“Bahlanka ba Molimo oa Rōna” le Bathusi ba Bona Kajeno
1. Ke tšebeletso efe ea pontšeng e etsetsoang batho kajeno, ’me ba kopanelang ho eona ba bitsoa eng ka boprofeta?
MOSEBETSI OA MOLIMO oa tsosoloso ea moea le tokiso ke tšebeletso e khōlō ho tsohle ea pontšeng e etsetsoang batho kajeno. Bao o ba sebelisang e le bahlanka ba oona ba pontšeng mosebetsing ona hase mapolotiki, empa bao ka boprofeta ba bitsoang “bahlanka ba Molimo oa rōna.” (Esa. 61:6) Moeta-pele oa bona le Mohlala e ne e le Mohlanka oa Pontšeng ea ka pele-pele oa Jehova Molimo. Enoa e ne e le Jesu Kreste, eo, mehleng ea hae ha a le lefatšeng lilemong tse fetileng tse makholo a 19, a ileng a etsa mosebetsi o tsotehang oa tokiso ho batho ba fumanehileng.
2. Ke hobane’ng ha Jesu le baapostola ba hae ba ne ba sa kenella ho lokisoeng ha sebaka sa naha ea Palestina?
2 Morao koo tšebeletso ea pontšeng ea Jesu Kreste le baapostola ba hae e ne e sa tlise tsosoloso ea sebaka ea naha ea Palestina eo ba neng ba bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo ho eona. Ho sebeletsa ntho e joalo e ne etlaba lefeela, hobane Jesu ea tlotsitsoeng o ile a ruta baapostola ba hae hore “letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna” le ne le tla tlela Bajode, ’me le ile la fela la tla ka 70-73 C.E. ka makhotla a Baroma, ’me la etsa sebaka sa Judea lesupi. Qhobosheane ea Masada e pel’a Leoatle le Shoeleng e bile qhobosheane ea ho qetela ea Judea e ileng ea oela ho Baroma. Empa ho thoe’ng ka mosebetsi oa tokiso ea moea o ileng oa buloa ke Jesu ’me oa ntšetsoa pele ke baapostola ba hae? O ’nile oa tsoela pele ho feta nako eo eohle ea teko le ho fetela ka nq’ane, ho fihlela “koeneho” kapa borabele bo hlileng ba boleloa, bo kena kamorao ho lefu la baapostola.—2 Ba-Thess. 2:3.
3. Ho latela Esaia 61:1-4, “lifate tse khōlō tsa ho loka” ke bo-mang, ’me ba beiloe hore ba sebetse mosebetsi ofe?
3 Boprofeteng ba Esaia, khaolo ea 61, mosebetsi oa tokiso ea moea o ile oa tšoantšoa le tokiso ea naha eo e leng khale e le lesupi le metse ea eona e entsoeng nahathothe. Ka hoo, kamor’a hore ka lekhetlo la pele bo bolele kamoo Morena ’Musi ea Phahameng Jehova a tla “tlotlisoa” ka hore a hlahise “lifate tse khōlō tsa ho loka” paradeiseng ea moea, boprofeta ba Esaia bo tsoela pele ho re: “Ba tla tsosa marako a khale, ba tsose masupi a senyehileng khale, ba nchafatse metse e senyehileng, e sa leng e le lithako mehleng ea khale.” (Esa. 61:4) Batsosolosi bao ho boleloang ka bona mona ke bao ho suptjoang ho bona litemaneng tse tharo tsa pele ba fumanang matšeliso le ba neoang tokoloho ea bolumeli le ho khutlisetsoa mohaung oa Jehova. Bana ba kenngoa mosebetsing oa tsosoloso.
4. Na Jesu o ile a phethahatsa Esaia 61:4 sebakeng sa Judea kamor’a botlamuoa ba Babylona, ’me phethahatso ea boprofeta e ikatolosa ho fihlela kae?
4 Sebaka sa Judea le Jerusalema, seo Jesu Kreste le baapostola ba hae ba ileng ba bolela haholo ho sona ka ’muso oa Molimo, khale pele ho moo se ne se tsosolositsoe ke masala a tšepahalang a Bajode kamor’a hore ba lokolloe botlamuoeng ba Babylona le ho khutlela ha bona naheng ea habo bona ka 537 B.C.E. Empa na Jesu ea tlotsitsoeng o ile a sebelisa boprofeta ba Esaia 61:4 phethahatsong eo e fetileng naheng ea sebele ea Juda? Che! Ha a ne a qotsa litemana tsa pele tse peli tsa Esaia, khaolo ea 61, ntlong ea thapela ea Nazaretha, o ile a supa phethahatso ea khaolo eo e le e qalang ka eena, mehleng ea hae. O ile a bontša hore e ne e e-na le tlhaloso ea moea ’me e ne e sa sebetse ho tsosolosoeng ha maemo a batho a tlhaho, a nama, tikoloho ea bona. Ka hona phethahatso ea boprofeta e sarolohela ho tla fihla lekholong la rōna la lilemo la bo20, mehleng ea rōna.
5. Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala mosebetsi oa ho tsosolosa oa moea mabapi le batho ba Jehova kamorao ho Ntoa ea I ea Lefatše, ’me o ile oa qaleha neng?
5 Ntoa ea I ea Lefatše ea 1914-1918 e bile le phello e senyang ho masala a tlotsitsoeng a bahlanka ba ineetseng le ba kolobelitsoeng ba Jehova. Phutheho ea bona ea lefatšeng e ile ea senngoa ka litsela tse ngata. Hoba ntoa eo ea pele e feletseng e lale, palo e itseng ea Bakreste ba tlotsitsoeng ba neng ba bile ka pele-pele tšebeletsong le borapeling ba Jehova Molimo e ile ea iphumana e ntse e le teronkong tlas’a likahlolo tse telele tsa ho behoa litlamong. Empa ka 1919 tokoloho e ile ea tla, empa, e sa tle feela litlamong tsa sebele, habohlokoa haholo, Babylona e Moholo (ho kopanyelletsa le Bojakaneng bo koenehileng). Mosebetsi oa ho tsosolosa oa moea oa tsoela pele ntle ho tieho.
6. Kopano ea 1919 ea Cedar Point e ile ea hlokomelisa lefatše ka ’nete efe, ’me Jehova joale o ile a thea eng bakeng sa masala a hae a tlotsitsoeng?
6 Ka 1919 kopano ea pele ea Liithuti tsa Lichaba Tsohle tsa Bibele Cedar Point, Ohio, ea ipaka e e-na le seo e se bolelang. E ile ea hlokomelisa lefatše hore masala a tlotsitsoeng a Bakreste ba ’nete a tlotsitsoeng ka moea oa Morena ’Musi ea Phahameng Jehova a boetse a ea phela, joalokaha e ka a tsoha bafung. A ne a khutliselitsoe mohaung oa hae ’me hang hape a ne a le mafolo-folo ho boleleng ‘litaba tse molemo tsa ’Muso e le bopaki ho lichaba tsohle’ joalokaha ho boletsoe e sa le pele ho Mattheu 24:14. Phello ea boiteko boo ba ho bula-maliboho tokisong ea moea bo bontšoa tekanyong ea lefatše lohle le ho tla fihlela kajeno. Thorisong e lebang ho eena, Jehova Molimo o thèile paradeise ea moea bakeng sa masala a hae a tlotsitsoeng ka moea.
“BAHLANKA BA MOLIMO OA RŌNA” BA KHETHOA KE MANG?
7. Ho latela Esaia 61:5-7, tokiso ea moea e etsoang ke masala a tlotsitsoeng e ne e tla tsosa tlhokomelo e kae?
7 Le hoja ho ka bonahala ho makatsa, tokiso ea moea ea masala a tlotsitsoeng a Jehova e ne e tlameha ho tsosa tlhokomelo ea lichaba tsohle. Boprofeta ba Esaia bo hlile ba bolela sena e sa le pele. Kamor’a ho hlahloba Esaia 61:4, rea bala: “Balichaba ba tla ba teng, ba alose mehlape ea lōna; bana ba basele ba tla le lemela, ba le hlomele merara. Empa lōna, le tla bitsoa baprista ba Jehova, le bahlanka ba Molimo oa rōna. Le tla ja menono ea lichaba, le ithorise khanyeng ea [maruong] tsona. Bakeng sa masoabi ao le bileng le ’ona, le tla sitsoa habeli; bakeng sa nyatso, ba tla thabela kabelo ea bona; hobane ba tla abeloa habeli naheng ea bona, ’me ba tla ’ne ba thabe ka ho sa feleng.”—Esa. 61:5-7.
8. Lintho tse seng monate tse neng li profetiloe li ile tsa tla neng hona joang, e le ka tšusumetso ea mang?
8 A re se ke ra hlōleha ho hlokomela sena: Bao boprofeta bona bo khothatsang bo phethahatsoang ho bona ba tlameha ho hlajoa ke lihlong le ho kokobetsoa, ho amohuoa “kabelo” ea bona. Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše lintho tse sa lumellaneng joalo le tse sa lokang li ile tsa fela tsa oela masala a tlotsitsoeng a Jehova, le hona matsohong a Bojakane bo hlantšoang ke ntoa. E, ho tla fihlela kajeno baruti ba Bojakane ba ntse ba phehella ho bokella lihlong le nyatso ho masala a tlotsitsoeng a Baiseraele ba moea.
9. Ke sebakeng sefe moo masala a tlotsitsoeng a neng a ke ke a hlola a hlajoa ke lihlong, nyeliso le ho haelloa, hona a fihlile joang moo?
9 Leha ho le joalo. Baiseraele bao ba moea ha ba sa le naheng ea Babylona e Moholo, mahlomoleng a botlamuoa, ho koalloa le bokhoba ba bolumeli moo. Selemo ka 1919, ha baruti ba mofuta oa Babylona ba Bojakane ba se ba sa laole lichaba ho li sebelisa e le sethibelo, Jehova o ile a lokolla masala a tlotsitsoeng a tšepahalang a hae. A ba khutlisetsa ho seo boprofeta ba Esaia bo se bitsang ‘naha ea bona.’ Sebakeng seo ba se filoeng ke Molimo ke moo ba neng ba ke ke ba hlola ba hlabisoa lihlong, ba nyatsuoa le ho haelloa ke litokisetso tsa moea. Ea bona e ne e tšoanela hore e be paradeise ea moea, moo ba neng ba tla fuoa kabelo “habeli.”
10. Ka hore na masala a tlotsitsoeng a khutlisitsoeng a bitsoa joang ke bahanyetsi ba bolumeli le Jehova, sa bohlokoa ke eng ho masala?
10 Koana, baruti ba Bojakane ba boikaketsi le batšehetsi ba bona ba lefatše ba sa ntsane ba e-na le tsela ea bona ea ho bitsa masala a tlotsitsoeng e le sehlopha se teng sa bolumeli. Empa boprofeta ba Esaia bo ile ba bolela hore masala a tlotsitsoeng a Molimo a ne a tla bitsoa eng? Esaia 61:6 e ne e tobisitsoe ho masala a khutlisitsoeng ’me e re: “Empa lōna, le tla bitsoa baprista ba Jehova, le bahlanka ba Molimo oa rōna. Le tla ja menono ea lichaba.” Hore na Jehova o bitsa masala a hae a tlotsitsoeng eng, ke sona sa bohlokoa ho oona, e seng hore na bahanyetsi ba bolumeli ba ba bitsa eng.
11. Iseraeleng oa boholo-holo, ho ne ho akarelletsoa bomang bopristeng, empa boprofeta ba Esaia 61:6 bo tobisitsoe ho bo-mang ka baprista?
11 Sechabeng sa habo moprofeta Esaia le sa habo Jesu Kreste, boprofeta ba Esaia 61:6 bo ne bo ke ke ba phethahala le ka mohla. Hobane’ng? Hobane ke litho tse tšoanelehang tse tona feela tsa lelapa la Aarone, moholoane oa Moshe, tse neng li tlotsoa e le baprista. Leloko lohle la Levi le sebeletsa e le le thusang boprista ba lelapa la Aarone tempeleng. Meloko e meng e 12 ea Iseraele e ne e tlisa mahlabelo le linyehelo bopristeng ba Aarone ’me hape e ne e thusoa ke Balevi ba tempeleng. Na meloko eo e 12 e ile ea ikutloa hore e khethollotsoe hobane e ne e behelletsoe ka thōko bopristeng le litšebeletsong tsa Bolevi? Che! Ba ile ba ikokobeletsa ba neng ba khethiloe ke Morena ’Musi ea Phahameng Jehova. Ka hoo, tlas’a molao oa Moshe, ho ne ho se mohla Iseraele e kileng ea e-ba sechaba sa boprista, sechaba seo ho hang se entsoeng baprista. Leha ho le joalo, tabeng ea barutuoa ba tlotsitsoeng ba Kreste, ho Iseraele eohle ea Bokreste e entsoeng ka bona ho ile ha thoe: “Le tla bitsoa baprista ba Jehova.”
12. Iseraeleng oa moea, baprista ba bakae, ’me Moprista e Moholo ke mang?
12 Litho tsohle tsa Iseraele enoa oa moea ke “baprista” ka khetho ea Jehova ho bona. Jesu Kreste pula-maliboho oa bona ke Moprista e Moholo oa Jehova, eo tlas’a hae sechaba sa “baprista” se sebeletsang Molimo.
13. Baapostola Petrose le Johanne ba tiisitse joang hore tokisetso ena ea Jehova e sebetsa ho barutuoa ba tlotsitsoeng ba Moprista e Moholo Jesu Kreste?
13 Moprofeta Esaia o ile a bululeloa hore a bolele ’nete ena e sa le pele. Hamorao, baapostola ba bululetsoeng ba Jesu Kreste ba ile ba tiisa hore tokisetso ena ea Morena ’Musi ea Phahameng Jehova e ne e sebetsa ho barutuoa ba tlotsitsoeng ba Moprista e Moholo oa leholimo Jesu Kreste. Ho barutuoa ba joalo, moapostola Petrose o-oa ba ngolla, a re: “Le lōna, le ke le hahuoe le le majoe a phelang, ho etsa ntlo ea Moea, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moea, a natefelang Molimo ka Jesu Kreste. Empa ha e le lōna, le moloko o khethiloeng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le sechaba se ruiloeng, le tle le bolele lithoko tsa ea le bitsitseng lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang.” (1 Pet. 2:5, 9) Ho feta moo, moapostola Johanne o ile a ngolla ba neng ba rateha ho Jesu Kreste, a re: “Ho ea re ratileng, ea re hlatsoitseng libe tsa rōna maling a hae, a ba a re bea marena le baprista ho Molimo, Ntat’ae, ho isoe khanya le matla ka mehla le mehla.”—Tšen. 1:5, 6.
14. ’Nete ena e phetoa joang ho Tšenolo 5:9, 10?
14 Johanne hape o ngola mohoo oa leholimong o ileng oa etsetsoa Konyana ea Molimo, Jesu Kreste, ’me oo o ama boprista, ka mantsoe ana: “Ua lopollela Molimo, ka mali a hao, batho ba mefuta eohle, le ba lipuo tsohle, le ba merabe eohle, le ba lichaba tsohle; ’me u ba beile marena le baprista ho Molimo oa rōna.”—Tšen. 5:9, 10.
15. Khatiso ea 1977 ea The Encyclopedia Americana e re’ng ka “Boprista ba balumeli bohle” bo rutoang ke balokisi?
15 Lilemong tse Bohareng Balokisi ba Maprostanta ba ile ba sebelisa mantsoe ana liphuthehong tsa bona tsa bolumeli. Leqepheng la 681 Moqolo oa 22 khatiso ea 1977 ea The Encyclopedia Americana, tlas’a sehlohoana se reng “Boprista ba Balumeli Bohle,” e re:
“Thuto e setsing ea Tokiso e ne e le boprista ba balumeli bohle. Ba lumela hore poloko e tla ka mohau o sa lefelloeng oa Molimo, o amoheloang ka tumelo, Balokisi ba phea-khang hore ha ho mosebeletsi le ea mong oa bolumeli eo ho hlokahalang hore a kenelle poloko lipakeng ka ho bolela le lisakaramente. Molumeli e mong le e mong a ka sebetsa joaloka moprista, a bolela litaba tse molemo tsa poloko, ’me ea mametseng a ka arabela ka tumelo. Ho feta moo, joalokaha mesebetsi e metle e le ho sebeletsa eo u ahisaneng le eena, mosebetsi ofe le ofe o fumantšang sechaba molemo, o bonoa e le mosebetsi oa Bokreste. Se tsejoang e le ‘mosebetsi o motle oa Bokreste’ se ile sa hlahisoa ke ho bona mosebetsi oa tsatsi le leng le le leng e le sebaka sa bohlokoa seo ho ka sebeletsoang Molimo ho sona.”
16. Bukeng ea hae e tobisitsoeng “Ho ba Boemong ba Bophahamo Sechabeng sa Jeremane,” Martin Luther o ile a re’ng ka boprista ba bokahohleng?
16 Moqolong oa 1927, 1929 oa 17 oa The Encyclopedia Americana, holimo leqepheng la 753, tlas’a “Luther,” rea bala:
“Libuka tse peli tse hlokomelehang joale li ile tsa hlaha peneng ea Lutere li hlalosa boikutlo ba hae: ‘Ho ba Boemong ba Bophahamo Sechabeng sa Jeremane,’ le ‘Batlamuoa ba Babylona.’ Ho sa pele o bolela boprista ba lefatše lohle ’me o tsoa boprista leha e le bofe bo theiloeng ka mokhoa o khethehileng. O bile o hana le tokelo ea Mopapa ea ho hlalosa Bibele, eo a bolelang hore e bolokolohing ho mang le mang.”
Ka mohlala, Martin Luther o ile a ngola bukeng ea hae a ngolla ‘ba boemong bo Phahameng’: “bohle re ile ra tlotsetsoa hore re be baprista ha re kolobetsoa. . . . Hore Mopapa kapa mobishopo ke eena ea tlotsang, ea tšoaeang, ea beang, ea hlomang le ho apesa motho ka mokhoa o fapaneng le phutheho ho ka ’na ha mo etsa moikaketsi kapa sethoto, empa ha ho mohla ho tla mo etsa Mokreste kapa motho oa moea.”
17. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba sa ka ba inkela tlotla ea moprista, hona ho thoe’ng ka Jesu Kreste ka boeena ha a le lefatšeng?
17 Ho tšoana le Bakreste ba pele ba mehleng ea baapostola, litho tsa masala a tlotsitsoeng kajeno ha lia nka tlotla ea moprista. Ha li etse joalo ka lebaka lefe? Na kaofela ha bona hase litho hammoho tsa boprista bo le bong ba moea ’me ka hoo ba ke ke ba khetholloa e mong ho ba bang? E! Boprista bo phahameng ba Jesu Kreste ke eona ntho e busang eo Mangolo a Bakreste a Segerike a bululetsoeng a e supang bakeng sa ho nahanisisoa ke phutheho e tlotsitsoeng ka moea. (Ba-Heb. 3:1-6) Le eena Jesu Kreste ka boeena, ha a le lefatšeng, ha a ka a ipolela e le moprista, le hoja ka nako eo a ne a sebeletsa e le phethahatso ea moprista e moholo oa pele oa Iseraele, Aarone moholoane oa Moshe.
18. (a) Na batho ba bea baprista, joalokaha batho ba khetha baholo, balebeli le bahlanka ba sebeletsang? (b) Ke hokae, tempeleng ea Jehova ea moea, moo masala a tlotsitsoeng a leng teng kajeno, hona a etsa eng moo?
18 Ke ’nete, baapostola ba kang Pauluse le Barnabase ba ile ba fela ba khetha banna ba tšoanelehang hore e be baholo kapa balebeli le bahlanka ba sebeletsang ka liphuthehong tsa Bakreste, empa ha ho mohla ba kileng ba khetha kapa ba bea “baprista.” (Lik. 14:23; Ba-Fil. 1:1) Jehova ke eena eo, ka Jesu Kreste, a khethang kapa a beang baprista ba hae. Ho sa tsotellehe hore ha ba inkele likhau, masala a tlotsitsoeng a kajeno a ho se neng se tšoantšetsoa ke “lebala la baprista” tempeleng e Jerusalema. Lebaleng le joalo la tšoantšetso ka tempeleng ea moea ea Jehova, ba nyehela ‘mahlabelo a moea’ ho eena ka Jesu Kreste Moprista e Moholo.—1 Pet. 2:5.
19. (a) Ho Esaia 61:6, litho tsa Iseraele oa moea li bitsoa eng hape? (b) Na lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng mo le bolela ho fetang ho sebeletsa joaloko “mohlanka” feela tjee?
19 Joale ha re khutlela ho Esaia 61:6, re hlokomela hore e boetse e re ho litho tse tlotsitsoeng tsa Iseraele oa moea: “Le tla bitsoa . . . bahlanka ba Molimo oa rōna.” Mona temaneng ea Seheberu lentsoe le fetoletsoeng e le “bahlanka” ke m’sharethʹ (ka bongateng), e seng ʹobed, e bolelang “mohlanka” joaloka ho Esaia 65:13. Lentsoe la Seheberu m’sharethʹ le libopeho tse ling tsa lentsoe la ketso sharathʹ a atisa ho sebelisoa mabapi le baprista ba Iseraele. Joele 2:17 e sebelisa polelo “baprista, bahlanka ba Jehova.” (Ex. 28:35, 43) Phetolelong ea pele ea Mangolo a Seheberu ho a isa puong esele bafetoleli ba buang Segerike ba ile ba hlokomela phapang pakeng tsa mantsoe a mabeli a Seheberu ʹobed le m’sharethʹ ’me ka hona ha ba ngola Esaia 61:6 ho Septuagint Version ea Segerike ba ile ba sebelisa lentsoe la Segerike leitourgosʹ bakeng sa m’sharethʹ.
20. (a) Tlhaloso e kholo ea lentsoe la Segerike leitourgosʹ ke efe? (b) Le sebelisitsoe joang ka Mangolong a Bakreste a Segerike mabapi le libopuoa tse batho le libopuoa tsa leholimo?
20 Lentsoe leitourgosʹ haholo-holo le bolela, “mosebeletsi oa pontšeng,” ke ho re, mosebeletsi oa sechaba, ea kang ‘maseterata. (Ba-Roma 13:6) Le ka ’na la bolela motho ea sebeletsang setulong se halalelang joalokaha moapostola Pauluse a ipolela e le “monemotse oa Jesu Kreste har’a balichaba, ka ho phetha tsa boprista ba Evangeli ea Molimo.” (Ba-Roma 15:16) Jesu Kreste, e le Moprista e Moholo oa Molimo, o bitsoa “mosebeletsi oa sehalalelo, le oa tabernakele ea sebele.” (Ba-Heb. 8:1, 2) Tabeng ea mosebeletsi oa sechaba ea kang mora oa Morena Davida Amnone, motho ea mo sebeletsang o ne a tla talingoa e le mosebeletsi oa pontšeng. (2 Sam. 13:18) Mangeloi a leholimo a talingoa e le basebeletsi ba pontšeng, hobane, ha moapostola Pauluse a qotsa Pesaleme ea 104:4, o re: “Athe ha e le ka mangeloi, [Molimo] o itse: O etsa mangeloi a oona meea e fokang, le bahlanka ba oona malakabe a mollo.” (Ba-Heb. 1:7) Hape, ho Ba-Heberu 1:14, Pauluse o bua ka mangeloi e le “meea e sebeletsang.”
21. Ho Pesaleme ea 103:21, makhotla a Molimo a sesole a leholimong a bitsoa eng?
21 Pesaleme ea 103:21 e tobisoa ho “makhotla” a Jehova a leholimo, ’me kaofela a bitsoa “bahlanka ba oona.” Ha ho inahaneloa Iona kahoohle lentsoe “bahlanka” joalokaha le hlaha ho Esaia 61:6 le supa ho fetang mosebetsing oa motho e le mohlanka kapa ea etsang tšebeletso e halalelang.
22. (a) Jesu Kreste o ile a etsetsa Molimo tšebeletso ea pontšeng e phahametseng ea bo-mang? (b) Ho Ba-Filippi 2:17, Pauluse o buile ka mosebetsi oa Bokreste o moo e le eng?
22 Ba-Heberu 10:11 e bua ka moprista e mong le e mong oa Iseraeleng ea boholoholo e le ea neng a nka sebaka sa hae tsatsi le leng le le leng “ho sebeletsa Molimo, ’me o hlahisa hangata mahlabelo a le mang.” (Bona hape Luka 1:23.) Ka mora oa Molimo, ea phahametseng mangeloi, Ba-Heberu 8:6 e re: “Empa . . . [Jesu] o filoe tšebeletso e fetisang, kahobane e le ’muelli oa selekane se fetisang.” Phuthehong ea Antioke, Syria, baprofeta ba bang ba Bakreste le baruti, ho kopanyelletsa Pauluse le Barnabase, ho ne ho boleloa hore ba ne “ba sebeletsa morena.” (Lik. 13:1, 2) Pauluse, ea ileng a thèa phutheho ea Filippi, Macedonia, o bua ka tšebeletso ea bona e khethehileng ’me o re: “Le haeba mali a ka a ka tšolleloa ho ba sehlabelo ho Molimo, se kopanang le nyehelo le tšebeletso ea tumelo ea lōna.” (Ba-Fil. 2:17, Phet, e Ncha) Ka hona Bakreste bao bohle ba tlotsitsoeng ba ne ba sebeletsa e le bahlanka ba pontšeng ba Molimo.—Esa. 61:6.
23. Watch Tower tokollong ea eona ea Phuptjane 1882 e ile ea hlokomelisa ka mosebetsi oa pontšeng o etsoang ke litho tsa ’mele oa moea oa Kreste joang?
23 Ka mokhoa o tšoanang masala a tlotsitsoeng a Baiseraele ba moea kajeno a nyehela ‘tšebeletso ea pontšeng’ ho Molimo e le sehlopha sa “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” (Matt. 24:45-47) Boteng ba sehlopha se joalo sa bahlanka ba pontšeng ba Molimo ho ile ha hlokomelisoa ka sona khale ke Zion’s Watch Tower tokollong ea eona ea khoeli le khoeli ea Phuptjane 1882, leqepheng la 7, serapa sa 5, tlas’a taba e neng e re “Baruti ba Batho baa Hlokeha.” Bahatisi moo ba ile ba re: “. . . Le hoja setho se seng le se seng se ineetseng sa ’mele oa Kreste e le MOSEBELETSI ka kutloisiso eitseng, ’me bohle ba ‘tlotselitsoe ho bolela molaetsa o molemo,’ leha ho le joalo ho na le litho tse sa tšoaneng tse tloaelaneng le likarolo tse sa tšoaneng tsa mosebetsi, joalokaha ho le teng litho le litulo tse sa tšoaneng ’meleng oa motho, tseo ka Mangolong li sebelisetsoang ho tšoantšetsa ’mele oa Kreste—Kereke.” Ka hona masala ’ohle a tlotsitsoeng a ’mele oa Kreste oa moea a talingoa ka ho loketseng le hore ho boleloa ka oona e le “bahlanka ba Molimo oa rōna.”—Esa. 61:6.
KAMOO BA NKUOANG MACHABENG
24, 25. “Bahlanka ba Molimo oa rōna” ba ka tlatlapuoa le ho tšoaroa ntle ho toka joang, empa ke mang ea tšepisang hore o tla lokisa lintho ka nako e loketseng?
24 “Bahlanka ba Molimo oa rōna” ba lokela ho phethahatsa boikarabelo ba bona le ho itšoara ka tsela e tlotlisang boemo ba bona ka pel’a Molimo. Batho ka kakaretso ba ka ’na ba se ba utloisise ’me ba ba talima ba sa loka ba bile ba fositse. Ba ka ’na ba hlakoloa botumo ba bona bo botle kapa ba latoleloa tlhokomelo e ba loketseng le ho nahaneloa ho ba tšoanelang. (2 Ba-Kor. 6:8-10) Empa Moahloli e Moholo oa bohle o tla lokisa litaba ka nako e tla beng e loketse morero oa hae hore a etse joalo. O lumela tokeng. Ho Esaia 61:8, 9 o re ho ba tlatlapuoang:
25 “’Na, Jehova, ke rata ho lokileng, ’me ke hloile bosholu le bolotsana; ke tla ba nea meputso ea bona e ba lokelang, ke ba sitse ka selekane se sa feleng. Leloko la bona le tla tsejoa har’a lichaba, le litloholo tsa bona har’a merabe; bohle ba tlang ho ba bona ba tla ba tseba hoba ke leloko le hlohonolofalitsoeng ke Jehova.”
26. Masala a Iseraele oa moea a ile a tsebisahala joang har’a lichaba le batho, ’me bana ba ile ba hlokomela “leloko le hlohonolofalitsoeng ke Jehova joang?
26 Hore a tle a ‘tsebahale’ masala a tlotsitsoeng a Iseraele oa moea a ile a tlameha ho intša lichabeng le merabeng. Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, e, le nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ba ne ba ‘tlatlapuoe’ har’a machaba. Ka baka la ho nqosoa ka bohata le ho emeloa hampe ke lira tsa bolumeli le metsoalle ea tsona, ba ile ba kena mahlorisong a moholo. Ba tlatlapuoa “meputso” e neng e hlile e ba lokela ka baka la boiteko ba bona le mesebetsi tšebeletsong ea pontšeng ea Jehova. Empa ka ho ba etsa lipaki tsa hae le baboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso, Jehova a bontša hore na o amohela bafe. (Matt. 24:14; Esa. 43:10, 12) Ka moea oa hae o halalelang a ba nea matla hore ba pakele lefatše lohle. Ka tsela e joalo lichaba le merabe tsa tseba “leloko le hlohonolofalitsoeng ke Jehova.”—Esa. 61:9.
27. Ke bo-mang har’a lichaba le merabe ba ileng ba ela hloko boemo ba masala ka mokhoa o loketseng, hona ba ile ba batla ho phela le ho sebeletsa Molimo hokae le bo-mang?
27 Lichaba le merabe kamoo li leng kateng ha lia ka tsa hlokomela masala a tlotsitsoeng a Jehova kamoo ho tšoanelehang. Empa batho ka bomong ba ile ba etsa joalo. Ba ratang toka, ho loka le ’nete ba iponahatsa. Ka ho hlokomelehang ho tloha selemo ka 1935 bana ba ile kena moleng ho ema le masala a tlotsitsoeng hobane e ne e le “bahlanka ba Molimo oa rōna.” Ho tloha ka nako eo bana bao e seng Baiseraele ba moea, “leloko le hlohonolofalitsoeng ke Jehova,” ba fetohile “bongata bo boholo.” Kopanong ea Washington, D.C. ea Lipaki tsa Jehova ka 1935 ho ile ha senoloa hore “bongata” bona bo se nang palo ba bao e seng Baiseraele ba moea bo ne bo lumellana le setšoantšo sa boprofeta sa Tšenolo 7:9-17. Ka baka la ho se be Baiseraele ba moea, e ne e le “balichaba” le “basele” ho masala a tlotsitsoeng. (Esa. 61:5) Ba ile ba bona hore masala a phela paradeiseng ea moea, e tšoauoang ka “lifate tse khōlō tsa ho loka” ’me a na le liphutheho tse tšoanang le metse. Le bona ba ne ba batla ho ba paradeiseng ea moea ea mofuta oo, hore moo ba eo sebeletsa Molimo.—Bona You May Survive Armageddon into God’s New World, maq. 296-299, lir. 14-16; leq. 368. sa 30.
28. Ke ka tsela efe ea “bongata bo boholo” masala a tlotsitsoeng a bonang ho phethahatsoa ho oona mantsoe a Esaia 61:5?
28 Li nka qeto ea tsona e le ea bohlokoa hammoho le tsela eo ba tla sebetsa ka eona, ba furalla tsamaiso e silafetseng, le e bolileng ea lefatše. Ba ema le tsamaiso e bonahalang ea Jehova. Koana, ba ne ba ke ke ba mo sebeletsa joaloka Baiseraele ba moea, empa ba ne ba hlile ba lakatsa ho thusa masala a tlotsitsoeng ho boleleng litaba tse molemo tsa ’muso oa Jehova ka Kreste. Ba kolobetsoa e le balateli ba ineetseng ba kolobelitsoeng ba Jesu Kreste. Ba nka tšebeletso e mafolo-folo le Baiseraele ba moea. Ka baka leo, ka thabo masala a tlotsitsoeng a bona ho phethahala ho oona mantsoe a Esaia 61:5: “Balichaba ba tla ba teng, ba alose mehlape ea Iona; bana ba basele ba tla le lemela, ba le hlomele merara.”
29. Bo ikokobelitse kelellong, “bongata bo boholo” bo thabela ho etsa joang lebitsong la “bahlanka ba Molimo oa rōna,” hona e le ka phello efe?
29 Ka boikokobetso “bongata bo boholo” bo ho nka e le tlotla le tokelo ho sebeletsa ka paradeiseng ea moea le bao Esaia 61:6 e ba supang e le “baprista ba Jehova” le “bahlanka ba Molimo oa rōna.” Ba ananela hore masala a tlotsitsoeng a khethiloeng joalo a Jehova Molimo a tlameha ho ikhetha ka litaba tsa moea ka tempeleng ea hae ea moea. Ka hona bo thabela ho thusa masala a tlotsitsoeng ka ho ba thusa le ho sebelisana le oona e le hore bana ba ka ikhetha ka litaba tseo e leng tsa bohlokoa haholoanyane tsa moea. Hona hoohle ho thusa ho ntlafatseng paradeise ea moea le ho e etsa hore e bee, tlotlisong ea Molimo.
30. Esaia 61:5 e tšoantšetsa “balichaba” bana le “basele” ba etsa tšebeletso efe, empa Tšenolo 7:14, 15 e bua joang ka tšebeletso ea bona?
30 Ka hona “balichaba” le “basele” ka tšoantšetso ba kajeno ba thusa bao ba masala hore ba ka phethahatsa litšoanelo tse likolohang ho bona ka baka la ho tlotsoa ha bona ka moea oa Jehova. Ho Esaia 61:5 mosebetsi oa bathusi o tšoantšetsoa e le ho hlokomela mehlape, bolemi kapa masimo, le ho hlokomela masimo a merara. Empa ponong ea Tšenolo ea basele ba tsoang lichabeng tsohle, merabeng, melokong le lipuong, ho boleloa tjena ka bona: “Ba hlatsoitse liaparo tse telele tsa bona, ba li soeufalitse maling a Konyana. Ke ka lebaka leo ba leng pel’a terone ea Molimo, ’me ba o sebeletsa motšehare le bosiu tempeleng ea oona.”—Tšen. 7:14, 15.
31. Ho sa tsotellehe hore na lefatše le ba talima joang, bao ba “bongata bo boholo” ke eng ho Molimo o lutseng teroneng?
31 Bao ba “bongata bo boholo” ka tsela eo ba tšoantšetsoa e le ba etsang tšebeletso e halalelang ho Morena ’Musi ea Phahameng oa bokahoohle. Ho sa tsotellehe hore na lefatše le ba talima joang, ke bahlanka ba hae!
32. Esaia 61:5, 6 e tla phethahatsoa joang haholoanyane mabapi le masala le “bongata bo boholo” nakong ea lilemo tse sekete?
32 ‘Bongata boo bo boholo’ ba “basele” le ba “balichaba” bo tla pholoha ‘mahlomola a maholo’ a tlang. Esaia 61:5 e hlalosa ka bokhabane hakaakang seo ba tla se etsa kamorao, nakong ea puso ea Kreste ea lilemo tse sekete! Nakong eo, “baprista ba Jehova” bao e leng “bahlanka ba Molimo oa rōna” ba tla phahamisoa le Moprista e Moholo Jesu Kreste maholimong. Holimo moo ba tla tšoareha haholo ho feta leha e le neng pele ka tšebeletso ea boprista bakeng sa batho bohle. (Tšen. 20:6) Empa “bongata bo boholo” bo tla tlohelloa mona lefatšeng le hloekisitsoeng le tlang ho fetoloa le etsoa paradeise ea lefatše lohle. Bo-pula-maliboho ba ho lokisa le ho ntlafatsa bonamelo ba maoto a Molimo ba lefatšeng e tla ba bo-mang? E, ke “bongata bo boholo” ba baphonyohi ba mahlomola bo itšoarelletseng paradeiseng ea moea le masala a tlotsitsoeng.
33. “Bongata bo boholo” bo tla sebetsana joang le se hlokoang ke batho le litakatso tsa bona ka nako eo, ’me e tla ba bo-pula-maliboho ba bo-mang tšebeletsong ea Jehova le borapeli?
33 Na ho na le liaparo tse tla etsoa? Boea ba linku bo tsoang mehlapeng e tla alosoa ke “bongata bo boholo” bo tla ba bongata bakeng sa morero ona. Na bohobe boa hlokahala, le lintho tse ling tse tsoang masimong? “Balemi” ba tla bona hore ba khotsofatsa litakatso tse tsoang botebong ba pelo. Balemi ba merara ba tla tseba ho fana ka liveine tse molemohali ho thabisa lipelo tsa batho. Tsoelopele e tla beng e entsoe ke “bongata bo boholo” ho tsosoloseng paradeise lefatšeng e tla thabisa mahlo a bohle ba tsosoang bafung ’me e tla bontša tlhokomelo e tsoetseng pele e entsoeng bakeng sa bohle ba joalo ba lopolotsoeng ke Moprista e Moholo. Ho sa tsotellehe sena sohle, “bongata bo boholo” bo ke ke ba hlokomoloha ho etsetsa Jehova Molimo ka Kreste Jesu tšebeletso e halalelang ka linako tsohle mabaleng a lefatšeng a tempele ea Molimo ea moea. Ho sena bo tla bea mohlala o motle le ho etella pele bafu bohle ba khutlisitsoeng.—Luka 23:43.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
“Bahlanka ba Molimo oa rōna” ba kajeno ba phetha mosebetsi oa ho lokisa oa moea o hlileng oa boleloa ke moprofeta Esaia ’me maliboho a oona a buloa ke Jesu. Moea oa Morena ’Musi ea Phahameng Jehova o ba file matla hore ba bolele litaba tse molemo tsa ’muso ho be bonolo ba lefatše lohle.