PINA EA 19
Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena
E Hatisitsoeng
1. Jehova Molimo oa rona,
Ke bosiu bo halalelang.
U ile oa re bontša lerato la hao,
Bohlale, toka le matla.
Oa sireletsa batho ba hao
Ka konyana ea Paseka.
Hamorao mali a Mor’a hao a tšolloa
Ho phethahatsa boprofeta.
2. Bohobe le veine ke tsena,
Li re hopotsa Mor’a hao.
O ile a mamela ka nako tsohle
Leha ho ne ho le thata.
Re tšoara
Sehopotso sena.
Ke nako ea ho hopola
Hore lefu la
Jesu le lopolotse
Batho bohle lefung le sebeng.
3. Re bokane mona pel’a hao.
Re batla ho u rorisa
Ka lerato la hao
leo u le bontšitseng.
U fane ka Mora oa hao.
Re ikutloa re matlafetse
Ka baka la Sehopotso.
Kamehla re tla etsisa Jesu Kreste
’Me re phele ka ho sa feleng.
(Sheba le Luka 22:14-20; 1 Bakor. 11:23-26.)