Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wcg khao. 51 leq. 228-leq. 231
  • “O Ile a Khothatsa Batho ba Bang”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “O Ile a Khothatsa Batho ba Bang”
  • E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsa Lipatlisiso
  • Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
  • Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
  • Ithute Lintlha Tse Ling
  • Barnabase—“Mora oa Matšeliso”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • “Ho Tlala Thabo le Moea o Halalelang”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Ho Rarolla Liphapang ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • “Ba Bua ka Sebete Hobane Jehova a ba File Matla”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
Bala Tse Ling
E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
wcg khao. 51 leq. 228-leq. 231

51 BARNABASE

O Ile a Khothatsa Batho ba Bang

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

KA MOR’A lilemo tse ka bang tharo, Saule o ile a khutlela Jerusalema e se e le Mokreste, e le hore a e’o bona Bakreste ba Jerusalema. (Bagal. 1:​15-19) Ho eena, e ne e se e le banab’abo. Leha ho le joalo, bona ba ne ba sa tšepe hore kannete o fetohile. Ba ne ba mo tšaba kaha ba ne ba hopola hore o ne a hlorisa Bakreste. Empa ho na le monna a le mong ea ileng a ba sebete, eaba o hauhela Saule, kahoo o ile a mo thusa. Lebitso la monna eo e ne e le Barnabase.

Bakreste ba Jerusalema ba ne ba tšaba ho thusa Saule ha e se e le Mokreste, empa Barnabase o ile a ba sebete eaba oa mo thusa

Bibele e re Barnabase o ne a e-na le lebitso le leng, e leng Josefa. Empa Bakreste ba ne ba mo bitsa Barnabase, e bolelang “Mora oa Matšeliso.” Ba ile ba mo fa lebitso lena hobane o ne a le mosa haholo, a lula a batla litsela tsa ho khothatsa batho ba bang le ho ba thusa. Ka mohlala, ka mor’a Pentekonta ea 33, Barnabase o ile a rekisa tšimo ea hae eaba o fana ka chelete eo a ileng a e fumana e le hore ho thusoe Bakreste-’moho le eena ba hlokang. Ka selemo sa 36 ha Saule a fihla Jerusalema, Barnabase ke eena ea ileng a ba mosa ho eena. Bibele e re: “Barnabase [o ile] a mo thusa ka ho mo isa ho baapostola.”

Barnabase o tsebisa baapostola ba babeli Saule ka mofuthu, ha ba lutse ka tlung ba ntse ba sheba meqolo.

Ho tloha ka nako eo, Saule le Barnabase e ile ea e-ba metsoalle e haufi haholo. Saule o ile a bolela litaba tse monate ka cheseho Jerusalema. Kahoo, Bajuda ba bang ba ile ba leka ho mo bolaea. Ka lebaka leo, barab’abo rona ba ile ba mo roma Tarsase, e leng moo a tsoaletsoeng teng. Lilemo tse ka bang robong hamorao, Barnabase eena o ile a rongoa Antioke e Siria, e le hore a e’o khothatsa balumeli ba bacha moo. Bibele e re “e ne e le monna ea lokileng, a e-na le tumelo a bile a tletse moea o halalelang.” Kahoo, batho ba bangata Antioke ba ile ba amohela litaba tse monate hoo Barnabase a ileng a hloka motho ea ka mo thusang ho bolela litaba tse monate moo le ho ruta. Kahoo, Barnabase o ile a ea Tarsase ho ea batla motsoalle oa hae Saule. Ba ile ba sebetsa ka thata hammoho. Ba thusa ka ho hlophisa mokhoa oa hore Bakreste ba futsanehileng ba fumane lintho tseo ba li hlokang.

Ha Saule le Barnabase ba khutlela Antioke, barab’abo rona moo ba ile ba ba roma libakeng tse ling e le hore ba bolele litaba tse monate. Ba ile ba hloka sebete e le hore ba etse mosebetsi oo. Ka mohlala, ha ba le Ikoniamo, Bajuda ba bang ba ne ba batla ho ba bolaea. Kahoo, Saule le Barnabase ba ile ba tsamaea ba ea Listra. Ha ba le moo, qalong batho ba Listra ba ne ba batla ho ba rapela, hobane ba ne ba nahana hore ke melimo. Empa Bajuda ba tsoang Antioke le Ikoniamo ba ile ba tla eaba ba bolella batho ba Listra mashano ka Saule le Barnabase. Batho ba Listra ba ile ba ba kholoa, kahoo ba ile ba tlepetsa Saule ka majoe, eaba ba mo ntšetsa ka ntle ho motse ba mo siea ba nahana hore o shoele. Leha ho le joalo, ha Bakreste-’moho le Saule ba Listra ba fihla ’me ba mo pota-pota, o ile a ema eaba o khona ho ea motseng o mong. Nahana feela hore na e tlameha ebe Barnabase o ile a thaba hakaakang ha a bona hore Saule o ntse a phela. Hamorao, eena le Saule ba ile ba tsamaea ba sireletsehile. Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a moo, ba ile ba khutlela Listra e le hore ba khothatse Bakreste-’moho le bona sebakeng seo. Kannete ba bile sebete ka tsela e makatsang!

Saule le Barnabase ba ile ba khona ho etsetsa Jehova mosebetsi o motle haholo, le hoja ba ne ba kopana le maemo a kotsi. Leha ho le joalo, ho na le ntho e ileng ea ba qabanya. Barnabase o ne a batla hore ba tsamaee le motsoala oa hae Mareka ho ea sebakeng se seng seo ba neng ba lokela ho ea bolela litaba tse monate ho sona. Empa Saule eena o ne a sa batle ho tsamaea le eena hobane o ne a ile a ba siea ha ba ne ba ile sebakeng se seng ho bolela litaba tse monate. Kahoo, Saule le Barnabase ba ile ba qetella ba arohane, ba ea libakeng tse fapaneng.

Na Barnabase o ne a tla lula a koatetse Saule kapa o ne a tla mo tšoarela? Barnabase o ne a hloka sebete e le hore a etse se nepahetseng le hore a se ke a lula a koatile. Ha ho ka ba le ho se utloisisane lipakeng tsa rona le Bakreste ba bang, ho ka ba bonolo hore re lule re ba koatetse, re ba bue hampe kapa hona ho tlohela ho ea libokeng. Empa ho hlokahala sebete hore re hanele lintho tseo ho etsahala, ’me ha re etsa sohle seo re ka se khonang ho tšoarela Bakreste-’moho le rona re tla thabisa Jehova.

Le hoja ho ile ha e-ba le ho se utloisisane lipakeng tsa Saule le Barnabase, ka bobeli ba ile ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova. Barnabase le Mareka ba ile ba ea Saeprase, moo ba ileng ba tsoela pele ho etsa mosebetsi oa ho etsa barutuoa. Saule le Silase ba ile ba tsoela pele ho bolela litaba tse monate ’me Jehova o ile a ba thusa hore ba khothatse liphutheho le ho thusa batho ba bangata ho utloa litaba tse monate.

Na Saule le Barnabase ba ile ba lula ba jarane ka lipelo? Che, ha ho joalo hobane Saule o ile a bua hantle ka Barnabase mangolong a hae. Lengolong le leng, o ile a hlalosa hore motsoalle enoa oa hae o ne a sebetsa ka thata joaloka eena, e le hore a khone ho itlhokomela ha a ntse a etsa mosebetsi oa hae oa boboleli. (1 Bakor. 9:6) Lengolong le leng Saule o ile a bolella Bakreste-’moho le eena hore ba tšoare Mareka, e leng “motsoala oa Barnabase” hantle. (Bakol. 4:​10, 11) Ke ’nete hore Saule le Barnabase ba ne ba se ba sa sebetse ’moho, empa setsoalle sa bona sona se ne se ntse se tiile. Ha ho potang hore Barnabase o ile a tsoela pele ho khothatsa batho ba bang ka litaba tse monate bophelo bohle ba hae. Hape ha a ntse a sebetsa le Mareka e tlameha ebe o ile a mo koetlisa, kaha Mareka o ne a ntse a le mocha. Khaolong e latelang, re tla bona hore na Mareka eena o ile a bontša joang hore o sebete.

Bala litemana tsena:

  • Liketso 4:​34-37; 9:​23-31; 11:​19-30; 12:25–13:​5, 42-52; 14:​1-26; 15:​35-41

U ka re’ng?

Barnabase o ile a bontša joang hore o sebete?

Etsa Lipatlisiso

  1. 1. Ho ea ka Molao oa Moshe, Balevi ba ne ba ke ke ba fuoa litša e le lefa. Ho tlile joang hore Barnabase a be le tšimo le hoja e ne e le Molevi? (Num. 18:20; Lik. 4:​36, 37; w98 4/15 20 ¶4, nal.)

  2. 2. Ke hobane’ng ha ho ne ho thoe Barnabase ke moapostola? (Lik. 14:14; it “Barnabase” ¶3-wcgr)

  3. 3. Saule le Barnabase ba ile ba pakela monna ea bitsoang Sergiase Pauluse ha ba ne ba le Saeprase. Bukeng ea Liketso, Luka o ile a re ke “’musi oa setereke.” Ke hobane’ng ha ho ne ho nepahetse ho bitsa Sergiase Pauluse “’musi oa setereke”? (Lik. 13:​7, 12; it “Saeprase” ¶7-wcgr) A

    Bank of Cyprus Cultural Foundation Collection

    Setšoantšo A: Chelete ea tšepe e neng e sebelisoa nakong ea puso ea Claudiase, eo e neng e le moemphera oa Roma ha Barnabase le Saule ba ne ba etetse Saeprase. Chelete eo e ne e e-na le lebitso la “’musi oa setereke” ea neng a busa sehlekehlekeng seo

  4. 4. Ke hobane’ng ha ho sa makatse hore ebe ha batho ba Listra ba amohela Saule le Barnabase ba ile ba batla ho ba etsetsa mahlabelo? (bt 97, lebokose)

Nahana ka Seo u Ithutileng Sona

  • Re ka etsisa Barnabase ka litsela life tabeng ea ho fana?

  • Le hoja Barnabase e ne e le eena ea ileng a hlophisa leeto la pele la boromuoa leo ba ileng ba ea ho lona le Saule, hamorao Saule ke eena ea ileng a fuoa boikarabelo bo boholo. Leha ho le joalo, Barnabase ha aa ka a mo shoela mona. Ke maemong afe moo re ka iphumanang re lokela ho etsisa Barnabase? B

    Litšoantšo: 1. Mor’abo rona ea lilemo li mahareng o thabela ho khanna Thuto ea Molula-Qhooa Holong ea ’Muso, ha Mor’abo rona ea lilemo li tlase ho tsa hae a thabela ho bala lirapa Molula-Qhooeng. 2. Lilemo hamorao, mora eo oa bo rona ea holileng o se a thabela Molula-Qhooa hammoho le bamameli ba bang ha mor’abo rona ea neng a bala lirapa pele e se e le eena ea khannang thuto eo.

    Setšoantšo B

  • U ka etsisa sebete seo Barnabase a ileng a se bontša ka litsela life tse ling?

Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae

  • U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?

  • Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?

  • Ke hobane’ng ha u thabela hore ebe Barnabase o khethetsoe ho ea busa le Kreste leholimong?

Ithute Lintlha Tse Ling

Setsoalle sa Saule le Barnabase se bontša joang hore batho ba nang le limelo tse sa tšoaneng ba ka khona ho sebetsa hammoho?

“Rarolla Likhang ’me u Bope Khotso” (w17.06 16-20)

Videong ena, bona kamoo barab’abo rona ba ka lokisang litaba joaloka Saule le Barnabase ha ba na le liqabang.

“Re ne re Lokela ho Lokisa Litaba” (3:23)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela