Khaolo ea Leshome le Metso e Meraro
Marena a Mabeli a Qhoebeshanang
1, 2. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella boprofeta bo tlalehiloeng ho Daniele khaolo ea 11?
MARENA a mabeli a qothisanang lehlokoa a hoba-hobana ntoeng ea ho tseka bophahamo. Ha lilemo li ntse li feta, ho phahamelana ha ’ona pusong ke ntlōlane-ea-ntlōle. Ka linako tse ling, morena e mong o busa e le eena nkokonono ha e mong a sa itse khoe! ’me ho na le linako tseo e lalang ka tsona. Empa joale ka tšohanyetso ho qhoma ntoa e ’ngoe, ’me qhoebeshano e tsoela pele. Ba ’nileng ba e-ba le karolo ketsahalong ena ke Morena Seleucus I Nicator oa Syria, Morena Ptolemy Lagus oa Egepeta, Khosatsana ea Syria eo e neng ebile e le Mofumahali oa Egepeta Cleopatra I, Baemphera ba Roma Augustase le Tiberiuse, le Mofumahali Zenobia oa Palmyra. Ha qhoebeshano e e-ea qetellong, Jeremane ea Bonazi, lichaba tsa Bokomonisi, ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika, Selekane sa Lichaba le Machaba a Kopaneng le tsona li ’nile tsa ameha. Qetello ke ketsahalo e sa kang ea bonoa ke mekhatlo leha e le efe ho ena ea lipolotiki. Lengeloi la Jehova le ile la bolella moprofeta Daniele boprofeta bona bo thabisang lilemong tse ka bang 2 500 tse fetileng.—Daniele, khaolo ea 11.
2 E tlameha ebe Daniele o ile a nyakalla hakaakang ha a utloa lengeloi le mo senolela ka mokhoa o qaqileng ho qothisana lehlokoa ha marena a mabeli a nakong e tlang! Le rōna re thahasella ketsahalo ena, kahobane ho loanela puso ha marena ana a mabeli ho tsoela pele ho fihlela mehleng ea rōna. Ho bona kamoo histori e bontšitseng ho phethahala ha karolo ea pele ea boprofeta bona ho tla matlafatsa tumelo ea rōna le kholiseho bonneteng ba hore karolo ea ho qetela ea tlaleho ena ea boprofeta e tla phethahala. Ho ela hloko boprofeta bona ho tla re bontša ka ho hlaka hore na re hokae kemisong ea nako. Ho tla boela ho matlafatse boikemisetso ba rōna ba ho lula re sa jele paate qhoebeshanong ena ha ka mamello re ntse re emetse hore Molimo a nke khato molemong oa rōna. (Pesaleme ea 146:3, 5) Joale, ka kelo-hloko e matla, a re mameleng ha lengeloi la Jehova le bua le Daniele.
KHAHLANONG LE ’MUSO OA GREECE
3. Ke mang eo lengeloi le ileng la mo tšehetsa “selemong sa pele sa Dariase Momede”?
3 Lengeloi le ile la re: “Ha e le ’na, selemong sa pele sa Dariase Momede [539/538 B.C.E.] ke ile ka ema joaloka ea mo matlafatsang le joaloka qhobosheane ho eena.” (Daniele 11:1) Dariase o ne a se a shoele, empa lengeloi lena le ile la bua ka puso ea hae e le eona eo litaba tsa molaetsa oa boprofeta li qalileng ho eona. Ke eena morena enoa ea neng a ile a laela hore Daniele a ntšoe ka sekoting sa litau. Dariase o ne a ile a boela a laela hore bafo bohle ba hae ba tšabe Molimo oa Daniele. (Daniele 6:21-27) Leha ho le joalo, eo lengeloi le ileng la ema le eena hore le mo tšehetse, e ne e le mphato oa lengeloi leo, Mikaele—khosana ea sechaba sa habo Daniele—eseng Dariase oa Momede. (Bapisa le Daniele 10:12-14.) Lengeloi la Molimo le ile la fana ka tšehetso ena ha Mikaele a ntse a loana le khosana ea modemona ea Medo-Persia.
4, 5. Marena a mane a Persia a ileng a boleloa esale pele ke afe?
4 Lengeloi la Molimo le ile la tsoela pele: “Bona! Ho sa ntse ho tla ba le marena a mararo a tla ema bakeng sa Persia, ’me oa bone o tla bokella maruo a maholo ho feta a mang ’ohle. ’Me hang ha a se a le matla maruong a hae, o tla tsosa ntho e ’ngoe le e ’ngoe khahlanong le ’muso oa Greece.” (Daniele 11:2) Hantle-ntle babusi baa ba Persia e ne e le bo-mang?
5 Marena a pele a mararo e ne e le Cyruse e Moholo, Cambyses II le Dariase I. Kaha Bardiya (kapa mohlomong moikhakanyi e mong ea bitsoang Gaumata) o ile a busa ka likhoeli tse supileng feela, boprofeta bo ne bo sa akarelletse puso ea hae ea nakoana. Ka 490 B.C.E., morena oa boraro, Dariase I, o ile a leka ho futuhela Greece ka lekhetlo la bobeli. Leha ho le joalo, Bapersia ba ile ba hlōloa ka ho feletseng Marathon eaba ba khutlela Asia Minor. Le hoja Dariase a ile a lokisetsa ka hloko ho futuhela Greece hape, o ile a sitoa ho phethahatsa hona pele ho lefu la hae lilemo tse ’nè hamorao. Hoo ho ile ha salla mora oa hae eo e neng ebile e le mohlahlami oa hae, e leng morena “oa bone,” Xerxes I. E ne e le Morena Assueruse ea ileng a nyala Esthere.—Esthere 1:1; 2:15-17.
6, 7. (a) Morena oa bone o ile a “tsosa ntho e ’ngoe le e ’ngoe khahlanong le ’muso oa Greece” joang? (b) Phello ea phutuho ea Xerxes khahlanong le Greece e ile ea e-ba efe?
6 Xerxes I o ile a fela a “tsosa ntho e ’ngoe le e ’ngoe khahlanong le ’muso oa Greece,” ke hore, sehlopha sa liprofinse tse ipusang tsa Greece. Buka e bitsoang The Medes and Persians—Conquerors and Diplomats, e re: “Ka lebaka la ho hlohlelletsoa ke matona a hae a ratang bophahamo, Xerxes o ile a hlasela naheng le leoatleng.” Rahistori oa Mogerike Herodotus, oa lekholong la bohlano la lilemo B.C.E., o re “ha ho na phutuho e ’ngoe e ka fetang ena.” Tlaleho ea hae e bolela hore mabotho a leoatleng “ka kakaretso e ne e le banna ba 517 610. Palo ea masole a maoto e ne e le 1 700 000; ea banna ba lipere e le 80 000; e lokelang ho phaelloa ka Maarabia a neng a palame likamele, le Balybia ba neng ba loana ka likoloi tsa ntoa, bao ke hakanyang hore ba ne ba le 20 000. Ka hona, palo-kakaretso ea mabotho a naheng le a leoatleng ha e kopanngoa hammoho e ba banna ba 2 317 610.”
7 Kaha Xerxes I o ne a itokiselitse ho hlōla ka ho phethahetseng, o ile a futuhela Greece ka lebotho la hae le leholo ka 480 B.C.E. Ka mor’a ho hlōla maqheka a lebotho la Greece a ileng a ba tšoarella Thermopylae, Bapersia ba ile ba ripitla Athene. Leha ho le joalo, ba ile ba hlōloa ka sehlōhō Salamise. Bagerike ba ile ba boela ba hlōla ha ba le Plataea, ka 479 B.C.E. Ha ho le ea mong ho marena a supileng a ileng a hlahlama Xerxes boreneng ba ’Muso oa Persia ka lilemo tse latelang tse 143 ea ileng a hlasela Greece. Empa joale ho ile ha hlaha morena ea matla Greece.
’MUSO O MOHOLO O AROLOA HORE E BE MEBUSO E MENE
8. Ke ‘morena ofe ea matla’ ea ileng a ema, ’me o ile a ‘busa ka puso e pharaletseng’ joang?
8 Lengeloi le ile la re: “Ka sebele morena ea matla o tla ema ’me a buse ka puso e pharaletseng le ho etsa ho ea ka thato ea hae.” (Daniele 11:3) Alexandere ea lilemo tse 20 o ile a “ema” e le morena oa Macedonia ka 336 B.C.E. E ile ea fela ea e-ba “morena ea matla”—Alexandere e Moholo. A susumelitsoe ke morero oa ntat’ae, Philip II, o ile a hapa liprofinse tsa Persia tse Bochabela bo Hare. Ha a tšela nōka ea Eufrate le ea Tigris, banna ba hae ba 47 000 ba ile ba qhalakanya masole a Dariase III a 250 000 Gaugamela. Ka mor’a moo, Dariase o ile a baleha ’me a bolaoa, e leng ho ileng ha felisa lesika la borena la Persia. Joale Greece e ile ea fetoha ’muso oa lefatše, ’me Alexandere o ile a ‘busa ka puso e pharaletseng le ho etsa ho ea ka thato ea hae.’
9, 10. Boprofeta bo bolelang hore ’muso oa Alexandere o ne o sa tl’o ea ho litloholo tsa hae bo ile ba phethahala joang?
9 Puso ea Alexandere holim’a lefatše e ne e tla ba khutšoanyane, hobane lengeloi la Molimo le ile la phaella: “Etlare ha a eme, ’muso oa hae o tla rojoa ’me o aroleloe meeeng e mene ea maholimo, empa o sa aroleloe litloholo tsa hae ’me e se ho ea ka puso ea hae eo a busitseng ka eona; hobane ’muso oa hae o tla fotholoa, esita le bakeng sa ba bang ntle ho bana.” (Daniele 11:4) Alexandere o ne a e-s’o qete lilemo tse 33 ha a bolaoa ke ho kula ka tšohanyetso a le Babylona ka 323 B.C.E.
10 ’Muso o moholo oa Alexandere ha oa ka oa fetela ho “litloholo tsa hae.” Mor’abo, Philip III Arrhidaeus, o ile a busa ka nako e ka tlaase ho lilemo tse supileng eaba o bolaoa ka tlhohlelletso ea Olympias, ’mè oa Alexandere, ka 317 B.C.E. Mora oa Alexandere, Alexandere IV, o ile a busa ho fihlela ka 311 B.C.E. ha a bolaoa ke Cassander, e mong oa balaoli ba ntoa ba ntat’ae. Mora oa matšeo oa Alexandere, ea bitsoang Heracles, o ile a batla ho busa lebitsong la ntat’ae empa o ile a bolaoa ka 309 B.C.E. Lesika la Alexandere le ile la fela ka tsela eo, “puso ea hae” ea tloha lelapeng la hae.
11. Ke joang ’muso oa Alexandere o ileng oa ‘aroleloa meeeng e mene ea maholimo’?
11 Ka mor’a lefu la Alexandere, ’muso oa hae o ile oa ‘aroleloa meeeng e mene.’ Balaoli ba hae ba bangata ba ntoa ba ile ba loantšana ha ba tsekisana libaka. Molaoli oa Ntoa oa moihloe Antigonus I o ile a leka ho inkela ’muso oohle oa Alexandere hore o be taolong ea hae. Empa o ile a bolaoa ntoeng Ipsus, Phrygia. Ka selemo sa 301 B.C.E., balaoli ba bane ba ntoa ba Alexandere ba ne ba busa sebaka se seholo seo molaoli oa bona a neng a se hapile. Cassander o ile a busa Macedonia le Greece. Lysimachus a laola Asia Minor le Thrace. Seleucus I Nicator a fumana Mesopotamia le Syria. Ptolemy Lagus a nka Egepeta le Palestina. Tumellanong le lentsoe la boprofeta, ’muso o moholo oa Alexandere o ile oa aroloa hore e be mebuso e mene e busoang ke Bagerike.
HO HLAHA MARENA A MABELI A QOTHISANANG LEHLOKOA
12, 13. (a) Mebuso e mene e busoang ke Bagerike e ile ea fokotseha hore e sale e le ’meli joang? (b) Seleucus o ile a theha lesika lefe la borena Syria?
12 Cassander o ile a shoa lilemo tse seng kae ka mor’a hore a qale ho busa, ’me ka 285 B.C.E., Lysimachus o ile a hapa karolo ea Europe ea ’Muso oa Greece. Ka 281 B.C.E., Lysimachus o ile a hlōloa ke Seleucus I Nicator ntoeng, e leng ho ileng ha etsa hore Seleucus a laole karolo e khōlō ea libaka tsa Asia. Antigonus II Gonatas, e leng setloholo sa e mong oa balaoli ba ntoa ba Alexandere, o ile a lula setulong sa borena Macedonia ka 276 B.C.E. Ka mor’a nako, Macedonia e ile ea itšetleha ka Roma ’me ea qetella e le profinse ea Roma ka 146 B.C.E.
13 Ke mebuso e ’meli feela ho e mene e neng e busoa ke Bagerike eo joale e ileng ea sala e hlaheletse—o neng o le tlas’a Seleucus I Nicator le o neng o le tlas’a Ptolemy Lagus. Seleucus o ile a theha lesika la borena la Seleucus la Syria. O mong oa metse eo a ileng a e theha e ne e le Antioke—motse-moholo o mocha oa Syria—le motse o koung ea leoatle oa Seleucia. Hamorao moapostola Pauluse o ile a ruta Antioke, moo balateli ba Jesu ba ileng ba qala ho bitsoa Bakreste teng. (Liketso 11:25, 26; 13:1-4) Seleucus o ile a bolaoa ka tšohanyetso ka 281 B.C.E., empa lesika la hae la borena le ile la busa ho fihlela ka 64 B.C.E. ha Molaoli oa Ntoa oa Roma Gnaeus Pompey a etsa Syria profinse ea Roma.
14. Lesika la borena la Ptolemy le ile la thehoa neng Egepeta?
14 ’Muso o busoang ke Bagerike o ileng oa tšoarella halelele ka ho fetisisa ho ena e mene e bile oa Ptolemy Lagus, kapa Ptolemy I, ea ileng a inkela tlotla ea morena ka 305 B.C.E. Lesika la borena la Ptolemy le neng le thehiloe ke eena le ile la tsoela pele ho busa Egepeta ho fihlela e oela ho Roma ka 30 B.C.E.
15. Ke marena afe a mabeli a matla a ileng a hlaha mebusong e mene e busoang ke Bagerike, ’me a ile a qala ntoa efe?
15 Kahoo mebusong e mene e busoang ke Bagerike, ho ile ha hlaha marena a mabeli a matla—Seleucus I Nicator ea neng a busa Syria le Ptolemy I ea neng a busa Egepeta. Ntoa ea nako e telele pakeng tsa “morena oa leboea” le “morena oa boroa,” e hlalositsoeng ho Daniele khaolo ea 11 e ile ea qaleha ho marena ana a mabeli. Lengeloi la Jehova ha lea ka la bolela marena ana ka mabitso, kahobane ho tsebahatsoa ha batho ba emeloang ke marena ana a mabeli le hore na ke a lichaba life ho ne ho tla ’ne ho fetohe ha makholo a lilemo a ntse a feta. Ha le siea lintlha tse sa hlokahaleng, lengeloi le bolela feela babusi le liketsahalo tse amanang le qhoebeshano ena.
QHOEBESHANO EA QALA
16. (a) Marena aa a mabeli a ne a le ka leboea le ka boroa ho eng? (b) Ke marena afe a ileng a nka karolo ea “morena oa leboea” le “morena oa boroa” pele?
16 Mamela! Ha lengeloi la Jehova le hlalosa qaleho ea qhoebeshano ena e matla, le re: “Morena oa boroa o tla ba matla, le e mong oa likhosana tsa hae [tsa Alexandere]; ’me [morena oa leboea] o tla mo hlōla ’me ka sebele o tla busa ka puso e pharaletseng e khōlō ho feta matla a eo a ho busa.” (Daniele 11:5) Litlotla “morena oa leboea” le “morena oa boroa” li bolela marena a ka leboea le ka boroa ho sechaba sa habo Daniele, seo ka nako eo se neng se lokolotsoe bokhobeng Babylona ’me se khutliselitsoe naheng ea Juda. “Morena oa boroa” oa pele e ne e le Ptolemy I oa Egepeta. E mong oa balaoli ba ntoa ba Alexandere ea ileng a hlōla Ptolemy I le ea ileng a busa “ka puso e pharaletseng” e ne e le Morena Seleucus I Nicator oa Syria. O ile a nka karolo ea “morena oa leboea.”
17. Naha ea Juda e ne e le tlas’a puso ea mang ha ho qaleha qhoebeshano pakeng tsa morena oa leboea le morena oa boroa?
17 Ha qhoebeshano e qala, naha ea Juda e ne e le pusong ea morena oa boroa. Hoo e ka bang ho tloha ka 320 B.C.E., Ptolemy I o ile a susumetsa Bajuda hore ba e’o jaka Egepeta. Ho ne ho e-na le kolone e hōlang ea Bajuda Alexandria, moo Ptolemy I a ileng a theha laebrari e tsebahalang teng. Bajuda ba neng ba le Juda ba ile ba lula taolong ea Egepeta e tlas’a Ptolemy, morena oa boroa, ho fihlela ka 198 B.C.E.
18, 19. Ha nako e ntse e feta, marena aa a mabeli a qothisanang lehlokoa a ile a kena ‘tokisetsong e nang le toka’ joang?
18 Mabapi le marena ana a mabeli, lengeloi le ile la profeta: “Bofelong ba lilemo tse itseng ba tla etsetsana selekane, ’me eena morali oa morena oa boroa o tla tla ho morena oa leboea e le hore a etse tokisetso e nang le toka. Empa morali eo a ke ke a lula a e-na le matla letsohong la hae; ’me morena eo a ke ke a ema, leha e le letsoho la hae; ’me ho tla fanoa ka morali eo, le ba mo tlisang, le ea mo tsoetseng, le ea etsang hore a be matla ka linako tseo.” (Daniele 11:6) See se ile sa phethahala joang?
19 Boprofeta bona ha boa ka ba natsa mora le mohlahlami oa Seleucus I Nicator, e leng Antiochus I, kahobane ha aa ka a loana ntoa ea makhaola-khang le morena oa boroa. Empa mohlahlami oa hae Antiochus II, o ile a loana ntoa e telele le Ptolemy II, mora oa Ptolemy I. Antiochus II le Ptolemy II ka ho latellana e ile ea e-ba morena oa leboea le morena oa boroa. Antiochus II o ne a nyetse Laodice, ’me ba ne ba e-na le mora ea bitsoang Seleucus II, athe Ptolemy II o ne a e-na le morali ea bitsoang Berenice. Ka 250 B.C.E., marena ana a mabeli a ile a etsa “tokisetso e nang le toka.” E le hore Antiochus II a lefelle tumellano ena, o ile a hlala mosali oa hae Laodice eaba o nyala Berenice, “eena morali oa morena oa boroa.” Ka Berenice o ile a ba le mora eo e ileng ea e-ba eena mojalefa boreneng ba Syria ho fapana le bara ba Laodice.
20. (a) Ke joang “letsoho” la Berenice le sa kang la ema? (b) Berenice le “ba mo tlisang,” le “ea etsang hore a be matla” ba ile ba teloa joang? (c) Ke mang eo e ileng ea e-ba morena oa Syria ka mor’a hore Antiochus II a khaotse ho ba le “letsoho la hae,” kapa matla?
20 “Letsoho” la Berenice, kapa matla a mo tšehetsang, e ne e le ntat’ae, Ptolemy II. Ha ntat’ae a e-shoa ka 246 B.C.E., Berenice ha aa ka a “lula a e-na le matla letsohong” ho monna oa hae. Antiochus II o ile a mo lahla ’me a nyala Laodice hape, eaba o bolela hore mora oa bona e tla ba eena mohlahlami oa hae. Ka morero oa Laodice, Berenice le mora oa hae ba ile ba bolaoa. Ho hlakile hore bahlokomeli ba neng ba tlisitse Berenice Syria ha a e-tsoa Egepeta—“ba mo tlisang”—ba ile ba bolaoa le bona. Laodice o ile a ba a tšella Antiochus II chefo, ’me kahoo “letsoho la hae,” kapa matla, le lona ha ‘lea ka la ema.’ Kahoo, ntat’a Berenice—“ea mo tsoetseng”—le monna oa hae oa Mosyria—ea neng a mo entse ea “matla” ka nakoana—ba ile ba shoa ka bobeli. Sena se ile sa siea Seleucus II, mora oa Laodice, e le morena oa Syria. Morena ea hlahlamang oa lesika la Ptolemy o ne a tla itšoara joang mabapi le see?
MORENA O PHETETSA POLAO EA KHAITSELI EA HAE
21. (a) “Ea tsoang lehlōmeleng la metso” ea Berenice e ne e le mang, ’me o ile a “ema” joang? (b) Ptolemy III o ile a ‘futuhela qhobosheane ea morena oa leboea’ le ho mo hlōla joang?
21 Lengeloi le ile la re: “Ka sebele ea tsoang lehlōmeleng la metso ea hae o tla ema boemong ba hae, ’me o tla tla lebothong la sesole a futuhele qhobosheane ea morena oa leboea ’me ka sebele o tla nka bohato khahlanong le bona le ho hlōla.” (Daniele 11:7) “Ea tsoang lehlōmeleng” la batsoali ba Berenice, kapa ‘metsong,’ e ne e le khaitseli ea hae. Ha ntat’ae a e-shoa, o ile a “ema” e le morena oa boroa, Faro oa Egepeta Ptolemy III. Hang-hang o ile a futuha ho ea phetetsa polao ea khaitseli ea hae. Ha a futuhela Morena Seleucus II oa Syria, eo Laodice a neng a mo sebelisitse ho bolaea Berenice le mora oa hae, o ile a futuhela “qhobosheane ea morena oa leboea.” Ptolemy III o ile a hapa karolo e sirelelitsoeng ea Antioke eaba o bolaea Laodice. Ha a leba bochabela a haola ’musong oa morena oa leboea, o ile a tlatlapa Babylonia eaba o leba India.
22. Ke eng seo Ptolemy III a ileng a khutlela le sona Egepeta, ’me ke hobane’ng ha a ile a “emella thōko le morena oa leboea ka lilemo tse itseng”?
22 Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? Lengeloi la Molimo lea re bolella: “’Me hape o tla tla Egepeta ka melimo ea bona, ka litšoantšo tsa bona tse entsoeng ka ho qhibilihisoa, ka lintho tsa bona tse lakatsehang tsa silevera le tsa khauta, le ka baholehuoa. O tla emella thōko le morena oa leboea ka lilemo tse itseng.” (Daniele 11:8) Lilemo tse fetang 200 pele ho moo, Morena Cambyses II oa Persia o ne a ile a hapa Egepeta a ba a nka melimo ea Egepeta, “litšoantšo tsa bona tse entsoeng ka ho qhibilihisoa.” Ha Ptolemy III a tlatlapa Susa eo pele e neng e le motse-moholo oa borena oa Persia, o ile a khutlisa melimo ena ’me a e nka e le “baholehuoa” a ea le eona Egepeta. O ile a boela a tla a nkile ‘lintho tse ngata tse lakatsehang tsa silevera le tsa khauta’ e le tse hapiloeng ntoeng. Ka lebaka la ho tlameha ho ea emisa phetohelo Egepeta, Ptolemy III o ile a “emella thōko le morena oa leboea,” a se ke a hlola a mo senyetsa ho ea pele.
MORENA OA SYRIA OA IPHETETSA
23. Ke hobane’ng ha morena oa leboea a ile a ‘khutlela naheng ea hae’ ka mor’a ho kena ’musong oa morena oa boroa?
23 Morena oa leboea o ile a itšoara joang? Daniele o ile a bolelloa: “Ha e le hantle, o tla tla ’musong oa morena oa boroa ’me a khutlele naheng ea hae.” (Daniele 11:9) Morena oa leboea—e leng Morena Seleucus II oa Syria—o ile a busetsa molamu sefateng. O ile a kena ‘’musong,’ kapa sebakeng sa morena oa boroa oa Egepeta empa o ile a hlōloa. Ka lebothonyana la hae le setseng, Seleucus II o ile a ‘khutlela naheng ea hae,’ a khutlela motse-moholo oa Syria, Antioke, hoo e ka bang ka 242 B.C.E. Ha a e-shoa, o ile a hlahlangoa ke mora oa hae Seleucus III.
24. (a) Ho ile ha etsahala’ng ka Seleucus III? (b) Ke joang Morena Antiochus III oa Syria a ileng a ‘tla, a hohola a ba a feta’ ’musong oa morena oa boroa?
24 Ke eng e ileng ea boleloa esale pele mabapi le bana ba Morena Seleucus II oa Syria? Lengeloi le ile la re ho Daniele: “Joale ha e le bara ba hae, ba tla halefa ’me ha e le hantle ba bokelle bongata ba mabotho a maholo a sesole. ’Me ka sebele o tla tla ’me a hohole a fete. Empa o tla khutla, ’me o tla halefa ho ea fihla qhobosheaneng ea hae.” (Daniele 11:10) Polao ea tšohanyetso e ile ea felisa puso ea Seleucus III pele lilemo tse tharo li fela. Mor’abo, Antiochus III, o ile a mo hlahlama boreneng ba Syria. Mora enoa oa Seleucus II o ile a bokella mabotho a maholo bakeng sa ho ea hlasela morena oa boroa, eo ka nako eo e neng e le Ptolemy IV. Morena e mocha oa leboea oa Syria o ile a loantša Egepeta ka katleho ’me a boela a hapa motse o koung ea leoatle oa Seleucia, profinse ea Coele-Syria, metse ea Tyre le Ptolemaïs le litoropo tse haufi le moo. O ile a tsoebera lebotho la Morena Ptolemy IV ’me a hapa metse e mengata ea Juda. Nakong ea selemo ka 217 B.C.E., Antiochus III o ile a tloha Ptolemaïs eaba o leba leboea, “ho ea fihla qhobosheaneng ea hae” e Syria. Empa lintho li ne li le haufi le ho fetoha.
MOLAMU O BOELA SEFATENG
25. Ptolemy IV o ile a teana le Antiochus III hokae ntoeng, ’me ke eng e ileng ea ‘neheloa letsohong’ la morena oa boroa oa Egepeta?
25 Joaloka Daniele, re mamela ka tebello ha lengeloi la Jehova le bolela esale pele se latelang: “Morena oa boroa o tla ikutloisa bohloko ’me o tla lokela ho ea ’me a loane le eena, ke hore, le morena oa leboea; ’me ka sebele o tla etsa hore bongata bo boholo bo eme, ’me ha e le hantle ho tla nehelanoa ka bongata letsohong la eo.” (Daniele 11:11) Morena oa boroa, Ptolemy IV, o ile a leba leboea ho ea loantša sera ka lebotho la masole a 75 000. Antiochus III, morena oa leboea oa Syria, o ne a bokeletse “bongata bo boholo” ba ba 68 000 e le hore a itoanele ho eena. Empa “bongata” bona bo ile ba ‘neheloa letsohong’ la morena oa boroa ntoeng e neng e le motseng oa Raphia o lebōpong la leoatle, haufi le moeli oa Egepeta.
26. (a) Ke “bongata” bofe bo ileng ba nkoa ke morena oa boroa ntoeng e neng e le Raphia, ’me litumellano tsa selekane sa khotso tse ileng tsa etsoa moo e ne e le life? (b) Ptolemy IV ha aa ka “a sebelisa boemo ba hae bo matla” joang? (c) Morena ea latelang oa boroa e ile ea e-ba mang?
26 Boprofeta bo tsoela pele: “Ka sebele bongata bo tla nkoa. Pelo ea hae e tla iphahamisa, ’me ha e le hantle o tla etsa hore ba likete tse mashome ba oe; empa a ke ke a sebelisa boemo ba hae bo matla.” (Daniele 11:12) Morena oa boroa, Ptolemy IV, o ile a ‘nka’ masole a Syria a maoto a 10 000 le a 300 a palameng lipere ka ho a bolaea ’me a nka a 4 000 e le batšoaruoa. Joale, marena ana a ile a etsa selekane seo ka sona Antiochus III a ileng a boloka motse oa hae oa Syria o koung ea leoatle o bitsoang Seleucia empa a lahleheloa ke Foenisia le Coele-Syria. Ka lebaka la tlhōlo ena, pelo ea morena oa Egepeta oa boroa e ile ea “iphahamisa,” haholo-holo khahlanong le Jehova. Juda e ile ea lula e le taolong ea Ptolemy IV. Leha ho le joalo, ha aa ka “a sebelisa boemo ba hae bo matla” ho ntšetsa pele tlhōlo ea hae khahlanong le morena oa Syria oa leboea. Ho e-na le hoo, Ptolemy IV o ile a qala ho phela bophelo ba boitšoaro bo hlephileng, ’me mora oa hae ea lilemo li hlano, Ptolemy V, e ile ea e-ba morena ea latelang oa boroa lilemo tse itseng pele ho lefu la Antiochus III.
MOHALE OA KHUTLA
27. Morena oa leboea o ile a khutla joang “bofelong ba linako” ho tla khutlisa libaka tse neng li hapiloe ke Egepeta?
27 Ka lebaka la liketso tsohle tsa hae tsa bohale, Antiochus III o ile a bitsoa Antiochus e Moholo. Lengeloi le ile la re mabapi le eena: “Morena oa leboea o lokela ho khutla ’me a emise bongata bo boholo ho feta ba pele; ’me bofelong ba linako, lilemo tse itseng, o tla tla, a etse joalo ka lebotho le leholo la sesole le ka thepa e ngata.” (Daniele 11:13) “Linako” tsena e bile lilemo tse 16 kapa tse fetang moo ka mor’a hore Baegepeta ba hlōle Basyria Raphia. Ha Ptolemy V e monyenyane e e-ba morena oa boroa, Antiochus III o ile a futuha ka “bongata bo boholo ho feta ba pele” ho ea khutlisa libaka tsa hae tse neng li hapiloe ke morena oa boroa oa Egepeta. E le hore a ka etsa seo, o ile a kopanya mabotho le Morena Philip V oa Macedonia.
28. Morena e monyenyane oa boroa o ne a e-na le likhathatso life?
28 Morena oa boroa o ne a boetse a e-na le likhathatso ’musong oa hae. Lengeloi le ile la re: “Linakong tseo ho tla ba le ba bangata ba tla ema khahlanong le morena oa boroa.” (Daniele 11:14a) Ba bangata ba ile ba fela ba “ema khahlanong le morena oa boroa.” Ho phaella ho talimaneng le mabotho a sesole a Antiochus III le motsoalle oa hae oa Macedonia, morena e monyenyane oa boroa o ne a talimane le mathata ha hae Egepeta. Kaha mohōlisi oa hae Agathocles, ea neng a busa lebitsong la hae, o ne a sebetsana le Baegepeta ka boikhohomoso, ba bangata ba ile ba mo fetohela. Lengeloi le ile la phaella: “’Me bara ba masholu ba sechaba sa heno, ba tla nkeha ho leka ho etsa hore pono e phethahale; ’me ba tla lokela ho khoptjoa.” (Daniele 11:14b) Esita le ba bang ba batho ba habo Daniele ba ile ba fetoha “bara ba masholu,” kapa bafetoheli. Empa “pono” leha e le efe eo banna ba joalo ba Bajuda ba neng ba e-na le eona ea ho felisa puso ea Balichaba naheng ea habo bona e ne e le ea bohata, ’me ba ne ba tla hlōleha, kapa ba ‘khoptjoe.’
29, 30. (a) “Matsoho a boroa” a ile a hlōloa ke tlhaselo e tsoang leboea joang? (b) Ho ile ha tla joang hore morena oa leboea ‘a eme naheng ea Mokhabiso’?
29 Lengeloi la Jehova le ile la tsoela pele ho bolela sena esale pele: “Morena oa leboea o tla tla ’me a qhobele ’mōtōmōtō o thibellang ’me a hle a hape motse o nang le liqhobosheane. ’Me ha e le matsoho a boroa, ha a na ho ema, leha e le sechaba sa bakhethoa ba hae; ’me ho ke ke ha e-ba le matla a hore a ’ne a eme. ’Me ea mo futuhelang o tla etsa ho ea ka thato ea hae, ’me ho ke ke ha e-ba le ea emang ka pel’a hae. ’Me o tla ema naheng ea Mokhabiso, ’me ho tla ba le pheliso letsohong la hae.”—Daniele 11:15, 16.
30 Mabotho a sesole a neng a le taolong ea Ptolemy V, kapa “matsoho a boroa,” a ile a hlōloa ke tlhaselo e tsoang leboea. Paneas (Sesarea Filippi) Antiochus III o ile a khannela Molaoli oa Ntoa oa Egepeta, Scopas le banna ba 10 000 ba khethiloeng, kapa “bakhethoa,” Sidone, e leng “motse o nang le liqhobosheane.” Mono Antiochus III o ile a ‘qhobela ’mōtōmōtō o thibellang,’ a nka motse oo oa Foenisia o koung ea leoatle ka 198 B.C.E. O ile a etsa “ho ea ka thato ea hae” hobane mabotho a morena oa Egepeta oa boroa a ne a sitoa ho ema ka pel’a hae. Joale Antiochus III o ile a futuhela Jerusalema, motse-moholo oa ‘naha ea Mokhabiso,’ e leng Juda. Ka 198 B.C.E., Jerusalema le Juda li ile tsa tloha pusong ea morena oa boroa oa Egepeta tsa ea pusong ea morena oa leboea oa Syria. Morena oa leboea, Antiochus III, o ile a qala ho “ema naheng ea Mokhabiso.” O ne a tšoere “pheliso letsohong la hae” bakeng sa Bajuda le Baegepeta bohle ba hanyetsang. Morena eo oa leboea o ne a tla khona ho etsa kamoo a ratang kateng ka nako e kae?
ROMA E THIBA MOHALE
31, 32. Ke hobane’ng ha morena oa leboea a ile a qetella a etsa ‘litumellano tsa khotso tse nang le toka’ le morena oa boroa?
31 Lengeloi la Jehova le re fa karabo ena: “[Morena oa leboea] o tla reteletsa sefahleho sa hae hore a tle ka matla a ’muso oohle oa hae, ’me o tla etsa litumellano tse nang le toka le eena; ’me o tla sebetsa ka mokhoa o atlehileng. Ha e le morali oa basali, o tla lumelloa hore a ba felise. A ke ke a ema, ’me a ke ke a tsoela pele ho ba oa hae.”—Daniele 11:17.
32 Morena oa leboea, Antiochus III, o ile a “reteletsa sefahleho sa hae” hore a buse Egepeta “ka matla a ’muso oohle oa hae.” Empa o ile a qetella a etsa ‘litumellano tsa khotso tse nang le toka’ le Ptolemy V, morena oa boroa. Litaelo tsa Roma li ne li entse hore Antiochus III a fetole leano la hae. Ha eena le Morena Philip V oa Macedonia ba etsa selekane khahlanong le morena oa Egepeta ea tlaase lilemong hore ba hape libaka tsa hae, bahōlisi ba Ptolemy V ba ile ba kōpa tšireletso ho Roma. Ha Roma e sebelisa monyetla ona ho atolosa sebaka seo e se laolang, e ile ea bontša matla a eona.
33. (a) Litumellano tsa khotso tse pakeng tsa Antiochus III le Ptolemy V e ne e le life? (b) Morero oa lenyalo la Cleopatra I le Ptolemy V e ne e le ofe, ’me ke hobane’ng ha leano leo le ile la hlōleha?
33 Ka lebaka la ho susutlelloa ke Roma, Antiochus III o ile a isetsa morena oa boroa litumellano tsa khotso. Ho e-na le ho nehelana ka libaka tse hapiloeng, joalokaha Roma e ne e laetse, Antiochus III o ile a rera ho li khutlisa ka molomo feela ka hore a fane ka morali oa hae Cleopatra I—“morali oa basali”—hore a nyaloe ke Ptolemy V. O ne a tla fuoa liprofinse tse akarelletsang Juda, ‘naha ea Mokhabiso,’ e le seo a phahleloang ka sona. Leha ho le joalo, ha a nyaloa ka 193 B.C.E., morena oa Syria ha aa ka a tlohella liprofinse tsena hore li khutlele ho Ptolemy V. Lenyalo lena e ne e le maqiti a bopolotiki feela a etselitsoeng hore Egepeta e be mofo oa Syria. Empa leano lena le ile la hlōleha hobane Cleopatra I ha aa ka “a tsoela pele ho ba oa hae,” kaha hamorao o ile a ema le monna oa hae. Ha ntoa e qhoma pakeng tsa Antiochus III le Baroma, Egepeta e ile ea ema le Roma.
34, 35. (a) Ke ‘libaka life tse lebōpong la leoatle’ tseo morena oa leboea a ileng a retelletsa sefahleho sa hae ho tsona? (b) Roma e ile ea felisa “nyeliso” e tsoang ho morena oa leboea joang? (c) Antiochus III o shoele joang, ’me ke mang eo e ileng ea e-ba morena ea latelang oa leboea?
34 Ha lengeloi le bua ka ho fetoha ha maemo a morena oa leboea, le ile la phaella: “’Me [Antiochus III] o tla retelletsa sefahleho sa hae libakeng tse lebōpong la leoatle ’me ka sebele o tla hapa ba bangata. Molaoli [Roma] o tla lokela ho etsa hore nyeliso e tsoang ho eena e tlang ho eena [Roma] e fele, e le hore nyeliso ea hae [e tsoang ho Antiochus III] e se ke ea e-ba teng. O [Roma] tla etsa hore e khutlele holim’a eo. ’Me [Antiochus III] o tla retelletsa sefahleho sa hae liqhobosheaneng tsa naha ea habo, ’me ka sebele o tla khoptjoa ’me a oe, ’me a ke ke a fumanoa.”—Daniele 11:18, 19.
35 ‘Libaka tse lebōpong la leoatle’ e ne e le tsa Macedonia, Greece le Asia Minor. Ntoa e ile ea qhoma Greece ka 192 B.C.E., ’me Antiochus III o ile a susumelletsoa hore a ee Greece. Ka lebaka la ho khopisoa ke boiteko ba morena oa Syria ba ho hapa libaka tse eketsehileng moo, Roma e ile ea phatlalatsa ntoa khahlanong le eena. O ile a hlōloa ke Baroma Thermopylae. Hoo e ka bang selemo ka mor’a hore a hlōloe ntoeng ea Magnesia ka 190 B.C.E., o ile a tlameha ho tela sohle se neng se le Greece, Asia Minor le libakeng tse ka bophirimela ho Lithaba tsa Taurus. Roma e ile ea beha lekhetho le boima ’me ea tiisa puso ea eona holim’a morena oa leboea oa Syria. Antiochus III a lelekiloe Greece le Asia Minor ’me a lahlehetsoe ke hoo e ka bang likepe tsohle tsa hae tsa ntoa, o ile a “retelletsa sefahleho sa hae liqhobosheaneng tsa naha ea habo,” e leng Syria. Baroma ba ne ba ‘khutliselitse ho eena nyeliso ea hae khahlanong le bona.’ Antiochus III o ile a shoa ha a ntse a leka ho utsoa tempeleng Elymaïs, Persia, ka 187 B.C.E. Ka tsela eo o ile a ‘oa’ lefung eaba o hlahlangoa ke mora oa hae Seleucus IV, eo e ileng ea e-ba morena ea latelang oa leboea.
QHOEBESHANO E TSOELA PELE
36. (a) Morena oa boroa o ile a leka ho ntšetsa pele ntoa ee joang, empa ho ile ha etsahala’ng ka eena? (b) Seleucus IV o ile a oa joang, ’me ke mang ea ileng a mo hlahlama?
36 E le morena oa boroa, Ptolemy V o ile a leka ho inkela liprofinse tse neng li lokela hore ebe li ile tsa tla ka ho eena e le seo Cleopatra a phahletsoeng ka sona, empa o ile a tšelloa chefo. O ile a hlahlangoa ke Ptolemy VI. Ho thoe’ng ka Seleucus IV? Ha a batla chelete ea ho lefa molato o boima oo Roma e neng e mo lefisa oona, o ile a roma ramatlotlo oa hae Heliodorus hore a e’o hapa maruo ao ho neng ho thoe a bolokiloe tempeleng ea Jerusalema. Kaha Heliodorus o ne a batla borena, o ile a bolaea Seleucus IV. Leha ho le joalo, Morena Eumenes oa Pergame le mor’abo Attalus ba ile ba beha Antiochus IV, mor’abo morena ea bolailoeng, boreneng.
37. (a) Antiochus IV o ile a leka ho bontša hore o matla ho feta Jehova Molimo joang? (b) Ho nyelisa ha Antiochus IV tempele ea Jerusalema ho ile ha lebisa hokae?
37 Morena e mocha oa leboea, Antiochus IV, o ile a batla ho bontša hore o matla ho feta Molimo ka ho leka ho felisa tokisetso ea Jehova ea borapeli. E le ha a nyelisa Jehova, o ile a nehela tempele ea Jerusalema ho Zeuse, kapa Jupitere. Ka December 167 B.C.E., ho ile ha hahoa aletare ea bohetene holim’a aletare e khōlō e neng e le ka lebaleng la tempele moo ho neng ho etsetsoa Jehova nyehelo ea secheso ea letsatsi le letsatsi teng. Matsatsi a leshome hamorao, ho ile ha nyeheloa sehlabelo ho Zeuse aletareng eo ea bohetene. Nyeliso ena e ile ea etsa hore Bajuda ba tsose morusu tlas’a taolo ea Bamaccabee. Antiochus IV o ile a ba loantša ka lilemo tse tharo. Ka 164 B.C.E., mohla sehopotso sa nyeliso, Judas Maccabaeus o ile a nehela tempele hape ho Jehova ’me ho ile ha thehoa mokete oa nyehelo oa Hanukkah.—Johanne 10:22.
38. Puso ea Bamaccabee e ile ea fela joang?
38 Mohlomong Bamaccabee ba ile ba etsa tumellano le Baroma ka 161 B.C.E. ’me ba theha ’muso ka 104 B.C.E. Empa khohlano pakeng tsa bona le morena oa leboea oa Syria e ile ea tsoela pele. Qetellong, Roma e ile ea bitsoa hore e tl’o namola. Molaoli oa Ntoa oa Roma Gnaeus Pompey o ile a hapa Jerusalema ka 63 B.C.E., ka mor’a ho e thibella ka likhoeli tse tharo. Ka 39 B.C.E., Senate ea Roma e ile ea khetha Heroda—eo e neng e le Moedomo—hore e be morena oa Judea. O ile a felisa puso ea Bamaccabee, eaba o hapa Jerusalema ka 37 B.C.E.
39. U ruile molemo joang ka ho hlahloba Daniele 11:1-19?
39 Ke ho hlollang hakaakang ho bona karolo ea pele ea boprofeta ba marena ana a mabeli a qhoebeshanang e phethahala ka mokhoa o qaqileng! Ka sebele, ke ho thabisang hakaakang ho hlahloba histori ea lilemo tse ka bang 500 ka mor’a hore Daniele a fuoe molaetsa oa boprofeta le ho khetholla babusi ba lutseng maemong a morena oa leboea le morena oa boroa! Leha ho le joalo, marena ana a mabeli a fetoha kamoo a tsebahalang kateng lipolotiking ha ntoa e pakeng tsa ’ona e ntse e tsoela pele ho theosa le nako ea ha Jesu Kreste a ne a le lefatšeng ho fihlela mehleng ea rōna. Ka ho bapisa liphetoho tsa histori le makolopetso a thahasellisang a senotsoeng boprofeteng bona, re tla khona ho tseba hore na marena ana a mabeli a hlōlisanang ke bo-mang.
KE ENG SEO U SE LEMOHILENG?
• Ke masika afe a mabeli a marena a matla a ileng a hlaha mebusong e busoang ke Bagerike, ’me marena aa a ile a qala ntoa efe?
• Joalokaha ho boletsoe esale pele ho Daniele 11:6, marena aa a mabeli a ile a kena ‘tokisetsong e nang le toka’ joang?
• Qhoebeshano e ile ea tsoela pele joang pakeng tsa
Seleucus II le Ptolemy III (Daniele 11:7-9)?
Antiochus III le Ptolemy IV (Daniele 11:10-12)?
Antiochus III le Ptolemy V (Daniele 11:13-16)?
• Morero oa lenyalo la Cleopatra I le Ptolemy V e ne e le ofe, ’me ke hobane’ng ha leano leo le ile la hlōleha (Daniele 11:17-19)?
• U ruile molemo joang ka ho ela hloko Daniele 11:1-19?
[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 228]
MARENA A HO DANIELE 11:5-19
Morena oa Leboea Morena oa Boroa
Daniele 11:5 Seleucus I Nicator Ptolemy I
Daniele 11:6 Antiochus II Ptolemy II
(mosali Laodice) (morali Berenice)
Daniele 11:7-9 Seleucus II Ptolemy III
Daniele 11:10-12 Antiochus III Ptolemy IV
Daniele 11:13-19 Antiochus III Ptolemy V
(morali Mohlahlami:
Cleopatra I) Ptolemy VI
Bahlahlami:
Seleucus IV le
Antiochus IV
[Setšoantšo]
Chelete ea tšepe e nang le setšoantšo sa Ptolemy II le mosali oa hae
[Setšoantšo]
Seleucus I Nicator
[Setšoantšo]
Antiochus III
[Setšoantšo]
Ptolemy VI
[Setšoantšo]
Ptolemy III le bahlahlami ba hae ba ile ba haha tempele ena ea Horus e Idfu, Egepeta e ka Holimo
[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 216, 217]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Litlotla “morena oa leboea” le “morena oa boroa” li bolela marena a ka leboea le ka boroa ho naha ea sechaba sa habo Daniele
MACEDONIA
GREECE
ASIA MINOR
ISERAELE
LIBYA
EGEPETA
ETHIOPIA
SYRIA
Babylona
ARABIA
[Setšoantšo]
Ptolemy II
[Setšoantšo]
Antiochus e Moholo
[Setšoantšo]
Letlapa le nang le melao-taelo e ileng ea ntšoa ke Antiochus e Moholo
[Setšoantšo]
Chelete ea tšepe e nang le setšoantšo sa Ptolemy V
[Setšoantšo]
Heke ea Ptolemy III, e Karnak, Egepeta
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 210]
[Setšoantšo se leqepheng la 215]
Seleucus I Nicator
[Setšoantšo se leqepheng la 218]
Ptolemy I