PINA EA 4
“Jehova ke Molisa oa Ka”
1. Jehova Molisa oa ka,
Ke tla ea moo u nkisang.
U tseba se ka pelong ea ka
Le ntho tseo ke li hlokang.
U mphomotsa moo ho thotseng,
Moo ke tla khatholoha.
U Molisa oa ka ea lerato,
Ea nkhathollang kamehla.
Molisa oa ka ea lerato,
Ea nkhathollang kamehla.
2. Tsela tsa hao lia khatholla,
Kaofela li lokile.
Ka baka la lebitso la hao,
Nthuse ke tšepahale.
Le moriting o lefifi,
Ha ke tšosoe ke letho.
U ntataisa ka lere la hao
Hobane u Motsoalle.
U ntataisa ka lere la hao
Hobane u Motsoalle.
3. Jehova Molisa oa ka,
Ke tla ea moo u nkisang.
Ke uena ea nthobang maikutlo.
U mpha seo ke se hlokang.
Ke’u tšepa ka pelo eohle
Hobane u Motsoalle.
Ke kopa u be le ’na kamehla,
Bophelo bohle ba ka.
Ke kopa u lule u nthata
Bophelo bohle ba ka.
(Sheba le Pes. 28:9; 80:1.)