Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wcg khao. 44 leq. 200-leq. 203
  • ‘Ha ho e Moholo ho mo Feta’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ha ho e Moholo ho mo Feta’
  • E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsa Lipatlisiso
  • Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
  • Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
  • Ithute Lintlha Tse Ling
  • Johanne Mokolobetsi e ne e le Mang?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • O Ile a Bontša Sebete Linakong Tsa Mathata
    E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsena
    Lenaneo la Kopano ea Potoloho ea 2025-2026 ka Molebeli oa Potoloho
  • Ithute Mantsoeng a ho Qetela a Banna ba Tšepahalang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
Bala Tse Ling
E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
wcg khao. 44 leq. 200-leq. 203

44 JOHANNE MOKOLOBETSI

‘Ha ho e Moholo ho mo Feta’

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

E NE e se e le lilemo tse ngata Jehova a sa romele baprofeta hore ba tl’o khalemela sechaba sa hae. Empa Molimo o ile a romela monna ea bitsoang Johanne hore a tl’o bua le sechaba. O ne a lula a le mong lefeelleng la Judea, lehoatateng le tletseng majoe moo ho neng ho e-na le linoha, liphepheng, liphoofolo tse kholo tse kotsi le linokoane. Johanne o ne a sa tšabe ho lula moo ebile o ne a e-na le sebete sa ho bolella batho molaetsa o matla o tsoang ho Jehova.

E tlameha ebe batsoali ba Johanne, e leng Zakaria le Elizabetha, ba ile ba mo bolella hore na lengeloi la Molimo le ile la re’ng ka eena. Kahoo, ha ho pelaelo hore Johanne o ne a utloisisa hore e tl’o ba moprofeta ea chesehang joaloka Elia, e be Monazari joaloka Samuele, e boele e be motho ea tla lokisa tsela bakeng sa motho ea moholo ho eena. Ha Johanne a le lilemo li 30, a ka be a ile a khetha ho ba moprista joaloka ntate oa hae. Ho e-na le hoo, o ile a qala ho thusa batho hore ba bake. E ile ea e-ba “motho ea hoeletsang lefeelleng.” O ile a boela a paka ka “’Muso oa maholimo” ka cheseho, hoo batho ba bangata ba ileng ba tloha metseng ea bona ho tla mo mamela. O ne a kolobetsa batho ba baketseng libe tsa bona ka metsi joalokaha a ne a laetsoe ho tsoa leholimong. Ka sebete, o ile a boela a phatlalatsa kahlolo ea Jehova le ho senola hore baeta-pele ba bolumeli ba kang Basaduse le Bafarisi ke baikaketsi.

Ka sebete, Johanne Mokolobetsi o khalemela sehlopha sa Basaduse le Bafarisi se ikhohomosang ha a ntse a eme Nokeng ea Jordane. Batho ba bang ho akarelletsa le ba qetang ho kolobetsoa ba haufinyane, ba shebile se etsahalang.

Johanne o ne a sa utloe eka ke oa bohlokoa ho feta batho ba bang hobane a fuoe kabelo ena e khethehileng. Ho e-na le hoo, ka boikokobetso o ile a phatlalatsa hore o mpa feela a lokisa tsela bakeng sa motho e moholo ho mo feta, ea neng a tla tla ka mor’a hae. Johanne o ile a ba a re ha a tšoanelehe ho fasolla marapo a lieta tsa motho eo. Ha Johanne a kolobetsa Jesu, o ile a utloa lentsoe la Jehova le re: “Enoa ke Mora oa ka eo ke mo ratang, ea nkhahlisang.” Hamorao ka mor’a hore Satane a leke Jesu, Johanne o ile a re: “Bonang Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše.”

Ka boikokobetso, Johanne o ile a khothalletsa balateli ba hae hore ba latele Jesu. Ba bangata ba ile ba etsa seo, ho akarelletsa le Andrease ngoan’abo Petrose, mohlomong le Johanne mora oa Zebedea. Hamorao ka bobeli e ile ea e-ba baapostola ba Kreste. Ka nako e itseng, Jesu le Johanne ba ne ba etsa mosebetsi o tšoanang, ka bobeli ba ne ba thusa batho hore ba kolobetsoe ho bontša hore ba bakile. Ha Johanne a bolelloa hore barutuoa ba Jesu ba kolobetsa batho ba bangata ho mo feta, Johanne ha aa ka a koata. Ho e-na le hoo, o ile a ikokobetsa ’me a re: “Mosebetsi oa hae o tla ’ne o eketsehe ha oa ka o fokotseha.”

Baeta-pele ba bolumeli le babusi ba matla ba ile ba khopisoa ke molaetsa oa Johanne, empa batho ba neng ba emetse Mesia ba ile ba o thabela

Ka sebete, Johanne o ile a khalemela banna ba matla ka molaetsa oa hae. Heroda Antipase, e leng ’musi ea neng a re o sokolohetse bolumeling ba Sejuda ka botšepehi, o ne a robile molao ka hore a nyale Herodiase, mosali oa ngoan’abo. Johanne o ile a iteta sebete ’me a mo khalemela ka boitšoaro boo. Kahoo, Heroda o ile a mo koalla teronkong, empa Herodiase o ne a sa khotsofala. O ne a batla hore Johanne a bolaoe.

Ha Johanne a le teronkong, o ne a hloka ho khothatsoa. Kahoo, o ile a roma barutuoa ba hae ba babeli hore ba ee ho Jesu ba il’o mo botsa hore ‘na ke eena Ea Tlang kapa ba lebelle e mong.’ Jesu o ile a ba araba ka litaba tse thabisang, a re: “Hona joale ba foufetseng baa bona, . . . ba sa utloeng litsebeng baa utloa le bafu ba ntse ba tsosoa.” Le hoja Johanne e ne e le moprofeta joaloka Elia, Jehova o ne a sa mo fa matla a ho etsa mehlolo. Joale ha a le teronkong e tlameha ebe o ile a tšelisoa ke ho tseba hore o entse mosebetsi o motle oa ho lokisa tsela bakeng sa Jesu, eo hona joale a neng a se a etsa mehlolo.

Leha ho le joalo, ho e-s’o ee kae, Herodiase o ile a fumana mokhoa oa hore Johanne a bolaoe. Morali oa hae o ile a tantša ka pel’a Heroda, eaba Heroda o thaba haholo hoo a ileng a re o tla mo putsa ka ho mo fa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang. Herodiase o ile a re morali oa hae a kope hlooho ea Johanne Mokolobetsi. Heroda o ile a sareloa haholo ha a utloa kopo ena, empa o ile a bolaea Johanne hobane ha aa ka a ba le sebete sa ho hana. Johanne o ile a lula a e-na le sebete ho fihlela lefung.

Jesu o ile a re ka Johanne: “Kea le bolella, har’a bohle ba kileng ba phela, ha ho e moholo ho Johanne.” Ha ho na motho ea sa phethahalang, esita le baprofeta ba kang Moshe kapa Elia, ea ileng a ba le tokelo ea ho ba motho eo ho builoeng ka eena esale pele hore e tla ba “motho ea hoeletsang lefeelleng” le ea neng a tla lokisa tsela bakeng sa Mesia. Sebete seo Johanne a ileng a se bontša se matlafatsa Bakreste le kajeno.

Bala litemana tsena:

  • Matheu 3:​1-17

  • Mareka 6:​14-29

  • Luka 7:​18-28

  • Johanne 1:​6-8, 15, 19-37; 3:​25-30

U ka re’ng?

Johanne Mokolobetsi o ile a bontša joang hore o sebete?

Etsa Lipatlisiso

  1. 1. Johanne Mokolobetsi le Jesu ba ne ba amana joang? (w10 9/1 15 ¶4-6)

  2. 2. Rahistori Flavius Josephus ea phetseng mehleng ea baapostola, o ile a re’ng e neng e bontša hore Johanne Mokolobetsi e ne e le motho oa sebele? (mrt sehlooho sa 14) A

    Setšoantšo A: Chelete ea tšepe e entsoeng ke Heroda Antipase ka selemo sa 30 mehleng ea baapostola. Mongolo o cheleteng eo o re: “Heroda ’Musi oa Setereke”

  3. 3. Ke ka tsela efe Johanne a ileng a tsamaea “ka moea le matla a tšoanang le a Elia”? (Luka 1:17; it “Moea” ¶60-wcgr) B

    Litšoantšo: 1. Johanne Mokolobetsi o shebile pele ka kholiseho. 2. Ka sebete, Elia o bitsa mollo o tsoang leholimong, Thabeng ea Karmele.

    Setšoantšo B

  4. 4. Ke eng e bontšang hore Johanne ha aa ka a tsosetsoa ho ea phela leholimong? (Mat. 11:11; ijwbq sehlooho sa 178 ¶4)

Nahana ka Seo u Ithutileng Sona

  • Le hoja Johanne a ile a phethahatsa boprofeta le ho lokisa tsela bakeng sa Mesia, o ile a lula a ikokobelitse. (Joh. 1:​26, 27) Re ka ithuta eng mohlaleng oa hae?

  • Johanne o ne a phela bophelo bo itekanetseng a bile a phathahane ka ho etsa thato ea Molimo. (Mat. 3:4) Ke eng e ka re thusang ho phela bophelo bo itekanetseng mehleng ee? C

    Litšoantšo: Banyalani ba bacha ba buisana ka hore na ba hloka ho reka koloi. 1. Ba etsa lipatlisiso k’homphieutheng ’me ba buisana ka tsona. 2. Hamorao ba rapela hammoho, ebile Bibele e butsoeng e tafoleng ka pel’a bona.

    Setšoantšo C

  • U ka etsisa sebete seo Johanne Mokolobetsi a ileng a se bontša joang?

Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae

  • U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?

  • Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?

  • U ka rata ho botsa Johanne Mokolobetsi eng ha a se a tsositsoe?

Ithute Lintlha Tse Ling

Ithute kamoo Johanne a ileng a lula a thabile kateng ha a ntse a mamelletse mathata.

“Johanne Mokolobetsi Ke Mohlala o ka re Thusang Hore re Lule re Thabile” (w19.08 29-31)

Mohlala oa Johanne o ka re thusa joang hore re mamelle ha re hlorisoa, ha re e-na le mathata a lichelete le ha re sa fuoe likabelo tseo re li batlang?

Ithute Mohlaleng oa Bona—Johanne Mokolobetsi (6:58)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela