45 PETROSE
“Ke Moetsalibe”
PETROSE o ne a sebetsa ka thata mosebetsing oa hae oa ho tšoasa litlhapi ’me o ne a sebetsa hammoho le litho tse ling tsa lelapa la hae. O ne a le sebete. Hangata ha ho ne ho e-na le tlhoko, o ne a potlakela ho bua le ho etsa se hlokahalang. Ka letsatsi le leng, abuti oa hae Andrease o ile a ea ho eena a thabile, a re: “Re fumane Mesia.” Hang-hang Petrose o ile a ea ho Jesu ’me hamorao ea e-ba e mong oa balateli ba hae.
Likhoeli hamorao, Jesu o ile a ea Kapernauma, moo Petrose a neng a lula teng. Petrose o ne a qetile bosiu kaofela a ntse a leka ho tšoasa litlhapi, empa a hamela letanteng. Jesu o ile a kena ka sekepeng sa Petrose a mo bolella hore ba ee moo metsi a tebileng ’me a lahlele matlooa ka metsing, e le hore ba ka tšoasa litlhapi. Hangata ha e le motšehare litlhapi ha li fumanehe, kahoo Petrose o ne a sa lumele hore ho na le litlhapi tseo ba ka li tšoasang. O ile a re: “Re sehlile bosiu bohle empa ha rea tšoasa letho.” Ho ntse ho le joalo, o ile a mamela Jesu. Ho e-s’o ee kae, matlooa a ile a qala ho ba boima ka lebaka la litlhapi tse ngata hoo sekepe se seng se ileng sa tla ho tla ba thusa. Empa likepe tseo ka bobeli li ile tsa batla li teba. Ha Petrose a bona seo Jesu a se entseng o ile a tšoha haholo, hoo a ileng a itihela fatše ka mangole ka pel’a Jesu ’me a re: “Morena, tloha ho ’na hobane ke moetsalibe.” Petrose o ile a ikutloa a sa tšoanelehe ho ba pel’a Jesu, Mora oa Molimo, ea neng a e-na le matla a ho etsa mehlolo. Jesu o ile a re ho eena: “U se ke oa tšoha. Ho tloha hona joale, u tla tšoasa batho.”
Jesu o ile a bona hore Petrose ke motho ea molemo, ’me ha nako e ntse e ea o ile a mo etsa e mong oa baapostola ba hae ba 12. Petrose o ile a bontša ka litsela tse ngata hore o sebete. Ka mohlala, ha Jesu a ne a bua lintho tse ba makatsang ’me baapostola ba hae ba bang ba tšaba ho mo botsa hore na o bolela’ng, Petrose eena o ne a sa tšabe ho mo kopa hore a ba hlalosetse hore na o bolela’ng. Hape ha Jesu a ne a tsamaea holim’a metsi, ke Petrose ea ileng a ba le sebete sa ho batla hore le eena a tsamaee holim’a metsi.
Hangata Petrose o ne a bua a sa nahana, kahoo o ne a hloka ho ba sebete e le hore a amohele khalemelo le hore a se ke a nyahama
Petrose o ile a bontša ka tsela e ’ngoe hape hore o sebete. Ho fapana le batho ba bangata, o ne a sa tšabe ho amohela liphoso tsa hae, a bile a ikemiselitse ho etsa liphetoho. O ile a bontša mofuta ona oa sebete ka makhetlo a mangata. Ka mohlala, ha Jesu a ne a bua ka lefu la hae, ka phoso Petrose o ile a mo khalemela a re: “Ikhauhele, Morena.” Jesu o ile a mo khalemela ka matla a mo bolella hore o bua joaloka Satane, kaha o re a etse ntho e khahlanong le thato ea Molimo. Ka boikokobetso, Petrose o ile a amohela khalemelo eo.
Bosiung ba ho qetela pele Jesu a bolaoa, o ne a batla ho ruta baapostola ba hae boikokobetso. Kahoo, o ile a ba hlatsoa maoto joalokaha eka ke mosebeletsi. Petrose o ile a re ho eena: “Ha se uena ea ka ntlhatsoang maoto.” Jesu o ile a mo khalemela ka matla. Ka mor’a hore a mo khalemele, Petrose o ile a bua ntho e ’ngoe hape eo Jesu a ileng a lokela ho mo khalemella eona. O ile a re Jesu a se ke a mo hlatsoa maoto feela empa a mo hlatsoe le matsoho le hlooho. Hamorao, Jesu o ile a ba bolella hore kaofela ha bona ba ne ba tla mo lahla. Empa Petrose o ile a tsitlella hore le haeba baapostola ba bang kaofela ba ka mo lahla, eena a ke ke a mo lahla lekhale! Jesu o ile a mo bolella hore o ne a tla mo latola ka makhetlo a mararo bosiung boo.
Ka mor’a lihora tse seng kae, masole a ile a fihla eaba a tlama Jesu aa mo tšoara, a ba a mo isa ntlong ea moprista ea phahameng. Ka sebete, Petrose o ile a ba latela a le hojana. Ha ba le ntlong ea moprista ea phahameng, Jesu o ile a tšoaroa hampe a ba a ahloleloa ntho eo a sa e etsang. Petrose o ne a le lebaleng la ntlo ea moprista ea phahameng. Ha a le moo, batho ba bang ba ile ba re ke e mong oa balateli ba Jesu. Empa joalokaha Jesu a ne a boletse, Petrose o ile a mo latola ka makhetlo a mararo.
Ka eona nako eo, Jesu o ile a hlaha a tsoa ka tlung ea moprista ea phahameng eaba o kopanya mahlo le Petrose. Petrose o ile a sulafalloa, a tloha lebaleng eaba “o tsoela ka ntle o lla habohloko.” Lihora ka mor’a moo, Morena oa hae eo a mo ratang o ile a bolaoa ka sehloho. E tlameha ebe letsatsing leo Petrose o ile a utloa bohloko boo a e-s’o ka a bo utloa bophelo bohle ba hae. Leha ho le joalo, ha aa ka a lumella phoso ea hae ho mo nyahamisa. O ile a ikemisetsa ho mamella. O ile a etsa’ng ka mor’a moo? O ile a tsoela-pele ho sebeletsa Jehova le ho kopana le baapostola ba bang. Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o ile a hlaha ho Petrose moo a le mong. Bibele ha e re bolelle hore na Kreste o ile a re’ng ho Petrose, empa rea tseba hore Petrose o ne a matlafatse a bile a imolohile hobane Jesu o ne a mo tšoaretse.
Libeke hamorao, ha Jesu a kopana le baapostola ba hae Leoatleng la Galilea, o ile a fa Petrose mpho e babatsehang. Feela joalokaha Petrose a ile a mo latola ka makhetlo a mararo, Jesu o ile a mo fa menyetla e meraro ea ho tiisa hore oa mo rata. Ka mor’a moo, Jesu o ile a mo fa mosebetsi oa bohlokoa, o ile a re ho eena: “Fepa linku tsa ka tse nyenyane.” Khaolong ea 49 re tla bona hore Petrose o ile a mamela Jesu a ba a tsoela pele a le sebete bophelo bohle ba hae.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Khaolo ee e re ruta hore Petrose o ile a bontša joang hore o sebete?
Etsa Lipatlisiso
1. Mehleng ea Bibele mosebetsi oa ho tšoasa litlhapi o ne o akarelletsa eng? (it “Ho Tsoma le ho Tšoasa Litlhapi” ¶6-7-wcgr) A
Setšoantšo A
2. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a reha Simone Kefase (Petrose)? (Joh. 1:42, w24.06 28 ¶11)
3. Ha Jesu a ne a memela Petrose le Andrease hore ebe “batšoasi ba batho” o ne a bolela’ng? (Mat. 4:18-20; w16.05 10 ¶3-4) B
Setšoantšo B
4. Pele Jesu a khutlela leholimong, o ile a botsa Petrose, a re: “Na u nthata ho feta lintho tsee?” Jesu o ne a bolela’ng? (Joh. 21:15, w17.05 22 ¶2)
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
U ka ithuta’ng mohlaleng oa Petrose ka ho sebeletsa Jehova u sa khaotse le haeba u ntse u loantša bofokoli bo hanang ho ea moriting? C
Setšoantšo C
U ka rua molemo joang ha u nahana ka tsela eo Jehova le Jesu ba ileng ba tšoarela Petrose ka bolokolohi ka eona?
U ka etsisa sebete seo Petrose a se bontšitseng tlalehong ee joang?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
U ithutile’ng ka Petrose tlalehong ee e etsang hore u thabele hore ebe o khethetsoe ho ea busa le Kreste leholimong?
Ithute Lintlha Tse Ling
Batsoali ba ka sebelisa mohlala oa Petrose joang ha ba ruta bana ba bona ka mohau oa Jehova?
Hlokomela kamoo Petrose a ileng a lula a tšepahala kateng le ha ba bang ba ne ba tlohela Jesu.