PINA EA 149
Pina ea Tlholo
E Hatisitsoeng
1. Re bineleng Jah.
Lebitso la hae le leholo.
O felisitse Faro le lebotho la hae.
Re mo rorise.
Ha ho ea tšoanang le Molimo.
O bitsoa Jehova. O tla hlola kamehla.
(K’HORASE)
Jehova Ntate ea Holimo,
Ha ho na mohla o tla fetoha.
Ke uena ea tla felisa lira
’Me o tla ikhalaletsa.
2. Bonang lichaba li hanyetsa ’Musi Jehova.
Leha li le matla
Le tsona li tla hloloa.
Li tla ahloloa
Ntoeng ea hae ea Armagedone.
Bohle ba tla tseba
Lebitso la Jehova.
(K’HORASE)
Jehova Ntate ea Holimo,
Ha ho na mohla o tla fetoha.
Ke uena ea tla felisa lira
’Me o tla ikhalaletsa.
(Sheba le Pes. 2:2, 9; 92:8; Mal. 3:6; Tšen. 16:16.)