50 SAULE OA TARSASE
O Ile a Fetola Bophelo ba Hae
QALONG, Saule oa Tarsase ha aa ka a ikoahlaela hore ebe o ile a tšehetsa ho bolaoa ha Setefane.a Ha e le hantle, o ile a etsa lintho tse mpe le ho feta ka mor’a moo. Kaha o ne a lumela hore bolumeli ba Bajuda ke bona bo nepahetseng, o ile “a ’na a hlorisa barutuoa ba Morena [Jerusalema le ho] batla ho ba bolaea.” O ile a ba a etsa hore banna le basali ba bangata ba se nang molato ba kenngoe teronkong. Ha Bakreste ba ne ba isitsoe ka pel’a lekhotla, Saule o ne a tšehetsa hore ba bolaoe. Ka mor’a moo, o ile a kena letšolong la ho hlorisa Bakreste metseng eohle. Ka lebaka leo Bakreste ba bangata ba ile ba baleha e le hore ba pholohe. Leha ho le joalo, Saule o ne a ntse a sa khotsofala. O ile a kopa moprista ea phahameng hore a mo fe mangolo a mo lumellang hore a il’o hlorisa Bakreste ba Damaseka.
Hang hoba a fumane mangolo ao, Saule le e meng ea metsoalle ea hae ba ile ba ea toropong e ka leboea e lehoatateng. O ne a sa tsebe hore Jesu oa phela ’me o ka letsohong le letona la Ntate oa hae leholimong. Jehova le Mora oa hae ba ne ba tseba lintho tsohle ka Saule. Ntho e makatsang ke hore ba ile ba bona hore Saule o na le makhabane a matle le hore a ka fetoha. Ha Saule le metsoalle ea hae ba le haufi le ho fihla Damaseka, ka tšohanyetso ba ile ba pota-potoa ke “khanya e fetang ea letsatsi.” Saule o ile a oela fatše eaba oa foufala.
O ile a utloa lentsoe le reng: “Saule, Saule, ekaba u ntlhorisetsa’ng?” Lentsoe leo le ile la khalemella Saule ho itšoara joaloka poho e manganga e itematsang ka ho raha thupa eo mong’a eona a lekang ho e tataisa ka eona. Saule o ile a re: “U mang Morena?” E tlameha ebe o ile a utloa bohloko haholo ha lentsoe leo le re: “Ke ’na Jesu eo u mo hlorisang.” Jesu o ile a mo laela hore a eme eaba oa mo bolella hore na o batla a etseng. O ne a lokela ho paka ka eena le ho tiisetsa batho hore lintho tseo Jesu a ba rutileng tsona ke ’nete. Kahoo, Saule o ile a fuoa mosebetsi oa ho thusa batho ho utloisisa ’nete ka Jesu le ka litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo.
Ke’ng e ileng ea etsa hore motho ea neng a hanyetsa Jesu le balateli ba hae ka mabifi, a fetohe moevangeli ea chesehang oa Jesu?
Ka mor’a ho utloa lintho tsohle tseo Jesu a ileng a mo bolella tsona, Saule o ile a hlokomela hore na o ne a ikhohomositse hakae le hore na o ne a le khopo hakae, a ba a hlokomela hore o lokela ho fetoha. Kaha o ne a se a foufetse, banna bao a neng a tsamaea le bona ba ile ba lokela ho mo tataisa ho ea Damaseka, moo a ileng a emela Mokreste e mong hore a tle ho eena. O ile a itima lijo ka matsatsi a mararo, ho bontša hore o utloile bohloko haholo ka lebaka la lintho tseo a ileng a li etsa. Ha ho potang hore o ile a rapela Jehova ka nako e telele. Saule o ne a se a tseba hore o ne a hlorisa Mora ea ratoang oa Molimo. Jesu o ile a roma Mokreste e mong ea bitsoang Ananiase ho eena. Le hoja qalong, Ananiase a ne a tšaba ho ea, o ile a ea eaba o beha Saule matsoho. Ka mor’a moo, “lintho tse kang makhekhephu tsa tloha mahlong a Saule.” O ile a boela a bona. O ne a se a fetohile, e se e le motho ea ikokobelitseng haholoanyane le ea bohlale ho feta pele, ’me o ile “a kolobetsoa.”
Hang ka mor’a hore Saule ebe Mokreste o ile a qalella ho bolela. Ho e-na le ho khutlela Jerusalema, o ile a etsa ntho eo e ka ’nang eaba e ne e le thata haholo bakeng sa hae. O ile a ea matlong a thapelo a Damaseka moo e ka ’nang eaba batho ba ne ba tseba hore o ne a hlorisa balateli ba Jesu. E tlameha ebe o ile a rapella ho ba le sebete. Nahana feela hore na batho ba ne ba maketse hakae ha a ba bolella hore nako ena kaofela o ne a fositse le hore e se e le Mokreste. Leha ho le joalo, ha aa ka a fella moo. “Tsebo ea Saule ea ho ruta [e ile] ea ’na ea ntlafala. O ne a hlola Bajuda ba lulang Damaseka ka litaba ha a ntse a paka ka ho hlaka hore Jesu ke Kreste.”
Ka nako e ’ngoe ha Saule a ntse a le Damaseka, o ile a ea Arabia, eo e ka ’nang eaba ke lehoatata la Siria. Bibele ha e re bolelle hore na ke hobane’ng ha a ile a ea moo, empa e ka ’na eaba o ne a batla ho ba mong e le hore a ka rapela Jehova le ho nahanisisa ka lintho tseo Jesu a mo boleletseng tsona haesita le mosebetsi o mocha oo a neng a e-na le oona. Saule ha aa ka a khaotsa ho ithuta Mangolo le ho nahanisisa ka oona. Kannete o ile a fetola tsela eo a nahanang ka eona. Hamorao, o ile a khothalletsa Bakreste ba Roma hore le bona ba etse ntho e tšoanang.—Bar. 12:2.
Ha ho mohla Saule a ileng a lebala lintho tse mpe tseo a li entseng nakong e fetileng. Lilemo tse ngata hamorao, o ile a re: “Ke ne ke nyefola Molimo, ke hlorisa batho ba hae ebile ke ikhohomosa.” (1 Tim. 1:13) O ile a ikoahlaela lefu la Setefane haholo. (Lik. 22:19-21) Leha ho le joalo, Saule o ne a tseba hore Jehova le Jesu ba mo tšoaretse le hore baa mo hlohonolofatsa.
Saule o ile a lula Damaseka lilemo tse ka bang tharo ho fihlela a lokela ho baleha hobane Bajuda ba ne ba batla ho mo bolaea. Bakreste-’moho le eena ba ile ba mo ntša ka lesoba le lerakong bosiu, ba mo theolela fatše ba mo kentse ka basketeng, eaba o ea Jerusalema. Lilemo tse tharo tseo a li qetileng Damaseka e ne e le qalo feela ea bophelo ba hae e le Mokreste, o ne a ntse a e-na le mosebetsi o mongata o larileng ka pel’a hae.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Saule oa Tarsase o ile a bontša joang hore o sebete karolong ee ea bophelo ba hae?
Etsa Lipatlisiso
1. Ke hobane’ng ha Saule a ne a ka re motse oa habo oa Tarsase oa tsebahala? (Lik. 21:39; w99 5/15 30 ¶1) A
Todd Bolen/BiblePlaces.com
Setšoantšo A: Ho ntse ho e-na le mesaletsa ea motse oa boholo-holo oa Tarsase
2. Ke hobane’ng ha re ka re Saule o ne a tseba ka setso sa Bajuda, Bagerike le Baroma? (bt 62, lebokose ¶1-3)
3. Saule o ne a bolela’ng ho 1 Bakorinthe 15:8? (w22.09 27)
4. Ke eng e bontšang hore lintho tseo Luka a li buileng ho Liketso 9:11, 24, 25 ke ’nete? (g03 2/8 28-31) B
Photo by ROLOC Color Slides
Setšoantšo B: Keiti e bitsoang Bab-Sharqi e qetellong ea seterata se bitsoang Tsela e Otlolohileng, se Damaseka
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Ka boikokobetso, Saule o ile a amohela thuso e tsoang ho Ananiase le Bakreste ba bang. (Lik. 9:17, 18; Bakol. 4:10, 11) Ke maemong afe ao re ka ’nang ra hloka ho amohela thuso e tsoang ho batho ba bang?
Saule ha aa ka a lumella liphoso tseo a li entseng nakong e fetileng kapa lintho tseo a li finyeletseng ho mo sitisa ho sebeletsa Jehova. (Bafil. 3:4-8; 1 Tim. 1:12-16) Re ka mo etsisa joang? C
Setšoantšo C
U ka etsisa sebete seo Saule a se bontšitseng khaolong ee ka litsela life tse ling?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
U ithutile’ng ka Saule khaolong ee e etsang hore u thabele hore ebe o khethetsoe ho ea busa le Kreste leholimong?
Ithute Lintlha Tse Ling
Shebella video e latelang e bontšang monna eo qalong joaloka Saule, a neng a hlorisa Lipaki Tsa Jehova ’me u hlokomele kamoo a ileng a fetoha ka ho feletseng kateng.
Mohlala oa Saule o ka re thusa joang ho ba le kemiso e ntle ea ho ithuta Bibele, ho rata batho ba bang le ho ikokobetsa?
“Hatela Pele Moeeng ka ho Latela Mohlala oa Pauluse” (w08 5/15 21-25)
a Hamorao Saule o ile a bitsoa Pauluse, empa khaolong ena re tla mo bitsa “Saule.”