52 MAREKA
“O Nthusa Haholo”
HAESALE Mareka a le sebete ho tloha e sa le mocha. Ha Jesu Kreste a ne a tšoaroa ke sehlopha sa banna ba hlometseng, baapostola bohle ba hae ba ile ba baleha. Empa Bibele e re ho na le “mohlankana e mong” ea ileng a ba le sebete sa ho sala Jesu morao, leha ho le joalo o ile a hlokomeloa eaba ba batla ho mo tšoara. O ile a phonyoha, a siea seaparo sa hae “a baleha a le feela” kapa a apere ha bobebe. Buka ea Mareka ke eona feela Kosepele e re joetsang taba ena ebile batho ba ne ba nahana hore kaha buka ea Mareka e ngotsoe ke eena, o ne a bua ka eena.
Mareka o ne a lula Jerusalema, mohlomong a lula le ’mè oa hae, eo ho bonahalang eka e ne e le motho ea ruileng. Ka mor’a lefu la Jesu, phutheho e ne e kopanela ntlong ea ’mè oa Mareka. Bosiung bo bong, moapostola Petrose o ile a ea teng ka mor’a hore lengeloi le mo lokolle teronkong. Ha ho pelaelo hore Mareka o ile a tseba barutuoa le baapostola ba bangata ba Jesu ho tloha nakong eo, a ba a ithuta lintho tse ngata ka ho ba sebete.
Hoo e ka bang ka selemo sa 46, moapostola Pauluse o ile a tsamaea le motsoala oa Mareka, Barnabase, ho ea Jerusalema. Ka bobeli ba ile ba khahloa ke Mareka eaba ba batla ho mo koetlisetsa ho thusa Bakreste libakeng tse ling. O ile a tsamaea le bona ha ba khutlela Antioke. Nako e ka etsang selemo hamorao, Pauluse le Barnabase ba ile ba kopa hore Johanne ea bitsoang Mareka a tsamaee le bona ho ea mosebetsing oa boromuoa. Ka sebete o ile a lumela ho tsamaea le bona, e le hore a khone ‘ho thusa’ baromuoa bana ba chesehang.
Mareka o ne a tlameha ho ba sebete haholo ho nka leeto le banna bana, hobane ka nako eo ho nka leeto ho ne ho se bonolo hape ho ne ho le kotsi. Ke kahoo, hamorao ha Pauluse a bua ka maeto ao a ileng a a nka, a ileng a re o ile a “tobana le likotsi linokeng, likotsi tsa masholu, . . . likotsi tsa motseng, likotsi tsa thoteng, likotsi tsa leoatleng.” (2 Bakor. 11:26) Mareka o ne a lokela ho ba malala-a-laotsoe ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Pauluse le Barnabase ba neng ba tla mo kopa hore a e etse. Na mosebetsi oo o ne o le boima? Bibele ha e bolele. Empa Mareka o ile a qetella a siile Pauluse le Barnabase ha ba fihla Pamfilia, a khutlela habo Jerusalema. Ho tsamaea ha hae, ho ile ha utloisa banna bana bohloko, haholo-holo Pauluse.
Ka mor’a ho nka leeto le lelelele la boromuoa, Pauluse le Barnabase ba ile ba rera ho nka leeto la bobeli. Barnabase o ne a batla ho fa Mareka monyetla o mong oa ho tsamaea le bona. Empa Pauluse eena o ne a le khahlanong le sena. Mohlomong o ne a se a sa tšepe Mareka. Kahoo, Pauluse le Barnabase ba ile ba qetella ba se ba ngangisana, ’me “ba ile ba halefelana haholo.” Ka mor’a moo, Barnabase o ile a tsamaea le Mareka ho ea Saeprase, moo ba ileng ba tsoela pele ba bolela litaba tse monate. Pauluse o ile a iphumanela motho e mong eo a ileng a ea le eena sebakeng se seng.
E tlameha ebe Mareka o ne a utloile bohloko. O ne a phoqile Pauluse, monna eo a neng a mo hlompha haholo, a ba a arola metsoalle e neng e le haufi. Mareka o ne a ka ’na a ikutloa eka Pauluse o mo hloketse toka ebe oa mo halefela. Hape o ne a ka ’na a nyahama ka lebaka la liphoso tseo a li entseng. Leha ho le joalo, ha aa ka a lumella lintho tsena ho mo sitisa ho sebeletsa Jehova.
Mareka o ile a lahleheloa ke tokelo e ikhethang empa ha aa ka a nyahama
Mareka o ile a tsoela pele ho etsa sohle seo a ka se khonang ho thusa Bakreste-’moho le eena. Hoo e ka bang ka selemo sa 60 ho ea ho sa 61, ha Pauluse a ne a koaletsoe ntlong ea hae e Roma, o ile a ngola lengolo le buang ka Mareka, ea neng a e-na le eena ka nako eo. Pauluse o ile a re o ‘mo tšelisa haholo.’ Ha nako e ntse e ea, pakeng tsa selemo sa 62 le sa 64, moapostola Petrose le eena o ile a bua ka Mareka lengolong le leng la hae. Ho bonahala eka Mareka o ne a ile a nka leeto le lelelele ho ea Babilona hore a e’o ba le moapostola Petrose ea neng a se a tsofetse. Petrose o ile a re Mareka ke “mora oa ka.” E tlameha ebe Mareka o ile a tšelisa Petrose haholo. Moapostola Petrose o ile a khona ho joetsa Mareka lintho tse ngata tsa bophelo ba hae ha a ne a e-na le Jesu Kreste. Ha a ne a ngola Kosepele e reheletsoeng ka eena, o ile a bua lintho tse ngata tseo Petrose a fetileng ho tsona, tseo e ka ’nang eaba o ne a mo boleletse tsona.
Lekhetlo la ho qetela moo re balang ka Mareka ka Bibeleng, ke moo moapostola Pauluse a neng a ngolla Timothea lengolo a le teronkong, a kopa hore a mo etele, ’me a tle le Mareka. Ke hobane’ng ha a ile a re a tle le Mareka? Pauluse o ile a re: “O nthusa haholo mosebetsing oa Molimo.” Kaha Pauluse o ne a se a le haufi le ho bolaoa, Mareka o ne a labalabela ho kopana le eena e le hore a mo khothatse. Ho sa tsotellehe lintho tse bohloko tseo Mareka a ileng a tobana le tsona ha a ntse a sebeletsa Jehova, o ile a tsoela pele a ntse a thusa Bakreste-’moho le eena, ’me Jehova o ne a rata monna enoa ea sebete.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Mareka o ile a bontša joang hore o sebete?
Etsa Lipatlisiso
1. Ke hobane’ng ha re ka re Mareka o tsoa lelapeng le ruileng? (w10 3/15 6 ¶6–7 ¶1)
2. E ka ’na eaba mosebetsi oa Mareka e ne e le ofe ha a ne ‘a thusa’ Barnabase le Pauluse? (Lik. 13:5; w10 3/15 7 ¶5)
3. Ke libaka life tseo Mareka a ileng a fihla ho tsona? (w10 3/15 8 ¶5-7) A
Setšoantšo A: Tse ling tsa libaka tseo Mareka a ileng a li etela
4. Fana ka mohlala o bontšang hore tse ling tsa lintho tseo Mareka a li ngotseng Kosepeleng ea hae e ka ’na eaba o li utloile ho Petrose. (w08 2/1 26 ¶1)
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Ka Mangolong, ha ho na moo Mareka a bitsoang moapostola kapa moprofeta. Leha ho le joalo, ka boikokobetso o ile a sebeletsa batho ba bang. Mehleng ee, re ka sebeletsa batho ba bang joang?
Le hoja Pauluse a ne a nahana hore Mareka ha a tšoanelehe ho sebetsa le eena, Mareka eena o ile a lula a tšepahala. Re ka ithuta eng mohlaleng oa hae haeba re ka lahleheloa ke litokelo? B
Setšoantšo B
U ka etsisa sebete seo Mareka a ileng a se bontša joang?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
Ke hobane’ng ha u thabela hore ebe Mareka o khethetsoe ho ea busa le Kreste leholimong?
Ithute Lintlha Tse Ling
Ke eng e ikhethang ka Kosepele ea Mareka?
Sebelisa mohlala oa Mareka ho ruta bana ba hao bohlokoa ba ho lula ba sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe mathata.