PINA EA 3
Jehova o re fa Matla le Tšepo
E Hatisitsoeng
1. Jehova Ntate, u re file
tšepo e thabisang.
Ke tšepo e re khothatsang,
re tla’e phatlalatsa.
Empa rea tšoha ha re bona
matšoenyeho lefatšeng
’Me re ka felloa ke tšepo
eo re nang le eona.
(K’HORASE)
Jehova, u re fa
matla le tšepo
le tsohle tseo re li hlokang.
Re lula re u
tšepile kamehla
ha re bolela Ntsoe la hao.
2. Jehova, re thuse hle Ntate
hore re hopole
Hore ka linako tsohle
u n’o re jarile.
Ha re nahana ka ntho tsena,
li ka re tsosolosa
Hape tsa re matlafatsa
le ho re khothatsa.
(K’HORASE)
Jehova, u re fa
matla le tšepo
le tsohle tseo re li hlokang.
Re lula re u
tšepile kamehla
ha re bolela Ntsoe la hao.
(Sheba le Pes. 72:13, 14; Liprov. 3:5, 6, 26; Jer. 17:7.)