Buka ee e Ile ea Phonyoha Joang?
Mangolo a boholo-holo a ne a e-na le lira tsa tlhaho—mollo, mongobo le hlobo. Bibele e ne e sa sireletseha likotsing tse joalo. Tlaleho ea kamoo e phonyohileng tšenyo e mabifi hore e be buka e fumanehang habonolo ka ho fetisisa lefatšeng, ke e ikhethang har’a mangolo a boholo-holo. Histori eo e lokela ho thahaselloa haholo.
BANGOLI ba Bibele ha baa ka ba ngola mantsoe a bona lejoeng; leha e le hore ba ile ba a ngola matlapeng a letsopa a tšoarellang. Ho bonahala ba ile ba tlaleha mantsoe a bona linthong tse senyehang—loli (e entsoeng ka semela sa Egepeta se nang le lebitso leo) le matlalo (a entsoeng ka makoko a liphoofolo).
Ho ile ha etsahala’ng ka mangolo a pele? Mohlomong a mang a ’ona a ile a senyeha khale haholo Iseraeleng ea boholo-holo. Setsebi Oscar Paret sea hlalosa: “Ka bobeli lintho tsena tseo ho ngolloang ho tsona [loli le letlalo] li kotsing e tšoanang ea ho senngoa ke mongobo, ke hlobo le mefuta e sa tšoaneng ea tšenyane. Ka lebaka la phihlelo ea letsatsi le leng le le leng, rea tseba hore na ho bonolo hakaakang hore pampiri e senyehe, esita le letlalo le thata, moo ho bulehileng kapa ka kamoreng e mongobo.”1
Haeba mangolo a pele a se a le sieo, joale mantsoe a bangoli ba Bibele a ile a phonyoha joang ho fihlela mehleng ea rōna?
E Bolokiloe ke Bakopitsi ba Hloahloa
Hang hoba mangolo a pele a ngoloe, likopi tse ngotsoeng ka letsoho li ile tsa qala ho etsoa. Ho kopitsa Mangolo ha e le hantle ho ile ha fetoha mosebetsi oa botsebi Iseraeleng ea boholo-holo. (Esdrase 7:6; Pesaleme ea 45:1) Leha ho le joalo, likopi tseo le tsona li ne li tlalehiloe linthong tse senyehang. Qetellong tsena le tsona li ile tsa tlameha ho nkeloa sebaka ke likopi tse ling tse ngotsoeng ka letsoho. Ha mangolo a pele a fela, likopi tsena e ile ea e-ba motheo bakeng sa meqolo ea ka moso. Ho kopitsa likoping e ne e le mosebetsi o ileng oa tsoela pele ka makholo a mangata a lilemo. Na liphoso tsa bakopitsi ka makholo a lilemo li ile tsa fetola taba e ngotsoeng ea Bibele haholo? Bopaki bo re ha ho joalo.
Bakopitsi ba litsebi ba ne ba inehetse haholo. Ba ne ba e-na le tlhompho e tebileng mantsoeng ao ba neng ba a kopitsa. Hape ba ne ba le hloahloa haholo. Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “mokopitsi” ke so·pherʹ, le bolelang ho bala le ho tlaleha. Ho etsa mohlala ka tsela eo bakopitsi ba neng ba nepa kateng, nahana ka Bamasorete.a Ka bona, setsebi Thomas Hartwell Horne oa hlalosa: “Ba . . . ile ba lekanyetsa hore na ke tlhaku efe e bohareng ea Pentateuch [libuka tse hlano tse qalang tsa Bibele], hore na ke polelo efe e bohareng ea buka ka ’ngoe, le hore na tlhaku ka ’ngoe ea alefabeta ea [Seheberu] e hlaha ka makhetlo a mangata hakae Mangolong ’ohle a Seheberu.”3
Kahoo, bakopitsi ba masene ba ile ba sebelisa mekhoa e mengata ho hlahloba mehloli e meng bakeng sa ho nepahala. E le ho qoba ho tlōla tlhaku leha e le ’ngoe tabeng e ngotsoeng ea Bibele, ba ile ba ea bohōleng ba ho bala eseng mantsoe a kopilitsoeng feela empa le litlhaku. Nahana hore na ho ne ho ameha mosebetsi o hlokolosi hakaakang: Ho tlalehoa hore ba ile ba bala litlhaku ka bomong tse 815 140 Mangolong a Seheberu!4 Boiteko bo joalo ba ho khothala bo ile ba tiisa hore ho ba le tekanyo e phahameng ea ho nepahala.
Leha ho le joalo, bakopitsi ba ne ba e-na le liphoso. Na ho na le bopaki ba hore ho sa tsotellehe ho kopitsoa hangata, taba e ngotsoeng ea Bibele e phonyohile e ntse e le sebōpehong sa eona se tšepahalang?
Motheo o Tiileng Bakeng sa ho e Tšepa
Ho na le lebaka le letle la ho lumela hore Bibele e fetiselitsoe ho rōna e nepahetse ho fihlela mehleng ea rōna. Bopaki ke meqolo e ngotsoeng ka letsoho e teng—eo ho hakanngoang hore ho na le e 6 000 ea Mangolo ’ohle a Seheberu kapa likarolo tsa ’ona le e ka bang 5 000 ea Mangolo a Bakreste ka Segerike. Har’a eona ho na le moqolo o ngotsoeng ka letsoho oa Mangolo a Seheberu o sibolotsoeng ka 1947 o pakang hantle hore na ba ne ba nepile hakae ha ba kopitsa Mangolo. Esale ho tloha ka nako eo o ’nile oa bitsoa “moqolo o ngotsoeng ka letsoho o moholohali o kileng oa sibolloa mehleng ea kajeno.”5
Ha a ntse a lisitse mohlape oa hae mathoasong a selemo seo, molisana e monyenyane oa Moarabe o ile a sibolla lehaha haufi le Leoatle le Shoeleng. Ka ho lona o ile a fumana linkho tse ngata tsa letsopa, boholo ba tsona li sa tšela letho. Leha ho le joalo, ka ho e ’ngoe ea linkho tseo, e neng e koetsoe ka thata, o ile a fumana moqolo oa letlalo o neng o phuthetsoe ka hloko ka line ’me o e-na le buka ea Bibele e feletseng ea Esaia. Moqolo ona o bolokiloeng hantle empa o sohlokehile o ne o bontša matšoao a hore o kile oa lokisoa. Ho hang molisana e monyenyane ha aa ka a hlokomela hore moqolo oa boholo-holo oo a neng a o tšoere ka matsohong qetellong ho ne ho tla lebisoa tlhokomelo ho oona lefatšeng ka bophara.
Ke eng eo e neng e le ea bohlokoa hakaale ka moqolo oo o khethehileng? Ka 1947 moqolo oa khale-khale o feletseng oa Seheberu o neng o le teng e ne e le oa hoo e ka bang lekholong la leshome la lilemo C.E. Empa moqolo ona e ne e le oa lekholong la bobeli la lilemo B.C.E.b—lilemo tse fetang sekete pejana.c Litsebi li ne li thahasella haholo ho fumana hore na moqolo ona o bapa joang le meqolo e hlahisitsoeng hamorao haholo.
Phuputsong e ’ngoe, litsebi li ile tsa bapisa khaolo ea 53 ea Esaia e Moqolong oa Leoatle le Shoeleng le taba e ngotsoeng ea Bamasorete e entsoeng lilemo tse sekete hamorao. Buka e reng A General Introduction to the Bible, e hlalosa liphello tsa phuputso eo: “Mantsoeng a 166 a Esaia 53, ho na le litlhaku tse leshome le metso e supileng feela tse belaetsang. Tse leshome tsa litlhaku tsena ke taba feela ea mopeleto, o sa ameng kutloisiso. Litlhaku tse ling tse ’nè ke liphetoho tse fokolang tsa mokhoa oa ho ngola, tse kang tsa lihokelo. Litlhaku tse setseng tse tharo li bōpa lentsoe ‘leseli,’ le ekelitsoeng temaneng ea 11, ’me ha le ame moelelo haholo. . . . Kahoo, khaolong e le ’ngoe ea mantsoe a 166, ho na le lentsoe le le leng feela (litlhaku tse tharo) le belaetsang ka mor’a lilemo tse sekete tsa hore e fetisoe—’me lentsoe lena ha le fetole moelelo oa serapa seo hakaalo.”7
Moprofesa Millar Burrows, ea ileng a sebetsana le meqolo ena ka lilemo, a hlahloba seo e se fupereng, o ile a fihlela qeto e tšoanang: “Liphapang tse ngata pakeng tsa . . . moqolo oa Esaia le taba e ngotsoeng ea Bamasorete li ka hlalosoa e le liphoso ho kopitseng. Kantle ho tsena, ho na le ho lumellana ho babatsehang, ka kakaretso, le taba e ngotsoeng e fumanoang meqolong e ngotsoeng ka letsoho ea mehleng e hare. Ho lumellana ho joalo ha moqolo o ngotsoeng ka letsoho oa khale hakaalo ho fana ka bopaki bo kholisang ba ho nepahala ho akaretsang ha taba e ngotsoeng ea neano.”8
“Bopaki bo kholisang” bo ka boetse ba fanoa ka ho kopitsoa ha Mangolo a Segerike a Bakreste. Ka mohlala, ho sibolloa ha Codex Sinaiticus ha lekholong la lilemo la bo19, moqolo oa letlalo oa lekholong la bone la lilemo C.E., ho ile ha thusa ho tiisa ho nepahala ha meqolo ea Mangolo a Segerike a Bakreste e entsoeng makholo a lilemo hamorao. Sekotoana sa loli sa Kosepele ea Johanne, se sibolotsoeng seterekeng sa Faiyūm, Egepeta, ke sa halofong ea pele ea lekholo la bobeli la lilemo C.E., lilemo tse ka tlaase ho 50 ka mor’a hore ho ngoloe ea pele. E ne e ntse e bolokehile ka makholo a lilemo lehlabatheng le ommeng. Taba e ngotsoeng e lumellana le e fumanoeng meqolong ea morao haholo.9
Kahoo bopaki bo tiisa hore, ha e le hantle, bakopitsi ba ne ba nepile haholo. Leha ho le joalo, ba ile ba etsa liphoso. Ha ho moqolo le o mong o se nang phoso—ho kopanyelletsa le Moqolo oa Esaia oa Leoatle le Shoeleng. Leha ho le joalo, litsebi li ’nile tsa khona ho fumana le ho lokisa moo o fapaneng le oa pele.
Ho Lokisa Liphoso Tsa Bakopitsi
A re re batho ba 100 ba ile ba kōpuoa ho etsa kopi e ngotsoeng ka letsoho ea tokomane e telele. Ha ho pelaelo hore ba bang ba bakopitsi ba ne ba tla etsa liphoso. Leha ho le joalo, ba ne ba ke ke ba etsa liphoso tse tšoanang kaofela. Haeba u ne u ka nka likopi tsohle tse 100 ’me ua li bapisa ka hloko, u ne u tla khona ho qoolla liphoso ’me u fumane hore na taba e ngotsoeng ea pele e ne e hlile e re’ng, esita le haeba ho se mohla u kileng ua e bona.
Ka ho tšoanang, bakopitsi ba Bibele kaofela ha baa ka ba etsa liphoso tse tšoanang. Kaha hona joale ho na le meqolo e ngotsoeng ka letsoho ea Bibele e likete eo ho ka etsoang tlhahlobo ea ho bapisa ka eona, litsebi tsa taba e ngotsoeng li ’nile tsa khona ho qoolla liphoso, ho fumana hore na taba ea pele e ne e re’ng, le ho ngola litokiso tse hlokahalang. Ka lebaka la phuputso e hlokolosi joalo, litsebi tsa taba e ngotsoeng li hlahisitse taba e ngotsoeng eo ho ka itšetlehoang ka eona ka lipuo tsa pele. Likhatiso tsena tse ntlafalitsoeng tsa taba e ngotsoeng ea Seheberu le ea Segerike li amohela mantsoe ao ka kakaretso ho lumellanoeng ka ’ona hore ke a pele, hangata li thathamisa mongolong o botlaaseng ba leqephe ho se tšoane ha liphetolelo kapa mekhoa e meng eo taba e balehang ka eona eo e ka ’nang eaba e teng meqolong e meng e ngotsoeng ka letsoho. Likhatiso tse ntlafalitsoeng ke litsebi tsa taba e ngotsoeng ke tsona tseo bafetoleli ba Bibele ba li sebelisang ho fetolela Bibele lipuong tsa kajeno.
Kahoo ha u bala phetolelo ea kajeno ea Bibele, ho na le mabaka ’ohle a ho tšepa hore taba e ngotsoeng ea Seheberu le ea Segerike eo e thehiloeng ho eona e hlahisa ka botšepehi bo tsotehang mantsoe a bangoli ba pele ba Bibele.d Tlaleho ea kamoo Bibele e ileng ea pholoha lilemo tse likete tsa ho kopitsoa hangata ka letsoho ka sebele ke e tsotehang. Kahoo, Sir Frederic Kenyon, eo e leng khale e le mohlokomeli oa British Museum, o ne a ka re: “Ho ka tiisoa ka matla hore se fuperoeng ke taba e ngotsoeng ea Bibele ke sa sebele . . . Ho ke ke ha boleloa joalo ka buka leha e le efe ea boholo-holo lefatšeng.”10
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bamasorete (e bolelang “Litsebi tsa Neano”) e ne e le bakopitsi ba Mangolo a Seheberu ba neng ba phela pakeng tsa lekholo la botšelela le la leshome la lilemo C.E. Likopi tsa meqolo ea letsoho eo ba e entseng li bitsoa taba e ngotsoeng ea Bamasorete.2
b B.C.E. e bolela “Before the Common Era [Pele ho Mehla e Tloaelehileng].” C.E. e bolela “Common Era [Mehla e Tloaelehileng],” hangata e bitsoa A.D., bakeng sa Anno Domini, e bolelang “selemong sa Morena.”
c Textual Criticism of the Hebrew Bible, ea Emanuel Tov, e re: “Ka thuso ea teko ea carbon 14, 1QIsaa [Moqolo oa Esaia oa Leoatle le Shoeleng] hona joale ho boleloa e le oa pakeng tsa 202 le 107 BCE (nako e baliloeng ka thuto ea mengolo ea boholo-holo: 125-100 BCE) . . . Mokhoa o boletsoeng oa ho bala nako ka thuto ea mengolo ea boholo-holo, o ntlafalitsoeng lilemong tsa morao tjena, le o lumellang ho behela lintho nako ka mokhoa o sa belaetseng ka hore ho bapisoe sebōpeho sa litlhaku le tsela eo li emeng ka eona le lintho tse ling tse kang chelete ea tšepe e ngotsoeng selemo le mantsoe a tlhaloso, o ipakile ka booona e le mokhoa o batlang o tšepahala.”6
d Leha ho le joalo, bafetoleli ka bomong ba ka ’na ba tšoarella ka tieo kapa ba khoehlisa ho lateleng ha bona taba e ngotsoeng ea Seheberu sa pele le Segerike sa pele.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Bibele e ile ea bolokoa ke bakopitsi ba litsebi
[Litšoantšo tse leqepheng la 9]
Moqolo oa Esaia oa Leoatle le Shoeleng (ho bontšitsoe kopi ea sebele) o batla o tšoana hantle le taba e ngotsoeng ea Bamasorete e entsoeng lilemo tse sekete hamorao