PINA EA 2
Lebitso la Hao ke Jehova
E Hatisitsoeng
1. Jehova Molimo,
’Mopi oa lintho tsohle,
Ho tloha khale-khale,
Esale u le teng.
Re thaba haholo
Ha re bitsoa ka uena.
Re bua ka lebitso
La hao chabeng tsohle.
(K’HORASE)
Jehova, Jehova,
Ha ho na Molimo
Ea tšoanang le uena Ntate
Bokahohleng bohle.
Ke uena ea Matla ’Ohle,
Bohle ba tla tseba.
Jehova, Jehova,
Ha ho ea tšoanang le uena.
2. U re thusa hore
Re etse thato ea hao,
Re ’ne re u mamele
Molimo oa rona.
Hobane u mosa,
Re bitsoa Paki tsa hao.
Re thabela ho bitsoa
Ka lebitso la hao.
(K’HORASE)
Jehova, Jehova,
Ha ho na Molimo
Ea tšoanang le uena Ntate
Bokahohleng bohle.
Ke uena ea Matla ’Ohle,
Bohle ba tla tseba.
Jehova, Jehova,
Ha ho ea tšoanang le uena.
(Sheba le 2 Likron. 6:14; Pes. 72:19; Esa. 42:8.)