PINA EA 45
Lintho Tseo ke Nahanisisang ka Tsona
E Hatisitsoeng
1. Tsohle tse ka pelong ea ka,
Tseo ke li nahanisisang,
E k’e be tse thabisang Jah,
Tse nthusang ho tšepahala.
Ha ke le har’a mathata
Ke bile ke hlobaela,
Ke tla nahana ka uena
Le ka lintho tse lokileng.
2. Ke tla lula ke nahana
Ka ntho tsohle tse hloekileng
Le ntho tsohle tse lokileng
’Me ke lule ke thabile.
Lintho tseo u li nahanang
Ke li nka li le bohlokoa.
Nthuse ho nahanisisa
Le ho rata Lentsoe la hao.
(Sheba le Pes. 49:3; 63:6; 139:17, 23; Bafil. 4:7, 8; 1 Tim. 4:15.)