PINA EA 39
Iketsetse Lebitso le Letle ho Molimo
E Hatisitsoeng
1. Bophelo bohle re mamele ’Mopi,
Re iketsetse lebitso le letle.
A re mo thabiseng, re mo sebeletse,
Re etse lintho tse lokileng.
2. Ha ho na thuso ho batla botumo
Kapa ho ratoa ke lefatše lena.
Ke ntho ea lefeela. A re iketsetseng
Bitso le letle ho Jehova.
3. Re batla hore Jah a re hopole.
Re iketsetse lebitso le letle.
Ha re tšepahala, ha a na lebala
Ketso tsa rona le ka mohla.
(Sheba le Gen. 11:4; Liprov. 22:1; Mal. 3:16; Tšen. 20:15.)