Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 October maq. 6-11
  • Ke Hobane’ng ha u Lokela ho ba Motho ea Lebohang, Hona u ka Etsa Seo Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha u Lokela ho ba Motho ea Lebohang, Hona u ka Etsa Seo Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO BA BATHO BA LEBOHANG?
  • RE KA HLAOLELA BOIKUTLO BO TEBILENG BA HO ANANELA JOANG?
  • RE KA BONTŠA JOANG HORE RE NA LE TEBOHO?
  • ‘Iponahatseng le le ba Lebohang’
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • “Le Iponahatse le le ba Lebohang”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • “Le Iponahatse le e-na Le Teboho”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • “Le Iponahatse le le ba Lebohang”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 October maq. 6-11

LA 7-13 DECEMBER 2026

PINA EA 46 Rea u Leboha, Jehova

Ke Hobane’ng ha u Lokela ho ba Motho ea Lebohang, Hona u ka Etsa Seo Joang?

“Lulang le leboha.”—BAKOL. 3:15.

NTLHA-KHOLO

Sehlooho sena se tla re thusa ho hlaolela ho ba batho ba nang le teboho le hore na re ka e bontša joang.

1. U ithuta eng phihlelong ea Mor’abo rona John? (Sheba litšoantšo.)

HA MOR’ABO rona Johna a e-na le lilemo tse 95, o ne a se a kula haholo ebile ho na le batho ba mo hlokomelang. Letsatsi le letsatsi ha motho a mo etetse kapa a mo thusitse ka tsela leha e le efe, Mor’abo rona John o ne a re, “Kea leboha.” Ka mor’a moo, o ne a ngola lebitso la motho eo bukaneng. Qetellong ea letsatsi, o ne a kopa mohlokomeli oa hae hore a mo thuse ho khumama pel’a bethe e le hore a khone ho rapela, ebe o leboha Jehova ka motho e mong le e mong ea mo bontšitseng mosa letsatsing leo. E mong oa bahlokomeli ha a bua ka Mor’abo rona John o re: “Ho sa tsotellehe bokuli ba hae bo boima, o lula a thabile a bile a khotsofetse.” Phihlelo ea Mor’abo rona John e bontša hore haeba re le batho ba lebohang, re tla thaba re be re khotsofale.

Litšoantšo: 1. Banyalani ba bacha lilemong ba etetse mor’abo rona ea holileng. ’Mè o lokisa lijo ha mor’abo rona ea holileng a ntse a bontša monna oa hae linepe. 2. Mor’abo rona ea holileng o khumame pel’a bethe ea hae, oa rapela pele a robala. O behile bukana e butsoeng betheng ’me mohlokomeli oa hae o mo shebile.

Ho ba le teboho ho etsa hore re thabe re be re khotsofale (Sheba serapa sa 1)b


2. Batho ba bangata mehleng ee ba joang?

2 Ka masoabi, re phela lefatšeng la batho ba se nang teboho. Bibele e ile ea bolela esale pele hore mehleng ea bofelo, batho e ne e tla ba ba sa leboheng. (2 Tim. 3:​1, 2) Ho ka etsahala hore batho ba bang ba mpa ba lebala ho leboha. Leha ho le joalo, ba bangata ha ba bone bohlokoa ba ho etsa joalo. Ha e le hantle, ba utloa ba tlameha ho etsetsoa ntho e ’ngoe le e ’ngoe joalokaha eka batho baa ba kolota. Boikutlo bo joalo, bo bontša hore motho o icheba boeena feela.

3. Re tl’o bua ka eng sehloohong see?

3 Barapeli ba Jehova ba lokela ho fapana le batho ba lefatše lena ba se nang teboho. Moapostola Pauluse o re: “Lulang le leboha.” (Bakol. 3:15) Kahoo, ha hoa lekana ho ba le boikutlo ba kananelo feela, re boetse re lokela ho batla litsela tsa ho bontša hore rea ananela. A re hlahlobeng lipotso tsena tse tharo: (1) Ke hobane’ng ha re lokela ho ba batho ba lebohang? (2) Re ka hlaolela boikutlo bo tebileng ba ho ananela joang? (3) Re ka bontša joang hore re na le teboho?

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO BA BATHO BA LEBOHANG?

4. Ke hobane’ng ha ho hloka teboho ho le kotsi?

4 Ho hloka teboho ho kotsi. Hangata batho ba se nang teboho ha baa thaba. Bibele e re: “Bophelo ba motho ea hlorileng bo bosula.” (Liprov. 15:15) Ka linako tse ling, re hlaheloa ke liteko tse re nyahamisang. Re ke ke ra khona ho laola liteko tseo re tobanang le tsona, empa re ka laola tsela eo re itšoarang ka eona ha re tobana le tsona. Haeba re shebana le lintho tse mpe feela bophelong ba rona, letsatsi le leng le le leng le tla ba “bosula.” Ho nka lintho ka tsela eo ho ka re hlokisa thabo, kaha ho etsa hore re se ke ra bona lintho tse molemo bophelong ba rona.

5. Ho ba le teboho ho eketsa thabo ea rona joang?

5 Ho ba le teboho ho re tsoela molemo. Ha re na le teboho, thabo ea rona e tla eketseha. Karolo e qetellang ea Liproverbia 15:15 e re: “Motho ea pelo e thabileng o lula a e-na le khotso.” Hangata motho ea lulang a ‘thabile’ o shebana le lintho tse ntle bophelong, e leng lintho tse etsang hore a be le teboho. Ka lebaka leo, lintho tse mpe tse etsahalang bophelong ba hae ho ba joalokaha eka lia nyamela. Ho bonolo hore motho ea nang le teboho a thabele bophelo.

6. Ke hobane’ng ha re ka re ho leboha ho re thusa hore re se ke ra “tšoenyeha”? (Bafilipi 4:​6, 7)

6 Bala Bafilipi 4:​6, 7. Ho leboha Jehova ha re mo rapela, ho ka re thusa hore re se ke ra “tšoenyeha.” Ke hobane’ng ha re cho joalo? Hobane ha re mo leboha, re tla nahana kamoo a re thusitseng kateng ho e-na le ho tšoenyeha ka hore na ho tla etsahala’ng nakong e tlang. Ha re ntse re nahanisisa ka kamoo a re hlokometseng kateng ho fihlela hona joale, re ba le kholiseho e tiileng ea hore o tla re hlokomela le nakong e tlang, e leng se re thusang hore re se ke ra tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang. (Mat. 6:​25-34) Hape ha re rapela Jehova ka tieo, mohlomong le ka meokho, ‘o re fa khotso’ e re thobang maikutlo le e kokobetsang ho tšoenyeha ha rona.

7. Ho ba le teboho ho re atametsa haufi le Jehova joang? (Jakobo 1:17)

7 Ho ba le teboho ho re atametsa haufi le Jehova. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo eo re nang le eona e tsoa ho Jehova. (Bala Jakobo 1:17.) O re file limpho tse ngata, ho akarelletsa tefo ea topollo le tšepo ea ho pholosoa. Hobane’ng? Ha se hobane ho e-na le ntho eo re e entseng e le hore a re fe tsona, empa o entse joalo hobane a re rata. (Bar. 3:24; Baef. 2:8) Ha re ananela mosa oo Jehova a re bontšang ’ona, re atamela haufi le eena joaloka Ntate oa rona ea lerato le Motsoalle oa rona oa hlooho ea khomo.

RE KA HLAOLELA BOIKUTLO BO TEBILENG BA HO ANANELA JOANG?

8. Re rua molemo joang ha re nahanisisa ka litlhohonolofatso tsa nakong e fetileng? (2 Bakorinthe 4:7)

8 Nahanisisa ka litlhohonolofatso tseo u bileng le tsona nakong e fetileng. Ka mohlala, na ho na le nako e ’ngoe bophelong ba hao eo u neng u tobane le teko e boima, mohlomong u lahlehetsoe ke motho eo u mo ratang, u kula haholo, kapa u hanyetsoa ka lebaka la tumelo ea hao? Ho ka etsahala hore u ile oa ipotsa oa re: ‘Ke fetile joang boemong boo?’ Empa ha u hetla morao, o ile oa hlokomela hore ha oa ka oa mamella ka matla a hao. Ho e-na le hoo, Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba hao ba ho mamella ka hore a u fe matla a eketsehileng ao u neng u a hloka. (Bala 2 Bakorinthe 4:7.) Ha u nahanisisa ka kamoo Jehova a u thusitseng kateng nakong e fetileng, u tla ba le kananelo e tebileng ka lebaka la lintho tseo a u etselitseng tsona.—Pes. 103:2.

9, 10. Ke litlhohonolofatso life tse tsoang ho Jehova tseo u li thabelang letsatsi le letsatsi? (Sheba setšoantšo.)

9 Nahanisisa ka litlhohonolofatso tseo u nang le tsona hona joale. Bibele e re: “Le lebohele lintho tsohle.” (1 Bathes. 5:18) Letsatsi le letsatsi, bala litlhohonolofatso tsa hao. U ka etsa sena hoseng e le hore u qale letsatsi la hao hantle kapa bosiu e le hore u qetelle letsatsi la hao hantle kapa ka nako leha e le efe. (Pes. 92:​1, 2) Joaloka Mor’abo rona John, eo re buileng ka eena pejana, u ka ngola lethathamo la litlhohonolofatso tseo fatše. Ke eng e ka u thusang ho etsa qeto ea hore na u tla kenyelletsa eng lethathamong leo?

10 Qala ka ho nahanisisa ka mabaka a ho leboha Jehova letsatsi le letsatsi. (Pes. 40:5) U ka nahana ka litlhohonolofatso tsa moea tseo u li thabelang, joaloka thapelo e ’ngoe le e ’ngoe eo a e mamelang, lengolo le leng le le leng leo u le balang le u khothatsang, sehlooho se seng le se seng, video kapa broadcasting bo ileng ba etsa hore u utloe hore ena ke eona ntho eo u neng u e hloka ka nako eo. (Pes. 65:2; Mat. 24:45; Bar. 15:4) Hape nahanisisa ka litlhohonolofatso tse ling tse etsang hore u thabele bophelo, joaloka botle ba letsatsi ha le likela, tatso ea lijo tse monate kapa motsoalle ea lerato ea u tsotellang. Re thabela litlhohonolofatso tsena tsohle hobane Molimo o re file ‘phefumoloho le bophelo.’ (Lik. 17:25) Ke litlhohonolofatso life tse ling tse tsoang ho Jehova tseo u ka thabelang ho li kenyelletsa lethathamong la hao kajeno?—Baef. 5:20.

Ha morali oa bo rona e mocha a ntse a bala Bibele ea hae tafoleng, o emisa hanyenyane ebe o sheba senepe sa metsoalle ea hae.

Iphe nako ea ho bala litlhohonolofatso tsa hao letsatsi le leng le le leng (Sheba serapa sa 9 le 10)c


11, 12. Ke hobane’ng ha re ananela bara le barali ba bo rona?

11 Nahana hape ka litlhohonolofatso tseo u li thabelang hobane u le karolo ea bahlanka ba Jehova ba lerato le ba momahaneng. (Pes. 133:1; Liprov. 18:24) Na mora kapa morali oa bo rona o kile a u bontša mosa ka liketso kapa ka mantsoe a khothatsang? (Liprov. 12:25; 16:24) Le liketso tse mosa tse bonahalang li le nyenyane, u ka li balella har’a litlhohonolofatso tsa hao. Nahana ka mohlala ona. Morali oa bo rona ea neng a hlokahalletsoe ke morali, o ne a thatafalloa ke ho bina lipina tsa ’Muso libokeng. O re: “Ka letsatsi le leng, morali oa bo rona ea neng a lutse ka nģ’ane o ile a mpona ha ke ntse ke lla. O ile a tla eaba o beha letsoho la hae lehetleng la ka ho fihlela re qeta ho bina pina eo. Ke ile ka utloa ke rata bara le barali beso haholo.” Ketso eo e mosa, e ka bonahalang eka e nyenyane, e ile ea etsa hore morali oa bo rona eo ea utloileng bohloko a utloe a tletse kananelo.

12 Ha re nahana ka lintho tseo Jehova a re hlohonolofalitseng ka tsona, ebang ke khale kapa hona joale, re tla ba le kananelo e tebileng. Empa joalokaha re hopolitsoe qalong ea sehlooho sena, kananelo ha ea lokela ho ba boikutlo feela boo re nang le bona, empa re lokela ho e bontša ka lipuo le ka liketso. Re ka etsa seo joang?

RE KA BONTŠA JOANG HORE RE NA LE TEBOHO?

13. Re ka bontša joang hore re na le teboho?

13 Re ka bontša joang hore re na le teboho? Nahana ka lintlha tse potolohileng mantsoe a hlahang lengolong la rona la sehlooho. Ka mor’a hore moapostola Pauluse a re khothalletse ho bontša hore re batho ba lebohang, o ile a tsoela pele ho re: “Ntho leha e le efe eo le e buang kapa eo le e etsang, le e etse ka lebitso la Morena Jesu, le lebohe Molimo Ntate le sebelisa lebitso la hae.” (Bakol. 3:​15, 17) Teboho e bontšoa ka mantsoe le ka liketso. Mona Pauluse o bua ka ho leboha Jehova. Empa Molimo oa rona oa thaba ha re boetse re leboha batho ba bang. Nahana ka litsela tse ling tseo re ka bontšang hore re na le teboho ka mantsoe le ka liketso.

14. Re ka etsa eng ho leboha batho ba bang ka mantsoe? (Sheba litšoantšo.)

14 Bua hore oa leboha. Itloaetse ho re kea leboha ha batho ba bang ba u bontša mosa le ka liketso tse nyenyane, joaloka ho u bulela lemati, ho u babatsa kapa ho u khothatsa. Ka linako tse ling, u ka ’na oa ba leboha ka ho ba ngolla molaetsa, e-mail kapa lengolo. Ka mohlala, na uena le ba lelapa la hao le ruile molemo leetong la bolisa leo baholo ba le etselitseng lona? U ka romella baholo molaetsa ho bontša hore oa ba ananela. (1 Bathes. 5:​12, 13) Nako le nako, u ka leboha basali ba baholo ka boitelo ba bona. Barali bana ba bo rona ba tela nako ea ho ba le balekane ba bona, e le hore balisa bana ba lerato ba ka khona ho thusa le ho khothatsa ba bang ka phuthehong.

Litšoantšo: Morali oa bo rona ea hlahileng setšoantšong se fetileng oa leboha. 1. O bua le bara ba bo rona ba babeli ba mo etetseng e le hore ba e’o mo khothatsa. 2. O fa mosali oa e mong oa bara ba bo rona ba neng ba mo etetse likuku le karete.

Re ka bontša batho ba bang joang hore re leboha lintho tseo ba re etsetsang tsona? (Sheba serapa sa 14)


15. Re ka tsebisa Jehova joang hore re ananela lintho tseo a re etsetsang tsona?

15 Jehova ke eena ea ka holimo-limo eo re batlang ho mo bolella hore re leboha lintho tseo a re etsetsang tsona. Re ka etsa seo joang? Ka lithapelo tse tsoang botebong ba lipelo. Hopola hore ho na le mefuta e sa tšoaneng ea lithapelo. (Baef. 6:18) Hangata ha re rapela Jehova, re mo kopa ka matla kapa re mo kopa ka tieo hore a re thuse. Re ka ’na ra kopa hore a re thuse ho mamella teko e itseng, a re fe bohlale ba ho etsa qeto e nepahetseng kapa a re tšoarele ha re entse liphoso. Empa ha re nahana ka litsela tse ngata tseo Jehova a re hlohonolofalitseng ka tsona, re tla susumelletseha ho mo leboha ha re rapela. (Pes. 95:2) Ho ka ba hantle hore ka linako tse ling re hlahlobe lithapelo tsa rona ka ho ipotsa potso ena, ‘Na ha ke rapela, ke leboha Jehova ka lintho tseo a nketsetsang tsona kapa na ke lula ke kopa lintho tseo ke li hlokang feela?’

16. Ke hobane’ng ha re lokela ho bontša teboho ka liketso?

16 Bontša teboho ka liketso. Ha motho e mong a bile mosa ho uena, batla litsela tsa ho bontša hore oa leboha. Ha u bontša ka lipuo le ka liketso hore u ananela seo batho ba bang ba u etselitseng sona, u tla ba le thabo e tlisoang ke ho fana. (Lik. 20:35) Hape u tla thusa batho ba bang hore ba ikutloe ba ananeloa ebile ba le bohlokoa. Kahoo, setsoalle sa lona se tla tiea.

17, 18. Liketso tsa rona li ka bontša joang hore re ananela seo Jehova a re etselitseng sona? (Baroma 12:1)

17 Re ka bontša ka liketso hore re ananela ka ho tebileng seo Jehova a re etselitseng sona. Kananelo ea rona e tla re susumelletsa ho batla ho mo etsetsa ho hong. Re ka fa Jehova eng? Re ka mo fa ‘’mele ea rona le bophelo ba rona joalokaha eka ke sehlabelo.’ (Bala Baroma 12:1.) Taba ena e bolela hore re tla sebelisa sohle seo re nang le sona, ho akarelletsa menahano ea rona le matla a rona ho etsa thato ea Jehova bophelo bohle ba rona. Jehova o thabisoa ke lintho life?

18 Kananelo e tsoang botebong ba lipelo tsa rona e re susumelitse hore re inehele ho Jehova le hore re kolobetsoe. Re tsoela pele ho tela nako, matla le lintho tsa rona tse bonahalang ka hohle kamoo re ka khonang tšebeletsong e halalelang ea Jehova. Ka mohlala, re etsa sohle seo re ka se khonang hore re bale Lentsoe la hae letsatsi le letsatsi le ho nahanisisa ka lona, ho bolella ba bang litaba tse monate, ho ba teng libokeng le ho nka karolo ho tsona kamehla le ho ntša monehelo e le ho tšehetsa mokhatlo oa Jehova le mosebetsi oa boboleli. (Pes. 1:​2, 3; 2 Bakor. 8:4; Baheb. 10:​24, 25; 13:15) Ha re etsa sohle seo re ka se khonang ho sebeletsa Jehova ka lipelo tsohle tsa rona, re bontša hore re batho ba ananelang ho tloha botebong ba pelo.—Bakol. 3:​23, 24.

19. Ke hobane’ng ha u ikemiselitse ho bontša hore u na le teboho?

19 Le hoja re phela lefatšeng la batho ba se nang teboho, rona re na le mabaka a ho bontša hore rea ananela. Rea tseba hore ha re na le teboho re tla thaba haholoanyane, re ke ke ra tšoenyeha haholo hape habohlokoa le ho feta ke hore re tla atamela haufi le Jehova. Haeba re nahanisisa ka lintho tseo a re etsetsang tsona hona joale le tseo a re etselitseng tsona nakong e fetileng, re tla mo ananela le ho feta. Kahoo, a re ikemisetseng ho tsoela pele ho bontša teboho ka lipuo le ka liketso, haholo-holo ho Jehova. Haeba re etsa joalo, Molimo oa rona ea nang le kananelo o tla re putsa ka litlhohonolofatso tse ngata, hona joale le nakong e tlang.—Pes. 106:1; Baheb. 11:6.

U KA RE’NG?

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho ba batho ba lebohang?

  • Re ka hlaolela boikutlo bo tebileng ba ho ananela joang?

  • Re ka bontša joang hore re na le teboho?

PINA EA 139 Ipone u le Teng Lefatšeng le Lecha

a Lebitso le fetotsoe.

b TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Tšoantšetso ea se ileng sa etsahalla Mor’abo rona John.

c TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Letsatsing leo morali oa bo rona a utloang a nyahame, o nahanisisa ka litlhohonolofatso tseo a nang le tsona, joaloka Mangolo a khothatsang.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela