16 BARAKE LE DEBORA
“Ke Tla ea le Uena”
BOPHELO bo ne bo nyolosetsa Iseraele. Kaha Baiseraele ba ne ba fetohetse Jehova, o ile a lumella lira tsa bona ho ba hatella. Jehova o ne a ile a ba lemosa hore haeba ba ne ba ka mo fetohela, ba ne ba tla etsahalloa ke ntho eo. Ka nako eo, morena ea neng a busa Kanana o ne a bitsoa Jabine. Molaoli oa hae oa sesole e ne e le monna ea khopo ea bitsoang Sisera. O ne a etella pele lebotho le leholo le neng le e-na le likariki tsa ntoa tse 900 tse nang le mahare a tšepe.
Sisera le banna ba hae ba ile ba sotla Baiseraele ka lilemo tse 20 kaofela. Ho bonahala eka ha ba ne ba hlasela motse, ba ne ba tloaetse ho nka basali ba motse oo ebe baa ba beta. Ka lebaka leo batho ba ne ba lula ba tšohile, ba tšaba ho tsamaea litseleng ebile ba tšaba ho lula metseng. Ho feta moo, Baiseraele ba bangata ba ne ba sa khone ho itšireletsa hobane ba ne ba se na libetsa.
Ka nako eo, ho ne ho e-na le mosali ea sebete ea bitsoang Debora. E ne e le moprofeta oa Jehova. O ne a ahlola linyeoe tse thata tsa batho ba Jehova. Jehova o ile a mo sebelisa hore a fe monna ea bitsoang Barake litaelo kaha o ne a mo khethile hore e tle e be eena ea tla pholosa batho ba hae. U se u ka inahanela hore na Barake o ile a makala hakaakang ha a utloa hore Jehova o itse a bokelle banna ba 10 000 ebe o nyolohela le bona Thabeng ea Tabore. Debora o ile a boela a mo bolella hore Jehova o tšepisitse hore o tla hlola Sisera le lebotho la hae.
Na Barake o ne a ikhohomosa hoo a ileng a koatisoa ke hore o ne a fuoa litaelo ke mosali? Ha ho joalo. Ho bontša hore o ne a ikokobelitse, o ile a lumela ho ea Thabeng ea Tabore, a ba a re o tla ea haeba feela Debora a tsamaea le eena. Taba ea hore o ile a kopa ho tsamaea le Debora e ne e sa bontše hore o ne a sa tšepe Jehova. Hamorao ha moapostola Pauluse a thathamisa banna le basali ba neng ba e-na le tumelo e matla, o ile a kenyeletsa le Barake. (Baheb. 11:1, 2, 32) Ha e le hantle Barake o ile a bontša hore o na le tumelo ha a kopa Debora hore a tsamaee le eena hammoho le banna ba hae. O ne a tseba hore Debora ke moprofeta, kahoo ha a ne a ka tsamaea le bona o ne a tla ba fa litaelo tse eketsehileng ho tsoa ho Jehova. Ka sebete Debora o ile a lumela ho tsamaea, a re: “Ke tla ea le uena.” O ile a mo bolella hore le hoja a tla hlola ntoa o ne a ke ke a bolaea Sisera. Ha e le hantle Sisera o ne a tla bolaoa ke mosali.
Hang-hang Barake o ile a etsa seo Jehova a neng a mo laetse sona. O ile a bokella banna ba 10 000 ba sebete, a ba fa lihlomo tse fokolang tse teng ’me ba nyolohela Thabeng ea Tabore. Thaba eo e ne e le thoteng ea Jezriele ’me e ne e ka ba bolelele ba limithara tse ka bang 562 ebile e bopehile joaloka seholo kapa sekotlolo se kubutiloeng. Ha ba le moo, Debora, Barake le banna ba hae ba ne ba khona ho bona Sisera le lebotho la hae le sa tla le hole. Lebotho leo le ne le e-na le likariki tsa ntoa.
Barake o ne a tla etsa’ng? Balaoli ba bangata ba masole ba ne ba ka khetha ho ema ho fihlela Sisera le lebotho la hae le fihla pel’a thaba. Lebaka ke hore ha likariki li hloa moepa, li ne li tla tsamaea butle ’me seo se ne se tla nolofaletsa Barake le banna ba hae ho loantša Sisera le lebotho la hae. Leha ho le joalo, Barake o ne a tseba hore ntoa ke ea Jehova le hore ke eena ea neng a tla ba thusa hore ba hlole. Kahoo, o ile a mamela Debora. Jehova o ile a mo sebelisa hore a bolelle Barake hore a hlasele Sisera le lebotho la hae. Ka sebete Barake le banna ba hae ba ile ba theoha thabeng ho ea loantša lebotho leo le neng le e-na le likariki tse tšosang.
Moahloli le moprofeta oa mosali ba ile ba tlameha ho loantša molaoli ea khopo le lebotho la hae le nang le likariki tsa ntoa tse nang le mahare a tšepe
Ho motho eo e neng e le lesole ho ne ho bonahala eka ba ke ke ba hlola. Leha ho le joalo, Jehova o ile a bona sebete sa bona eaba oa ba hlohonolofatsa. O ile a ferekanya lebotho leo la Bakanana, a etsa hore ho ne pula ea litloebelele. Hang ka mor’a moo, ho ile ha e-ba le seretse se sengata thoteng ea Jezriele eaba likariki li sitoa ho tsoela pele. Masole a ile a lokela ho theoha likariking ’me a loantše Baiseraele. Likariki tseo ha lia ka tsa a tsoela molemo oa letho. Lebotho la Sisera le ile la shoa kaofela. Sisera eena o ile a fella kae?
O ile a khona ho baleha. O ile a matha qhafu-qhafung eo ho fihlela a fihla sebakeng se phahameng. O ne a amehile haholo ka ho pholosa bophelo ba hae ho e-na le ba masole a hae. Leha ho le joalo, Barake o ile a mo lelekisa. Jehova o ne a shebile ebile o ne a se a entse qeto ea hore Sisera a bolaoe.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Barake le Debora ba ile ba bontša joang hore ba sebete?
Etsa Lipatlisiso
1. Bophelo bo ne bo le joang Iseraele ha Sisera le mabotho a hae ba ne ba hateletse Baiseraele? (w15 8/1 12 ¶6)
2. Ke hobane’ng ha Debora a sa balelloe har’a baahloli ba 12 ba bileng teng Iseraele pele Samuele e e-ba moprofeta? (w86 6/1 31 ¶6-8)
3. Ke ka tsela efe Debora e neng e le “’mè Iseraele”? (Baahl. 4:4, 5; 5:7; w15 8/1 13 ¶1) A
Setšoantšo A
Setšoantšo A
4. Debora le Barake ba ne ba bolela’ng ha ba re “linaleli tsa . . . loantša Sisera” pineng eo ba ileng ba e bina? (Baahl. 5:20; w05 1/15 25 ¶5)
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Ke maemong afe moo mor’abo rona a ka etsisang Barake ka hore ka boikokobetso a amohele thuso ea morali oa bo rona ea tšepahalang? B
Setšoantšo B
Ke hobane’ng ha Debora a ne a hloka ho ba sebete e le hore a tsamaee le Barake? Rona ke maemong afe moo re hlokang sebete se tšoanang?
Re ka etsisa Barake le Debora ka litsela life tse ling?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
U ka rata ho botsa Barake le Debora eng ha ba se ba tsositsoe?
Ithute Lintlha Tse Ling
Hlokomela kamoo tlaleho ena e tiisang hore Jehova o ananela lintho tseo re mo etsetsang tsona haholo.
Mohlala oa Barake le Debora o re ruta’ng ka ho tšepa Jehova, ho ikokobetsa le ho mamela?
“Ka Tumelo, Barake o Ile a Qhalakanya Lebotho le Matla” (w03 11/15 28-31)