Botle ba ʼMuso oa Jehova
“Ntho e teng eo ke e kōpang ho Jehova, eo ke ratang ho e bona, ke hobane ke lule ka tlung ea Jehova ka litšiu tsohle tsa bophelo ba ka, ke tle ke bohe bokhabane ba Jehova, ke lekolisise tempele ea hae.”—Ps. 27:4.
1. Ho tla eng mohopolong ha ho boleloa lentsoe “borena”?
LENTSOE “ʼmuso” le bolela eng ho uena? Ntle ho pelaelo u nahana ka bophahamo, haholo-holo ba ea busang—matla a ʼmuso. Bobusi kapa puso e ka ba e thata kapa e sa sisinyeheng, eo ho hang e phethahatsang toka ka botlalo ho latela molao ntle ho mohau; kapa mohlomong e ka ba e sekisetsang ba bang. Ke lipuso tse seng kae tsa batho tse etsang ka lerato la sebele bakeng sa bafo ba tsona.
2. Jehova o sebelisa borena ka tokelo efe?
2 Bibele e bua ka Molimo e le “Morena” “ʼMusi ea Phahameng.” (Lik. 4:24, Rotherham; Revised Standard Version; The New English Bible; New World Translation) Ke ka tokelo efe a nang le borena? Tšenolo 4:11 e-ea arabela: “Morena, u loketsoe ke ho neoa khanya, le hlompho, le matla; hobane u hlolile lintho kaofela, ʼme ke ka ho rata ha hao li leng teng, li bileng li bōpiloe.”
3. Morena Davida o ile a hlalosa borena ba Jehova joang?
3 Jehova o na le borena ba mofuta ofe? Na bo fapane le borena bo bong? Morena Davida, ea neng a busa holim’a Iseraele ea boholo-holo tlas’a borena ba Jehova, o itse: “Oho, Jehova, boholo, le matla, le letlotlo, le hlolo, le khanya, ke tsa hao! Hobane tsohle tse maholimong le lefatšeng ke tsa hao. Borena le bona ke ba hao, Jehova, ʼme u phahametse tsohle u le morena.”—1 Likron. 29:11.
LITŠOANELEHO TSE LAOLANG TSA BORENA BA JEHOVA
4. Pesaleme ea 89:14 le Exoda 34:6, 7 li re nea setšoantšo sa borena ba Jehova joang?
4 Ka ho loketseng, borena ba Jehova bo na le bokhabane, pabatseho le hlompheho. Mopesaleme o-oa ngola: “Ho loka le kahlolo [kapa, “toka”] ke motheo oa terone ea hao, mohau le ʼnete li tsamaea pel’a sefahleho sa hao.” (Pes. 89:14) Eitse ha Moshe a ne a kōpa ho bona khanya ea Molimo, o ile a bolelloa hore a ke ke a ba le hona ho bona sefahleho sa Molimo, hobane ha ho motho ea ka shebang Molimo ʼme a phela. (Ex. 33:18, 20) Leha ho le joalo, Molimo o ile oa fela oa theoha ka leru Thabeng ea Sinai ʼme oa re ho Moshe: “Jehova, Jehova, Molimo o mohau, o lereko, o liehang ho halefa, o tletseng mohau le ʼnete, o hauhelang meloko e likete, o tšoarelang motho bokhopo le boikhantšo le sebe, o sa latoleng molato oa motho ea nang le oona, o otlang bana le litloholo ho isa lelokong la boraro le ho la bone ka baka la bokhopo ba bo-ntat’a bona.”—Ex. 34:6, 7.
5. (a) Ke litšoaneleho life mabapi le eena tseo Jehova a ileng a li tlisa pele tlhokomelong ea Moshe, Thabeng ea Sinai? (b) Le hoja Jehova a le mohau, ke hobane’ng ha ea fosang a fumana kotlo, ʼme Jehova o ikutloa joang ka ho otla?
5 Hlokomela hore lintho tsa pele tseo Jehova a ileng a li hlokomelisa Moshe ke mohau, lereko, ho lieha ho halefa, ho tlala mohau le ʼnete. Sebakeng se seng o re: “Ke ʼna Jehova ke etsang mohau, le kahlolo, le ho loka lefatšeng, hobane ke khahlisoa ke tseo.” (Jer. 9:24) Leha ho le joalo, ha mang le mang a siteloa Molimo, le hoja a tšoareloa sebe sa hae, a ke ke a phonyoha liphello tsa letoto la liketsahalo tseo a entseng hore li etsahale. Ka mohlala, ea etsang bofebe o ama ba bang ba haufi le eena. Lelapa lohle la habo le tlameha ho utloa liphello. ʼMe bohle ba furallang Molimo kapa ba latolang borena ba oona ba tla fumana kotlo. Ha batho ba marabele ba qala ho haha tora ea Babele, Molimo o ile oa senya leano la bona ka ho ferekanya puo ea bona. Eaba joale ba qhalana le lefatše ʼme ba kenya tšusumetso ho bana ba bona, ba ileng ba fetoha barapeli ba litšoantšo le ba etsang lintho tsohle tse mpe. (Gen. 11:1-9) Empa Molimo ha o nyakallele ho otla kapa ho hlomolisa ba fosang. O re: “’Na ha ke thabele lefu la ea shoang: . . . Ha ho le joalo, sokolohang, le tie le phele.”—Ezek. 18:32.
6. Tse ling tsa litšobotsi tse laolang tsa borena ba Jehova ke life, ʼme li bapisoa joang le lipuso tsa batho?
6 Ho totobetse litemaneng tsa Mangolo ana hore har’a litšobotsi tse laolang tsa borena ba Molimo ke mohau, lereko, ho loka le ho se ee ka leeme ha ho sebelisoa toka. Ka baka leo, ha re talima borena ba Jehova, re tlameha ho bo sheba e le bo fapaneng le bobusi ba batho. Na ho ke ke ha e-ba hotle hore u boele u talime ʼmuso oo u phelang tlas’a oona e le o khanyang ho tloha motse-moholo oa oona ka lerato le hloekileng le mohau ho bohle?
‘LITABA TSE MOLEMO’ TSE AMANANG LE BORENA BA MOLIMO
7. ‘Litaba tse molemo’ li amana joang ka ho toba le borena ba Molimo, ʼme ke eng ka baka leo, e hōlisoang ke ho boleloa ha ‘litaba tse molemo’?
7 Litaba tse molemo tsa ʼMuso li amana ka ho toba le borena ba Molimo. Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Roma, a re: “Molimo o bokoe, hobane lōna le neng le le bahlanka ba sebe, joale le lumetse ka pelo ho ea ka mehlala ea thuto eo le e rutiloeng.” Ba mamelang ka lipelo tse molemo ʼme ba utloe mona ha ba bolelloe hore ba ile ba rutoa ‘litaba tse molemo,’ empa hore ba ile ‘ba neeloa thutong eo,’ molaetseng o molemo kapa litaba tse molemo tsa ʼMuso. Joale ke bafo ba ithatetseng le batšehetsi ba borena ba Molimo. Ha bona, kamorao ho moo, ba bolela ‘litaba tse molemo,’ baamoheli ba neeloa thutong e joalo. E ntšetse pele eng lefatšeng? Ho loka, mohau le lereko. Hobane, ho sa tsotellehe ho silafala ha bona ha nakong e fetileng le tlōlo ea molao, bana joale ‘ba hlahisa litho tsa ʼmele ea bona e le bahlanka ba ho loka.’—Ba-Roma 6:17-19.
LEBAKA LA HO IKOKOBELETSA BORENA BA JEHOVA
8. Ke eng se susumelletsang ho ikokobeletsa borena ba Molimo?
8 Ke’ng se susumelletsang ho ikokobeletsa borena ba Molimo? Ke ho rata Molimo ka baka la litšoaneleho tsa oona tsa bomolimo, le lerato la se lokileng le se molemo bakeng sa pōpo eohle. Ea utloisisang se boleloang ke borena ba Jehova o ikhethela bona ho feta borena leha e le bofe bohle bo bong. Ha e le hantle, ba tšehetsang bobusi ba Molimo ba ikhethela bona ho e-na le hore ba ka itaola ka ho feletseng, haeba hoo ho ne ho ka etsahala. Hobane’ng? Hobane ba tseba hore ba tla thaba haholoanyane tlas’a borena ba Molimo ho feta haeba ho hang ba ne ba ka etsa kamoo ba ka khahloang. Ba hlokomela hore bohlale, lerato, tsebo le matla tsa Molimo li phahametse tsa bona hole hoo ho seng teng papiso. Batho ba ke ke ba ipoloka ba phela ka ho sa feleng, leha e le hore ba ka tlisa khotso, ho loka le toka lefatšeng lohle. “Motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae,” kamoo ho boletseng Jeremia, motšehetsi ea tšepahalang oa borena ba Jehova.—Jer. 10:23.
9. Molimo o ipiletsa joang ho ba sa lumeleng borena ba oona?
9 Boikutlo ba Jehova ho ba sa amoheleng borena ba hae ke bo mosa haholo. Moprofeta oa hae o itse: “Molotsana a furalle tsela ea hae, ea khopo a tlohele mehopolo ea hae, a sokolohele ho Molimo oa rōna, hobane o tšoarela haholo. Hobane mehopolo ea ka hase mehopolo ea lōna, litsela tsa lōna hase litsela tsa ka; ho bolela Jehova. Empa joale ka ha leholimo le phahame holimo ho lefatše, litsela tsa ka li phahame joalo holimo ho litsela tsa Iōna, le mehopolo ea ka holimo ho mehopolo ea lōna.”—Esa. 55:7-9.
HO SEBELETSA KA NEPO TLAS’A BORENA BA MOLIMO
10. Ntho ea bohlokoa e hlokahallang ho sebeletsa ka nepo tlas’a borena ba Molimo ke efe?
10 Hore a ka sebeletsa ka nepo lebitsong la borena ba Molimo, kapa tlas’a bona, motho o tlameha ho tseba Jehova Molimo le Mora oa hae Jesu, Morena oa ʼmuso oa Molimo. “Bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ʼnotši oa ʼnete, le Jesu Kreste eo u mo rōmileng.” (Joh. 17:3) Ho tseba Molimo ke ho thea kamano e haufi le oona, ho tloaelana haufi le oona le Mora oa oona, ea ileng a re: “Ha ho ea tsebang Mora, ha e se Ntate; hape, ha ho ea tsebang Ntate, ha e se Mora, le eo Mora a ratang ho mo koahollela eena.” (Matt. 11:27) Ea tsebang Molimo, o tseba litšoaneleho tsa Molimo tse hlollang, ʼme ka thuso ea moea oa Molimo o hōlisa litšoaneleho tsena, hoo e leng hore o fetoha ea bonahatsang kannete setšoantšo sa Molimo. (2 Ba-Kor. 3:18) Haeba motho ka mong a sa hōlise litholoana tsa moea, ha a tsebe Molimo. Ka mohlala, moapostola Johanne o re: “Ea sa rateng ha a ka a tseba Molimo; hobane Molimo o lerato.”—1 Joh. 4:8.
11. Motho ea elang hloko borena ba Molimo o etsa lintho joang? Fana ka mehlala.
11 Motho ea elang borena ba Molimo hloko o etsa lintho joang? Litšoaneleho tse mo laolang e tla ba lerato, mohau, qenehelo mosa le ho etsa batho ba bang hamolemo. Haeba ke moholo ka phuthehong kapa ea tsamaisang mosebetsi leha e le ofe oa baena ba hae ba Bakreste, kapa ba bang, e ke ke ea e-ba ea laelang kapa ea hatellang. Moapostola Pauluse, ea neng a e-na le matla a maholoanyane a tsoang ho Molimo ho feta motho leha e le ofe lefatšeng kajeno, o ile a bua tjena phuthehong e Roma: “Kea le rapela hle ka mehauhelo ea Molimo.” (Ba-Roma 12:1) Ha a ne a le Roma, Pauluse o ile a fumana monna ea neng a bitsoa Onesima, ea ileng a lumela ‘litaba tse molemo.’ Ha a sibolla hore Onesima e ne e le lekhoba le neng le balehile mong a lona Filemone, Mokreste oa motseng oa Kolosse e Asia Minor, Pauluse o ile a eletsa Onesima hore a khutlele ho mong a hae. Joale a ngolla Filemone, a mo phehella hore a tšoarele Onesima, joale a mo amohele e se ele moena. Hlokomela boipiletso bo mosa ba Pauluse, a re: “Leha ke e-na le tokelo e kholo, ka baka la Kreste, ea ho u laela se u tšoanelang, ke ikhethetse, ka baka la lerato.” “Ke u ngoletse tseo ke ntse ke tšepile kutlo ea hao, ʼme ke tseba hore u tla etsa le ho fetisa seo ke se boletseng.”—Filemone 8, 9, 21.
12. (a) Ke hobane’ng ha polelo ea tšepo ea Pauluse ho Filemone e ne e le boikutlo bo nepahetseng hore balebeli ba be le bona? (b) Kreste o ile a bonahatsa ho tšepa ha hae Pauluse le Timothea joang?
12 Ruri Filemone o ne a ke ke a ikutloa hore o nkile bohato tlas’a tlamo, ʼme ka hoo o ne a tla thabela ho etsa joalo. O ne a tla ikutloa a loketse kannete ho arabela boipiletsong ba Pauluse ʼme hape o ne a tla tlameha ho etsa joalo, kaha Pauluse o ne a mo tšepile hakana. Ka mokhoa o tšoanang, moholo kapa molebeli ea khothatsang ba bang ʼme ba tšepa baena ha ba neiloe mosebetsi o tla etsa hore ho phethoe ho hongata ho feta molebeli ea laelang, kapa ea ikutloang hore ha ho ea ka etsang mosebetsi hantle joaloka eena. Ho tšepa moena le ho bontša hore u-ua mo tšepa ho tlatsetsa ho ikhathatseng haholoanyane haesita le boiteko bo etsoang ke moena. Molebeli ea joalo o emela borena ba Molimo ka nepo ʼme o latela mohlala oa Kreste. Kreste o ile a tšoara Pauluse ka tsela eona ena. Ka kananelo Pauluse a re: “Ke boka Morena oa rōna Jesu Kreste, ea ntiisitseng, kahobane o lekantse hoba ke tšepehile, ha a mpea mohlanka oa hae.” (1 Tim. 1:12) Pauluse, le eena, o bontšitse hore Molimo, Kreste le eena ka boeena ba ne ba tšepile botšepehi ba Timothea le matla ho phethahatseng kabelo ea hae ea tšebeletso ha a mo ngolla, a re: “Oho, Timothea, boloka hle se beiloeng kalosong ea hao.”—1 Tim. 6:20.
13, 14. (a) Mokreste o tla emela ka nepo borena ba Molimo ho ithuteng le ba thahasellang joang? (b) Ke tšoanelo efe ea bohlokoa ea balebeli e bontšoang ke mantsoe a moapostola Pauluse ho Timothea le ho baholo ba motse oa Efese?
13 Mokreste e motle o tla emela borena ba Molimo ka nepo ha a ithuta le ba bang, ka ho etsa boiteko ba ho ruta batho bana sohle seo a ka se khonang, joalokaha Jesu a laetse, a re: “Le . . . etse barutuoa, . . . le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matt 28:19, 20, Phet. e Ncha) Haeba e le molebeli, a ke ke a ba mōna ka tsebo ea hae kapa a tšoha hore e mong a ka ʼna a mo koahela ka ho tseba ho mo feta kapa ka ho ntlafatsa bohlale bo boholoanyane. Moapostola o ile a laela Timothea hore: “Litaba tseo u li utloileng ho ʼna pel’a lipaki tse ngata, u li bee ho batho ba tšepehang, ba lokelang ho rata ba bang le bona.”—2 Tim. 2:2.
14 Molebeli o lokela ho ruta sohle seo a se tsebang ho ba bang ba mo potileng e le hore ba ka nolofalloa ke ho etsa mosebetsi. Hase feela hore o-oa ba thusa ka ho etsa joalo, empa hape ba ba le hona ho tšoara litaba haeba a le sieo. Ka tsela ena molebeli o iponahatsa a hlile a amehile ka boiketlo le tsoelopele ea phutheho, a sa inahane boeena feela. Hobane ho thoe’ng haeba a ka kula, kapa a shoa, kapa a falla? Pauluse o ile a bua tjena le balebeli ba Efese: “Lea tseba kamoo ke sa kang ka le patela letho le molemo, kateng ha ke ntse ke bolela, ʼme ke ruta kapele ho sechaba le malapeng a lona.” O ile a teana le banna bana ha a ntse a etsa bopaki ba pontšeng. Ha a ka a ba rata feela ho isa ntlheng ea kolobetso. Ho e-na le hoo, o ile ‘a ba pakela’ ho fihlela kutloisisong e feletseng ea morero oa Molimo, borena ba oona bo sebelisoang ka Jesu Kreste le kamano ea bona le oona. A boela a re ho bona: “Hobane ha kea ka ka tšaba letho, ke le [boleletse] thato eohle ea Molimo.”—Lik. 20:20, 21, 27, Phet. e Ncha.
BORENA BA JEHOVA BO HŌLISA THABO LE KHOTSO
15. Ke moea ofe o lokelang ho ba teng ha borena ba Molimo bo eloa hloko ka nepo?
15 Haeba Mokreste e mong le e mong a hopola litšoaneleho tse ntle tsa borena ba Molimo, o tla holisa thabo. Ka Jehova, ho boleloa sena: “Khanya le letlotlo li pel’a hae, matla le thabo li sehalalelong sa hae.” (1 Likron. 16:27) Ha thabo e le sieo, e leng tholoana ea moea oa Molimo, ho nyahama ho ba teng, ho se utloane, haesita le pherekano. Moapostola o ile a botsa Bakreste ba Galatia ba neng ba fetohile ba fokolang moeeng, “e kae, he, thabo eo le neng le e-na le eona [ha le qala ho lumela litaba tse molemo]?” (Ba-Gal. 4:15, NW) Moea oa thabo ke moea oo borena ba Molimo bo o holisang har’a bohle ba ratang Molimo le ba o sebeletsang ka pelo eohle. Mopesaleme o ile a bina, a re: “Ho lehlohonolo sechaba se tsebang ho etsa mehoo ea thabo, se tsamaeang khanyeng ea sefahleho sa hao, Morena, se thabelang lebitso la hao kamehla, se phahamisoang ka baka la ho loka ha hao. Ke uena matla ao se ithorisang ka ʼona u re tsosa molota ka ho rata ha hao.”—Pes. 89:16-18, Phet. e Ncha.
16. Borena ba Jehova bo tla tlisa eng lefatšeng?
16 Ho qala ka maholimo a linaleli, a ‘bolelang khanya ea Molimo,’ ho tla lefatšeng ka bolona, ho totobetse hore bōbōpi ba Molimo bo boholo ʼme bo khabane. (Pes. 19:1) Ho na le khotso, taolo le ho rateha bokhabaneng ba ʼmele ea leholimo, ʼme lefatše, ka bophelo bo ho lona, botle ba lona ke bo ke keng ba bapisoa, ntle leha motho a entse tšenyo. Ak’u nahane kamoo lefatše e tlang ho ba sebaka se setle kateng ha batho ba boela tumellanong le borena ba Molimo! E seng feela botle bo bonahalang ba maholimo le lefatše, empa haholo-holo litšoaneleho tse hlileng li hlokahalang haholo tsa Ea Holimo-limo, ha ‘tsebo ea Jehova e tlala lefatše joalokaha metsi a aparetse leoatle.’ Ka sebele li tla etsa hore bohle ba tla beng ba phela ka nako eo ba bine bokhabane ba borena ba Molimo.—Esa. 11:9; Pes. 150.
17. ‘Litaba tse molemo’ li lokela ho re susumetsa joang kajeno?
17 Hape, ha re lebelletse nako eo e thabisang ka ho fetisisang, a re itšebeliseng ka thabo hona joale, matsatsing a felellang a ‘tsamaiso ena e khopo ea lintho,’ ho tsebahatsa ho bohle ba tla mamela ‘litaba tse molemo tse khanyang tsa Molimo o thabileng.’ Hobane ke Jehova a inotši ea ka rorisoang e le ‘Morena ea entseng leholimo, le lefatše, le leoatle, le tsohle tse ho ‘ona.’—Lik. 4:24; Ba-Gal. 1:4; 1 Tim. 1:11.