49 PETROSE
E Ile ea E-ba Lefika
HA JESU a kopana le Simone, o ile a mo fa lebitso le lecha, a re ho eena: “U Simone mora oa Johanne. U tla bitsoa Kefase.” Lebitso “Kefase” kapa “Petrose” ka Segerike le bolela “Lefika.” Ke hobane’ng ha Jesu a ile a mo fa lebitso lee? Lefika ke ntho e tiileng, e thata ’me le ka sebelisoa e le thepa ea ho haha. Ho bonahala eka Jesu o ne a re motsoalle enoa oa hae, o ne a tl’o ba joaloka lefika.
Na Petrose o ile a phelela lebitso leo? Joalokaha re bone Khaolong ea 45, ka linako tse ling Petrose o ne a haelloa ke tumelo, a bile a etsa liqeto tse booatla hobane a tšohile. Empa Jesu ha aa ka a lahla tšepo ka motsoalle enoa oa hae. O ne a kholisehile hore ha nako e ntse e e-ea, Petrose o tla ba sebete. Na Jesu o ne a nepile?
Ka mor’a hore Kreste a bolaoe a be a tsosoe, o ile a fa baapostola ba hae mosebetsi oa bohlokoa oa ho bolela litaba tse monate. Petrose o ne a labalabela ho etsa mosebetsi ona. O ile a ba sebete le ho feta. Moketeng o moholo Jerusalema, o ile a ema ka pel’a letšoele la Bajuda ba likete a ba bolella a sa hlathe koana le koana hore ke bona ba bolaileng Mesia. Ba bangata ba bona ba ile “ba utloa bohloko bo tebileng” eaba ba susumelletseha ho baka. Ka lebaka leo, batho ba ka bang 3 000 ba ile ba kolobetsoa ’me ea e-ba barutuoa ba Jesu.
Ke eng e ileng ea thusa Petrose hore ebe monna ea nang le sebete le tumelo e matla?
Petrose o ne a nka mosebetsi oa ho bolela litaba tse monate e le oa bohlokoa bophelong ba hae. Jesu o ile a mo fa “linotlolo tsa ’Muso oa maholimo,” ’me a mo kopa hore a bule tsela bakeng sa lihlopha tse tharo tsa batho ba fapaneng hore ba be le tšepo ea ho ea busa le Jesu leholimong. Kahoo, Petrose o ile a qala ka ho pakela Bajuda, a ea ho Basamaria le batho ba lichaba tse ling. E le hore a etse mosebetsi oo, Petrose o ne a lokela ho ba sebete le hore a se ke a ba le khethollo. O ne a ea libakeng tse ngata ho ea bolela litaba tse monate le ho khothatsa bara le barali babo. Ka linako tse ling o ne a tsamaea le mosali oa hae. Petrose o ile a ba a fihla hole koana Babilona ’me a lula teng.
Ha lilemo li ntse li ea, Petrose o ile a tobana le liteko a ba a hlorisoa ka lebaka la mosebetsi ona. Eena le baapostola-’moho le eena ba ile ba koalloa teronkong ka makhetlo a mangata. Baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ile ba re ba tlohele mosebetsi oa boboleli. Empa Petrose o ile a re: “Molimo ke eena ’musi oa rona, re tla mamela eena eseng batho.” Le hoja ka mor’a moo ba ile ba otloa, ba ile ba tsoela pele ho bolella batho ka ’Muso oa Molimo le ka Morena eo Jehova a mo khethileng, e leng Jesu Kreste.
Mahloriso a ile a mpefala le ho feta. Joalokaha re bone khaolong e fetileng, baeta-pele ba bolumeli ba ile ba bolaea Setefane. Lilemo tse ka bang leshome ka mor’a moo, morena ea khopo ea bitsoang Heroda o ile a bolaea motsoalle oa Petrose, e leng moapostola Jakobo. Ha Heroda a hlokomela hore ntho eo e khahlisitse Bajuda, o ile a re Petrose le eena a tšoaroe. Masole a ile a tlama Petrose ka liketane a mo kenya teronkong a ba a mo kata hore a se ke a baleha. Pele Jesu a ea leholimong, o ne a ile a bolella Petrose hore o tla hlaheloa ke lintho tsena. Mohlomong ha lintho tsena li etsahala, Petrose o ile a nahana hore e se e le nako ea hore a bolaoe.
Bosiung boo, lengeloi le ile la hlaha ho Petrose. La mo tsosa eaba le mo fasolla liketane, la mo ntša ka seleng la e’o feta le eena ho balebeli eaba le mo ntšetsa ka ntle seterateng ka keiti e kholo. Petrose o ile a etsa’ng ka mor’a moo? Ha aa ka a nahana ka ho sireletsa bophelo ba hae ka hore a balehe a siee balumeli-’moho le eena Jerusalema. Empa o ile a ea moo a neng a tseba hore balumeli-’moho le eena ba sebeletsa Jehova teng le ho mo rapela. Re ka inahanela feela hore na Petrose o ne a thabile hakae ha a bona balumeli-’moho le eena a bile a fumana monyetla oa ho ba khothatsa.
Petrose ha aa ka a lebala mantsoe a Jesu ha a ne a re ho eena: “U matlafatse bana beno” le ha a ne a re, “fepa linku tsa ka tse nyenyane.” (Luka 22:32; Joh. 21:17) Petrose o ile a paka ka sebete, a khothatsa le ho matlafatsa batho ba Molimo hohle moo a neng a ea teng. Leha ho le joalo, o ne a sa phethahala a bile a etsa liphoso. Ka mohlala, o kile a etsa qeto e fosahetseng hobane a batla ho khahlisa batho, ’me moapostola-’moho le eena o ile a tlameha ho mo khalemela. Petrose o ile a amohela khalemelo eo ka boikokobetso ’me a ithuta ho eona. O ile a tsoela pele ho khothatsa balumeli-’moho le eena. O ile a ba a ngola mangolo a mabeli ao e ileng ea e-ba karolo ea Bibele. Petrose o ile a sebeletsa Jehova ka botšepehi ho fihlela a isoa teronkong ka lekhetlo la ho qetela ’me a bolaoa. Empa o ile a lula a e-na le tumelo e matla a bile a le sebete. Kannete, Petrose e ile ea e-ba “lefika”!
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Petrose o ile a bontša joang hore o sebete karolong ee ea bophelo ba hae?
Etsa Lipatlisiso
1. Jesu o ile a fa Petrose “linotlolo tsa ’Muso.” Petrose o ile a sebelisa linotlolo tseo joang? (Mat. 16:18, 19; ijwbq sehlooho sa 124 ¶1-5) A
Setšoantšo A: Petrose o ile a bolela molaetsa oa ’Muso ho Bajuda ba neng ba le Jerusalema, ho Basamaria ba neng ba le Samaria le ho Balichaba ba neng ba le Sesarea
2. Re tseba joang hore Petrose o ne a se na khethollo le pele a kopana le Korneliase oa Molichaba? (Lik. 10:5-7, 23; bt 69 ¶1, nal.) B
Setšoantšo B: Jopa ea boholo-holo
3. Re tseba joang hore Petrose o ile a amohela khalemelo eo Pauluse a ileng a mo fa eona? (w17.04 26-27 ¶15-17)
4. Ke hobane’ng ha Petrose a ile a fallela Babilona? (it “Botlamuoa” ¶24-wcgr)
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Petrose o ile a bua ka sebete le ka tlhompho ha a ne a bua le letšoele la batho Jerusalema. Ke maemong afe moo re ka hlokang ho bua ka sebete le ka tlhompho?
Le hoja Petrose e ne e le moapostola, o ile a amohela khalemelo ho tsoa ho Pauluse. Re ka etsisa Petrose joang? C
Setšoantšo C
Ke ka litsela life hape re ka etsisang sebete seo Petrose a ileng a se bontša khaolong ee?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
U ithutile eng ka Petrose tlalehong ee e etsang hore u thabele hore ebe o khethetsoe ho ea busa le Kreste leholimong?
Ithute Lintlha Tse Ling
Mohlala oa Petrose o ka re thusa joang hore re tšepe Jehova ha re tšohile?
Sebelisa sehlooho sena ho ithuta lintlha tse eketsehileng tlalehong e fumanoang ho Liketso khaolo ea 10.
“Molimo ha a Khetholle Batho” (Lihlooho tse hlahang websaeteng tsa “Bacha”)