15 NAOMI LE RUTHE
Ba Ile ba Mamella Mathata Hammoho
NAOMI o ile a tobana le mathata a hanang ho fela bophelong ba hae. Ha ho ne ho e-na le tlala e mpe Iseraele, monna oa hae o ile a etsa qeto ea ho falla le lelapa la hae ho tloha Bethlehema ho ea naheng ea Moabe. Ka letsatsi le leng monna oa Naomi o ile a hlokahala, a mo siea le bara ba hae ba babeli naheng ea balichaba. Hamorao bara ba hae ba ile ba nyala banana ba Bamoabe ba neng ba sa rapele Jehova. Lilemo tse leshome hamorao, Naomi o ile a oeloa ke koluoa ha bara ba hae ba babeli ba hlokahala. Ka bobeli ba ile ba hlokahala ba se na bana. Naomi o ne a sa hlokahalloa ke monna le bara ba babeli feela empa o ne a boetse a se na litloholo.
Kaha Naomi o ne a utloa ho se na mabaka a hore a ’ne a lule Moabe, o ile a etsa qeto ea ho khutlela hae Bethlehema e leng leeto le neng le tla mo nka beke. Lingoetsi tse peli tsa hae e leng Ruthe le Orpa, li ile tsa etsa qeto ea ho tsamaea le eena ho khutlela Bethlehema. Leha ho le joalo, Naomi o ne a sa batle hore ba tlohe naheng ea habo bona le bathong ba habo bona ’me ba tsamaee le eena. Mohlomong o ile a nahana hore e tla be e le ho hloka toka ho tsamaea le bona, ho ba isa naheng ea habo ea Iseraele moo ba neng ba ka ’na ba se ke ba nyaloa le ho ba le bana. Ka sepheo se setle, o ile a phehella Ruthe le Orpa ho khutlela naheng ea habo bona le ho batsoali ba bona. Kaha Naomi o ne a le sebete, o ne a ikemiselitse ho tsamaea a le mong. Kahoo Orpa o ile a lla eaba oa khutla. Ruthe le eena o ile a lla empa a sala.
Ruthe o ile a re ho Naomi: “U se ke oa mphehella hore ke u siee kaha ke tla ea moo u eang teng ’me ke tla robala moo u robalang teng. Batho ba heno e tla ba batho ba heso ’me Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka. Ke tla shoela moo u shoelang teng ’me ke pateloe hona teng.” Mosali enoa ea tšepahalang le ea sebete o ile a etsa qeto ea ho etsa Molimo oa Naomi, Jehova, Molimo oa hae.
Basali ba babeli ba ile ba mamella mathata ka mor’a ho hlokahalloa ke batho bao ba ba ratang empa ba ile ba tšeliseha ha ba khutlela ho batho ba Jehova
Kahoo Ruthe o ile a tsamaea le Naomi ho ea Iseraele, a siea ba lelapa labo, setso sa habo le melimo ea habo ea Moabe. Ha ka bobeli ba fihla Bethlehema, basali ba bang ba ne ba maketse ha ba bona kamoo Naomi a neng a fetohile kateng. O ile a ba bolella hore o nyahame hobane Jehova o nkile sohle seo a neng a e-na le sona. Seo a ileng a se bua se ne se ka ’na sa utloisa Ruthe bohloko kaha o ne a tetse lintho tse ngata e le hore a be le Naomi. Empa ha ho bonahale eka o ile a utloa bohloko. Ho e-na le hoo, Ruthe o ile a qala ho khoahlapisa kapa ho thonaka lijo masimong e le hore a ka fumana seo eena le Naomi ba ka se jang.
Monna oa morui Boase, mora oa Rahaba, o ile a hlokomela Ruthe ha a ntse a sebetsa ka thata masimong. Monna enoa ea lokileng o ile a botsa ka eena ’me a hlokomela hore Ruthe ke motho ea sebetsang ka thata ho thusa Naomi. O ile a mo babatsa ka hore ebe o ile a tšepa hore Jehova Molimo o tla mo hlokomela hammoho le Naomi. O ile a ba a laela bahlanka ba hae hore ba se ke ba tšoenya Ruthe.
Bosiung boo, Ruthe o ile a bolella Naomi kamoo Boase a mo bontšitseng mosa kateng ’me Naomi o ile a thaba haholo. Na mohlomong o ile a nahana hore Boase a ka nyala Ruthe? Boase o ne a amana le Naomi ’me Molaong oa Molimo ho ne ho e-na le tokisetso e ikhethang bakeng sa bahlolohali ba banyenyane joaloka Ruthe. Ha mosali e ne e e-ba mohlolohali, o ne a e-ba le tokelo ea ho nyaloa ke motho e mong ea amanang haufi-ufi le monna oa hae ea shoeleng. Ka tsela eo, haeba Ruthe a ne a ka ba le mora le Boase, ngoana eo o ne a tla tsosolosa lebitso la Elimeleke monna oa Naomi lelokong la hae ’me le lefa la hae le ne le tla fetela ho ngoana eo. (Deut. 25:5, 6) Naomi o ile a hlalosetsa Ruthe seo a lokelang ho se etsa.
Ruthe o ile a lumela ho etsa seo Naomi a neng a mo bolella sona, le hoja seo a neng a se bolelloa se ne se bonahala se sa utloahale ebile se tšosa. O ile a lumela ho ea seotlong bosiu moo ka tloaelo banna ba neng ba robala teng, pel’a liqubu tsa lijo tse tl’o poloa. O ile a koaholla maoto a Boase eaba o robala pel’a ’ona. Ha Boase a tsoha, ka boikokobetso Ruthe o ile a mo hopotsa molao oa Molimo le kamoo o neng o mo ama kateng. Monna eo ea mosa o ile a hlokomela hore Ruthe o ne a tšohile. Boase o ile a babatsa Ruthe ka sebete seo a se bontšitseng le ka lerato leo a le bontšitseng ba lelapa labo le Jehova. Ka mor’a moo o ile a mo bolella hore a ka khona ho mo nyala empa pele ho moo o ne a lokela ho batlisisa hore na ehlile a ka khona.
Letsatsing le latelang Boase o ile a ea ho baholo ba Bethlehema ’me a etsa lintho tsohle ho latela molao oa Molimo. O ile a nyala Ruthe. Ka mor’a nako o ile a ba le mora. Naomi o ile a thaba ka lebaka la setloholo sa hae se setle, Obede. Lilemo hamorao ngoana enoa o ile a ba le litloholo tse ngata tse akareletsang Morena Davida le Mesia. (Mat. 1:5, 6, 16) Jehova o ile a hlohonolofatsa Naomi le Ruthe haholo ka lebaka la sebete seo ba ileng ba se bontša.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Naomi le Ruthe ba ile ba bontša sebete joang?
Etsa Lipatlisiso
1. Ke joang tokisetso eo Jehova a neng a e file Baiseraele ea ho khoahlapisa kapa ho thonaka lijo e neng e ikhetha? (ia 39 ¶23, nal.) A
Setšoantšo A
Setšoantšo A
2. Ke hobane’ng ha re ka etsa qeto ea hore Ruthe o ne a sa ea ho Boase ka sepheo sa ho kopanela liphate le eena? (ia 47 ¶17-18)
3. Ke’ng e ikhethang ka hore ebe Boase o ile a bitsa Ruthe “morali”? (Ruthe 2:8; w16.11 3)
4. Ho fapana le monna ea bitsoang ’Nyeo, Boase o ile a bontša ho hloka boithati joang ka ho lumela ho nyala Ruthe? (w23.03 14) B
Setšoantšo B
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Mohlala oa Ruthe oa ho sebetsa ka thata le ho ba le kananelo o ka re thusa joang haeba re e-na le mathata a lichelete? C
Setšoantšo C
Ha Naomi a ne a nyahame, Ruthe o ile a mo thusa ho mamella mathata. Mohlala oa Naomi o re thusa joang hore ka boikokobetso re amohele thuso ea ba bang? Re ithuta’ng ho Ruthe ka ho khothatsa ba bang?
U ka etsa’ng hape ho etsisa sebete seo Naomi le Ruthe ba ileng ba se bontša?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
U ka rata ho botsa Naomi le Ruthe eng ha ba se ba tsositsoe?
Ithute Lintlha Tse Ling
Re ka ithuta’ng ka lerato bukeng ea Ruthe, hona re ka sebelisa lithuto tseo joang bophelong?
Sebelisa pale ena ea Bibele e tsamaisanang le litšoantšo ho thusa ba lelapa la hao ho phelisa tlaleho ena.
“Ruthe ke Motsoalle ea Tšepahalang” (ijwis sehlooho sa 12-wcgr)