‘Ho Bonahala Haholo ka Lintho Tse Entsoeng’
Haeba lejoe la boholo-holo le paka ho ba teng ha moqapi, na ka matla a maholo libopuoa tse phelang tse ke keng tsa utloisisoa ha li bolele ho ba teng ha ʼMopi ea bohlale ea matla ʼohle?
HAEBA lithabeng ho e-na le selomo, re ka lebella ho bona majoe a maholo ka sebele a thubehileng qetellong ea thaba. Re ne re ke ke ra kholoa mahlo a rona haeba re ne re ka bona majoe ana a maholo a le boemong bo botle ba matlo—hobane ntlo e hloka mosebetsi oa boqapi le o nang le morero. ʼMe ha ho boqapi ntle ho moqapi, kapa mesebetsi e nang le morero ntle ho sesebetsi se bohlale. Sena se lumellana le polelo ea Bibele ho Baheberu 3:4: “Hobane ntlo e ʼngoe le e ’ngoe e ee e hahuoe ke motho.”
Seithuti sa bohlale bo tebileng se cheka lefatše ʼme se fumana lejoe le le chitja le boreleli le nang le mosehlo. Ha se na pelaelo empa ke se kholisehileng hore le betliloe ke motho oa boholo-holo. Se kholisehile hore lejoe lena le entsoeng ka bokhabanehali le ne le tlameletsoe lereng ka letlalo ’me le ne le sebelisoa joale ka hamore kapa sebetsa. Ka ho tšoanang, ha se fumana lejoe le sephara le nang le ntlha e nchocho se kholisehile hore le entsoe ke motho oa “Mehleng ea Boholo-holo” ho le sebelisa joale ka thipa kapa sefalo. Kapa, ha se fumana sekotoana sa lejoe se leolitsoeng joale ka seqha se ea kholiseha hore se ile sa qapjoa ke motho le ho sebelisoa joale ka seqha kapa lerumo. Lintho tse tjena tse nang le morero, tse qapuoeng, li tsebi tsa bohlale li fiyella qeto e reng, ha lia itlhahela feela tjena.
Mosebetsi o senola sesebetsi. Lisebelisoa tsena le libetsa ke tsa boholo-holo. Ka hona, le baetsi ba tsona ke ba boholo-holo, hobane litšoene li ke ke tsa etsa libetsa, ʼme lintho tse sebelisoang tse teng kajeno le tsona li qapuoe ka bohlale. Litsebi tsa bohlale li bolela hore monna ea entseng lisebelisoa tsa majoe a boholo-holo mehleng ea boholo-holo a ka ʼna a bonahala a na le sebopeho le matla a kelello a leng pakeng tsa tšoene le motho oa hona joale. Ka hona, motho enoa e ne e le motho ea tšoanang le tšoene, ea mokokotlo o kobehileng, ea nang le lintši tse telele tsa mahlo le ea tsamaeang ka lekeke. Mesebetsi ea motho enoa e bontša morero o eketsehileng le boqapi ho feta lere le ka thonakoang ke tšoene, empa li fetoa hole ke lintho tse entsoeng ke batho ba hona joale. Litsebi tsa bohlale li bona sesebetsi ka mosebetsi oa sona, ʼme e be li lekanya litšoaneleho tsa sesebetsi ho tsoa mesebetsing ea sona.
LI ITLOHELA KA TŠUSUMETSO EA TSONA
Leha ho le joalo, ha ho tluoa bophelong ba limela le liphoofolo tse fumanoang lefatšeng, litsebi tse ngata tsa bohlale bo tebileng li fetola pono ea tsona hore boqapi bo hloka moqapi. Linama tse nyenyane tse bopang lintho tse phelang li feta hole lisebelisoa tsa boholo-holo tsa majoe le ho rarahana haholo. E, hobane esita le kokoanyana e nang le sele e le ʼngoe e phelang e ke ke ea nkoa e le bonolo. Hobane hona sethong sena se senyenyane haholo se phelang ho etsoa mesebetsi e etsoang ke litho tse ngata tse leng ʼmeleng ea batho le liphoofolo. Ke setho se rarahaneng haholo. Liithuti tsa ntho-li-ikentse li tsitlella ho bolela hore litho tsena tse nyenyane haholo ha li na moqaqi oa tsona empa li ile tsa itlhahela feela. Ka baka leo ha ho se ho bapisoa, haeba likokoanyana tse nyenyane tse nang le sele e le ʼngoe li ne li itlhahetse feela ka botsona ho ne ho tla ba bonolo hore lisebelisoa tsa majoe a boholo-holo e be tse itlhahetseng ka ho oa ha majoe kapa metsi a tsamaeang, kapa hore ntlo e bonolo haholo ea majoe e ile ea ikaheloa ke majoe a maholo a tsamaeang!
Ha joale ho se ho tluoa popong e rarahaneng haholo ea boqapi e leng bokahoohleng bohle, na e be ke kahlolo ea kapele-pele e susumelletsoang ke boikutlo e etsang hore batho ba bangata ba latole molao oa bona o utloahalang hore mosebetsi o nang le morero o senola litšobotsi tsa sesebetsi se bohlale? Bibele e lumellana le molao oa bona, empa bona ba balehela ho sebelisa ha Bibele molao ona: “Hobane tse sa bonoeng tsa oona, e leng matla a oona a ka mehla le bomolimo ba oona, li bonahala haholo, ha e sa le lintho li hloloa.” (Ba-Roma 1:20) Ba ke ke ba lumela hore lisebelisoa tsa boholo-holo tsa majoe li ile tsa itlhahela, empa ba tla ikemisetsa ho lumela hore li entsoe ke ʼmopi e seng feela oa likokoanyana tse nyenyane tse nang le sele e le ʼngoe empa oa bophelo bohle bo lefatšeng, ho kopanyelletsa le motho! Ba hana ho bona mehlolo eohle ena ea qapo ea Moqapi e moholo le ʼMopi oa bokahoohle bohle. Ak’u hlahlobe joale mehlolo e meng e seng kae. Nahanisisa joale hore na thuto e foufetseng ea ntholi-ikentse e na le litšoaneleho tseo e li bontšang.
MOBU O LENG TLAS’A BONAMELO BA MAOTO A RONA
Ka tsatsi la boraro la popo Jehova o itse: “Ho hlahe moo ho omileng.” (Gen. 1:9) Hona ha bula tsela bakeng sa limela tsa lefatše. Empa hore limela tsena li tsoele pele li phela ho lokela hore ho be le mobu o lokileng. Mobu? Na ke ntho e tsotehang? Na ha se e ʼngoe ea lintho tse tloaelehileng haholo tse leng karolong e ka holimo ea lefatše? Ka sebele ho joalo. Leha ho le joalo, mobu ke ntho ea bohlokoa, ʼme kajeno batho ba bangata ba khathatsehile haholo ka ho hoholoa ha mobu o etsang lilomo le mafeella a maholo. Ho ʼnile ha nka likete-kete tsa lilemo hore majoe a fetohe mobu o nonneng. Majoe a feta tlas’a boemo ba leholimo; ho ba le ‘fungi’ ʼme eona e-ea hola ʼme e be le metso e kopanang le bolèlè, ka baka leo ‘fungi’ ena le bolèlè ha li se li kopane li bopa limela tse nyenyane haholo, ʼme e be he, limela tsena tse nyenyane li qala ho hōla karolong e ka holimo ea majoe, ʼme ha a thubeha e be ho bopeha mobu o mosesaane o tšehetsang limela tse nyenyane haholo, ʼme limela tsena li qala ho phela ʼme hamorao li shoe ho bopa mobu oo qetellong o tšehetsang lipeō tsa limela. Matla a nkang mobu a tlosa mobu ona ho o isa libakeng tseo o fihlang o phaellanang hore o ka tšehetsa limela tse kholo ʼme o qetelle o tšehetsa lifate.
Joale ka ha limela li hlohloreha mahlaku a tsona ʼme a e-shoa, likokoanyana tse nyenyane lia bolisa, ʼme e be ho bopeha mobu o nonneng. Likokoanyana tsena li fetola mobu ona hore o be le lijo ho fepa limela. Esita leha eba re bua ka mobu o ommeng, mobu o mong ho thata hore o ka fetoha o omelletseng, hobane o tletse moea, metsi le lintho tse ngata tse phelang ho ʼona. “Ounce” e le ʼngoe ea likarolo tsa mobu o ommeng e ka koahela sebaka sa liheketere tse 2,4. Libakeng tse chesang, khaba e tletseng mobu e ka ba le likokoanyana tse nyenyane tse phelang tse 5 000 000 000! Ka ʼngoe ea tsona ke boqapi bo tsotehang bo nang le morero ʼme kaofela ha tsona lia hlokahala pele ho hore ‘lefatše le bee tsa Iona.’ (Ezek. 34:27) Na mobu ke ntho feela e lokelang ho hatakelloa? Ntle ho ona ho ne ho ke ke haeba le bophelo lefatšeng!
BAFALLI BA KA ʼNQANE HO KHOPOLO EA MOTHO
Ho balehela likarolo tse batang tsa selemo le ho fumana lijo linonyana tse ngata lia falla. Matla a tsona a ho tsamaea ke a makatsang le a ke keng a utloisisoa ka ho felletseng. Karolong ea lefatše e ka leboea ha ho qala mohatsela, li tseba joang hore boemo bo futhumetseng ba leholimo le lijo li fumaneha ka boroa, e seng ka bochabela kapa bophirimela? Ha li khutla nakong ea selemo, li tseba joang hore li lokela ho fofela ka leboea? Ho na le litho tse nyenyane haholo tse sa tšoaneng tse kenang tšebetsong ea tsona ea mali tse li bolellang. Linonyana tse ling li falla bohole ba likilometara tse makholo-kholo ʼme linonyana tse ling li falla bohole ba likilometara tse likete-kete, libakeng tseo li ileng tsa falla ho tsona likhoeling tse tšeletseng tse fetileng. Linonyana tse lulang haufi le linoka li fofa sebaka sa likilometara tse 6 400 leetong le le leng. Nonyana e nyenyane e etsa leeto lena e le ʼngoe ka lekhetlo la pele. Ho fihlela morao Lilemong tse Hare liithuti tsa tlhaho li ile tsa hana ho lumela hore linonyana lia falla, empa li ile tsa iqapela lihlaloso tsa bohata ka ho ba teng le ho nyamela ha linonyana nakong ea selemo le lehoetla. Empa hoo e ka bang lekholong la bosupa la lilemo pele ho Kreste, Bibele e ile ea bua ka ho falla hona: “Ha e le mokotatsie, e tseba nako ea eona leholimong, le leeba, le lefokotsane, le mohololi, li ʼne li lemohe nako ea ho boela ha tsona.”—Jer. 8:7.
Esita le kamor’a hore ho falla ha linonyana tse kholo ho amoheloe, liithuti tsa tlhaho li ile tsa pheha khang hore linonyana tse nyenyane li tšela maoatle ka hore li palame mekokotlong ea tse kholo. Empa nonyana e bitsoang ‘blackpoll warbler’ joale ka tse ling tse ngata, e iphofela ka boeona. E tloha Alaska ka lehoetla, ʼme e fofele lebopong le New England, teng e emele boemo bo botle ba leholimo, e be e fofa ho haola Atlantic ʼme e fofa ka matsatsi a mararo ho isa ho a tšeletseng ho ea lebopong le ka leboea le ka bochabela la Amerika Boroa. E sa eme tseleng ea eona ka matsatsi a mangata, bohole bo ka holimo ho likilometara tse 3 800 ho haola leoatle, nonyana e boima ba ʼmele bo ka tlase ho likotara tse tharo tsa “ounce”! Ke “computer” efe e ntle hakaale e leng hloohong e nyenyane e bolelang nako, ho tsamaea ha letsatsi, ho sebelisa linaleli, likarolo tsohle tsa ʼmapa oa eona ho fihlela sebakeng seo li ikemiselitseng ho fihla ho sona, hape le e thusang ho fihla moo e sireletsehile esita le tlas’a boemo bo bobe ba leholimo? Na ho na le motho leha e le ofe, ho tsoa botebong ba hae ea ka hlang a lumela hore nonyana ena e nyenyane “blackpoll warbler” e itlhahetse ka boeona?
Lithuto tse ileng tsa etsoa ka leeba la hae li senola mokhoa o mong hape o tataisang o leng teng linonyaneng. Maeba a ne a kentsoe ka mabokosong a lefifi ʼme a lokolloa a se a nkuoe bohole ba likilometara tse 960 ho tsoa lehaeng la ʼona, a ile a khutlela hae ka lona tsatsi leo. Haeba letsatsi le chabile hantle, li sebelisa matla ʼona a li tataisang. Empa hape a tseba ho khutla leha eba boemo ba leholimo bo thibile kapa nakong ea bosiu. A tseba ho utloa matla a hulang a lefatše ‘me a a sebelisa ho a tataisa. Sehlopha sa maeba se ile sa tloheloa moeeng; halofo ea ʼona e ne e tlamelletsoe “magnate” mekokotlong ea ʼona, ʼme hona ha tlosa matla a hulang a lefatše. Ha bo sele le bohoeng ba ntja sehlopha sohle sa maeba se ile sa khutla se sireletsehile. Leha ho le joalo, ha maru a koahetse, maeba a neng a sa tlamelloa “magnate” a ile a khutla empa a neng a tlamelletsoe “magnate” a ile a tsieleha hore a ka ea hokae. Ka lilemo tse ngata ho ile ha nahanoa hore ke ho neng ho ke ke ha etsahala hore sebopuoa leha e le sefe se tsebe ho fofonela matla a hulang a lefatše. Hona joale liithuti tsa bohlale bo tebileng li tseba hore matla ana ha a fofoneloe feela ke linonyana empa le ke notši. Moraonyane tjena ho ile ha etsoa liteko tse ileng tsa bontša hore esita le likhofu li tseba ho fofonela matla ana.
Ha se feela linonyana tse tsebang ho falla, empa hape le lihlapi tsa litonana, liphoofolo tse ling tsa leoatle, likhulu, makhala, lihlapi, lirurubele le liphoofolo tse kang tšepe. Leha ho le joalo, ka baka la ho rata ha tse ling boroko, li ikhethela ho kena ka mekoting e le hore li ka pholoha mariha a batang habohloko. Lesamane le lenyenyane le bontša phetoho e tsotehang e bang teng liphoofolong tse kenang mekoting. Mocheso oa ʼmele oa lona o theoha ka likhato tse seng kae ha le le kantle ho mosima oa lona. Pelo ea lona e otla feela hang kapa habeli ka motsotso. Ha le sebetsa ka thata, lesamane lena le ka hula moea ka makhetlo a mangatanyana ka motsotso, empa ha le kene ka mosimeng le hemela butle hang kamor’a metsotso e mehlano. Empa leha ho le joalo mali a lona a tsoela pele ho amohela moea o hloekileng o lekaneng, ʼme le litšutšu tsa lona tse ileng tsa sebelisoa li fumana matla. Ke’ng se etsang hore le robale ka lehoetla ʼme le tsohe ka selemo? Ha se feela boemo ba leholimo. Ho na le phetoho e itseng e etsahalang maling a lona e etsang hore le qale ho kena ka mosimeng, le e ʼngoe e etsang hore le tsohe. Ka ho sebelisa metsoako e itseng e etsang phetoho litsebi tsa bohlale li ile tsa etsa hore liphoofolo tse kenang mesimeng li kene borokong ba tsona ba nako e telele mahareng a selemo.
Ha e le ka meeka ena, Jobo o ile a lumela: “Ke fela ke buile, ke se na kutloisiso, ke boletse mehlolo e mphetang, eo ke sa e utloisiseng.”—Jobo 42:3.
LINTHO TSE KOPANENG TSA BOQAPI BO BOHLALE
Na u sa hopola hore sesebelisoa sa boholo-holo sa lejoe se ne se sa ka sa itlhahela feela tjee? Hopola sena joale ka ha u bapisa ho latelang ho bona hore na ho ile ha itlhahela feela tjee.
Batho ba bangata ba tseba hore lempetje le tseba ho akhela leleme la Iona bohole ba limethara tse seng kae ho tšoara likokoanyana. Empa na u ne u tseba hore sebopuoa see se etsa ntho e tjena joang? Ho na le lesapo le motopo le lutseng ho rapalla le molomo leo ntlha ea Iona e shebileng pele. Ntlheng ea lesapo lena ho na le leleme. Leleme le tšoeroe ke mosifa o molelele o finahaneng joaloka korostina ho potoloha lesapo lena. Qetellong ea leleme ho na le mosifa o mong o itšetlehileng ntlheng ea lesapo lena. Mahlo a lempetje a potolohang, a tsebang ho potoloha ka leng, a tseba ho bona kokoanyana e hōle. Mosifa o molelele o honyela ka matla ʼme o bee leleme holima lesapo joaloka “spring” se finahantsoeng. E be he mosifa o mong o leng ho potoloha lesapo lena oa saroloha joale ka ha ho etsa “spring” ʼme ka hona, he, leleme le qhomele kantle. Kokoanyana e tšoaseha holima boka bo leng qetellong ea leleme le le lelele le khutlelang morao butle-butle. Ketso ena e etsoang ke leleme e tšoana leha moshanyana a penya lipeō tse thellang tsa lehapu pakeng tsa monoana oa bosupa le o moholo e be e-ea qhoma; empa tabeng ena lesapo Iona le sala sebakeng sa lona ʼme leleme le finahaneng le qhomela kantle. Bona ke boqapi bo bohlale bo hlokang moqapi.
Kokoanyana e ʼngoe e sebelisoa ho ka bitsoang ka hore ke liqhomane ho thibela lira tsa eona. Ho na le metsoako e meraro e ntšuoang ke litšoelesa e bolokiloeng. Ha sera se atamela ho buleha sekoahelo se koahetseng polokelo ena ho lumella hore metsoako ena e tsoe karolong ea polokelo. Teng ho na le motsoako o mong (enzyme) o etsang hore motsoako ona o qhome ʼme o tsoe o lebile nqeng eo o lebisitsoeng ho eona. Kokoanyana ena e ka ntša liqhomane tsena tsa eona ka makhetlo a mangata, tse ngata-ngata ka motsotso, ʼme lekhetlo ka leng ho utloahala ho qhoma. Sera sea baleha, ka linako tse ling se tšoarehile. Kokoanyana ena e na le sebaka seo e etsetsang liqhomane tsena ho sona ʼme e li sebelisa ka morero. Ke feketeri e sisimosang hakaakang ea liqhomane tse nyenyane!
Thalaboliba e na le mahlo a bonang ka mekhoa e ʼmeli ho bona katlase le kaholimo ho metsi, empa sena ha se letho ha se bapisoa le mehlolo e leng ho eona. E tseba ho fofa, ho tsamaea, ho tsamaea holim’a metsi le katlase ho metsi. Ha e tsamaea katlase ho metsi e tšoara ho kang ke mokotlana oa moea ho sebetsang joaleka matšoafo. Hona ho amohela moea o litšila o tsoang kokoanyaneng ena ʼme ho kene o hloekileng o tsoang ka metsing. Sebopuoa sena se ka lula katlase ho metsi ka lihora tse ngata. Likarolo tse katlase tsa kokoanyana ena li rata metsi, empa likarolo tse ka holimo, ho kopanyelletsa le mahlo a kopakaneng, li bolokoa li na le mafura a leng kahare ho litšoelesa e le hore a ka thibela metsi. E tsamaea ka potlako ho ea linqeng tsohle holim’a metsi e ntse e iketsetsa maqhubunyana holim’a metsi. Ha maqhubunyana ana a thula lebopo, kapa lintho tse ling tse leng holim’a metsi—mohlomong thalaboliba e ʼngoe kapa kokoanyana eo li e-jang—a khutlela morao. Ka linakana tsa tsona tse peli tse hlahelletseng holim’a metsi, likokoanyana tsena li amohela molaetsa ea tsona ho li potoloha. Li tšoara lijo le ho phema ho thulana le likokoanyana tse ling tse tšoanang le tsona tseo le tsona li tsamaelang linqeng tsohle, ka ʼngoe ea tsona e ntse e iketsetsa tselana ea eona. Tšebetso e tšoanang e tsoela pele bosiu le motšehare. Se etsoang ke thalaboliba ka litselana tsa metsi ke se batlang se tšoana le se etsoang ke ʼmankhane ea sebelisang maqhubu a molumo, ke “computer” e hlollang hakaakang e kentsoeng hloohong ea eona e nyenyane!
“HA HO HO HOCHA LEHA HO LE HONG TLAS’A LETSATSI”
Batho ba talima le ho tsota lintho tse finyelletsoeng ke baqapi ba batho. Ba nka mohlala metheong e tšoanang e kentsoeng ka morero libopuoeng tse phelang e be he ba bolela hore tsona li itlhahetse feela. Karolo e kholo ea boqapi ba bona ke e kopuoeng. Boqapi bo ile ba etsoa pele joaleka ha Salomone a boletse: “Ha ho ho hocha leha ho le hong tlas’a letsatsi.” (Moek. 1:9) Bukeng Bionics, ka Daniel Halacy, e monyenyane, re bala sena leqepheng la 19:
“Sefofane se ile sa rekisoa ʼmarakeng ’me se ne se na le lipheo tse kobehileng tse kang tsa nonyana. Mokhatlo oa raba o ne o etsa liteko ka letlalo le iketselitsoeng ho etsa likepe e le ha ba etsisa liphoofolo tse tsamaeang tlas’a metsi. Lenakana le lecha la lebelo la lifofane le ile la etsoa ho tšoana le leihlo la kokoanyana, ʼme kamera e molemo ea TV e ile ea etsoa ho tšoana le leihlo la lekhala.”
Batho ba ile ba talima popo ea Jehova Molimo ba hlokomela bokhabanehali le bohlale ba mesebetsi ea hae ʼme ea ba ba etsisa tsena boqaping ba bona. Hona ho re hopotsa mantsoe a Jobo 12:7-9: “U mpe u botse likhomo, li tle li u rute; le linonyana tsa leholimo, li tle li u bolelle! Mohlomong u botse lefatše, le tle le u rute, le lihlapi tsa leoatle, li tle li u qaqisetse. Ka tsona tsohle, ke mang ea ka hanang ho bona hoba letsoho la Jehova le entse ntho tseo kaofela; eo meea ea tse phelang kaofela e leng letsohong la hae, le phefumoloho ea batho bohle?” Baqapi ba thabela ho lebohuoa ka boqapi ba bona bo bohlale boo ba bo entseng, empa ka mehla ba hana ho hlokomela. Eo ka “bohlale” a entseng ntho tsohle.—Pes. 104:24.
Bibele e bua ka bohloa ba mokotuli ho Liproverbia 6:8: “Leha ho le joalo, bo itokisetsa bohobe ba bona lehlabula, bo ipolokellela lijo ha ho kotuloa.” Ka makholokholo a lilemo ho ba teng ha bohloa bo tsebang ho kotula le ho bokella lijo ho ile ha belaeloa, empa ka 1871 seithuti sa tlhaho sa Brithani se ile sa fumana sebaka seo bohloa bo bolokang lijo tsa bona ho sona. Hape bo na le sebaka sa ho boloka lijo, bo na le basebeletsi ba bona. Hape bohloa bo bong bo etsa hore sebaka seo bo lulang ho sona se kene moea, joaloka ha ho etsa linotši. Ka ho fofa ha tsona bosiu, linotši li boetse li bontša tse ling moo ho nang le manontši teng, hore a ʼnqeng efe le bohole bo bokae. Likokoanyana li bontša matla ao batho ba ke keng ba etsisa. Ho joaloka ha ha Bibele e bolela, hore “li bohlale bo boholo, li hahuoe joalo ke Jehova Molimo.—Liprov. 30:24.
“Metsi, metsi, hoohle feela ke metsi, ha ho lerotholi la ho noa,” maele a tsoela pele joalo ho hlalosa leoatle. Empa linonyana tse ling tsa metsi li na le litšoelesa tse tlosang letsoai metsing a leoatle. Lihlapi tse ling le liphoofolo tse ling tsa metsi li etsa motlakase, ho fihlela ho “li-volt” tse 400. Lihlapi tse ngata, liboko le likokoanyana li hlahisa leseli le batang, ho fapana le leseli le felloang ke matla a mocheso le entsoeng ke ba bohlale. Bo-ʼmankhane le lihlapi tse bitsoang “dolphin” li sebelisa maqhubu a molumo, liboba li etsa pampiri, bohloa bo etsa maborogo, liphoofotsoana tse kang litoeba “beavers” li haha matamo, linoha tse ling li tseba ho fetola mocheso oa khato tse sekete. Likokoanyana tse lulang metsing li na le litho tse tsebang ho kenya metsi le ho a ntša, “octopuses” li sebelisa matla a susumetsang, likho li ntša bolepo ba mefuta e supileng, menyako e tšoasang, moo se lulang teng ʼme li na le bana ba bofefo ba tsebang ho tsamaea likilometara tse likete-kete. Tšoèlè e tšehali e ntša lephoka leo tšoèlè e tona e khonang ho le phopholetsa e le bohole ba likilometara tse leshome ha feela setho se senyenyane sa lephoka lena se ama manakana a eona. Hlapi e ʼngoe e tseba ho khutlela moo e ileng ea hlahela teng kamor’a hore e qete lilemo tse ngata-ngata e le feela metsing, hobane ka ʼngoe ea lihlapi tsa mofuta ona e hopola monko oa sebaka seo e ileng ea hlahela ho sona metsing ʼme e khona ho fofonela joaleka ha e sesa ho iphaphatha le lebopo la metsi.
Jehova o lebisa hlokomelo ea Jobo mesebetsing ena ea hae ea popo. Karabelo ea Jobo e bile efe? E bile ena: “Kea tseba hobane ha u sitoe ke letho, le hoba ha ho morero oo u ke keng ua o phetha.”—Jobo 42:2.
Ke ho ke keng ha etsahala hore boqapi bona bo makatsang bo bile teng ntle ho moqapi. Ba thuto ea ntho-li-ikentse ba bolela hore ‘khetho ea tlhaho le ho phonyoha ha tse matla’ ke moqapi. Empa bothata ke ho fihla ha tse matla, e seng ho phonyoha ha tsona. U ke ke ua khetha ntle leha eba ho e-na le lintho tseo u ka khethang ho tsona. U ke ke ua haha ntlo pele ho fihla thepa ea ho haha. Joale ka ha Bibele e bolela: “Hobane ntlo e ʼngoe le e ʼngoe e ee e hahuoe ke motho; empa ea hahileng ntho tsohle ke Molimo.” Ho na le bopaki hoohle. Ba bangata ba nolofalloa ho bona hore sesebelisoa sa boholo-holo sa lejoe se bontša hore se ile sa etsoa ke motho ea kang tšoene empa ba hloleha ho bona litšoaneleho tsa Molimo tse bontšoang ke mesebetsi eohle ea hae e makatsang. ‘Ba hloka meitatolo.’ (Ba-Roma 1:20) Empa a re beng le ‘mahlo a bonang’ ho ba teng ha Jehova joale ka ha ho senoloa ke mesebetsi ea hae.—Matt. 13:14-16.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
LEMPETJE
tlhaha
lelengoana
mesifa ea tlhaha
lesapo le bohareng
leleme le nqamathelang le tšoarang likokoanyana
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
ea liqhomane khola-bolokoe
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Ho haola leoatleng, maqhubu a molumo, bohoai, puisano—li entsoe ke mang pele?