PINA EA 120
E-ba Bonolo Joaloka Kreste
E Hatisitsoeng
1. Jesu ke eena motho e moholo
Ho feta bohle ba kileng ba phela.
Leha Molimo a mo file matla,
O ne a lula a ikokobetsa.
2. Jesu o mema bohle ba imetsoeng.
O re o tla ba jarela mathata.
Ha ba khetha ho batla ’Muso oa Jah,
O re ho bona ba tla khatholoha.
3. Jesu o itse re bana ba motho.
Re mo mamela ka boikokobetso.
’Mopi o rata batho ba bonolo.
O ba tšepisa phelo bo sa feleng.
(Sheba le Liprov. 3:34; Mat. 5:5; 23:8; Bar. 12:16.)