Buka e “Buang” Lipuo Tse Phelang
Haeba puo eo buka e itseng e ngotsoeng ka eona e e-shoa, ha e le hantle le eona buka eo ea shoa. Kajeno ke batho ba fokolang ba ka balang lipuo tsa boholo-holo tseo Bibele e neng e ngotsoe ka tsona. Empa ea phela. E pholohile hobane e “ithutile ho bua” lipuo tse phelang tsa moloko oa batho. Bafetoleli ba e “rutileng” ho bua lipuo tse ling ba ile ba tobana le mathata ao ka linako tse ling ho bonahalang a ke ke a hlōloa.
HO FETOLELA Bibele—e e-na le likhaolo tsa eona tse 1 100 le litemana tse 31 000—ke mosebetsi o boima. Leha ho le joalo, ka makholo a lilemo, bafetoleli ba inehetseng ka thabo ba ile ba sebetsana le phephetso ena. Ba bangata ba bona ba ne ba ikemiselitse ho feta har’a mathata esita le ho shoela mosebetsi oa bona. Histori ea hore na Bibele e ile ea fetoleloa joang lipuong tsa moloko oa batho ke tlaleho e tsotehang ea ho mamella le masene. Hlahloba karolo e nyenyane feela ea tlaleho eo e susumetsang.
Liphephetso Tse Neng li Tobane le Bafetoleli
U fetolela buka puong e sa ngoloeng joang? Bafetoleli ba bangata ba Bibele ba ile ba tobana le phephetso e joalo hantle. Ka mohlala, Ulfilas, oa lekholong la bone la lilemo C.E., o ile a qala ho fetolela Bibele puong e neng e buuoa nakong eo empa e le puo e sa ngoloeng—Segothe. Ulfilas o ile a hlōla phephetso eo ka ho qapa alfabeta ea litlhaku tse 27 ea Segothe, eo a e thehileng haholo-holo lialfabeteng tsa Segerike le Selatine. Phetolelo ea hae ea Bibele e batlang e feletse ea Segothe e ile ea phethoa pele ho 381 C.E.
Lekholong la borobong la lilemo, bara ba motho ba babeli ba buang Segerike, Cyril (eo pele a neng a bitsoa Constantine) le Methodius, ka bobeli e le litsebi tse ikhethang ebile e le litsebi tsa lipuo, ba ne ba rata ho fetolela Bibele bakeng sa batho ba buang Seslav. Empa Seslavone—selelekela sa puo ea kajeno ea Seslav—e ne e se puo e ngoloang. Kahoo bara bana ba motho ba babeli ba ile ba qapa alfabeta e le hore ba ka hlahisa phetolelo ea Bibele. Kahoo joale Bibele e ne e ka “bua” le batho ba bangata ba eketsehileng, ba lefatšeng la Maslav.
Lekholong la bo16 la lilemo, William Tyndale o ile a qala ho fetolela Bibele ho e tlosa lipuong tsa pele ho e isa Senyesemaneng, empa o ile a thulana le khanyetso e matla e tsoang Kerekeng le ’Musong. Tyndale, ea ileng a fumana thuto ea hae Oxford, o ne a batla ho hlahisa phetolelo eo le “moshanyana ea lemang ka mohoma” a ka e utloisisang.1 Empa hore a tle a finyelle sena, o ile a tlameha ho balehela Jeremane, moo “Testamente e Ncha” ea hae ea Senyesemane e ileng ea hatisoa ka 1526. Ha likopi li kenngoa ka sekhukhu Engelane, ba boholong ba ile ba halefa hoo ba ileng ba qala ho li chesa phatlalatsa. Hamorao Tyndale o ile a ekoa. Pejana feela ho hore a fenethoe ’me setopo sa hae se chesoe, o ile a bua mantsoe ana ka lentsoe le phahameng: “Morena, bula mahlo a Morena oa Engelane!”2
Ho fetoleloa ha Bibele ho ile ha tsoela pele; bafetoleli ba ne ba ke ke ba emisoa. Ka bo-1800, bonyane likarolo tsa Bibele li ne li se li “ithutile ho bua” lipuo tse 68. Joale, ka ho thehoa ha Mekhatlo ea Bibele—haholo-holo British and Foreign Bible Society, e ileng ea thehoa ka 1804—ka potlako Bibele e ile ea ‘ithuta’ lipuo tse ling tse ncha. Bahlankana ba baloang ka makholo ba ile ba ithaopela ho ea linaheng lisele e le baromuoa, ba bangata morero oa bona o ka sehloohong e le ho ea fetolela Bibele.
Ho Ithuta Lipuo Tsa Afrika
Ka 1800, ho ne ho e-na le lipuo tse ngoloang tse ka bang 12 feela Afrika. Lipuo tse ling tse buuoang tse makholo li ile tsa tlameha ho leta ho fihlela ho e-ba le motho ea qapang mokhoa oa ho ngola. Baromuoa ba ile ba fihla ’me ba ithuta lipuo tseo, ba sa thusoe ke libuka tsa sepelete kapa libuka tse hlalosang mantsoe. Joale ba ile ba sebetsa ka thata ho qapa mokhoa oa ho ngola, ’me ka mor’a moo ba ruta batho mokhoa oa ho bala se ngotsoeng. Sena ba ne ba se etsetsa hore ka letsatsi le leng batho ba tle ba tsebe ho bala Bibele ka leleme la bona.3
Moromuoa e mong ea joalo e ne e le monna e mong oa Scotland ea bitsoang Robert Moffat. Ka 1821, a le lilemo li 25, Moffat o ile a hloma ’mishone har’a batho ba buang Setswana ba Afrika e ka boroa. E le hore a ithute puo ea bona e sa ngoloeng, o ile a itsoakanya le batho bao, ka linako tse ling a nka leeto ho kenella hare ho ea phela har’a bona. Hamorao o ile a ngola: “Batho ba ne ba le mosa, ’me ha ke etsa phoso puong ba ne ba keketeha haholo. Le ka le baliloeng, ha ho mohla motho a neng a ee a lokise lentsoe kapa polelo, ho fihlela ha a khonne ho etsisa tsela eo ke neng ke bua ka eona ka mokhoa o phethahetseng, e leng ho neng ho qabola ba bang haholo.”4 Moffat o ile a mamella ’me qetellong o ile a khona ho tseba puo eo, a qapa mokhoa oa ho e ngola.
Ka 1829, ka mor’a ho sebetsa har’a Batswana ka lilemo tse robeli, Moffat o ile a qeta ho fetolela Kosepele ea Luka. Hore e tle e hatisoe, o ile a tsamaea lik’hilomithara tse 970 ka kariki e huloang ke lipholo ho ea lebōpong la leoatle ’me joale a nke sekepe ho ea Cape Town. Mono ’musisi o ile a mo fa tumello ea ho sebelisa mochine o hatisang oa ’muso, empa Moffat o ile a tlameha ho itlhophisetsa litlhaku tsa ho hatisa le ho ikhatisetsa, qetellong a hatisa Kosepele eo ka 1830. Ka lekhetlo la pele, Batswana ba ne ba ka bala karolo ea Bibele ka puo ea bona. Ka 1857, Moffat o ile a phetha phetolelo ea Bibele eohle ka Setswana.
Hamorao Moffat o ile a hlalosa tsela eo Batswana ba ileng ba itšoara ka eona ha ba fumantšoa Kosepele ea Luka ka lekhetlo la pele. O ile a re: “Ke tseba batho ba neng ba tsoa hōle ka limaele tse makholo ho tla fumana likopi tsa Mohalaleli Luka. . . . Ke ba bone ba amohela likarolo tsa Mohalaleli Luka, ’me ba lla ha ba li fumana, ’me ba li peteletsa lifubeng, ’me ba ntša meokho ea teboho, ho fihlela ke re ho ba bang, ‘Le tla senya libuka tsa lōna ka meokho ea lōna.’”5
Kahoo, bafetoleli ba inehetseng joaloka Moffat ba ile ba fa Maafrika a mangata—ao a mang a ’ona qalong a neng a bona ho sa hlokahale hore ho be le puo e ngoloang—monyetla oa pele oa ho buisana ka se ngotsoeng. Leha ho le joalo, bafetoleli ba ne ba lumela hore ba ne ba fa batho ba Afrika mpho ea bohlokoa le ho feta—Bibele ka leleme la habo bona. Kajeno, Bibele e feletse kapa e sa fella, e “bua” ka lipuo tse fetang 600 tsa Afrika.
Ho Ithuta Lipuo Tsa Asia
Le hoja bafetoleli Afrika ba ile ba loana ka matla ho qapa mekhoa ea ho ngoloa ha lipuo tse buuoang, ka lehlakoreng le leng la lefatše, bafetoleli ba bang ba thulane le bothata bo bong bo fapaneng haholo—ho fetolela lipuong tse seng li ntse li e-na le mokhoa o rarahaneng oa ho ngoloa. Eo e ne e le phephetso eo ba fetolelang Bibele lipuong tsa Asia ba tobaneng le eona.
Qalong ea lekholo la bo19 la lilemo, William Carey le Joshua Marshman ba ile ba ea India ’me ba khona ho tseba lipuo tsa teng tse ngata tse ngoloang. Ka thuso ea William Ward, mohatisi, ba ile ba hlahisa bonyane liphetolelo tsa likarolo tsa Bibele ka lipuo tse ka bang 40.6 Mabapi le William Carey, mongoli J. Herbert Kane oa hlalosa: “O ile a qapa mokhoa oa ho qoqa o motle, o phollatsi [oa puo ea Bengali] o nkelang mokhoa oa khale sebaka, kahoo a e etsa e utloisisehang haholoanyane le e hohelang ho babali ba kajeno.”7
Adoniram Judson, ea hlahetseng le ho hōlela United States, o ile a leba Burma, ’me ka 1817 o ile a qala ho fetolela Bibele Seburmeng. Ha a hlalosa bothata ba ho khona ho tseba puo ea Bochabela ho isa bohōleng boo ho bona u ka tsebang ho fetolela Bibele, o ile a ngola: ‘Ha re ithuta puo e buuoang ke batho ka lehlakoreng le leng la lefatše, bao mekhoa ea bona ea ho nahana e fapaneng le ea rōna, le bao sebōpeho sa lipolelo tsa bona se sa tloaelehang ho hang ho rōna, ’me litlhaku le mantsoe li sa tšoane ka ho feletseng le puo leha e le efe eo re kileng ra kopana le eona; ha re se na buka e hlalosang mantsoe kapa motoloki ’me re tlameha ho utloisisa hanyenyane ka puo eo pele re ka kōpa thuso ho tichere e tsoaletsoeng moo—hoo ho hloka boiteko bo boholo!’8
Tabeng ea Judson, ho ile ha bolela mosebetsi o boima oa lilemo tse 18. Karolo e qetellang ea Bibele ea Seburma e ile ea hatisoa ka 1835. Leha ho le joalo, ho lula ha hae Burma ho ile ha mo sotla haholo. Ha a ntse a sebetsa phetolelong ena, o ile a qosoa ka hore ke sehloela ’me kahoo o ile a qeta lilemo tse ka bang peli teronkong e tletseng menoang. Nakoana ka mor’a hore a lokolloe, mosali oa hae le morali oa hae e monyenyane ba ile ba bolaoa ke feberu.
Ha Robert Morrison ea lilemo li 25 a fihla Chaena ka 1807, o ile a nka mosebetsi o thata ka ho fetisisa oa ho fetolela Bibele Sechaeneng, e leng e ’ngoe ea lipuo tse thata ka ho fetisisa tse ngoloang. O ne a tseba Sechaena hanyenyane feela, seo a ileng a qala ho ithuta sona lilemo tse peli feela pejana. Hape Morrison o ile a tlameha ho sebetsana le molao oa Chaena, o batlang ho boloka Chaena e arohile. Batho ba Chaena ba ne ba thibetsoe hore ba ka ruta melata puo, kaha ba ne ba ka ahloleloa lefu. Hore molata o fetolele Bibele Sechaeneng e ne e le tlōlo ea molao e lokeloang ke kotlo ea lefu.
Ka sebete empa e le ka masene, Morrison o ile a tsoela pele ho ithuta puo eo, a ithuta eona kapele. Ka nako ea lilemo tse peli o ile a fumana mosebetsi e le mofetoleli bakeng sa East India Company. Motšehare, o ne a sebeletsa k’hamphani eo, empa lekunutung le tlas’a tšokelo e sa khaotseng ea hore a ka fumanoa, o ile a sebetsana le ho fetolela Bibele. Ka 1814, lilemo tse supileng ka mor’a hore a fihle Chaena, o ne a e-na le Mangolo a Segerike a Bakreste a seng a loketse ho hatisoa.9 Lilemo tse hlano hamorao, ka thuso ea William Milne, o ile a phetha Mangolo a Seheberu.
E bile ntho e khōlō e finyeletsoeng—joale Bibele e ne e ka “bua” ka puo e buuoang ke batho ba bangata ho feta puo leha e le efe lefatšeng. Ka thuso ea bafetoleli ba nang le tsebo, liphetolelo lipuong tse ling tsa Asia li ile tsa latela. Kajeno, likarolo tsa Bibele lia fumaneha ka lipuo tsa Asia tse fetang 500.
Ke hobane’ng ha banna ba kang Tyndale, Moffat, Judson le Morrison ba ile ba sebetsa ka thata ka lilemo—ba bang ba bile ba beha bophelo ba bona kotsing—hore ba fetolelle batho buka eo ba neng ba sa e tsebe, mabakeng a mang, e le batho ba neng ba se na puo e ngoloang? Ka sebele e ne e se bakeng sa botumo kapa leruo la chelete. Ba ne ba lumela hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le hore e lokela ho “bua” le batho—batho bohle—ka puo ea bona.
Ho sa tsotellehe hore na u na le boikutlo ba hore Bibele ke Lentsoe la Molimo kapa che, mohlomong u tla lumela hore mofuta oa moea oa boitelo o bontšitsoeng ke bafetoleli bao ba inehetseng ke o bonahalang seoelo haholo lefatšeng la kajeno. Na buka e susumetsang ho hloka boithati ho joalo hase ea bohlokoa hore e ka hlahlojoa?
[Chate e leqepheng la 12]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Palo ea lipuo tseo likarolo tsa Bibele li hatisitsoeng ka tsona ho tloha ka 1800
68 107 171 269 367 522 729 971 1 199 1 762 2 123
1800 1900 1995
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Tyndale a fetolela Bibele
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Robert Moffat
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Adoniram Judson
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Robert Morrison