26 NATHANE
O Ile a Khalemela Morena
MOPROFETA Nathane o ne a le tseleng, a ea ntlong ea morena ho motsoalle oa hae Davida. E ka ’na eaba o ne a ntse a touta ha a le tseleng, a ipotsa hore na ebe ke hobane’ng ha monna enoa ea lokileng a ka etsa lintho tse mpe hakaalo. Pelenyana ho moo, Jehova o ne a ile a roma Nathane ho Davida hore a e’o mo bolella litaba tse monate tsa hore Mesia o ne a tla tsoa lelokong la hae. (2 Sam. 7:4, 12, 13) Empa lekhetlong lena Davida o ne a entse libe tse tebileng, joale Jehova o ne a batla hore Nathane a mo khalemele.
Davida o ne a nahana hore ha ho na motho ea tsebang lintho tseo a li entseng empa Jehova o ne a li bone kaofela. Kahoo Jehova o ile a li bolella Nathane. Davida o ne a entse’ng? Bosiung bo bong Davida o ne a ntse a tsamaea ka holim’a ntlo eaba o bona mosali e mong a ntse a hlapa. O ile a bona hore mosali eo o ne a le “motle haholo” eaba o roma motho hore a mo bitse. Mosali eo e ne e le Bathe-sheba ’me morena o ne a tseba hore ke mosali oa lesole la hae le tšepahalang e leng Uria oa Mohethe. Ho ntse ho le joalo, Davida o ile a robala le eena. Hamorao, Bathe-sheba o ile a bolella Davida hore o imme. Davida o ile a leka ho pata seo a se entseng. O ile a kopa Uria hore a siee masole a mang ntoeng ’me a ee lapeng a e’o ba le mosali oa hae. (Bapisa le 1 Samuele 21:5.) Uria o ile a hana, a re a ke ke a ea ha hae ho ea ja le ho noa le ho robala le mosali oa hae empa banna ba bang ba le ntoeng ba ntse ba loanela Jehova. Kahoo, Davida o ile a tla ka leqheka la hore Uria a behoe moleng o ka pele ntoeng e le hore a tle a bolaoe. Leqheka leo le ile la sebetsa. Ka mor’a hore Uria a bolaoe, Davida o ile a nyala Bathe-sheba.
Bibele e re: “Ntho eo Davida a neng a e entse e ne e le mpe haholo ho Jehova.” Kahoo, Jehova o ile a roma moprofeta Nathane hore a e’o khalemela Davida a mo bolelle hore ntho eo a e entseng e mpe haholo. Ha Nathane a le tseleng e eang ho Davida, e ka ’na eaba o ne a ipotsa hore na o tla itšoara joang ha a mo khalemela. Etsoe ha e le moo Davida a bolaile Uria, ho tseba mang hore na o ne a tla etsa’ng ka Nathane ha e le moo a tseba litaba tsa hae a bile a mo khalemela? Nathane o ne a batla ho bua le Davida ka tsela e neng e tla mo ama pelo le ka tsela e neng e tla etsa hore a bone hore na lintho tseo a li entseng li mpe hakae. Kahoo, e tlameha ebe moprofeta Nathane o ile a rapella taba ena eaba o nahana ka papiso eo a ka e sebelisang ha a bua le morena.
Nathane o ile a qoqela Davida ka banna ba babeli ba neng ba lula motseng o le mong. E mong e ne e le monna ea ruileng ea neng a e-na le linku le likhomo tse ngata. E mong e le monna ea futsanehileng ea neng a e-na le konyana e le ’ngoe feela eo a neng a e rata haholo ebile e lula le eena ka tlung. Ka letsatsi le leng, monna eo ea ruileng o ile a ba le moeti eo a neng a sa mo lebella ’me o ne a hloka nku eo a ka mo hlabelang eona. Ha aa ka a nka e ’ngoe ea linku tsa hae. Ho e-na le hoo, o ile a nka konyana ea monna ea futsanehileng a e hlaba ’me a e phehela moeti oa hae. Ha Nathane a qeta ho qoqa ka banna bao, Davida o ile a halefa haholo. A re: “Ka Jehova ea phelang, monna ea entseng ntho ena o tšoaneloa ke lefu!” O ne a halefile haholo hobane monna eo oa morui “ha aa ka a ba le qenehelo.”
Nathane o ne a lokela ho fa morena eo a neng a mo rata a bile a mo hlompha khalemelo e matla
Nathane o ne a khethile papiso eo ka bohlale hobane Davida e ne e kile ea e-ba molisa hape o ne a hloile ho hloka toka. Kahoo, ha a ne a mo joetsa sefahla-mahlo a re: “Monna eo ke uena!” E tlameha ebe Davida o ile a makala. Nathane o ile a bua ka lintho tsohle tse mpe tseo Davida a li entseng, e leng lintho tseo Jehova a li boneng kaofela. Moprofeta Nathane o ile a mo bolella hore Jehova o itse lelapeng la hae ho tla ba le lintoa le mathata ka lilemo tse ngata ka lebaka la liketso tsa hae tse mpe. Ebe Davida o ne a tla etsa’ng?
Davida o ile a re: “Ke sitetsoe Jehova.” Davida o ne a utloile bohloko bo otlang pelo a bile a soabile haholo ka lebaka la lintho tseo a li entseng. E tlameha ebe Nathane o ile a thabela ho tsebisa Davida hore Jehova o tl’o mo hauhela. O ile a re ho eena: “Jehova le eena o u tšoaretse. U ke ke oa shoa.” Leha ho le joalo, Davida o ile a hlaheloa ke litla-morao tse bohloko bophelong ba hae ka lebaka la sebe seo a se entseng le Bathe-sheba. Mora oa bona o ile a shoa. Hape lelapeng la Davida ho ile ha e-ba le lintoa le ho se tšepane ka lilemo tse ngata.
Ho sa tsotellehe mathata ana ’ohle, Davida o ile a lula a tšepahalla Jehova. O ile a ba a ngola lipina tse monate tse buang ka ho bakela libe le ho tšoareloa ke Jehova. (Pesaleme ea 32 le ea 51) Davida o ile a ba le kamano e ntle le Jehova hape. O ile a boela a mamela keletso ea moprofeta Nathane bophelo bohle ba hae. Davida o ile a shoa e le mohlanka ea tšepahalang oa Jehova. (1 Mar. 9:4) E tlameha ebe Nathane o ile a ikutloa a thabile hore ebe o ile a iteta sebete ’me a khalemela Morena Davida ka lintho tse mpe tseo a li entseng.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Nathane o ile a bontša joang hore o sebete?
Etsa Lipatlisiso
1. Nathane ke e mong oa batho ba ileng ba ngola Bibele empa ha re tsebe letho ka bophelo ba hae le ka leloko leo a tsoang ho lona. Taba ee e re ruta’ng ka eena? (w12 2/15 25 ¶2-3)
2. Uria e ne e le Mohethe. Joale ke hobane’ng ha e ne e le karolo ea lebotho la sesole la Davida? (w24.04 31)
3. Nathane o ile a profeta hore lelapeng la Davida ho ne ho tla ba le mathata le lintoa. Boprofeta boo bo ile ba phethahala joang? (it “Davida” ¶29-wcgr)
4. Nathane o ile a bontša sebete joang nakong eo Davida e neng e se e le morena ea tsofetseng? (w12 2/15 25 ¶1) A
Setšoantšo A
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Mohlala oa Nathane o re ruta’ng ka ho thusa motsoalle ea entseng phoso e kholo?
Re ka etsisa Nathane joang haeba re batla ho bua le motho ka tsela e tla mo ama pelo? B
Setšoantšo B
U ka etsisa sebete seo Nathane a ileng a se bontša ka litsela life tse ling?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
U ka rata ho botsa Nathane eng ha a se a tsositsoe?
Ithute Lintlha Tse Ling
Liketso tsa Davida li ile tsa utloisa metsoalle, ba lelapa la hae, Jehova hammoho le eena bohloko joang?
Hopola Kamoo Lerato le Leng Kateng—Ha le Batle Lithahasello Tsa Lona (1:14)
Ithute hore na ke hobane’ng ha khalemelo ea Nathane e ile ea atleha.
“Mamela ha U Khalemeloa” (Lihlooho tse inthaneteng “Tsa Bacha”)