Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wcg khao. 27 leq. 126-leq. 129
  • Ha aa ka a Koata ha a Tšoaroa Hampe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha aa ka a Koata ha a Tšoaroa Hampe
  • E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsa Lipatlisiso
  • Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
  • Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
  • Ithute Lintlha Tse Ling
  • Na U se U Kile Ua Ikutloa U le Mokhelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Ba Ile ba Loana le Meutloa Nameng ea Bona
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Davida o Ile a Bontša Mosa
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
Bala Tse Ling
E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
wcg khao. 27 leq. 126-leq. 129

27 MEFIBOSHETHE

Ha aa ka a Koata ha a Tšoaroa Hampe

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

MEFIBOSHETHE e ne e le setloholo sa Morena Saule ea neng a le matla. Ntate oa hae Jonathane e ne e le monna ea sebete le ea tšepahalang. Empa ha a le lilemo li hlano o ile a hlaheloa ke lintho tse ngata tse bohloko tse ileng tsa fetola bophelo ba hae ka tšohanyetso. Ntate-moholo oa hae Saule o ile a lemala ntoeng eaba oa ipolaea. Ntate oa hae Jonathane le eena o ile a bolaoa ntoeng eo. Ha mohlokomeli oa Mefiboshethe a utloa litaba tsena tse tšosang, o ile a mo nka a baleha ka eena a tšohile. Mefiboshethe o ile a oa eaba o lemala maoto. O ile a holofala bophelo bohle ba hae.

Mefiboshethe ha aa ka a lula a utloile bohloko ka lebaka la lintho tsena tse bohloko tse mo hlahetseng. Moiseraele e mong ea bitsoang Makire o ile a mo nka a lula le eena. Hamorao Morena Davida o ile a hopola hore o ile a tšepisa motsoalle oa hae Jonathane hore o tla hlokomela ba lelapa la hae. (1 Sam. 20:​14-17) Kahoo morena o ile a re Mefiboshethe a bitsoe.

Mefiboshethe o ne a tšaba ho ea ho Davida hobane e ne e le setloholo sa Morena Saule ea neng a le khopo. Mohlomong o ne a nahana hore Davida o tla mo bolaea. Leha ho le joalo, o ile a iteta sebete ’me a ea ho morena. Davida o ile a bua le eena ka mosa a ba a khutlisetsa lefa la ntate-moholo oa hae ho eena. O ile a re ho Mefiboshethe: “U tla ja tafoleng ea ka kamehla.” Mefiboshethe o ile a ananela lintho tsena haholo ’me o ile a botsa morena hore na ke hobane’ng ha a mo tšoara ka tsela e hlomphehang tjena le hoja eena a ne a ipona e le motho feela ea se nang thuso a bile a ipapisa le ntja e shoeleng.

Mefiboshethe o ile a holofala a sa ntse a le monyenyane haholo, a shoeloa ke batho bao a ba ratang, a qhekelloa a ba a tšoaroa ka ho hloka toka

Ka mor’a nako Mefiboshethe o ile a hlaheloa ke ntho e ’ngoe hape e utloisang bohloko. Absalome mora oa Davida o ne a batla ho bolaea Davida e le hore e tle e be morena. Kahoo Davida o ile a lokela ho baleha Jerusalema. Tsiba mohlanka oa Mefiboshethe o ile a ea ho Davida ho ea mo thusa empa a siea Mefiboshethe. Mefiboshethe o ne a ke ke a khona ho ea ho Davida, leha ho le joalo o ile a fumana tsela ea ho mo bontša hore oa mo tšepahalla le hore o utloile bohloko ka lebaka la se neng se mo etsahalla. Ha aa ka a kuta litelu tsa hae empa o ile a li tlohela li le bohlasoa, e leng ntho eo banna ba neng ba tloaetse ho e etsa ho bontša hore ba utloile bohloko. Davida o ile a qetella a hlotse Absalome eaba o khona ho khutlela Jerusalema. Empa Davida o ne a koatetse Mefiboshethe. Hobane’ng?

Tsiba o ne a etsellelitse mong’a hae Mefiboshethe. Ha a ne a il’o thusa Davida, o ile a mo bolella hore Mefiboshethe ke lehlaba-phio, a re o ne a setse Jerusalema hobane a batla hore e tle e be morena. U se u ka inahanela hore na Davida o ile a ikutloa joang. Mora oa hae o ne a sa tsoa mo tsoa tlase hammoho le motsoalle oa hae eo a mo tšepang Akitofele eo e neng e bile e le moeletsi oa hae. Mohlomong lena ke lona lebaka le neng le etsa hore a kholoe litaba tseo Tsiba a neng a mo bolella tsona. Davida o ile a laela hore Tsiba a fuoe tšimo ea Morena Saule eo Mefiboshethe a neng a e filoe e le lefa.

Ha Mefiboshethe a utloa hore Tsiba o mo etsellelitse, o ile a ikisa ho morena le hoja morena a ne a halefile e le hore a e’o mo bolella hore na hantle ho etsahetse’ng. Davida o ile a batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha Mefiboshethe a ile a sala Jerusalema. Mefiboshethe o ile a hopotsa morena hore ‘o holofetse’ a ba a mo hlalosetsa hore Tsiba o ile a mo qhekella. E tlameha ebe Davida o ile a hlokomela hore Mefiboshethe o ne a sa kuta litelu a bile a li tlohetse li le bohlasoa. Ntho ena e ne e bontša hore Mefiboshethe o ne a hloname le hore o ne a sa leke ho inkela borena ha Davida a sa ntse a le sieo. Ho sa tsotellehe seo, Davida o ile a ’na a mo halefela. Ha Mefiboshethe a ntse a hlalosa, Davida o ile a mo kena hanong a re a se ke a hlola a bua ho ea pele. Ka mor’a moo, o ile a fetola qeto eo a neng a e entse ka tšimo ea Saule hanyenyane, a re Tsiba le Mefiboshethe ba e arolelane.

Mefiboshethe o bua le Davida le banna ba hae a le litelu li bohlasoa. E mong oa basebeletsi o mo tšoere letsoho e le hore a mo tšehetse.

Ho ne ho thoe Mefiboshethe a arolelane lefa la hae le Tsiba mohlanka oa hae ea bolotsana ea neng a mo sentse lebitso ho morena. Mefiboshethe o ne a ka ’na a halefa haholo. Haeba motho a sa tšoaroe ka toka, ho ka ba bonolo hore a halefe a be a lule a le pelo e bohloko. (Deut. 19:​18, 19) Ho ka ba thata hore motho a be sebete ’me a se ke a ameha ka ho ikutloela bohloko le ka lintho tse mpe tseo batho ba bang ba mo entseng tsona empa a amehe ka lintho tsa bohlokoa joaloka ho bopa khotso. Ebe Mefiboshethe eena o ne a tla etsa joang?

O ile a fana ka karabo e neng e bontša hore na o ikokobelitse hakae: “E-re [Tsiba] a e nke kaofela hobane u khutletse ntlong ea hao ka khotso moren’a ka.” Monna eo ea neng a ikokobelitse o ne a tsotella morena eo Jehova a neng a mo khethile haholo. Ha aa ka a lumella taba ea hore ebe o ile a etselletsoa a ba a nkeloa tšimo ea hae ho mo hlokisa thabo empa o ile a tsoela pele ho sebeletsa Molimo oa hae ka botšepehi. Ha ho mohla Mefiboshethe a kileng a loana ntoeng, leha ho le joalo o ile a bontša hore o sebete ho feta banna ba bangata ba kileng ba loana.

Bala litemana tsena:

  • 2 Samuele 4:4; 9:​1-13; 16:​1-4; 19:​24-30

U ka re’ng?

Mefiboshethe o ile a bontša joang hore o sebete?

Etsa Lipatlisiso

  1. 1. Pele Mefiboshethe a tlisoa ho Davida, o ne a lula “ka tlung ea Makire.” Ke eng hape e bontšang hore Makire e ne e le motho ea tšepahalang le ea amohelang baeti? (2 Sam. 9:​3, 4; it “Makire” No. 2-wcgr)

  2. 2. Ke hobane’ng ha Mefiboshethe a ile a re o tšoana le “ntja e shoeleng”? (2 Sam. 9:8; it “Ntja” ¶5-wcgr) A

    Ntja e hlaha e noa metsi a emeng ka tseleng.

    PhotoStock-Israel/Photodisc via Getty Images

    Setšoantšo A: Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, Baiseraele ba ne ba nka lintja e le liphoofolo tse sa hloekang tse jang toti le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo li kopanang le eona

  3. 3. Re tseba eng ka Mefiboshethe e bontšang hore o ne a ke ke a batla ho inkela borena ba Davida? (w02 2/15 14 ¶11, nal.) B

    Jonathane o khumame pel’a mora oa hae e monyenyane Mefiboshethe, o behile letsoho lehetleng la hae. Ka bobeli ba bososetse ’me ba supile ho hong pejana mane.

    Setšoantšo B: Mohlomong Jonathane o ile a ruta mora oa hae hore Jehova o khethile mang hore e tle e be morena ea latelang.

  4. 4. Jehova o ile a hlohonolofatsa Mefiboshethe joang ka mor’a liketsahalo tse hlahang tlalehong ee? (it “Mefiboshethe” No. 2 ¶3-wcgr)

Nahana ka Seo u Ithutileng Sona

  • Bara le barali ba bo rona ba bangata ba sebetsana le khatello ea maikutlo le mathata a mang ao Bakreste-’moho le bona ba ka ’nang ba se ke ba a utloisisa hantle. Ba ka ithuta’ng mohlaleng oa Mefiboshethe?

  • Davida o ile a fana ka tšimo ea Mefiboshethe ka mor’a hore a utloe tlaleho e le ’ngoe feela ka eena. Ke hobane’ng ha ho se bohlale ho potlakela ho etsa qeto re se na lintlha tse felletseng? C

    Litšoantšo: Moholo o leka ho fumana lintlha kaofela pele a ka ahlola mor’abo rona e mocha. Litšoantšo tse peli tse latelang li bontša liketsahalo tsena li arohane. Moholo e mong o mametse ha baholo ba bang ba babeli ba bua hampe ka mor’abo rona e mocha, ea kenang a tatile ka Holong ea ’Muso pele liboka li qala. Hamorao moholo eo o kopana le mor’abo rona e mocha phakeng ’me mor’abo rona ea mocha o mo hlalosetsa se ileng sa etsahala pejana letsatsing leo. O ile a thusa morali oa bo rona ea holileng, a ea tšimong hape koloi ea hae e ile ea robeha.

    Setšoantšo C

  • U ka etsisa sebete seo Mefiboshethe a ileng a se bontša joang?

Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae

  • U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?

  • Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?

  • U ka rata ho botsa Mefiboshethe eng ha a se a tsositsoe?

Ithute Lintlha Tse Ling

Nahana hore na re ka etsisa Mefiboshethe joang ha re utloa eka ha rea sebetsoa ka toka.

Kamoo ba Ileng ba Jala le ho Kotula Khotso Kateng—Mefiboshethe (3:25)

Ha ngoana a utloa ekare ba bang ha ba mo rate, batsoali ba hae ba ka sebelisa tlaleho ea Mefiboshethe joang ho mo thusa?

“Na u se u Kile ua Ikutloa u le Mokhelo?” (w11 6/1 26-27)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela