Buka ea Bibele ea 58—Ba-Heberu
Mongoli: Pauluse
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Roma
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 61 C.E.
1. Pauluse o ngotse lengolo le eang ho Baheberu tumellanong le thōmo efe?
PAULUSE o tsebahala ka ho fetisisa e le moapostola “ho lichaba.” Empa na tšebeletso ea hae e ile ea fella ho bao e seng Bajode? Le hanyenyane! Nakoana feela pele Pauluse a kolobetsoa ’me a fuoa thōmo ea mosebetsi oa hae, Morena Jesu o ile a re ho Ananiase: “Monna enoa [Pauluse] ho ’na ke sejana se khethiloeng ho isa lebitso la ka ho lichaba esita le ho marena le bara ba Iseraele.” (Lik. 9:15, NW; Ba-Gal. 2:8, 9, BPN) Ruri ho ngoloa ha buka ea Ba-Heberu ho ne ho lumellana le thōmo ea Pauluse ea ho isa lebitso la Jesu ho bara ba Iseraele.
2. Likhang tse hanyetsang hore Pauluse ke eena mongoli oa Baheberu li ka hlōloa joang?
2 Leha ho le joalo, bahlahlobisisi ba bang ba belaella hore Pauluse ke eena ea ngotseng Ba-Heberu. Khanyetso e ’ngoe ke hore lebitso la Pauluse ha le hlahe lengolong lena. Empa ha e le hantle sena hase bothata, joalokaha libuka tse ling tse ngata tse amoheloang e le karolo ea Mangolo a Halalelang li sa hlahise lebitso la mongoli, eo hangata a tsejoang ka bopaki bo ka har’a buka. Ho feta moo, ba bang ba ikutloa hore e ka ’na eaba Pauluse o siile lebitso la hae ka thōko ka morero ha a ngolla Bakreste ba Baheberu Judea, kaha Bajode ba moo ba ne ba entse hore lebitso la hae le hlouoe. (Lik. 21:28, NW) Ho fetola mokhoa oa ho ngola ho tloha mokhoeng oo a ngotseng liepistole tse ling tsa hae ka oona le hona hase khanyetso e utloahalang ea hore Pauluse ke eena mongoli. E-bang Pauluse o ne a bua le bahetene, Bajode, kapa Bakreste, ka mehla o ne a bontša hore o khona “ho fetoha lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle.” Mona o behela Bajode mabaka joaloka Mojode, o hlahisa likhang tseo ba neng ba ka li utloisisa le ho li ananela ka ho felletseng.—1 Ba-Kor. 9:22, NW.
3. Ke bopaki bofe bo ka har’a buka ee bo tšehetsang hore Pauluse ke eena mongoli oa Ba-Heberu le bo bontšang hore o ne a e ngolletse Bajode ka ho khethehileng?
3 Bopaki bohle bo ka har’a buka ena bo tšehetsa hore Pauluse ke eena mongoli. Mongoli o ne a le Italy ’me o ne a tsamaea le Timothea. Linnete tsena li tšoanela Pauluse. (Ba-Heb. 13:23, 24) Ho feta moo, thuto e tšoana le ea Pauluse hantle, le hoja likhang li hlahisoa ka pono ea litaba ea Bajode, e reretsoeng ho ipiletsa phuthehong eo e neng e le ea Baheberu feela eo lengolo leo le neng le lebisitsoe ho eona. Ntlheng ena Commentary ea Clarke, Moqolo 6, leqephe 681, e bolela tjena mabapi le Ba-Heberu: “E ne e ngolletsoe Bajode, bao e leng bona ka tlhaho, ’me tsela eohle eo epistole eo e ngotsoeng ka eona e paka hoo. Haeba e ne e ngolletsoe Balichaba, ha ho lea mong har’a ba sekete ho bona ea neng a ka utloisisa khang eo, kahobane ba sa tsebe tsamaiso ea Bajode hantle; eo hohle mongoli enoa a hopolang hore baa e tseba.” Sena se thusa ho fana ka lebaka la phapang ea mokhoa oa ho ngoloa ha eona ha o bapisoa le oa mangolo a Pauluse a mang.
4. Ho na le bopaki bofe bo eketsehileng mabapi le hore Pauluse ke eena mongoli oa Ba-Heberu?
4 Ho sibolloa ha Chester Beatty Papyrus No. 2 (P46) hoo e ka bang ka 1930 ho fane ka bopaki bo eketsehileng ba hore Pauluse ke eena mongoli. Ha mohlahlobisisi ea tsebahalang oa taba e ngotsoeng oa Brithani Monghali Frederic Kenyon a bua ka codex ea loli, e ngotsoeng hoo e ka bang lilemo tse lekholo le halofo feela ka mor’a lefu la Pauluse, o itse: “Ke ho hlokomelehang hore Ba-Heberu e behiloe boemong bo latelang ba Ba-Roma hantle (boemo boo ho neng ho e-s’o ka ho e-ba le e ’ngoe e behoang ho bona), e leng ho bontšang hore nakong ea pele ha buka ena e ngotsoeng ka letsoho e ngoloa ho ne ho se pelaelo ka hore e ngotsoe ke Pauluse.”a Potsong eona ena, Cyclopedia ea McClintock le Strong e bolela ka ho toba: “Ha ho bopaki bo tiileng, ka ntle kapa ka hare ho buka, bo tšehetsang motho ofe kapa ofe ea reng ke eena ea ngotseng epistole ena haese Pauluse.”b
5. Litaba tse ka hare tsa Ba-Heberu li paka joang hore e bululetsoe?
5 Ka ntle le hore Bakreste ba pele ba ne ba amohela buka ena, litaba tse ka hare tsa Ba-Heberu li paka hore e “bululetsoe ke Molimo.” Nako le nako e supisa ’mali boprofeta ba Mangolo a Seheberu, e na le litšupiso tse ngata tsa mangolo a pele, ’me e bontša kamoo mangolo ana kaofela a ileng a phethahatsoa ho Kreste Jesu. Khaolong ea pele feela, ho sebelisitsoe bonyane likarolo tse supileng tse qotsitsoeng Mangolong a Seheberu ha ho ntse ho hlalosoa taba ea hore joale Mora o se a phahametse mangeloi. Ka mehla e tlotlisa Lentsoe la Jehova le lebitso la hae, e supa Jesu e le Lenģosa le Leholo la bophelo le ’Muso oa Molimo ka Kreste e le eona tšepo feela ea batho.
6. Bopaki bo bontša eng ka sebaka le nako ea ho ngoloa ha Ba-Heberu?
6 Mabapi le nako ea ho ngoloa ha eona, ho se ho bontšitsoe hore Pauluse o ngotse lengolo lena ha a ntse a le Italy. Ha a qetella lengolo lena, o re: “Hlokomelang hore moena oa rōna Timothea o lokollotsoe, eo, haeba a ka tla ka potlako, ke tla le bona hammoho le eena.” (13:23, NW) Ho bonahala eka sena se bontša hore Pauluse o ne a lebelletse ho lokolloa teronkong pele ho nako ’me o ne a tšepile hore o tla tsamaea le Timothea, eo ka ho tšoanang a neng a ile a koalloa teronkong empa a se a lokollotsoe. Ka hona, ho etsoa tlhahiso ea hore selemo sa ho qetela seo Pauluse a neng a koalletsoe teronkong Roma ka sona ka lekhetlo la pele ke eona nako eo a e ngotseng ka eona, ka ho khetheha, 61 C.E.
7. Bakreste ba Bajode ba Jerusalema ba ne ba talimane le khanyetso ea mofuta ofe, ’me ba ne ba hloka eng?
7 Nakong ea bofelo ba tsamaiso ea lintho ea Sejode, nako ea teko e mahlonoko e ile ea oela Bakreste ba Baheberu ba Judea haholo-holo ba Jerusalema. Ka ho ata le ho hasana ha litaba tse molemo, Bajode ba ne ba ntse ba halefa le ho hlanya ka ho fetelletseng ho hanyetseng ha bona Bakreste. Lilemo tse seng kae feela pejana, ho ba teng ha Pauluse Jerusalema feela ho ne ho ile ha tsosa morusu, ’me Bajode ba neng ba e-na le cheseho e fetelletseng ea bolumeli ba ne ba ile ba hoeletsa ka mantsoe a phahameng haholo: “Motho ea joalo a tlosoe lefatšeng; hobane ha a tšoanela ho phela.” Bajode ba fetang 40 ba ne ba itlamme ka thohako ea hore ba ke ke ba ja kapa hona ho noa ho fihlela ba ’molaile, ’me ho mo theolela Cesarea bosiu ho ile ha hloka sehlopha se matla sa mabotho a hlometseng haholo. (Lik. 22:22; 23:12-15, 23, 24) Phutheho e ne e tlameha ho phela, ho bolela, le ho ipoloka e tiile tumelong ka har’a moea ona oa ho fetelletsa litaba tsa bolumeli le ho hloea Bakreste. Ba ne ba tlameha ho ba le tsebo le kutloisiso e hlaphohileng ea hore na Kreste o phethile Molao joang e le hore ba qobe ho oela Bojudeng hape le ho bolokeng Molao oa Moshe le ho nyeheleng mahlabelo a liphoofolo, tseo joale kaofela ha tsona e neng e se e le moetlo o sa thuseng letho feela.
8. Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a hlomelletsoe ka tsela e tsotehang bakeng sa ho ngolla Baheberu lengolo lee, ’me o ile a hlahisa likhang life tse hlophisitsoeng?
8 Ho ne ho se ea ka khonang ho utloisisa khatello le mahloriso ao Bakreste ba Bajode ba neng ba a pepeselitsoe hamolemo ho feta moapostola Pauluse. Ho ne ho se ea hlomelletsoeng ho ba fa likhang tse matla le likhanyetso khahlanong le neano ea Bajode hamolemo ho feta Pauluse, eo e neng e le Mofarisi pele. Ha a sebelisa tsebo ea hae e batsi ea Molao oa Moshe, oo a neng a ithutile oona tlas’a thupelo ea Gamaliele, o ile a fana ka bopaki bo ke keng ba hanyetsoa ba hore Kreste ke phetho ea Molao, litšebeletso tsa oona, le mahlabelo a oona. O ile a bontša kamoo tsena li neng li se li nketsoe sebaka ka teng ke lintho tsa sebele tse li fetang haholo ka khanya, tse tlisitseng melemo e meholo ka tsela e ke keng ea lekanngoa tlas’a selekane se secha se molemonyana. Kelello ea hae e seli e ile ea beha bopaki bo bong ka mor’a bo bong ka tlhophiso e hlakileng le e kholisang. Qetello ea selekane sa Molao le ho tla ha selekane se secha, hore boprista ba Kreste bo phahametse boprista ba Aarone, bohlokoa ba sebele ba sehlabelo sa Kreste ha bo bapisoa le linyehelo tsa lipoho le lipōli, ho kena ha Kreste hona moo Jehova a leng teng maholimong ho e-na le ho kena ka tenteng ea lefatšeng feela—lithuto tsena tsohle tse ncha ka ho hlollang, tseo Bajode ba sa lumelang ba neng ba li hloile ka ho fetisisa, li ile tsa fuoa Bakreste ba Baheberu mona ka bopaki bo bongata haholo bo tsoang Mangolong a Seheberu hoo ho neng ho se Mojode ea nang le kutloisiso ea neng a ke ke a kholiseha.
9. Lengolo la Ba-Heberu le ile la fetoha sebetsa sefe se matla, ’me e ne e le pontšo ea lerato la Pauluse joang?
9 Bakreste ba Baheberu, ba hlomelletsoe ka lengolo lena, ba ne ba e-na le sebetsa se secha se matla sa ho thiba melomo ea Bajode ba ba hlorisang, esita le khang e susumetsang eo ka eona ba neng ba ka kholisa le ho sokolla Bajode ba tšepahalang ba batlang ’nete ea Molimo. Lengolo lena le bontša lerato la Pauluse le tebileng ho Bakreste ba Baheberu le takatso ea hae e matla ea ho ba thusa ka tsela e sebetsang nakong ea ha ba ne ba hloka haholo.
LITABA TSE KA HARE TSA BA-HEBERU
10. Mantsoe a qalang a Ba-Heberu a bolela eng ka boemo ba Kreste?
10 Boemo ba Kreste bo phahameng (1:1–3:6). Mantsoe a qalang a lebisa tlhokomelo ho Kreste: “Molimo, ha o no o buile hangata mehleng ea khale, le ka mekhoa e mengata, le bo-ntat’a rōna ka baprofeta, joale, mehleng ena ea qetello o buile le rōna ka Mora.” Mora enoa ke eena Mojalefa ea khethiloeng oa lintho tsohle ’me ke ponahatso ea khanya ea Ntate oa hae. Kaha o hlatsoitse libe tsa rōna, joale “o ile ho lula ka letsohong le letona la Boholo bo holimo.” (1:1-3) Pauluse o qotsa lengolo ka mor’a lengolo ho paka hore Jesu o phahametse mangeloi.
11. (a) Ke hobane’ng ha Pauluse a ba eletsa hore ba fane ka tlhokomelo e fetang e tloaelehileng linthong tseo ba li utloileng? (b) Ka lebaka la liphihlelo tsa Jesu le boemo ba hae bo phahameng, ke lintho life tseo a khonang ho li finyella?
11 Pauluse o ngola ka hore “ho hlokahala hore re fane ka tlhokomelo e fetang e tloaelehileng.” Hobane’ng? Pauluse o pheha khang ea hore lebaka ke hore haeba ho bile le phetetso e matla ea ho se mamele “lentsoe le boletsoeng ka mangeloi, . . . rōna re tla phonyoha joang haeba re hlokomolohile poloko e khōlō hakaalo ka hore e qalile ho boleloa ka Morena oa rōna?” Molimo o fetotse “mor’a motho” ea ka tlaasana ho mangeloi, empa joale re bona Jesu enoa “a roesitsoe moqhaka oa khanya le tlhompho ka lebaka la ho hlokofatsoa ke lefu, e le hore ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo a ka latsoa lefu bakeng sa motho e mong le e mong.” (2:1-3, 6, 9, NW) Ha Molimo o tlisa bara ba bangata khanyeng, o qalile ka ho etsa hore Lenģosa lena le Leholo la poloko ea bona le “phethehe ka litlhokofatso.” Ke lona le timetsang Diabolose ka ho felletseng le bileng le lokollang “bohle bao ka lebaka la ho tšaba lefu ba neng ba le bokhobeng bophelong bohle ba bona.” Ka hona Jesu o fetoha “moprista ea phahameng ea mohau le ea tšepahalang.” ’Me kaha eena ka boeena o ile a hlokofatsoa tlas’a teko, ka ho hlollang “o khona ho thusa ba lekoang.” (2:10, 15, 17, 18, NW) Kahoo, Jesu o talingoa e le ea tšoaneloang ke khanya e fetang ea Moshe.
12. Bakreste ba tlameha ho qoba tsela efe hore ba tle ba kene phomolong ea Molimo?
12 Ho kena phomolong ea Molimo ka tumelo le kutlo (3:7–4:13). Har’a batho bohle, Bakreste ba lokela ho lemoha mohlala oa Baiseraele oa ho hloka botšepehi, esere ba ba le “pelo e khopo e hlokang tumelo ka ho ikhula ho Molimo o phelang.” (Ba-Heb. 3:12, NW; Pes. 95:7-11) Ka lebaka la ho se mamele le ho hloka tumelo, Baiseraele ba tlohang Egepeta ba ile ba hlōleha ho kena phomolong ea Molimo, kapa Sabbatha, eo o khaolitseng mesebetsi ea pōpo ka eona mabapi le lefatše. Leha ho le joalo, Pauluse oa hlalosa: “Phomolo e teng e saletseng sechaba sa Molimo. Hobane ea keneng phomolong ea oona, le eena o phomotse mesebetsing ea hae, joale ka Molimo ha o phomotse mesebetsing ea oona.” Mohlala oa ho se mamele o bontšitsoeng ke Baiseraele o lokela ho qojoa. “Hobane Lentsoe la Molimo ke lentsoe le phelang, le matla, ’me le fetisa ka bohale lisabole tsohle tse leolitsoeng ka nģa tse peli . . . ’me le ahlola [“lemoha,” NW] maikutlo le mehopolo ea pelo.”—Ba-Heb. 4:9, 10, 12.
13. (a) Kreste o fetohile “moprista ka ho sa feleng,” ea ikarabellang bakeng sa poloko e sa feleng joang? (b) Ke hobane’ng ha Pauluse a phehella Baheberu hore ba ikitlaeletse ho fihla khōlong ea moea?
13 Pono e bontšang kutloisiso e felletseng ka boholo ba boprista ba Kreste (4:14–7:28). Pauluse o phehella Baheberu hore ba tšoarelle ho lumeleng ho Jesu, Moprista ea Phahameng e moholo ea phollelitseng le maholimo, e le hore ba tle ba fumane mohau. Kreste ha aa ka a itlotlisa, empa ke Ntate ea itseng: “U moprista ka ho sa feleng, ka mokhoa oa Melkisedeke.” (Ba-Heb. 5:6; Pes. 110:4) Pele, Kreste o ile a etsoa ea phethehileng bakeng sa boemo ba moprista ea phahameng ka hore a ithute kutlo ka ho hlokofatsoa, e le hore a tle a ikarabelle bakeng sa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utloang. Pauluse ‘o na le taba tse ngata tseo a ka li bolelang tse thata ho hlalosoa,’ empa Baheberu e sa le masea a hlokang lebese, athe ha e le hantle, ba tšoanela hore e be e se e le matichere. “Lijo tse tiileng ke tsa banna ba tiileng, e leng bao likelello tsa bona li lemaletseng ho khetha ho hotle le ho hobe.” Moapostola o ba phehella hore ba “ikitlaeletse ho fihla khōlong ea moea.”—Ba-Heb. 5:11, 14; 6:1, NW.
14. Balumeli e ka ba majalefa a tšepiso joang, ’me tšepo ea bona e theiloe motheong o tiileng joang?
14 Ho ke ke ha hlola ho etsahala hore ba tsebileng lentsoe la Molimo empa ba se ba khelohile ba boele ba tsosolosetsoe pakong “hobane ba ikhokhothella Mora oa Molimo bocha ’me ba mo pepesetsa lihlong pontšeng.” Ke ka tumelo le mamello feela balumeli e ka bang majalefa a tšepiso e fuoeng Abrahama—tšepiso e netefalitsoeng le e tiisitsoeng ka lintho tse peli tse ke keng tsa fetoha: Lentsoe la Molimo le kano ea oona. Tšepo ea bona, e tšoanang le “ankora ea sephefumolohi, e netefalitsoeng le e tiileng,” e hlonngoe motheong o tiileng ka ho kena ha Jesu “ka har’a lesira” e le Moetelli le Moprista ea Phahameng ka mokhoa oa Melkisedeke.—6:6, 19, NW.
15. Ke eng e bontšang hore boprista ba Jesu, bo leng ho ea ka mokhoa oa Melkisedeke, bo ne bo tla ba boholo ho ba Levi?
15 Melkisedeke enoa e ne e le “morena oa Saleme” e bile e le “moprista oa Molimo o Holimo-limo.” Esita le hlooho ea lelapa Abrahama o ne a mo ntšetsa karolo ea leshome, ’me ka eena Levi, ea neng a tla tsoa lethekeng la Abrahama, le eena o ile a ntša karolo ea leshome. Ka hona tlhohonolofatso ea Melkisedeke ho Abrahama e ile ea fetela ho Levi ea neng a e-s’o tsoaloe, ’me sena se ile sa bontša hore boprista ba Bolevi bo ne bo le ka tlaase ho ba Melkisedeke. Ho feta moo, hoja phetheho e ne e tlile ka boprista ba Bolevi ba Aarone, na ho ne ho tla hlokahala hore ho be le moprista e mong “ho ea ka mokhoa oa Melkisedeke”? Ho feta moo, kaha boprista boa fetoha, “ho hlokahala hore molao le oona o fetoloe.”—7:1, 11, 12, NW.
16. Ke hobane’ng ha boprista ba Jesu bo feta boprista bo neng bo le tlas’a Molao ka boholo?
16 Ha e le hantle, Molao ha oa etsa hore ho be le eng kapa eng e phethehileng empa o ile oa ipaka o fokola o bile o sa sebetse. Ka lebaka la hore baprista ba oona ba ile ba ’na ba shoa, ba ile ba ba bangata, empa ka hore e be Jesu “o tsoela pele a phela ka ho sa feleng o na le boprista ba hae ka ntle ho bahlahlami leha e le bafe. Ka lebaka leo o boetse o khona ho boloka ka ho phethahetseng ba atamelang Molimo ka eena, hobane o phela ka mehla ho ipiletsa bakeng sa bona.” Moprista enoa ea Phahameng, Jesu, “oa tšepahala, ha a na molato, ha aa silafatsoa, o arohane le baetsalibe,” athe baprista ba phahameng ba neng ba khethoa ke Molao ba ne ba fokola, ba lokela hore ba nyehele mahlabelo bakeng sa libe tsa bona pele e ka ba bakena-lipakeng bakeng sa ba bang. Kahoo lentsoe la kano ea Molimo e hlapantsoeng le “khetha Mora, ea phethahalitsoeng ka ho sa feleng.”—7:24-26, 28, NW.
17. Ke ntlheng efe moo selekane se secha se leng seholoanyane?
17 Boholo ba selekane se secha (8:1–10:31). Ho bontšoa hore Jesu ke “mokena-lipakeng oa selekane se molemonyana ha ho bapisoa, se theiloeng ka molao litšepisong tse molemonyana.” (8:6, NW) Pauluse o qotsa Jeremia 31:31-34 ka botlalo, o bontša hore molao oa Molimo o ngotsoe likelellong le lipelong tsa ba leng selekaneng se secha, hore bohle ba tla tseba Jehova, le hore Jehova ha a “sa tla hlola a hopola libe tsa bona.” ‘Selekane sena se secha’ se entse hore sa khale (selekane sa Molao) e be se sa sebetseng, se seng se le “haufi le ho fela ka ho felletseng.”—Ba-Heb. 8:12, 13, NW.
18. Pauluse o etsa papiso efe tabeng ea sehlabelo malebana le lilekane tse peli?
18 Pauluse o hlalosa mahlabelo a selemo le selemo a etsoang tenteng ea selekane sa pele e le “litlhokahalo tsa molao . . . tse behiloeng ho fihlela nakong e khethiloeng ea ho otlolla lintho.” Leha ho le joalo, ha Kreste a tla e le Moprista ea Phahameng, o tlile ka mali a hae a bohlokoahali, eseng ka mali a lipōli le lipohoana. Ho fafatsa ha Moshe mali a liphoofolo ho ile ha tiisa selekane sa pele ha ba ha hloekisa tente ea tšoantšetso, empa ho ne ho hlokahala mahlabelo a molemonyana bakeng sa lintho tsa sebele tsa leholimo mabapi le selekane se secha. “Hobane Kreste ha aa kena sebakeng se halalelang se entsoeng ka matsoho, seo e leng mohlala oa ntho ea sebele, empa o kene leholimong ka bolona, joale ho hlaha ka pel’a sefahleho sa Molimo bakeng sa rōna.” Ha ho hlokahale hore Kreste a etse mahlabelo a selemo le selemo, joalokaha moprista ea phahameng oa Iseraele a ne a a etsa, hobane “joale o iponahalitse hang le ka ho sa feleng bofelong ba litsamaiso tsa lintho ho tlosa sebe ka sehlabelo sa hae.”—9:10, 24, 26, NW.
19. (a) Molao o hlōtsoe ho etsa’ng, hona hobane’ng? (b) Thato ea Molimo ke efe mabapi le ho halaletsoa?
19 Ka kakaretso, Pauluse o bolela hore “molao ereka ha o no o na le seriti feela sa menono e tlang,” mahlabelo a oona a phetoa-phetoang ha aa ka a khona ho tlosa “letsoalo la libe.” Leha ho le joalo, Jesu o ile a tla lefatšeng ho tla etsa thato ea Molimo. Pauluse o re: “Ke ka eona thato eo re halalelitsoeng ka sehlabelo sa ’mele oa Jesu Kreste se entsoeng hang.” Ka baka leo, Baheberu bohle a ba ke ba khomarele polelo ea pontšeng ea tumelo ea bona ba sa sisinyehe ’me ba ‘lebelane, ba tle ba isane ka cheseho leratong le mesebetsing e metle,’ ba se khaotse ho bōkana hammoho. Haeba ba tsoela pele ho etsa sebe ka boomo ka mor’a hore ba amohele tsebo e nepahetseng ea ’nete, “ha ho sa le sehlabelo se seng sa libe.”—10:1, 2, 10, 24, 26.
20. (a) Tumelo ke eng? (b) Pauluse o hlalosa tumelo ka mantsoe afe a fanang ka litšoantšo tse khanyang?
20 Tumelo ea hlalosoa ’me e bontšoa ka litšoantšo (10:32–12:3). Joale Pauluse o bolella Baheberu: “Le ’ne le hopole mehla ea pele eo ho eona, ka mor’a hore le chabisetsoe leseli, le ileng la tiisetsa ntoa e khōlō tlas’a litlhokofatso.” A ba se ke ba lahla bolokolohi ba bona ba ho bua, bo nang le moputso o moholo, empa ba tiisetse e le hore ba tle ba amohele phethahatso ea tšepiso ’me ba “be le tumelo ho boloka sephefumolohi se phela.” Tumelo! E, seo ke sona se hlokahalang. Pele, Pauluse oa e hlalosa: “Tumelo ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tse tšepiloeng, pontšo e bonahalang ea lintho tsa sebele le hoja li e-s’o bonoe.” Joale, khaolong e le ’ngoe e susumetsang, ka tlhahlamano e potlakileng o bolela ka bokhutšoanyane mantsoe a fanang ka litšoantšo tsa banna ba boholo-holo ba ileng ba phela, ba sebetsa, ba loana, ba tiisetsa, ’me ea e-ba majalefa a ho loka ka tumelo. “Ka tumelo” Abrahama, ha a ntse a lula litenteng le Isaaka le Jakobo, o ne a lebelletse “motse o nang le metheo ea sebele,” oo Molimo e leng Sehahi sa oona. “Ka tumelo” Moshe o ile a tsoela pele a tiile, “eka o bona Ea sa bonahaleng.” Pauluse oa botsa: “Ke tla re’ng hape? Hobane ke tla siuoa ke nako haeba nka tsoela pele ho bolela ka Gideone, Barake, Samsone, Jafeta, Davida hammoho le Samuele le baprofeta ba bang, bao ka tumelo ba hlōtseng mebuso e qhoebeshaneng, ba finyella ho loka, ba fumana litšepiso.” Ba bang le bona ba ile ba lekoa ka litšomo, lichapo, litlamo, le litlhokofatso empa ba hana ho lokolloa “e le hore ba ka fumana tsoho e molemonyana.” Ka sebele, “lefatše le ne le sa ba tšoanele.” Bana kaofela ba ile ba pakeloa ke tumelo ea bona, empa ba sa ntsane ba lokela ho amohela phethahatso ea tšepiso. Pauluse o tsoela pele: “Kahoo, ka lebaka la hore re na le leru le leholo hakaalo la lipaki le re pota-potileng, a re boeleng re lahleng mojaro o mong le o mong le sebe se re tšoasang habonolo, ’me re ke re matheng ka tiisetso peisong e lokisitsoeng ka pel’a rōna, ha re ntse re talimile ka tieo Lenģosa le Leholo le Mophethahatsi oa tumelo ea rōna, Jesu.”—10:32, 39, NW; 11:1, 8, 10, 27, 32, 33, 35, 38, NW; 12:1, 2, NW.
21. (a) Bakreste ba ka tiisetsa ntoeng ea tumelo joang? (b) Pauluse o fana ka lebaka lefe le matla haholoanyane la ho mamela temoso ea Molimo?
21 Tiisetso ntoeng ea tumelo (12:4-29). Pauluse o khothatsa Bakreste ba Baheberu ka matla hore ba tiisetse ntoeng ea tumelo, hobane Jehova o ba laea joaloka bara. Joale ke nako ea hore ba matlafatse matsoho le mangole a tepelletseng le hore ba tsoele pele ho otlolla litsela tsa maoto a bona. Ba tlameha ho itebela ka thata-thata khahlanong le ho kena ha mothapo leha e le ofe o chefu kapa tšilafalo e ka etsang hore ba latoloe, joaloka tabeng ea Esau, ea neng a sa ananele lintho tse halalelang. Thabeng ea sebele, Moshe o ile a re: “Ke tšohile ’me kea thothomela” ka lebaka la pontšo e tšabehang ea mollo o tukang, leru, le lentsoe. Empa bona ba atametse ho hong ho tšosang haholo—Thaba ea Sione le Jerusalema ea leholimo, limiriade tsa mangeloi, phutheho ea Letsibolo, Molimo Moahloli oa bohle, le Jesu Mokena-lipakeng oa selekane se secha se bileng se leng molemonyana. Joale ho na le lebaka le matla ka ho fetisisa la ho mamela temoso ea Molimo! Nakong ea Moshe lentsoe la Molimo le ile la sisinya lefatše, empa joale O tšepisitse ho etsa hore leholimo le lefatše li reketle. Pauluse o hatisa ntlha ena: ‘Ka lebaka leo, ka ho bona hore re tla amohela ’muso o ke keng oa sisinngoa, a re . . . nehelaneng ka tšebeletso e halalelang ho Molimo ka tsela e amohelehang ka tšabo ea bomolimo le thothomelo. Hobane Molimo oa rōna hape ke mollo o timetsang.’—12:21, 28, 29, NW.
22. Pauluse o qetella lengolo la hae le eang ho Baheberu ka keletso efe e hahang?
22 Likhothatso tse matla tse fapa-fapaneng litabeng tsa borapeli (13:1-25). Pauluse o qetella ka ntlha ea keletso e hahang: Lerato la boena a le ke le tsoele pele, le se ke la lebala moea oa ho amohela baeti, lenyalo le ke le hlomphehe har’a bohle, le qobe lerato la chelete, le utloe ba etelletseng pele har’a lōna, ’me le se ke la hulanngoa ke lithuto lisele. Qetellong, “a re hlahiseng ka mehla ho Molimo ka eena [Jesu] sehlabelo sa poko, e leng tholoana ea melomo e bolelang lebitso la hae.”—13:15.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
23. Pauluse o pheha khang efe ka Molao, ’me o tšehetsa khang ea hae joang?
23 Joaloka khang ea molao e tšehetsang Kreste, lengolo le eang ho Baheberu ke lengolo la botsebi le ke keng la phephetsoa, le hlophisitsoeng ka mokhoa o phethahetseng le bileng le tšehelitsoeng ka bolokolohi ka bopaki bo tsoang Mangolong a Seheberu. Le bua ka litšobotsi tse fapa-fapaneng tsa Molao oa Moshe—selekane, mali, mokena-lipakeng, tente ea borapeli, boprista, linyehelo—’me le bontša hore tseo e ne e mpa e le mohlala feela oo Molimo o ileng oa o etsa o neng o supa lintho tse khōlō haholo tse tlang, tseo kaofela li ileng tsa fihla sehlohlolong ho Kreste Jesu le sehlabelo sa hae, phetho ea Molao. Pauluse o ile a re Molao “o seng o fetohile o sa sebetseng le o tsofetseng o haufi le ho fela ka ho felletseng.” Empa “Jesu Kreste e ne e le eena maobane, e sa le eena le kajeno, ’me e tla ’ne e be eena ka ho sa feleng.” (8:13, NW; 13:8; 10:1) E tlameha e be Baheberu bao ba ile ba ikutloa ba thabile hakaakang ha ba bala lengolo la bona!
24. Ke tokisetso efe e hlalositsoeng ho Ba-Heberu e nang le molemo o ke keng oa lekanngoa ho rōna kajeno?
24 Empa see se na le molemo ofe ho rōna kajeno, maemong a rōna a fapaneng? Kaha ha re tlas’a Molao, na ho na le letho le molemo leo re ka le fumanang ka har’a khang ea Pauluse? Ka sebele, le teng. Mona re bolelletsoe ka ho hlaka tokisetso e khōlō ea selekane se secha se theiloeng tšepisong e ileng ea fuoa Abrahama ea hore malapa ’ohle a lefatše a tla itlhohonolofatsa ka Peō ea hae. Ena ke tšepo ea rōna ea bophelo, tšepo feela ea rōna, phethahatso ea tšepiso ea Jehova ea boholo-holo ea tlhohonolofatso e neng e tla tla ka Peō ea Abrahama, Jesu Kreste. Le hoja re se tlas’a Molao, joaloka bana ba Adama re tsoaletsoe sebeng, ’me re hloka moprista ea phahameng ea mohau, ea nang le nyehelo e sebetsang ea sebe, ea ka kenang hona moo Jehova a leng teng leholimong ’me ea ba mokena-lipakeng bakeng sa rōna. Re mo fumana mona, Moprista ea Phahameng ea ka re isang bophelong lefatšeng le lecha la Jehova, ea ka utloisisang mefokolo ea rōna, ea “lekiloeng lintlheng tsohle joaloka rōna,” ea bileng a re memelang ho “atamela ka bolokolohi ba ho bua terone ea mosa o sa tšoanelang, e le hore re ka fumana mohau ’me ra fumana mosa o sa tšoanelang bakeng sa thuso ka nako e nepahetseng.”—4:15, 16, NW.
25. Pauluse o sebelisa Mangolo a Seheberu ka litsela life tse fanang ka kutloisiso?
25 Ho feta moo, lengolong la Pauluse le eang ho Baheberu, re fumana bopaki bo susumetsang ba hore boprofeta bo tlalehiloeng khale ka Mangolong a Seheberu bo ile ba phethahatsoa ka tsela e tsotehang hamorao. Sena sohle se reretsoe ho re ruta le ho re tšelisa kajeno. Ka mohlala, ho Ba-Heberu, ka makhetlo a mahlano Pauluse o sebelisa mantsoe a boprofeta ba ’Muso a hlahang Pesalemeng ea 110:1 ho Jesu Kreste e le Peō ea ’Muso, ea ‘lutseng letsohong le letona la terone ea Molimo’ a emetse “hore bao e leng lira ho eena ba beoe bonamelo ba maoto a hae.” (Ba-Heb. 12:2; 10:12, 13; 1:3, 13; 8:1) Ho feta moo, Pauluse o qotsa Pesaleme ea 110:4 ha a hlalosa tšebeletso ea bohlokoa e phethahatsoang ke Mora oa Molimo e le “moprista ka ho sa feleng, ka mokhoa oa Melkisedeke.” Joaloka Melkisedeke oa boholo-holo, eo tlalehong ea Bibele e leng “ea se nang ntat’ae le ’m’ae, ea se nang le leloko, leha e le qaleho ea litšiu le qetello ea bophelo,” Jesu ke Morena ebile ke “moprista ka ho sa feleng” ho aba melemo e sa feleng ea sehlabelo sa hae sa topollo ho bohle ba ikokobeletsang puso ea hae ka kutlo. (Ba-Heb. 5:6, 10; 6:20; 7:1-21) Pauluse o supa eena Morena enoa eo e bileng e leng Moprista ha a qotsa Pesaleme ea 45:6, 7: “Molimo ke terone ea hao ka ho sa feleng, ’me lere la ’muso oa hao ke lere la ho loka. U ratile ho loka, ’me u hloile ho hloka molao. Ke ka lebaka leo Molimo, Molimo oa hao, o u tlotsitseng ka oli ea nyakallo ho feta bo-mphato ba hao.” (Ba-Heb. 1:8, 9, NW) Ha Pauluse a qotsa Mangolong a Seheberu ’me a bontša hore a phethahetse ho Kreste Jesu, re bona likarolo tsa mohlala oa bomolimo li nyalana hantle ho re fa kutloisiso.
26. Ba-Heberu e fana ka khothatso efe ea hore re mathe peisong ka tumelo le ka tiisetso?
26 Joalokaha lengolo le eang ho Baheberu le bontša ka ho hlaka, Abrahama o ne a talimile ’Musong, “motse o nang le metheo ea sebele, motse oo Molimo e leng sehahi le moetsi oa oona”—motse “oa leholimo.” “Ka tumelo” o ile a hahamalla ’Muso oo, ’me o ile a etsa mahlabelo a maholo e le hore a ka fumana mahlohonolo a oona ka “tsoho e molemonyana.” Re fumana mohlala o hlollang hakaakang ho Abrahama le ho banna le basali ba bang kaofela ba tumelo—“leru le leholo hakaalo la lipaki” leo Pauluse a le hlalosang ho Ba-Heberu khaolo ea 11! Ha re bala tlaleho ena, lipelo tsa rōna lia nyakalla ’me li tlōla ka thabo, ka ho ananela tokelo le tšepo tseo re nang le tsona hammoho le baboloki ba joalo ba botšepehi. Ka hona rea khothala hore re ‘mathe ka tiisetso peisong e lokisitsoeng ka pel’a rōna.’—11:8, 10, 16, 35, NW; 12:1, NW.
27. Ke litebello life tse khanyang tsa ’Muso tse totobatsoang ho Ba-Heberu?
27 Ha Pauluse a qotsa boprofeta ba Haggai, o hlokomelisa ka tšepiso ea Molimo: “Ke sa tla be ke sisinye hang hape, e seng lefatše feela, empa e leng le lona leholimo.” (Ba-Heb. 12:26; Hag. 2:6) Leha ho le joalo, ’Muso oa Molimo ka Kreste Jesu, Peō, o tla ba teng ka ho sa feleng. “Ka lebaka leo, ka ho bona hore re tla amohela ’muso o ke keng oa sisinngoa, a re tsoeleng pele ho ba le mosa o sa tšoanelang, oo ka oona re ka nehelanang ka tšebeletso e halalelang ho Molimo ka tsela e amohelehang ka tšabo ea bomolimo le thothomelo.” Tlaleho ena e susumetsang e re tiisetsa hore Kreste o iponahatsa lekhetlo la bobeli ‘a se na sebe a bile a iponahatsa ho ba talimileng ho eena ka tieo bakeng sa poloko ea bona.’ Ka hona, “a re hlahiseng ka mehla ho Molimo ka eena sehlabelo sa poko, e leng tholoana ea melomo e bolelang lebitso la hae.” E se eka lebitso le leholo la Jehova Molimo le ka halaletsoa ka ho sa feleng ka Morena oa hae eo e bileng e leng Moprista, Jesu Kreste!—Ba-Heb. 12:28, NW; 9:28, NW; 13:15.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a The Story of the Bible, 1964, leqephe 90.
b Khatiso e ncha ea 1981, Moq. IV, leqephe 147.