Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wcg maq. 246-255
  • “A re Beng Sebete”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “A re Beng Sebete”
  • E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bohlokoa ba Thapelo
  • “Le be Sebete”
  • “E-ba Sebete . . . ’me u Nke Bohato”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • E-bang Sebete ka ho Feletseng!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • U ka ba Sebete le ho Feta!
    E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • “U be Sebete ’me U be Matla Haholo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
wcg maq. 246-255

SEPHETHO

“A re Beng Sebete”

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

1. Na ho sa na le lintho tse ling tseo re ka ithutang tsona ka sebete?

MOTHATING oo, na ho sa na le letho leo re ka le buang ka ho ba sebete? E. Taba ea pele, hlokomela hore Bibele e bua ka lintho tse ngata haholo ka taba ena ea bohlokoa ho feta tseo re seng re buile ka tsona bukeng ena e le ’ngoe. Taba ea bobeli, re lokela ho hatisa hore na ho hlokahala eng e le hore re rue molemo o feletseng ho seo re ithutang sona ka sebete ka Bibeleng.

2. Ke bahlanka bafe ba bang ba tšepahalang ba Molimo ba ileng ba bontša hore ba sebete?

2 Na u ka nahana ka batho ba bang ba hlahang ka Bibeleng ba ileng ba bontša sebete, ntle le bao re seng re buile ka bona? Mohlomong u nahanne ka ba bang ba baprofeta ba behileng mohlala o motle ba hlahang ka Mangolong a Seheberu, ba kang Esaia, Jeremia, Ezekiele, Jonase, kapa Malakia. E tlameha ebe moapostola Pauluse o ne a bua ka batho ba kang bona ha a ne a ngola mantsoe ana a susumetsoa ke moea o halalelang, a re: “Ba bang ba ile ba lekoa ka ho songoa, ho shapuoa, ho fasoa ka liketane le ho lahleloa literonkong.” A boela a re, ba bang ba ne “ba le matšoenyehong, ba tšoaroa hampe.” Ha ba bang bona ba ile ba bolaoa. (Baheb. 11:​36, 37) Leha ho le joalo, ka sebete ba ile ba emela Jehova Molimo.

3, 4. Basali ba babeli ba sa boleloang ka mabitso ka Bibeleng ba ile ba thusa Morena Davida joang nakong e kotsi?

3 Ho na le batho ba bangata ba sebete ba hlahang ka Bibeleng empa ba sa boleloa ka mabitso. Nahana ka mohlala oa basali ba babeli ba mehleng ea Morena Davida. Ba ile ba mo thusa nakong eo mora oa hae, Absalome, ea neng a le khopo a bile a ikhohomosa a leka ho ketola puso ea hae. Absalome o ile a qobella Davida hore a balehele Jerusalema. Ha Davida a se a balehile, o ile a kopa hore moprista Tsadoke ea sebete, a khutlele Jerusalema ’me a lule moo e le hore a khone ho mo fumanela boitsebiso ba lintho tseo Absalome a neng a rera ho li etsa. Tsadoke o ne a lokela ho romella Davida litaba tseo a neng a tla li fumana. Ngoanana e mong oa mosebeletsi ea sa boleloang ka lebitso, o ile a beha bophelo ba hae kotsing ha a ne a bolella bahlanka ba babeli ba Davida molaetsa o tsoang ho moprista Tsadoke. Ka mor’a hore a bolelle bahlanka bao molaetsa, ba ile ba ea ho Davida, empa ba ile ba bonoa ke mohlanka e mong ea neng a sebeletsa Absalome. O ile a bolella Absalome hore o ba bone, empa ka bohlale bahlanka bao ba ile ba ipata ka har’a seliba. Mosali e mong hape ea sa boleloang ka lebitso, eo e neng e le mohatsa oa mong’a seliba seo, o ile a se koahela ka lesela ka potlako a ba a tšela koro holim’a lona. Ha banna ba Absalome ba fihla ho eena ’me ba mo botsa hore na bahlanka bao ba babeli ba hokae, o ile a ba thetsa. Basali bao ba babeli ba tšepahalang ba ile ba sireletsa morena eo Jehova a mo khethileng!—2 Sam. 15:​23-37; 17:​8-22.

Litšoantšo: Basali ba babeli ba sa boleloang ka mabitso ba ileng ba thusa ho sireletsa Morena Davida ka sebete. 1. Mosebeletsi oa ngoanana o bua le bahlanka ba babeli ba Davida. 2. Mosali ea neng a patile bahlanka ba Davida selibeng sa monna oa hae, oa nahana ha banna ba babeli ba tsamaella hole mane ba tloha ha hae.

Mosebeletsi oa ngoanana le mosali oa mong’a seliba ba neng ba le sebete

4 Bibele e na le mehlala e mengata ea banna le basali ba sebete. Ba bang ba boletsoe ka mabitso empa ba bang ha baa boleloa. Ba bang ba ne ba ruile, ba bang ba futsanehile. Ba bang e ne e le ba hlaheletseng ha ba bang e ne e le batho feela tjee. Kaofela ha bona ba ile ba e-ba sebete ’me ba ema ka lehlakoreng la Jehova. Lipale tsa bona li ka re thusa mehleng ena.

Bohlokoa ba Thapelo

5-7. Ke eng e ileng ea thusa Pauluse hore a be le sebete sa ho mamella ha a ne a hlorisoa?

5 Re ka etsisa mehlala ea banna le basali ba sebete ba hlahang ka Bibeleng joang? Re lokela ho utloisisa hore ba bang ba batho bana ba ne ba se sebete ka tlhaho. Lintho tseo ba neng ba li etsa ha ba sebeletsa Jehova, ba ne ba sa li etse ka matla a bona. Ho na le ntho e neng e ba thusa. Ebe ba ne ba thusoa ke eng?

6 Hopola moapostola Pauluse. Ha a ne a le motseng oa Filipi le Silase, ba ile ba hlaseloa ke letšoele la batho ba halefileng, ba ileng ba ba tabolela liaparo, ba ba otla ka melamu eaba ba ba lahlela teronkong e lefifi, ba faselelitse maoto a bona likoqong tse kholo tsa patsi. (Lik. 16:​12, 19-24) Na Pauluse o ne a tla tšaba ho bolela ka mor’a hore a lokolloe? Ka botho, o ne a ka ’na a tšaba. Leha ho le joalo, ho na le kabelo e ’ngoe eo Jehova a neng a batla hore Pauluse a e phethe. O ne a batla hore a ee motseng oa Thesalonika ho ea bolela teng. Pauluse o ile a fumana matla le sebete seo a neng a se hloka joang?

7 Hamorao o ile a ngola mantsoe a reng: “Lea tseba hore re ile ra hlokofatsoa le ho tšoaroa hampe ha re le Filipi. Leha ho le joalo, Molimo o ile a re fa sebete sa ho le bolella litaba tse monate tse tsoang ho eena le hoja re ne re hanyetsoa haholo.” (1 Bathes. 2:2) Pauluse o ne a tseba hore o hloka sebete e le hore a etse mosebetsi oo Molimo a neng a mo laetse hore a o etse. Empa o ne a tla fumana sebete seo hokae? Na o ne a e-na le matla a itseng a khethehileng a mo thusang hore a be sebete? Che, ‘Molimo o ile a mo fa sebete.’ Ka boikokobetso, o ile a rapela Jehova a mo kopa hore a mo fe sebete seo a se hlokang ’me Jehova o ile a mo araba.

8. Re ka etsisa mohlala oa Pauluse joang e le hore re be sebete?

8 U ka etsa seo Pauluse a ileng a se etsa. U se ke oa tšoenyeha ka hore u ke ke oa khona ho ba sebete hobane u se na matla a itseng a khethehileng. Uena ikele ho Jehova Molimo, u mo rapele ’me u mo kope hore a u fe sebete seo u se hlokang.—Lik. 4:29.

9. Ke hobane’ng ha re lokela ho kopa hore Ntate oa rona Jehova, a re fe tumelo e matla?

9 U ka boela oa kopa Ntate oa hao Jehova, hore a u fe tšobotsi e ’ngoe e amanang haufi-ufi le sebete, e leng tumelo. Tumelo ke e ’ngoe ea litholoana tse tlisoang ke moea o halalelang oa Jehova. (Bagal. 5:​22, 23) Hape ke karolo ea lihlomo tsa moea tseo Mokreste e mong le e mong a li hlokang. (Baef. 6:16) Tumelo e matla hoo Bibele e reng ‘e re thusa ho hlola lefatše.’ (1 Joh. 5:4) Ha re e-na le tumelo ho Jehova, e tla re thusa ho ba sebete. Hape ha re kholisehile ka pelo eohle hore Jehova o tla re thusa ha re mo hloka, re tla ba sebete le ho feta. Kahoo, Mokreste e mong le e mong o lokela ho kopa ntho eo baapostola ba Jesu ba ileng ba e kopa ha ba ne ba re: “Re thuse ho ba le tumelo e matla.”—Luka 17:5.

“Le be Sebete”

10, 11. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a hatisa bohlokoa ba ho ba sebete ha a ne a ngolla Bakreste ba Baheberu?

10 Ha Pauluse a ngolla Bakreste ba Baheberu ba neng ba lula Jerusalema le metseng e haufi le eona, o ne a tseba hore haufinyane ba ne ba tla tobana le linako tse thata. Jesu o ne a ile a bolela esale pele hore motse oo o ne o tla felisoa ’me nako eo e ne e atamela ka potlako. (Luka 19:​41-44; 21:​20-24) Pauluse o ile a ba thusa joang hore ba hopole bohlokoa ba ho ba sebete? A re khutleleng mantsoeng a hae a qotsitsoeng Selelekeleng sa buka ena. Moo, o ile a bua ka tšepiso ea Jehova e lerato e reng: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.” Tšepiso ee e ne e tla ba thusa joang? Pauluse o ile a re: “Ka hona, a re beng sebete ’me re re: ‘Nke ke ka tšoha letho hobane Jehova ke mothusi oa ka. Motho a ka nketsa’ng?’”—Baheb. 13:​5, 6.

11 Le hoja Bibele e sa fane ka lintlha tsa hore na Jerusalema e ile ea timetsoa joang ka selemo sa 70, re kholisehile hore Bakreste ba tšepahalang ba neng ba le motseng oo ba ile ba mamela keletso ea Pauluse. Ba ile ba e-ba sebete eaba ba mamela taelo ea Jesu ea hore “ba balehele lithabeng” hantle ka nako e loketseng.—Luka 21:​20, 21.

12. (a) Ke eng e ka u thusang hore u be sebete ha u tobana le mathata? (b) Batho ba bang ba bontšitse joang hore ba sebete matsatsing aa a ho qetela, hona u ikemiselitse ho etsa eng? (Sheba lebokose le reng “E-ba Sebete Joaloka Bona.”)

12 Le uena Jehova a ka u fa sebete ha u tobana le mathata hona joale le nakong e tlang. (Ezek. 38:​1, 2, 10-12; Mat. 24:21) Lula u hopola hore Jehova o tšepisitse ho re sireletsa. (Ezek. 38:​19-23; 2 Bathes. 3:3) Le ka mohla, a ke ke a lahla batho ba mo ratang le ba nang le tumelo ho eena. Seo Jehova a se buileng ho Joshua le uena sea u ama. U ka ‘ba sebete ’me oa ba matla haholo.’ (Josh. 1:​7, 9, 18) Lula u hopola mantsoe a mofuthu a Jesu a reng: “Le be sebete.” O tla phethahatsa tšepiso ea hae ea ho u fa moea o halalelang oa Jehova, e le hore u be le sebete sa ho hlola teko leha e le efe eo u ka kopanang le eona. (Joh. 14:26; 15:​26, 27; 16:33) Kahoo, kholiseha hore u ka ‘ba sebete’!

Litšoantšo: Bara le barali ba bo rona ba sebetsana le liteko ka sebete. 1. Morali oa bo rona e mocha o ka tlelaseng o bososetse ka sebete a tšoere buka ea sekolo le bukana ea “Na Lintho Tse Phelang li Bopiloe?” 2. Batsoali ba hakile ngoana oa bona ’me kaofela ba bososetse ba le kampong ea baphaphathehi. 3. Mor’abo rona e monyenyane o bososetse a shebile ka ntle ho sele ea hae.

Ho sa tsotellehe liteko tseo re ka kopanang le tsona, Ntate oa rona Jehova, o tšepisa hore o tla sebelisa moea o halalelang ho re fa sebete seo re se hlokang e le hore re lule re tšepahala tekong e ’ngoe le e ’ngoe eo re ka tobanang le eona

E-ba Sebete Joaloka Bona

Martin le Gertrud Poetzinger

Martin le Gertrud Poetzinger.

Martin le Gertrud ba ne ba e-na le likhoeli tse tharo feela le libeke tse peli ba nyalane ’me ba le tšebeletsong ea nako e tletseng ha ’muso oa Adolf Hitler oa Manazi o ba arola. Martin o ile a tšoaroa ka 1936 eaba o isoa kampong ea mahloriso e Dachau. Hamorao, Gertrud le eena o ile a tšoaroa. Ba ile ba qeta lilemo tse robong kaofela ba sa bonane. Nakong ena kaofela, bobeli ba bona ba ne ba sa tsebe hore na e mong o ntse a phela kapa joang. Leha ho le joalo, ka bobeli ba ne ba ikemiselitse ho lula ba tšepahala. Martin o ile a isoa kampong ea mahloriso ea Mauthausen e neng e tsebahala ka ho hlorisa batho ka sehlooho. Gertrud eena o ile a kenngoa seleng ea hae a le mong ka lilemo tse tharo le halofo. Ka mor’a moo, a qobelloa ho qeta lilemo tse ling tse ’nè hape kampong ea mahloriso e Ravensbrück. Ka mor’a hore ntoa e fele, o ile a utloa hore Martin o ntse a phela, eaba o kopa ofisiri ea masole hore e mo lokolle. Ntho ena e ile ea thusa hore Martin le Lipaki tse ling tse 100 tse neng li ntse li phela ka nako eo li lokolloe kampong ea mahloriso ea Mauthausen. Martin le Gertrud ba ile ba boela ba e-ba ’moho ’me ba sebeletsa Jehova tšebeletsong ea nako e tletseng. Qetellong, ba ile ba ea Brooklyn, e New York, moo Mor’abo rona Martin a ileng a sebeletsa e le setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova. O ne a hlola a re ho bara le barali ba bo rona: “Sebete ke tšobotsi ea bohlokoa ka ho fetisisa eo u ka bang le eona.” Eena le Gertrud ba ile ba sebeletsa Jehova ka botšepehi ba thabile ho fihlela ba hlokahala.

“Sebete ke tšobotsi ea bohlokoa ka ho fetisisa eo u ka bang le eona.”—M. Poetzinger

Valentina Garnovskaya

Valentina Garnovskaya.

Valentina o ne a lula Belarus ka 1945, ha a kopana le ntate e mong oa Paki ea Jehova. O ne a ka ba lilemo li 20. O ile a rata lintho tseo a ileng a ithuta tsona ka Bibeleng ’me mora eo oa bo rona o ile a khutlela ho eena ka makhetlo a mang a mabeli. Leha ho le joalo, Valentina ha aa ka a hlola a mo bona hape, kaha Lipaki Tsa Jehova li ile tsa thibeloa ’me ho ne ho se ho le thata ho kopana le tsona. Ho ntse ho le joalo, o ile a ba sebete eaba o bolella batho ba bang lintho tseo a ithutileng tsona. Kahoo, o ile a tšoaroa eaba o ahloleloa lilemo tse robeli a le kampong. Ha a lokolloa ka 1953, hang-hang o ile a tsoela pele ho bolella batho ba bang linnete tse ka Bibeleng. Kahoo, o ile a tšoaroa hape ’me lekhetlong lena a ahloleloa lilemo tse ling tse leshome a le likampong. Ha a le kampong e ’ngoe, o ile a kopana le barali ba bo rona ba bang. E mong oa bona o ile a mo bontša buka e neng e thibetsoe ka nako eo, e leng Bibele. Lena e ne e le lekhetlo la pele Valentina a bona Bibele hape, ka mor’a hore a e bone ho mor’abo rona ea neng a ithuta Bibele le eena lilemong tse ngata tse fetileng. Ha a qeta ho lokolloa ka 1967, o ile a kolobetsoa ’me ea e-ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Valentina o ile a bolela ka cheseho ho fihlela a tšoaroa hape ka 1969 ’me a ahloleloa lilemo tse ling hape tse tharo teronkong. Leha ho le joalo, o ile a tsoela pele ho bolela ka sebete. Ha a hlokahala ka 2001, o ne a se a thusitse batho ba ka bang 44 ho ithuta ’nete e ka Lentsoeng la Molimo. Ha a nahana ka bophelo ba hae, o re: “Ke ne ke se na ha ka, ke e-na le lintho tse seng kae feela tse neng li fella ka mokotleng o le mong, empa ke ne ke thabile ebile ke khotsofalletse ho sebeletsa Jehova.”

“Ke ne ke se na ha ka, ke e-na le lintho tse seng kae feela tse neng li fella ka mokotleng o le mong, empa ke ne ke thabile ebile ke khotsofalletse ho sebeletsa Jehova.”—V. Garnovskaya

Alfredo Fernández

Alfredo Fernández.

Alfredo o ne a ka ba lilemo li 19 ha a ne a laeloa hore a kenele sesole sa Argentina. Leha ho le joalo, letsoalo la hae ha lea ka la mo lumella ho ea ntoeng. Kahoo, o ile a hana ho kenela sesole kapa ho apara junifomo ea masole. Ka lebaka leo o ile a tšoaroa. Ha a se a le teronkong, ba ne ba mo hlorisa le ho etsa eka baa mo bolaea. Empa o ile a tsoela pele ho bala Bibele le ho ingolla lintlha tsa lintho tseo a neng a ithuta tsona. Ha a ne a le khotla, moahloli o ile a mo bolella hore a ka lokoloha haeba feela a ka ea khotla a apere junifomo ea sesole. Alfredo o ile a hana. Kahoo, ba ile ba mo khutlisetsa teronkong. Ka lebaka la tsela eo ba neng ba mo hlorisa ka eona, o ile a kula haholo. Ngaka ea teronkong e ile ea mo bolella hore e lebeletse hore lekhetlong le latelang ha a bona Alfredo, e tla mo bona a le ka har’a lekase. Ha Alfredo a hlokomela hore o haufi le ho shoa, o ile a ngolla ba lelapa labo lengolo. Lengolo leo le ne le re: “Lelapa leso le ratehang, ke ne ke sa batle ho le ngolla lengolo le tjena. Leha ho le joalo, maemo a nqobella hore ke le ngole.” O ile a ba leboha ka hore ebe ba ile ba mo tšehetsa nakong eo a neng a le teronkong. Ha a tsoela pele ho ngola, o ile a re: “Ke ananela haholo hore ebe Jehova, Molimo oa rona ea lerato o mphile monyetla oa ho ba karolo ea lelapa le tšoanang le lena. . . . Kea utloisisa hore le tl’o utloa bohloko haholo ha le bala mantsoe ana. Ke kopa hore le se ke la lumella hore bohloko boo bo le nyahamise, empa le tiee ’me le bo hlole. Le lumelle hore Jehova a le tšelise ka mantsoe a tsoang Lentsoeng la hae. . . . Le lule le hopola hore lefu la ka e mpa e le phomolo feela ea nakoana. Kahoo, ke lakatsa hore ha le nkhopola le khothale ’me le lule le le matla.” Ka mor’a lilemo tse tharo a le teronkong, Alfredo o ile a hlokahala a le lilemo li 21 ka 1982, o ile a tšepahala ho fihlela qetellong.

“Ke kopa hore le se ke la lumella hore bohloko boo bo le nyahamise, empa le tiee ’me le bo hlole.”—A. Fernández

Karen Oehm

Karen le Rainer Oehm.

Karen e ne e le Paki ea Jehova ’me ho tloha a sa le monyenyane e ne e le motho ea lulang a thabile, ea bileng a ratang batho. O ne a rata tšebeletso ea hae ea bopula-maliboho ’me ha a se a nyetsoe ke ntate Rainer, ba ile ba ea Bethele e United States ’me le moo o ne a ntse a thabile haholo. Empa e itse ha a le ka holimonyana ho lilemo tse 50, o ile a tšoaroa ke lefu le bohloko le bitsoang Amyotrophic Lateral Sclerosis (ALS). Lefu lena le hlasela lisele tsa methapo ’me le etsa hore motho a qetelle a sa khone ho bua le ho sisinyeha ho fihlela a hlokahala. Ho tloha qalong feela, ha Karen a tseba hore o na le lefu lena, o ile a ikemisetsa ho sebelisa nako ea hae hamolemo le ho lula a thabile. O ile a qeta nako e ngata a etsa thuto ea botho a bile a bolella batho molaetsa oa Bibele ha a sa ntse a e-na le bokhoni, le hoja a ne a ntse a sebetsa ka thata ho sebetsana le lefu la hae le neng le ntse le mpefala le ho feta. Ha a se a sa khone ho bua, o ile a ithuta ho sebelisa k’homphieutha e neng e mo peletela mantsoe ka ho sheba hore na o tsamaisa mahlo a hae joang. Ho ne ho se bonolo ho ngola mantsoe ka tsela ena, empa o ne a khona ho ngola likarabo bakeng sa liboka le mangolo ao a neng a a abela batho ba bang tšimong. E mong oa baoki ba hae eo e neng e bile e le Mokreste-’moho le eena o re ka Karen: “Ha ho mohla a kileng a re, ‘Ke hobane’ng ha lefu lee le tšoere ’na?’ Hoo e ka bang libeke tse peli pele a hlokahala, o ile a ngolla ’mè e mong ea neng a ntse a pakeloa ke morali enoa oa bo rona oa mooki lengolo ’me ha a phethela lengolo leo, o ne a itse ho mosali eo, ‘Ha u hloka motho eo u ka buang le eena, u ka tl’o bua le ’na.’” Mooki e mong eena ha a bua ka Karen, o re: “Ha ho mohla a kileng a lla ka lebaka la bokuli ba hae. O ne a e-na le mabaka a mangata a ka etsang hore a ikutloele bohloko, empa kaha o ne a e-na le tumelo e matla ea hore ho tla ba le tsoho, o ne a bona e le ntho e sa utloahaleng hore a ikutloele bohloko. O ne a tseba hore Jehova o tla mo tsosa ’me a etse hore a phele hantle, a phethahetse.” Ha Karen a ne a qala ho kula, lefahla la hae le ile la mo botsa, la re, “U khona joang ho lula u le matla tjee?” Karen ha a mo araba, o ile a re: “Kannete, Jehova o re fa matla ha re a hloka.” Jehova o ile a fela a mo fa matla ao a neng a a hloka ho fihlela qetellong. Ka mor’a hore Karen a hlokahale, mohatsa oa hae o ile a aba mangolo a mangata ao a neng a ile a a ngola ho leboha, ho khothatsa le ho tšelisa ba lelapa le metsoalle.

“Kannete, Jehova o re fa matla ha re a hloka.”—K. Oehm

13. Ke eng e u susumetsang hore u bontše sebete mehleng ee?

13 Ak’u nahane hore na ho tla ba joang ha ho se ho rena khotso lefatšeng lohle, ’me re thabela ho bona batho bohle ba mohopolong oa Jehova ba se ba tsositsoe. Ipone u se u kopana le banna le basali ba sebete bao re buileng ka bona bukeng ena le ba bang ba bangata! Na u nahana hore ho na le ea mong oa bona ea tla ikoahlaela hore ebe o ile a khetha ho sebeletsa Jehova ka sebete lefatšeng la Satane, le haeba a ile a tlameha ho tela bophelo ba hae? Le letho! Na uena u tla ikoahlaea? Ha u ntse u sebetsa ’moho le bona ho etsa lefatše paradeise, na u tla ikoahlaela hore ebe u ile oa bontša hore u rata Jehova le hore u ile oa bontša sebete matsatsing aa a ho qetela? Ho hang! Kahoo, ikemisetse ho lula u le sebete ho fihlela qetellong. Le ka mohla u ke ke oa ikoahlaea!

Bara le barali ba bo rona le bana ba thabela bophelo Paradeiseng. Ba bang ba jesa thuhlo lijo ha ba bang ba shebile phoofolo e bitsoang thoane, ba bang ba etsa pizza, ba bang ba qoqa ’moho, ’me ba bang ba letsa ’mino ka liletsa.
    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela