12 KALEBE
O Ile a Sebetsa ka Thata ho Tšepahalla Molimo oa Hae
NAKONG eo Moshe a neng a baleha Egepeta, banyalani ba bang ba makhoba ba Baiseraele ba ile ba e-ba le mora eo ba ileng ba mo reha Kalebe. Kalebe o ile a holela bokhobeng empa hamorao a lokolloa le Baiseraele ba bang. Ha a le lilemo tse ka bang 40, Moshe o ile a khutlela Egepeta hobane Jehova a ne a mo laetse hore a khutlele moo ho ea lokolla sechaba sa hae sa Iseraele. Ho ka etsahala hore ebe Kalebe o ile a hlolloa haholo ha a bona matla a Jehova ha a ne a otla Baegepeta ka Likotlo Tse Leshome, a arola Leoatle le Lefubelu le ha a ne a ntša Baiseraele Egepeta.
Kalebe ha aa ka a lebala liketsahalo tseo tse matlafatsang tumelo. Likhoeli tse ’maloa feela hamorao Thabeng ea Sinai, ha Baiseraele ba bangata ba ne ba khaotsa ho ba le tumelo ho Jehova ’me e-ba marabele, Kalebe eena o ile a tsoela pele a tšepahalla Jehova. Nakoana ka mor’a ketsahalo eo, Moshe o ile a fa Kalebe, Joshua le likhosana tse ling tse leshome tsa Baiseraele mosebetsi o ikhethang oa ho ea hloela Naha e Tšepisitsoeng.
Banna bao ba 12 ba ile ba e-ba sebete ’me ba ea naheng ea Kanana, ba qeta matsatsi a 40 ba ntse ba hloela metse, batho le lihlahisoa tsa naha eo. Ba ile ba khutla ba nkile tse ling tsa litholoana, ho akareletsa le lekala le leholo la morara le neng le le boima hoo le neng le jeroe ke banna ba babeli. E tlameha ebe Kalebe o ne a soetsehile ha a utloa tlaleho eo lihloela tse leshome li ileng tsa e fa Baiseraele. Bibele ha e bua ka tsona e re: “Ba ’na ba bolella Baiseraele lintho tse mpe.” Ba ile ba tletleba ka hore Bakanana ba matla haholo le hore e ne e le linatla. Ba ile ba ba ba re Bakanana e ne e le bana ba Banefilime, le hoja Banefilime ba ile ba bolaoa nakong ea Moroallo. Sechaba sohle se ile sa nyahama, hoo ba bang ba ileng ba nahana ho khetha motho e mong ho ba etella pele ho khutlela Egepeta.
Kalebe le Joshua ha baa ka ba khaotsa ho bontša tumelo ho Jehova. Ba ile ba leka ho khothatsa sechaba se neng se tšohile ka ho re: “Jehova o na le rona. Le se ke la ba tšaba.” Leha ho le joalo, seo se ile sa halefisa Baiseraele bao ba se nang tumelo haholo, hoo ba ileng ba ba ba rera ho bolaea Kalebe le Joshua ka ho ba tlepetsa ka majoe.
Jehova o ile a utloa bohloko haholo. O ne a entse sohle ho lopolla batho ba hae sechabeng se matla sa Egepeta empa hona joale tumelo ea sona e ne e se e fokola. Leha ho le joalo, Molimo o ile a bona tumelo le sebete seo Kalebe le Joshua ba ileng ba se bontša. Jehova o ile a re: “Mohlanka oa ka Kalebe o ne a fapane le ba bang ’me o ile a ’na a ntatela ka pelo eohle.” Jehova o ile a etsa qeto ea hore Baiseraele bohle ba sa kang ba bontša tumelo ho eena, ba ne ba tla shoella lefeelleng.a Kalebe le Joshua bona ba ne ba tla ba har’a Baiseraele ba fokolang bao Jehova a neng a tla ba lumella hore ba ’ne ba phele e le hore ba ka kena Naheng e Tšepisitsoeng.
Kalebe o ile a tšepahalla Jehova le hoja Baiseraele ba bang ba sa ka ba etsa joalo ebile ba batla ho mo bolaea
Ka lilemo tse 40 ha Baiseraele ba ntse ba lelera lefeelleng, Kalebe o ile a tsoela pele ho bontša tumelo le sebete ho Jehova. O ile a tšehetsa Moshe ka botšepehi. Hamorao ka mor’a lefu la Moshe, ha Jehova a ne a khetha Joshua ho etella pele batho ba hae ho tšela Noka ea Jordane ho ea kena Naheng e Tšepisitsoeng, Kalebe o ile a mo tšehetsa ka botšepehi. Leha Kalebe a se a tsofetse, o ile a bontša hore ke lesole le sebete ka hore a loantše lira tsa Molimo naheng ea Kanana.
Lilemo tse tšeletseng ka mor’a hore batho ba Molimo ba tšele Noka ea Jordane, ba ne ba se ba hapile boholo ba Naha e Tšepisitsoeng. Qetellong, e ile ea e-ba nako ea hore Kalebe a khethe hore na eena le lelapa la hae ba tla lula hokae. O ile a khetha Hebrone, hona moo lihloela tse leshome li ileng tsa re ho lula linatla le hore Baiseraele ba ke ke ba li hlola. Le hoja Kalebe a ne a le lilemo li 85, o ne a kholisehile hore Jehova o tla mo thusa. O ile a re: “Ka sebele, Jehova o tla ba le ’na ’me ke tla ba leleka feela joalokaha Jehova a tšepisitse.” Jehova o ile a feela a mo thusa. Kalebe o ile a hapa motse oo, a ba a lula ho oona. Ka mor’a moo, Bibele e re: “Eaba lintoa lia fela naheng eo.”
Lilemo tse mashome pejana, Moshe o ile a re ho Kalebe: “U latetse Jehova Molimo oa ka ka pelo eohle.” Ha ho pelaelo hore Kalebe o ile a phelela mantsoe ao ho fihlela a shoa. Re kholisehile hore lefatšeng le lecha ha Jehova a se a mo tsositse, o tla tsoela pele ho phelela mantsoe ao.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Kalebe o ile a bontša joang hore o sebete?
Etsa Lipatlisiso
1. Ke hobane’ng ha re ka re Numere 13:23 ha e feteletse litaba ha e bua ka lihlahisoa tsa Naha e Tšepisitsoeng? (w06 6/15 16 ¶1-2)
2. Na Naha e Tšepisitsoeng e ne e hlile e phalla “lebese le mahe a linotši,” joalokaha Kalebe le Joshua ba e hlalositse? (Num. 14:8; w11 3/1 15) A
Institute of Archaeology/Hebrew University © Tel Rehov Excavations
Setšoantšo A: Ntho ea letsopa e neng e boloka linotši e fumanoeng Iseraele, eo ho hakanngoang hore ke ea lilemong tsa bo-900 ho ea ho tsa bo 800 pele ho mehla ea Jesu.
3. Ha Baiseraele ba ne ba le Kadeshe ’me Moshe a roma lihloela tse 12, ba ne ba le hole hakae le Naha e Tšepisitsoeng? (w04 10/15 17 ¶11-12) B
Setšoantšo B
4. Jehova o ile a putsa Kalebe joang ka lebaka la tumelo le sebete seo a se bontšitseng? (w06 10/1 18 ¶11)
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Le hoja Kalebe a ne a e-na le tumelo ho Jehova, o ile a lokela ho lelera le Baiseraele ba neng ba se na tumelo. Leha ho le joalo, ka boikokobetso o ile a tsoela pele a tšepa Jehova. Ke maemong afe moo re ka etsisang Kalebe?
Mohlala oa Kalebe o ka re thusa joang ho hanyetsa tšusumetso ea ho “latela bongata”? (Ex. 23:2) C
Setšoantšo C
U ka etsisa sebete seo Kalebe a ileng a se bontša joang?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
U ka rata ho botsa Kalebe eng ha a se a tsositsoe?
Ithute Lintlha Tse Ling
Ithute hore na tumelo eo Kalebe a ileng a ba le eona e ile ea mo thusa joang hore a be sebete.
“Ho ba Sebete ka Lebaka la Tumelo le ho Tšaba Molimo” (w06 10/1 16-18 ¶1-12)
Ha Kalebe a le lilemo li 85, o ile a re: “Ke ile ka latela Jehova Molimo ka pelo eohle.” Ke hobane’ng ha a ile a cho joalo? (Josh. 14:8)
a Qeto ena ea Jehova e ne e sa ame Balevi kapa Baiseraele ba lilemo li 20 ho ea tlase.—Num. 14:29.