PINA EA 95
Leseli Lea Eketseha
E Hatisitsoeng
1. Baprofeta ba ne ba lakalitse
Hore ba tsebe ka Mesia.
Jesu o tla pholosa batho bohle.
O se a qalile ho busa.
Moea oa Molimo o re thusitse
Ho tseba litaba tsena.
Le bara ba ’Mopi ba leholimong
Ba batla ho li utloisisa.
(K’HORASE)
Khanya e ntse e eketseha
’Me re tsamaea leseling.
Jehova o senola ’nete
’Me o tla re tataisa.
2. Jesu o khethile mohlanka oa hae.
O fana ka lijo ka nako.
Leseli le lula le eketseha,
Le ama lipelo tsa batho.
Tsela tsa rona e ba tse hlakileng
’Me re tsamaea leseling.
Jah o re file leseli la ’nete,
Re tla tsamaea tseleng ea hae.
(K’HORASE)
Khanya e ntse e eketseha
’Me re tsamaea leseling.
Jehova o senola ’nete
’Me o tla re tataisa.
(Sheba le Bar. 8:22; 1 Bakor. 2:10; 1 Pet. 1:12.)