PINA EA 43
Re Leboha Jehova
E Hatisitsoeng
1. Jehova, re u leboha haholo.
U Molimo ea utloang thapelo.
Re u sebeletsa ka pelo tsohle.
Rea tseba u tla re hlokomela.
Liphoso tsa rona li totobetse,
Re kopa hore u re tšoarele.
Oa tseba hore ha rea phethahala.
Rea leboha ka ho re lopolla.
2. Re ananela mosa oa hao, Ntate.
U re atamelitse ho uena.
Re thuse hore re u sebeletse.
Hape re thuse re tšepahale.
Rea u leboha ka ho re fa matla.
Re bua le batho ka sebete.
Re thuse hore re ikokobetse,
Re u sebeletse re thabile.
(Sheba le Pes. 65:2, 4, 11; Bafil. 4:6.)