PINA EA 104
Jehova o re fa Moea o Halalelang
E Hatisitsoeng
1. ’Musi Jehova, Ntate ea mosa,
U tseba lipelo tsa rona.
Ke uena feela ea ka re thusang.
U re tšelise ka moea oa hao.
2. Ntate, re u fosetsa hangata
Hobane re baetsalibe.
Re kopa hore u be le rona.
U re fe moea o halalelang.
3. Ha re fokola ’me re nyahame,
Moea oa hao o tla re thusa.
Re kopa u re fe moea oa hao
Hore re fumane matla hape.
(Sheba le Pes. 51:11; Joh. 14:26; Lik. 9:31.)