeng se seng sesele, empa ke bopaki bofe bo tšehetsang hore le ne le e-ea Efese?
4 Chester Beatty Papyrus, Vatican Manuscript No. 1209, le Sinaitic Manuscript li sia mantsoe “Ho Ba-Efese” ho khaolo 1, temana 1, ’me kahoo ha li bontše hore na lengolo lena le ne le e-ea hokae. Ntlha ena, le ho ba sieo ha litumeliso tse eang ho batho ba itseng ba Efese (le hoja Pauluse a ne a ile a sebetsa ka thata moo ka lilemo tse tharo), e entse hore ba bang ba nahane hore lengolo lena mohlomong le ne le ngoletsoe ho ea sebakeng se seng kapa bonyane mohlomong e ne e le lengolo le potolohang le liphutheho tsa Asia Minor, ho akarelletsa le Efese. Leha ho le joalo, libuka tse ngata tse ngotsoeng ka letsoho li akarelletsa mantsoe “Ho Ba-Efese,” ’me joalokaha re se re bone ka holimo, bangoli ba pele ba litaba tsa kereke ba ile ba le amohela e le lengolo le eang ho Baefese.
5. Ke eng e neng e hlokomeleha ka Efese ea mehleng ea Pauluse?
5 Boitsebiso bo bong bo hlalosang boemo bo tla re thusa ho utloisisa morero oa lengolo lena. Lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng, Efese e ne e tsebahala ka boloi, tšebeliso ea matla a boloi, bonohe ba linaleli, le borapeli ba molimotsana oa kemolo Artemise.c Ho pota-pota seemahale sa molimotsana ona, ho ne ho hahiloe tempele e ntle e khōlōhali e neng e nkoa e le o mong oa mehlolo e supileng ea lefatše la boholo-holo. Ho latela lintho tse epollotsoeng sebakeng seo lekholong la bo19 la lilemo, tempele e ne e hahiloe holim’a sethala seo bophara ba sona e neng e le limithara tse 73 ’me se le bolelele ba limithara tse 127. Tempele ka boeona e ne e ka ba bophara ba limithara tse 50 le bolelele ba limithara tse 105. E ne e e-na le litšiea tsa ’mabole tse 100, tšiea ka ’ngoe e le bophahamo bo ka etsang limithara tse 17. Marulelo a ne a koahetsoe ka matlapa a maholo a masoeu a ’mabole. Ho boleloa hore bakeng sa seretse ho ne ho kentsoe gauda pakeng tsa litene tsa ’mabole. Tempele e ne e hohela bahahlauli ba tsoang lefatšeng lohle, ’me baeti ba neng ba baloa ka makholo a likete ba ne ba khobokana motseng ona nakong ea mekete. Litei tsa silevera tsa Efese li ne li sebetsa khoebo e atlehang haholo li rekisa litempelana tsa silevera tsa Artemise ho baeti e le lintho tsa boikhopotso.
6. Tšebetso ea Pauluse e bile khōlō hakae Efese?
6 Pauluse o ne a ile a fapohela Efese leetong la hae la bobeli la boromuoa ho ea bolela eaba joale o siea Akila le Priscilla moo hore ba tsoele pele ka mosebetsi. (Lik. 18:18-21) O ile a khutlela leetong la hae la boraro la boromuoa ’me a hlola teng hoo e ka bang ka lilemo tse tharo, a bolella le ho ruta ba bangata “Tsela” eo. (Lik. 19:8-10, BPN; 20:31) Pauluse o ile a sebetsa ka thata ha a le Efese. Bukeng ea hae Daily Life in Bible Times, A. E. Bailey oa ngola: “Mokhoa oa Pauluse o tloaelehileng e ne e le ho sebetsa mosebetsing oa hae oa matsoho ho tloha ha letsatsi le chaba ho fihlela ka 11 hoseng (Lik. 20:34, 35) e le hora eo ka eona Tyrannuse a neng a qetile ho ruta; e be ho tloha ka 11 hoseng ho ea ho 4 thapama o bolela ka holong, a tšoara liboka le bathusi, . . . joale qetellong a etsa mosebetsi oa boevangeli oa ho batla batšehetsi ka ntlo le ntlo o neng o tšoarella ho tloha ka 4 thapama ho fihlela bosiu. (Lik. 20:20, 21, 31) Motho oa ipotsa hore na o ne a fumana nako ea ho ja le ho robala neng.”—1943, leqephe 308.
7. Ke eng e tsoetsoeng ke boboleli bo chesehang ba Pauluse?
7 Ha a ntse a bolela ka cheseho, Pauluse o ne a pepesa bobe ba tšebeliso ea litšoantšo borapeling. Sena se ile sa halefisa ba neng ba li etsa le ho li rekisa, ba kang setei sa silevera Demetriuse, ’me mofere-fereng ona Pauluse qetellong o ile a lokela ho tloha motseng ona.—Lik. 19:23–20:1.
8. Ke lintlheng life moo lengolo la Pauluse le eang ho Baefese le neng le le nakong ka ho fetisisa?
8 Joale, ha a ntse a le chankaneng, Pauluse o nahana ka mathata a talimaneng le phutheho ea Efese, e pota-potiloeng ke barapeli ba bahetene ’me e siruoe ke tempele e tšosang ea Artemise. Ha ho pelaelo hore Bakreste bana ba tlotsitsoeng ba ne ba hloka papiso e loketseng eo joale Pauluse a ba etsetsang eona, e bontšang hore ba etsa “tempele e khethehileng,” eo Jehova a lulang ho eona ka moea oa hae. (Ba-Ef. 2:21) “Sephiri [“sephiri se halalelang,” NW]” se neng se senoleloa Baefese, mabapi le tsamaiso ea Molimo (tsela ea oona ea ho laola litaba tsa ntlo ea oona) eo ka eona o neng o tla tsosolosa bonngoe le khotso ka Jesu Kreste, ha ho pelaelo hore e bile tšusumetso e matla le matšeliso ho bona. (1:9, 10) Pauluse o hatisa bonngoe ba Bajode le Balichaba ho Kreste. O khothalletsa bonngoe, kopano. Kahoo, joale re ka ananela morero, bohlokoa, le tšusumetso e totobetseng ea buka ena.
LITABA TSE KA HARE TSA BA-EFESE
9. Molimo o entse joang hore lerato la oona le ate, ’me thapelo ea Pauluse ke efe?
9 Morero oa Molimo oa ho tlisa bonngoe ka Kreste (1:1–2:22). Moapostola Pauluse o romela litumeliso. Molimo o lokela ho bokoa ka mosa oa oona o khanyang o sa tšoanelang. Sena se amana le ho ba khetha ha oona hore ba be bonngoeng le Jesu Kreste, eo ka eena ba nang le tokoloho ka topollo ka mali a hae. Ho feta moo, Molimo o atisitse lerato la oona ho bona ka ho ba tsebisa sephiri se halalelang sa thato ea oona. Hobane o rerile tsamaiso, ‘ho bokella tsohle ho Kreste,’ eo hammoho le eena ba abetsoeng ho ba majalefa. (1:10) E le tiiso e tlang pele ea sena, ba tiisitsoe ka moea o halalelang. Thapelo ea Pauluse ke hore ba kholoe ka ho tiileng tšepo eo ba e bilelitsoeng le ho bona hore Molimo o tla sebelisa matla a tšoanang le bona le ao o a sebelisitseng ha o tsosa Kreste le ha o mo beha ka holimo ho puso e ’ngoe le e ’ngoe le ’musi e mong le e mong le ho mo etsa Hlooho holim’a lintho tsohle phuthehong.
10. Ho tlile joang hore Baefese ba fetohe “ba motse o le mong le bahalaleli”?
10 Molimo, mononong oa mohau oa oona le leratong la oona le leholo, o ba phelisitse, le hoja ba ne ba shoele litlolong le libeng tsa bona, ’me o ba behile hammoho “maholimong, ho Jesu Kreste.” (2:6) Sena sohle ka lebaka la mosa o sa tšoanelang le tumelo ’me ha se tholoana ea mesebetsi leha e le efe ea bona. Khotso ea bona ke Kreste ea helelitseng lerako, Molao oa litaelo, o neng o koalletse Balichaba ka ntle ho Bajode. Joale batho bana ka bobeli ba na le tokelo ea ho atamela Ntate ka Kreste. Ka hona Baefese ha e sa le basele, empa ke “ba motse o le mong le bahalaleli” ’me ba hōla ho ba tempele e halalelang ho Jehova hore a ahe ho eona ka moea.—2:19.
11. “Sephiri se halalelang” ke eng, ’me Pauluse o rapella eng molemong oa Baefese?
11 “Sephiri [“Sephiri se halalelang,” NW ] sa Kreste” (3:1-21). Joale Molimo o senoletse baapostola ba oona ba halalelang le baprofeta ‘sephiri se halalelang sa Kreste hore ka litaba tse molemo batho ba lichaba e lokela e be majalefa hammoho le rōna le litho li le ling le rōna tsa ’mele le ba kopanelang le rōna tšepiso e bonngoeng le Kreste Jesu.’ (3:4, 6, NW) Ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo, Pauluse o fetohile mosebeletsi oa sena, ho phatlalatsa menono e sa fihleloeng ea Kreste le ho etsa hore batho ba bone kamoo sephiri se halalelang se sebelisoang. Ke ka phutheho bohlale bo nammeng ba Molimo bo tsebahatsoang. Ka lebaka la sena, Pauluse o rapela hore ba etsoe hore ba be matla ka matla a moea oa Molimo e le hore ba ka tseba ka botlalo lerato la Kreste, le fetang tsebo, le ho hlokomela hore Molimo o ka “etsa ho fetisang haholo tsohle tsee re ka li qelang le tsee re ka li hopolang.”—3:20.
12. (a) Bakreste ba lokela ho tsamaea joang, hona hobane’ng? (b) Kreste o fane ka limpho life, hona ka morero ofe? (c) Ke eng e amehang ho apareng “botho bo bocha”?
12 Ho apara “botho bo bocha” (4:1–5:20, BPN). Bakreste ba lokela ho tsamaea ka mokhoa o tšoanelang ho bitsoa ha bona, ka kelello e ikokobelitseng, ka sebete le ka lerato, le ka tlamo e kopanyang ea khotso. Hobane ho na le moea o le mong, tšepo e le ’ngoe, tumelo e le ’ngoe, “Molimo o mong, e leng Ntat’a bohle, ea ka holimo ho bohle, ea har’a bohle, ea ka ho bohle.” (4:6) Ka baka leo Kreste, ‘Morena ea mong,’ o fane ka baprofeta, baboleli ba evangeli, balisa, le baruti, “ho phethisisa bahalaleli, ho etsa tšebeletso ea bolisa, ho hahisa ’mele oa Kreste.” Kahoo, Pauluse oa ngola: “re etse [“bue,” NW] ka lerato, ’me re hōle nthong tsohle ho Kreste, eo e leng hloho,” joaloka ’mele o kopantsoeng hammoho ka kutloano ka litho tsohle tse sebelisanang. (4:5, 12, 15) Litsela tsa boitšoaro bo bobe, tse sa ruiseng letho, le tsa ho hloka tsebo tsa botho ba khale li lokela ho hloboloa; motho e mong le e mong o lokela ho nchafatsoa matleng a susumetsang kelello ea hae ’me a “apare botho bo bocha, bo bōpiloeng ka ho tšoana le Molimo ka ho loka le ka khalalelo ea ’nete.” Kaha bohle ke ntho e le ’ngoe, ba lokela ho bua ’nete le ho hlobola bohale, bosholu, lipuo tse bolileng, lonya—ba se ke ba soabisa moea o halalelang oa Molimo. Ho e-na le hoo, ba ‘rekolohelane, ba hauhelane, ba tšoarelane, joalokaha le Molimo a ba tšoaretse ka Kreste.’—4:24, 32, BPN.
13. Ho ba moetsisi oa Molimo, motho o lokela ho etsa’ng?
13 Bohle e lokela ho ba baetsisi ba Molimo. Bohlola, litšila, le meharo, li se ke tsa boleloa ho hang har’a bona, hobane ba etsang lintho tse joalo ha ba na lefa ’Musong. Pauluse o eletsa Baefese: “Tsamaeang . . . joale ka bana ba leseli.” “Iponeleng” hore na le tsamaea joang, le ntse le reka nako e loketseng, “hobane mehla e se e le mebe.” E, ba tlameha ho ‘tsebisisa ho ratoang ke Jehova’ le ho bua ka lithoriso tsa Molimo ka tsela e nang le teboho.—5:8, 15-17.
14. Banna le basali ba kopanetse boikarabelo bofe?
14 Boikokobetso bo loketseng; ntoa ea Bokreste (5:21–6:24). Basali ba lokela ho ikokobeletsa banna, joalokaha phutheho e ikokobeletsa Kreste, ’me banna ba lokela ho tsoela pele ba rata basali ba bona, “joale ka ha Kreste le eena a ratile kereke [“phutheho,” NW].” Ka ho tšoanang, “mosali a hlomphe [“be le hlompho e tebileng ho,” NW] monna oa hae.”—5:25, 33.
15. Keletso ea Pauluse ke efe mabapi le bana le batsoali, makhoba le benghali, le liaparo tsa ntoa tsa Mokreste?
15 Bana ba lokela ho phela ka kutloano le batsoali, ka kutlo le ka ho arabela taeong ea bomolimo. Makhoba le benghali le bona ba lokela ho itšoara hore ba khahlise Molimo, hobane Morena oa bohle “o teng maholimong, . . . ha a re letho ka tšobotsi ea motho.” Qetellong, bohle ba ‘tiee Moreneng le matleng a hae a sa sitoeng ke letho,’ ba apare liaparo tse felletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo e le hore ba ka khona ho ema ba tiile khahlanong le Diabolose. “Ka holim’a tseo tsohle le tšoare thebe [“thebe e khōlō,” NW] ea tumelo,” le “lerumo la Moea, e leng Lentsoe la Molimo.” Tsoelang pele ho rapela, ’me le falimehe. Pauluse o kōpa hore le eena ba mo rapelle, e le hore ka puo e lokolohileng kahohle ‘a tle a tsebise batho sephiri sa Evangeli.’—6:9, 10, 16, 17, 19.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
16. Ke lipotso life tse arabeloang ka mokhoa o sebetsang ho Ba-Efese, ’me ho thoe’ng ka botho bo thabisang Molimo?
16 Epistole e eang ho Baefese e ama hoo e ka bang tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba Mokreste. Ka lebaka la ho phahama ho teng hona joale ha mathata a tepelletsang maikutlo le botlokotsebe lefatšeng, keletso ea Pauluse e utloahalang le e thusang ka sebele e molemo ho ba lakatsang ho phela bophelo ba bomolimo. Bana ba lokela ho itšoara joang ho batsoali, le batsoali ho bana? Boikarabelo ba monna ho mosali oa hae ke bofe, le ba mosali ho monna oa hae? Batho ka bomong ba ka phuthehong ba lokela ho etsa eng ho boloka bonngoe ka lerato le ka bohloeki ba Bokreste har’a lefatše le khopo? Keletso ea Pauluse e akaretsa lipotso tsena kaofela, ’me o tsoela pele ho bontša se amehang ho apareng botho bo bocha ba Bokreste. Ka ho ithuta Ba-Efese, bohle ba tla khona ho fumana kananelo ea sebele bakeng sa mofuta oa botho bo khahlisang Molimo le bo “bōpiloeng ka ho tšoana le Molimo ka ho loka le ka khalalelo ea ’nete.”—4:24-32, BPN; 6:1-4; 5:3-5, 15-20, 22-33.
17. Ba-Efese e bontša eng mabapi le ho sebelisana le litokisetso ka phuthehong?
17 Lengolo lena le boetse le bontša morero oa likhetho le likabelo ka phuthehong. Sena ke “ho phethisisa bahalaleli, ho etsa tšebetso ea bolisa, ho hahisa ’mele oa Kreste,” ho hopoletsoe khōlo moeeng. Ka ho sebelisana ka botlalo litokisetsong tsena tsa phutheho, Mokreste ‘ka lerato, a ka hōla nthong tsohle ho Kreste, eo e leng hloho.’—4:12, 15.
18. Ke eng e hlakisoang mabapi le “sephiri se halalelang” le tempele ea moea?
18 Lengolo le eang ho Baefese le ile la ruisa phutheho eo ea pele molemo o moholo ho leotsa kutloisiso ea bona ea “sephiri [“sephiri se halalelang,” NW] sa Kreste.” Mona ho ile ha hlakisoa hore “ba-lichaba,” hammoho le Bajode ba lumelang ba ne ba biletsoa ho ba “majalefa le ba-Iseraele, . . . ’mele o le mong le bona, ba na le kabelo hammoho pallong ho Jesu Kreste, ka Evangeli.” Lerako le arolang, “molao oa litaelo,” le neng le ile la koalla Balichaba ka ntle ho Bajode le ne le helelitsoe, ’me joale ka mali a Kreste, bohle ba ne ba ile ba fetoha baahi ba motse o le mong le bahalaleli le ho ba litho tsa ntlo ea Molimo. Ka ho fapana ho totobetseng le tempele ea bohetene ea Artemise, bana ba ne ba hahuoa hammoho bonngoeng le Kreste Jesu hore e be sebaka seo Molimo o ahileng ho sona ka moea—“tempele e khethehileng Moreneng.”—3:4, 6; 2:15, 21.
19. Ho tla fihlela kajeno, Ba-Efese e ntšetsa pele tšepo efe le khothatso?
19 Tabeng ea ‘sephiri se halalelang,’ Pauluse o boetse o bua ka “tsamaiso . . . e tla bokella lintho tsohle hammoho hape ho Kreste, lintho tse maholimong [ba khethetsoeng ho ba ’Musong oa leholimong] le lintho tse lefatšeng [ba neng ba tla phela lefatšeng sebakeng se busoang ke ’Muso].” Ka hona ho totobatsoa morero o moholo oa Molimo oa ho tsosolosa khotso le bonngoe. Ntlheng ena Pauluse o ile a rapela molemong oa Baefese, bao mahlo a lipelo tsa bona a neng a fumantšitsoe tsebo, hore ba ka utloisisa ka ho tletseng tšepo eo Molimo o neng o ba bilelitse eona le hore ba bone “hore na menono e khanyang eo o e tšoaretseng bahalaleli e le lefa ke eng.” Mantsoe ana e tlameha e be a ile a ba khothatsa haholo tšepong ea bona. ’Me lengolo le bululetsoeng le eang ho Baefese le tsoela pele ho haha phutheho mehleng ena, hore ‘nthong tsohle re ka tlatsoa ka botlalo bohle boo Molimo o fanang ka bona.’—1:9-11, 18, NW; 3:19.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Origin and History of the Books of the Bible, 1868, C. E. Stowe, leqephe 357.
b New Bible Dictionary, khatiso ea bobeli, 1986, e hlophisitsoeng ke J. D. Douglas, leqephe 175.
c Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 182.