“Bahlanka ba Molimo oa Rōna” ba Bula Mosebetsi oa Bohlokoa oa Tsosoloso
“Balichaba ba tla ba teng, ba alose mehlape ea lōna; bana ba basele ba tla le lemela, ba le hlomele merara. Empa lōna, le tla bitsoa baprista ba Jehova, le bahlanka ba Molimo oa rōna.”—Esa. 61:5, 6.
1. Bahlanka ba ’Muso kajeno ha etsa boiteko bo matla ba ho etsa joang, hona ka maikutlo afe?
BAHLANKA ba ’Muso ba ile ba nka karolo mosebetsing o moholo oa ho tsosolosa oo ho ileng ha hlokahala hore o etsoe ka lebaka la Ntoa ea I ea Lefatše. Boholo ba seo ba ileng ba kopanela ho se tsosolosa se ile sa boela sa senngoa ke ntoa e ileng ea senya haholoanyane ea 1939-1945. Mosebetsi oa ho tsosolosa oa boela oa hlokahala, empa joale e le tekanyong e khōloanyane. Kajeno bahlanka ba sechaba ba etsa boiteko bo boima ho thibela lintho hore li ka senyeha hoo li se nang bolokiso. Bahlanka ba mebuso ba tsielehong.
2, 3. (a) Ke mosebetsi ofe oa tsosoloso oa bohlokoa haholoanyane oa mofuta o mong o tsoetseng pele ho sa tsotellehe Ntoa ea II ea Lefatše? (b) O ile oa boleloa ka puo efe ea tšoantšetso e sa le pele ho Esaia 61:4-6?
2 Leha ho le joalo, mosebetsi oa tsosoloso oa bohlokoa haholo oa mofuta o mong o ile oa qala selemong sa kamorao bo ntoa sa 1919. Ho sa tsotellehe ho senya ha Ntoa ea II ea Lefatše, o ’nile oa tsoela pele ka boikemisetso, e, o sa thibeloe. E ne e le mosebetsi oa ho tsosolosa oa moea, o tšehelitsoe ke matla ao makala a bosebetsi a mebuso ea batho a neng a se na ona. Ke ’nete hore, ho latela se neng se ngotsoe ho Ba-Roma 13:4, marena a maholo a lefatše lena a sebeletsa e le bahlanka ba Molimo ba sechaba le molemong oa Bakreste. Empa ba ileng ba bula mosebetsi oa tsosoloso oa moea e bile bahlanka ba Molimo ba sechaba ka mokhoa o phahameng haholoanyane. Mosebetsi o butsoeng ke bahlanka ba joalo o ile oa boleloa e sa le pele ke moprofeta oa Molimo ea bululetsoeng Esaia ka mokhoa o latelang:
3 “Ba tla tsosa marako a khale, ba tsose masupi a senyehileng khale, ba nchafatse metse a senyehileng khale, e sa leng e le lithako mehleng ea khale. Balichaba ba tla ba teng, ba alose mehlape ea lōna; bana ba basele ba tla le lemela, ba le hlomele merara. Empa lōna, le tla bitsoa baprista ba Jehova, le bahlanka ba Molimo oa rōna. Le tla ja menono ea lichaba.”—Esa. 61:4-6.
4. Ke ka nako efe ea phetoho boprofeta ba Esaia e neng e tla ba ’nete, ’me Jesu Kreste o ile a supa hona joang hona neng?
4 Mosebetsi oa tsosoloso oa lekholong la pele la lilemo Jesu Kreste o ile a bontša hore na ke neng mantsoe ao a boprofeta ba Esaia a neng a tla qala ho fetoha ’nete e tla ba ha sechaba se seholo ka makholo-kholo a lilemo se ne se senyeha ’me ho hlahisoa sechaba se secha le se molemo. Sechaba se secha se ne se tla etsoa ka barutuoa ba Jesu Kreste, ba neng ba tsoetsoe ka moea oa Molimo. E ne e tla ba Iseraele oa moea. Empa Jesu Kreste o ile a supa nako ea ho phethahala ha boprofeta ba Esaia bo qotsitsoeng ka holimo joang? O entse hona ha a ne a qotsa mantsoeng a ileng a isa boprofeteng bona ’me a itšebelisetsa oona. Ka nako eo Jesu o ne a etetse ntlong ea thapelo ea habo, Nazaretha, nakoana kamor’a Paseka ea 30 C.E. A ema hore a bale. A phuthulla moqolo oa boprofeta ba Esaia ho seo hajoale se bokelletsoeng hore e be khaolo ea 61 ’me bonyane a bala seo e leng litemana ea pele le ea bobeli. Eaba o re ho bamameli ba hae: “Kajeno, lengolo leo le etsahetse.”—Luka 4:16-21.
5, 6. (a) Mongoli oa pale ea Segerike Luka o ile a ngola se qotsitsoeng ke Jesu ho Esaia hore se balehe ho latela phetolelo efe? (b) Temaneng ea pele ea Seheberu, Esaia 61:1-3 e baloa joang?
5 Luka, mongoli oa lipale ea ileng a ngola ketsahalo ena, o ile a etsa hore seo Jesu a se qotsitseng boprofeteng ba Esaia se balehe ho latela tsela eo se beiloeng ka eona phetolelong ea Segerike e tsejoang e le Septuagint Version. Empa boprofeta bo baleha joang ka temaneng ea Seheberu sa pele, eo ntle ho pelaelo Jesu a ileng a e bala joaloka Mojode oa Palestina? Tjena:
6 “Moea oa Morena ’Musi ea Phahameng Jehova o ho ’na, ka lebaka la hobane Jehova o ntlotsitse hore ke bolelle ba bonolo litaba tse molemo. O nthōmile ho tlamella ba lipelo li robehileng, ho bolela tokoloho ho ba botlamuoeng le ho tutubulla mahlo a ba teronkong; ho bolela selemo sa mohau oa Jehova le letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna; ho tšelisa bohle ba siameng; ho abela ba siametseng Sione, ho ba nea moqhaka sebakeng sa molora, oli ea nyakallo sebakeng sa ho siama, kobo ea thoko sebakeng sa moea o tepeletseng; ’me ba tla bitsoa lifate tse khōlō tsa ho loka, se lemiloeng ke Jehova, hore a tlotlisoe.”—Esa. 61:1-3.
7. Ke mantsoe afe a mosebetsi oa tsosoloso a latelang joale?
7 Joale ho latela mantsoe a buang ka mosebetsi oa ho tsosolosa, a re: “Ba tla tsosa marako a khale, ba tsose masupi a senyehileng khale, ba nchafatse metse e senyehileng, e sa leng e le lithako mehleng ea khale.”—Esa. 61:4.
8. Nakong ea ho phethahatsoa ha boprofeta, e tlameha e be ho ne ho le teng batho ba mofuta ofe, boikutlong, ’me ke hobane’ng ha ho ne ho tla potlaka hore ba eloe hloko?
8 A re hlokomeleng hore nakong eo ka eona boprofeta ba Esaia bo neng bo tla phethahala ho ne ho tla ba teng ba “bonolo,” “ba lipelo li robehileng” “ba tlamiloeng,” hape le “ba teronkong” le ba “siametseng Sione.” Bana ba ne ba tla hloka tlhokomelo e potlakileng e loketseng. Nako e ne e tla be e ho loketse, hobane e tla be e le nako e bitsoang “selemo sa mohau oa Jehova.” Ho fihla ha ea tlotsitsoeng ka “moea oa Morena ’Musi ea Phahameng Jehova” ho ne ho tla hloma selemo seo sa mohau oa Hae. “Selemo” seo sa tšoantšetso se ne se tla lateloa ke “letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna.” Hona ho ne ho etsa hore mosebetsi oa ’moleli ea tlotsitsoeng ka moea oa topollo le tokoloho e be o potlakileng haholo ruri.
9. Jesu o ile a tsebisa bamameli ba hae ba Nazaretha phetoho efe, ’me ba ile ba iponahatsa joang ba se “bonolo” bo lekaneng hore ba ka amohela ‘litaba tse molemo’?
9 Jesu o ne a fetotse mosebetsi oa hae oa lefatšeng. Ho fihlela ha a le lilemo li 30 e ne e bile ’metli Nazaretha oa Galilea. Ke hona ntlong ea thapelo ea moo moo Jesu a ileng a bala mantsoe a bohlokoa a boprofeta ba Esaia. Phetoho ena ea mosebetsi o ile a e tsebahatsa ho bamameli ba hae ba Nazaretha ha a qeta ho bala Esaia 61:1, 2 ’me a re: “Kajeno, lengolo leo le etsahetse.” Joale a bontša ’nete ena ka ho fana ka puo ea Bibele eo batho ba naha ea habo ba neng ba hopola hore eo e kileng ea e-ba ’metli a ke ke a fana ka eona. Ba ne ba utloile hore Jesu e se e le ngaka. Joale ba ne ba batla hore a ‘iphekole’ ka hore a phekole ‘motseng oa habo’ ho batho ba motse oa habo. Ka lipapiso tsa Bibele Jesu a hlalosa hore na ke ka baka la’ng a ke keng a etsa joalo. Ka ho bua joalo ba halefa haholo ’me ba leka ho mo bolaea. Ba ipakahatsa ka matla e le batho ba seng “bonolo” ka ho lekaneng hore ba ka amohela ‘litaba tse molemo.’—Luka 4:21-30.
10. Jesu o ne a ile a tlotsoa ka moea o halalelang ketsahalong efe?
10 Ho sa tsotellehe tšoaro e joalo motseng oa habo, Jesu a tsoela pele ka ho phethahatsa morero oa ho tlotsoa ha hae ka “moea oa Morena ’Musi ea Phahameng Jehova.” Hoetla ka 29 C.E., o ne a tlohile Nazaretha a ea Nōkeng ea Jordane hore a kolobetsoe ke Johanne mora oa moprista Zakaria. Hang kamor’a hore Jesu a nyolohe ka metsing a kolobetsang Johanne ea Kolobetsang a bona moea o halalelang o theohela holim’a hae o tšoana le leeba. Ka nako eona eo a utloa lentsoe la Jehova le tsoa leholimong le re: “Enoa ke Mora oa ka ea ratong, eo ke khahlisoang ke eena.” (Matt. 3:13-17; Luka 3:21, 22; Joh. 1:29-34) Oona moea oo oa tlama Jesu hore a ee lefeelleng la Judea ka matsatsi a 40.
11. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ntse a e-na le moea oa ho tlotsoa ha a neelana ka puo ea hae ntlong ea thapelo ea Nazaretha?
11 Kamorao ho matsatsi ao a 40 a ho itima lijo le ho buisana le Ntate oa hae Jehova, Satane Diabolose a bea ka pel’a hae meleko e meraro. Hoja feela Jesu a ineela melekong eo, a ka be a ile a lahleheloa ke moea oa tlotso. Empa, ka ho hana Moleki, o ile a boloka moea oa tlotso. Ka hona o ne a sa ntsane a e-na le oona ha a neelana ka puo ea hae ntlong ea thapelo ea Nazaretha.—Matt. 4:1-13; Luka 4:1-21.
12. Ha ho talingoa se ileng sa etsahala naheng ea Bajode ho tloha ka 537 B.C.E., ke lipotso life tse hlahang ka Bajode nakong ea ho tlotsoa ha Jesu?
12 Ho tlotsoa ha Jesu ka moea o halalelang ka 29 C.E. ho etsahetse lilemo tse 565 kamor’a hore batho bahabo Jesu ba lokolloe botlamuoeng ba Babylona ka 537 B.C.E. ’me ba khutlele naheng ea habo bona e neng e entsoe lesupi, sebaka sa Judea. Ba ne ba ‘nchafalitse metse e entsoeng lithako’ ea naha, ho kopanyelletsa le Jerusalema, eo tempele ea eona ba ileng ba e tsosolosa. Ba ne ba ‘tsositse libaka tse feela’ tsa lilemo tse fetileng tse 70 tsa ho rapalla ha tsona e le lesupi ’me lefatše ba ne ba le fetotse ho kang paradeise. Meketeng e meraro ea selemo le selemo ea Bajode Sione, kapa Jerusalema, e ne e phethesela ka barapeli ba likete-tsa-likete. Ke hobane’ng ha ho tlotsoeng ha Jesu, he, ho neng ho ka ba teng Bajode kapa Baiseraele leha e le bafe ba lipelo li robehileng? Hobane’ng ha ho ne ho le teng ba ‘tlamiloeng’? Hobane’ng ha ho le teng ba “teronkong”? Hobane’ng ha ho le teng ‘ba siametseng Sione’? Hobane’ng ha ho le teng bafumanehi, baikokobetsi, “ba bonolo” ba hlokang “litaba tse molemo”? Hobane’ng ha ho ne ho le teng ba joalo ka 29 C.E.?
BA BATLANG ‘LITABA TSE MOLEMO’ TOKOLLO LE MATŠELISO
13. Kamor’a hore “ba teronkong” ba Bajode ba lokolloe Babylona ’me ba khutlele hae, ba ile ba kena botlamuoeng ba mofuta ofe?
13 E bile ka lebaka la boemo ba moea boo sechaba sa Iseraele se neng se kene ho bona. Ke ’nete, Jehova o ne a phethahalitse “letsatsi la liphetetso” ’Musong o Moholo oa Babylona, oo babusi ba oona ba neng ba hanne ‘ho lokolla batšoaruoa.’ (Esa. 14:17; Jer. 50:15, 28; 51:6, 11, 36) Ha, kamorao ho moo ba khutlisetsoa naheng ea habo bona “batšoaruoa” bao ba Bajode ha ba ka ba kena bohlankeng ba borapeli ba litšoantšo ka litšoantšo tsa sebele tse betliloeng. Empa ba kena botlamuoeng bo boholoanyane, boo ba tsamaiso ea bolumeli ea Sejode. Ena ke tsamaiso e neng e busoa ke mekhoa le lineano tsa batho, lintho tse neng li etsa Molao le melao ea Jehova Molimo lefeela. Bangoli ba molao le Bafarisi ba fetoha ba tsebisahalang haholo tsamaisong ena ea bolumeli. Ba ne ba koala mahlo a batho ’neteng ka ho nka “senotlolo sa tsebo,” ba ba sitisa hore ba ka kena ’musong oa Molimo, ’me ba jarisa batho liphahlo tse boima tseo bona ba sa li khoatheng le ka monoana.—Luka 11:52.
14. Mehleng ea Jesu, ke hobane’ng ha lebaka le ne le le teng la hore Bajode ba ‘siamele Sione’?
14 Ho feta moo, baeta-pele bao ba Bojode, joaloka batsamaisi ba lifofu, ba ne ba etelletse pele Bajode ba foufalitsoeng tseleng e fellang sekoting sa timetso ea bosechaba. Ba lohella Sione, kapa Jerusalema, tseleng ea ho hana Messia oa sebele, Jesu, ba etsa hore a bolaeloe sefateng joalokaha eka ke Kreste oa bohata. Baeta-pele bao ba bolumeli ba kenya Jerusalema tseleng ea ho ba e bolaeang baprofeta le e tlepetsang ka majoe ba rōmiloeng ke Molimo. (Matt. 23:1-37) Ka hoo, na “ba bonolo” ba sechaba se joalo ho ne ho hlokahala hore ba be le “litaba tse molemo” tseo ba li bolelloang? Na “ba tlamiloeng” ho ne ho hlokahala hore ba bolelloe topollo? Na ho ne ho le teng “ba teronkong” bao ho neng ho hlokahala hore ‘mahlo a bona a tutubolloe’ ka hore ba ntšoe mohohlong oa lefifi la bolumeli? Na Sione, kapa Jerusalema, e le setsi sa borapeli ba Jehova e le boemong bo senyehileng hakaalo ba bolumeli e ne e hlile e e-na le lebaka la sebele la ho e siamela? E, ruri! ’Me Jesu ea tlotsitsoeng o ile a bona hore ho ne ho le teng ka nako eo masala a ‘ba siameng’ joalo har’a Bajode.
15. Ke ka tsela efe Johanne ea Kolobetsang a sebelelitseng e le pula-maliboho, ’me Jesu e bile pula-maliboho ea bophelo le poloko joang?
15 Jesu o ile a honyella se neng se hlokoa ke bao ‘ba siameng, ba tlamiloeng,’ bao “ba teronkong,” bafumanehi bao “ba bonolo.” O ile a tšelisa bao ba siameng ka ho bolela litaba tse molemo tsa “’muso oa maholimo,” ntle ho ho phekola ba kulang le ho tsosa bafu. (Matt. 4:17; 11:4-6) Empa matšeliso a maholoanyane le topollo li ne li sa tla tlela bao ba siametseng Sione. A ile a tla ka lefu la Jesu le tsoho le ho nyolohela ha hae leholimong ho ea hlahisa bohlokoa ba sehlabelo se phekolang libe sa hae ho Molimo. Ka hore ka tsela eo a phethahatse boprofeta ba Bibele bo mabapi le eena, Jesu Kreste e bile pula-maliboho ea bophelo le poloko bakeng sa ba neng ba amohela tšebeletso ea hae e fanang ka bophelo. Johanne ea Kolobetsang o ne a ile a etella Messia oa Jehova pele ’me a lokisitse tsela, ’me ka hoo Johanne le eena o ne a ka bitsoa pula-maliboho. (Luka 1:76 New World Translation of the Christian Greek Scriptures, 1950) Jesu, leha ho le joalo, o ile a etsa ho hongata ho feta Johanne hore a tle a bule tsela e isang bophelong le polokong.
16. Ho latela phetolelo ea Moffatt ea Liketso 3:15, Petrose o ile a bitsa Jesu joang tempeleng e Jerusalema?
16 Ho bile joalokaha moapostola Petrose a ile a bolella Bajode ka sebete tempeleng e Jerusalema libeke tse seng kae kamor’a hore Jesu a nyolohele leholimong, a re: “Le bolaile pula-maliboho ea Bophelo. Empa Molimo o mo tsositse bafung, joalokaha rōna [Petrose le Johanne] re ka paka.”—Lik. 3:15, Moffatt.
17. Ho ea ka Liketso 5:31, baapostola ba leshome le metso e ’meli ba ile ba bitsa Jesu eng ka pel’a Sanhedrine ea Jerusalema?
17 Hamorao, ka pel’a Sanhedrin e molato oa mali e Jerusalema, eo ka nako eo e neng e entsoe ka Basaduse, Bafarisi le bangoli, baapostola ba 12 ba Jesu Kreste ba ile ba paka ho re: ‘Molimo o mo phahamiselitse letsohong le letona la oona e le pula-maliboho [arkhegós, ka Segerike] ea rōna le molopolli, e le hore a fane ka pako le tšoarelo ea libe tsa Iseraele.”—Lik. 5:31, Mo.
18, 19. Moapostola Pauluse o ile a bitsa Jesu eng ho Ba-Heberu 2:10 le 12:2?
18 Ha a ne a ngolla masala a Baheberu (Bajode) a ileng a amohela Jesu e le Messia, kapa Kreste, le a ileng a fetoha bara ba Molimo ba moea, moapostola oa Moheberu Pauluse o itse: “Hobane ho ne ho loketse hore, eo, eo lintho tsohle li leng teng ka eena li bileng li phelang, ha a tlotlisa bara ba bangata, a etse pula-maliboho [arkhegós] ea poloko ea bona ea phethahetseng ka ho feta mahlomoleng.”—Ba-Heb. 2:10; Revised Standard Version; hape le Moffatt.
19 Hape: “Le shebe Jesu pula-maliboho [arkhegós] le mophethahatsi oa tumelo ea rōna, eo ka thabo e neng e beiloe ka pel’a hae a ileng a mamella sefapano, a sa re letho ka lihlong, ’me o lutse ka letsohong le letona la terone ea Molimo.”—Ba-Heb. 12:2, R.S. Mo.
20. Ke ka tsela efe Jesu e bileng “pula-maliboho . . . ea tumelo ea rōna,” hammoho le mophethahatsi oa eona?
20 Jesu ka tsela eo o boleloa e le “pula-maliboho” bakeng sa barutuoa ba hae, pula-maliboho ea bophelo, pula-maliboho ea poloko, pula-maliboho ea tumelo ea rōna. O ile a netefatsa boprofeta bo baloang ka makholo-kholo ba Bibele bo mabapi le Messia, kapa Kreste. Ka tsela ena o ile a kenya motsoako o mocha le oa bohlokoa tumelong ea rōna ho Jehova Molimo. Ka hona ea e-ba pula-maliboho ea tumelo e phethiloeng eo joale Bakreste ba ’nete ba nang le eona. Ka nepo, he, o bitsoa “pula-maliboho . . . ea tumelo ea rōna.” (Ba-Heb. 12:2, RS; Ba-Gal. 3:24, 25) Ka nako eo tumelo ea rōna mabapi le Messia oa Jehova e etsoa hore e phethehe kapa e fihle tlhorong ho Jesu Kreste. Bajode ba ileng ba hana Jesu Kreste le ba ileng ba itšoarella ka thata molaong oa Moshe o le mong tumelo ea bona e ile ea sala e sa phethahala.
“LIFATE TSE KHŌLŌ TSA HO LOKA”
21. Ka baka la hore Jesu a iponahatse ho barutuoa ba hae le ka ho ba tšelisa kamorao ho tsoho ea hae, ba ne ba tla fihlela khōlō ea moea ho isa kae?
21 Hore a hahe tumelo ea barutuoa ba hae Jesu Kreste o ile a hlaha ho bona ka makhetlo a mangata matsatsing a 40 hoba a tsohe. O ile a tšelisa ba neng ba siametse Messia ea tšepisitsoeng. Ho ile ha etsahala joang ka ba ileng ba tšelisoa ke Jesu Kreste ea tsositsoeng? Ho latela boprofeta ba Esaia 61:1-3, Jesu ea tlotsitsoeng o ne a lokela ho “ba abela” “moqhaka sebakeng sa molora, oli ea nyakallo sebakeng sa ho siama, kobo ea thoko sebakeng sa moea o tepeletseng.” Ka lebaka la sena ba ne ba tla utloa khōlō ea moea hoo ba neng ba tla bitsoa “lifate tse khōlō tsa ho loka, se lemiloeng ke Jehova, hore a tlotlisoe ka sona.”
22. Boprofeteng ba Esaia, mantsoe “moqhaka,” “molora,” le “kobo” le “oli” a ne a ka utloisisoa joang, ’me a ile a tšoanela barutuoa ho tloha ka Pentekonta ho ea pele joang?
22 Hore na ebe baapostola ba bang kapa barutuoa ba Jesu ba ne ba ile ba tlola molora lihloohong le ho apara masela a mahoashe ha re bolelloe. Ka ho totobetseng lipolelo tsa boprofeta “moqhaka,” “molora,” “oli,” le “kobo” li ne li hlalosoa ka tšoantšetso. Ho hlaha ha Jesu tsohong ho ile ha fela ha etsolla boikutlo ba barutuoa tabeng. E, empa ka letsatsi la Pentekonta le ileng la latela, Morena ’Musi ea Phahameng Jehova o ile a sebelisa Mora oa hae Jesu Kreste hore a tšolle moea o halalelang holim’a barutuoa ba neng ba letile Jerusalema. Pontšong ea moea o tšolotsoeng, malakabe a mohlolo a mollo a leketla lihloohong tsa bona. Ponahalo ena e ne e le ea nakoana feela, ’me e ne e se “moqhaka” o sa feleng o neng o boletsoe khale boprofeteng ba Esaia. Ho e-na le hoo, lihlooho tsa bona li ne li roesitsoe thabo ea kamohelo ea bomolimo, joaloka thabo ea monyali oa moprista ka letsatsi la lenyalo. (Esa. 61:10) Ho ile ha tšoana leha ba tšetsoe ka oli e thobang lihloohong tsa bona, ba khatholloa ho isa ntlheng ea thabo. Ho neng ho ile e ne e le moea o tepeletseng, ’me lithoko tsa Jehova Molimo tsa ba khetholla joalokaha eka ke kobo ea tlotliso.” Ba neng ba shebelletse ketsahalo eo ea Pentekonta ba ile ba re: ‘Re ba utloa . . . ba bolela limakatso tsa Molimo ka puo tsa rōna.”—Lik. 2:1-11.
23. (a) Jesu o ile a bula maliboho bakeng sa barutuoa ba hae bakeng sa mosebetsi oa mofuta ofe? (b) Ka ho tlotsoa ka eena, barutuoa ba ile ba rōngoa ho etsa joang?
23 Ho sena sohle, rōna kajeno re hlokomela eng? ’Nete ena, hore, tumellanong le ho tlotsoa ha hae, Jesu Kreste o ile a bula mosebetsi oa ho tsosolosa ho bao e bileng barutuoa ba hae. Jehova a mo sebelisetsa hore a tšollele moea o halalelang ho barutuoa ba hae ba kolobelitsoeng, e le hore baamoheli bana ba moea o halalelang ka bobona e be batho ba tlotsitsoeng ka moea oa Morena ’Musi ea Phahameng Jehova. (2 Ba-Kor. 1:21; 1 Joh. 2:20, 27) Joale ba boela ba rōngoa ho bolela “litaba tse molemo” ho “ba bonolo” sechabeng sa Iseraele, ho bolela tokoloho ho ba tlamiloeng le ho lokolloa ha ba teronkong, le ho tšelisa bohle ba siametseng Sione. Ka tsela ena ba ne ba ka thusa ba bang bao ba ileng ba sebelisetsoa ho ba tšelisa le ho ba lokolla hore ba kene thabong ea “selemo sa mohau oa Jehova” le ho mo tlotlisa hore a ba khutlisetse mohaung oa hae le tšebeletsong ka batlotsuoa ba hae.
24. Ho tloha ka Pentekonta ho ea pele, sebaka sa moea sa barutuoa ba Jesu se ile sa khabisoa joang le kamoo ho neng ho khabisitsoe Paradeise, hore ho tlotlisoe mang?
24 Ho tšolloa ho ha moea ho ne ho etsa phapang eohle lefatšeng bakeng sa bao ba tlotsitsoeng ka oona. Ho e-na le hore ba tšoane le limela tse tetemang tse kebileng ke ho se ōtlehe, ba ile ba fetoha lifate tse khōlō tsa ho loka” tse neng li ka lengoa ke Jehova feela le hore a li hōlise ka Kreste. “Paradeise ea Thabo” ea motho ea tšimolohong e ne e apesitsoe ka lifate tsa mefuta e sa tšoaneng. (Gen. 2:7-9) Empa ho tloha ka Pentekonta ho ea pele Jehova o ile a lema “lifate tse khōlō” sebakeng sa moea sa batho ba hae ba ineetseng seo lira tsa bona li neng li se entse lefeella le lesupi. “Lifate tse khōlō” tse joalo tsa tšoantšetso ke Bakreste ba sa thekeseleng, ba tiileng, le ba sa sisinyeheng ba ikholilisitseng ka matla bakeng sa ho loka ha Jehova Molimo. Eena, joaloka Molimo oa bona, o ne a “tlotlisoa” ke boteng ba bona ka phuthehong e theiloeng bocha ea Bokreste.
25. Ke tlas’a tlamo efe ba kolobelitsoeng ka Pentekonta ba ileng ba kena, ’me ba lokela ho sebetsa mosebetsi ofe e le bo-pula-maliboho?
25 Ka letsatsi la Pentekonta, ntle ho phutheho ea mantlha ea barutuoa ba ka bang 120, ba bang ba likete-kete ba ile ba fetoha batlotsuoa kamor’a hore ba bake, ba amohele Messia le hore ba kolobetsoe metsing matsohong a baapostola ba 12. (Lik. 2:37-42) Bana le bona ba kena tlas’a litlameho tsa ho tlotsoa ka moea oa Jehova ka Kreste. Moeta-pele oa bona, Jesu, o ne a ile a bula tsela bakeng sa bona hore ba fumane tumelo e phethahetseng le bophelo le poloko. Ba fetoha “bahlanka ba Molimo oa rōna.” (Esa. 61:6) E le ba joalo, joale ba lokela ho bula tsela bakeng sa ba bang ba neng ba batla kamano le Molimo hore ba boelane le oona ka Kreste. (2 Ba-Kor. 5:20) Ka mokhoa ona ba ne ba tla ba le karolo e thabisang mosebetsing oa Molimo oa tsosoloso.