Lipotso Tse Tsoang ho Babali
● Ha ho talingoa timetso e tšabehang ea Dresden, Stalingrad, Hiroshima le Nagasaki Ntoeng ea II ea Lefatše, ke joang Jesu a neng a ka hlalosa se ileng sa oela Jerusalema ka 70 C.E. e le ‘mahlomola a maholo a e-song ho etsahale haesale tšimolohong ea lefatše, ’me a ke ke a etsahala hape’?
Boprofeta boo bo ne bo e-na le phethahatso ea nakong e tlang e fetelang ka nqaane ho se ileng sa etsahalla Jerusalema le Bajode ka 70 C.E., empa hape e ne e le ’nete ka pale ea motse oo le sechaba.
Mantsoe ana a karabelong ea Jesu ea boprofeta potsong ea baapostola ka boteng ba hae ba nakong e tlang le bofelo ba tsamaiso ea lintho. (Matt. 24:3, 21; Mar. 13:19) Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa supa hangata hore boholo ba seo Jesu a se boletseng e sa le pele moo se phethahatsoa habeli: Pele, phethahatso e lekanyelitsoeng liphetohong tse isang le tse kopanyelletsang ho senngoa ha Jerusalema le tsamaiso ea Sejode ea lintho ke Baroma ka 70 C.E. Sa bobeli, tšebeliso e kholo ho tloha ka 1914 C.E., ha Jesu a qala boteng ba hae bo sa bonahaleng ba leholimo e le morena oa ’muso oa Messia, le ho kopanyelletsa bofelo boo e neng e le hona bo tla tla ba tsamaiso ea lintho ea lefatše lohle e khopo.—Bona The Watchtower ea la 15 Pherekhong, 1970, maqephe 41-56, le God’s Kingdom of a Thousand Years Has Approached, maqephe 293-331.
Boprofeteng boo Jesu o ile hatisa bohlokoa ba ho falimeha le ho lokela. O itse: “Le rapele hore paleho ea lōna e se hlahe maria, leha e le ka sabbatha. Hobane mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kaalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong.”—Matt. 24:20, 21.
Bakeng sa Bakreste ba phelang Jerusalema le Judea ba neng ba tla angoa ka ho toba ke bofelo ba tsamaiso ea lintho ea Sejode, temoso ea ho falimeha e ne e le ea bohlokoa. Makhotla a Roma a pota-pota motse ka 66 C.E., eaba a tloha ho sa lebelloa. Eo ke pontšo e khethehileng eo Jesu a neng a e boletse ho Luka 21:20-22. ’Me tlaleho e re bolella hore Bakreste ba utloang ba ile ba arabela hamolemo ka ho baleha motseng oa Jerusalema le Judea. Joale hoa utloahala ho bo sebelisa le motseng oa sebele oa Jerusalema le Judea se boletsoeng ke Jesu se latelang, ka ‘mahlomola a maholo.’
Timetso e ileng ea tlisoa ke Baroma ka 70 C.E. e ne e le batsi e bile e tšabeha ho feta nakong ea ha Bababylona ba timetsa motse oa Jerusalema ka 607 B.C.E. Hape, mahlomola a 70 C.E. a ile a tlisa bofelo bo timetsang ka mehla motseng o hahiloeng ke Bajode le tempele le tsamaiso ea borapeli e neng e likoloha moo. Ka hona Jesu o ne a nepile ha a hlalosa ka boprofeta liketsahalo tsa 70 C.E. e le ‘mahlomola a maholo a e-song ho etsahale [motseng oo, sechabeng le tsamaisong ea lintho] haesale le tšimolohong ea lefatše ho tla fihlela joale, che, le hore a sa tla etsahala.’
Empa ho na le ho hongata moo. Rea ameha. Hobane’ng? Hobane mantsoe a Jesu ho Mattheu 24:21 ka ho totobetseng a ne a bolela ho hoholoanyane. Boteng bo sa bonahaleng ba Kreste e le morena oa Messia ea busang holim’a phikoloho ha hoa qala ka 70 C.E. Eena ka boeena o bontšitse hore hoo ho ne ho ke ke ha lebelloa le ho lebelloa. Ha ka nako e ’ngoe baapostola ba ne ba “lekanya hobane ’muso oa Molimo o tla hlaha kapele,” Jesu a neelana ka se tsejoang e le setšoantšo sa lipondo. Se ne se bua ka monna ea itseng ea ileng a ‘tsamaela naheng e hole ho ea ipatlela matla a borena ’me a khutle,’ ’me se bontša hore ho busa ha hae e le morena oa Messia ho ne ho sa le hole.—Luka 19:11-27.
Phethahatso ea lefatšeng lohle molokong o le mong ea boprofeta ba Jesu ka lintoa, tlala, litšisinyeho tsa lefatše le tse joalo tseo ho seng tse lekanang le tsona, e tiisa hore phethahatso e lekanyelitsoeng holim’a Jerusalema pele ho 70 C.E. e ne e le tšoantšetso ea seo re se utloang.a Ka ho loketseng, nako ea hona joale ke bofelo ba tsamaiso eohle e khopo ea lintho, e tlang ho fihla tlhorong ka “mahlomola ao ho e-song ho ka ho bonoa a makalo ha e sa le tšimolohong ea hlolo.” (Mar. 13:19) A tla ba maholo ho feta se ileng sa etsahalla Jerusalema, Judea le tsamaiso ea lintho ea Sejode ka 70 C.E. Ha e le hantle, a tla ba maholo le ho feta moroallo oa mehleng ea Noe ha ‘lefatše la mehleng eo le koaheloa kaofela ke metsi.’ (2 Pet. 3:6) A ke ke a lekanyetsoa feela metseng e qalikaneng joaloka e ileng ea timetsoa lintoeng tsa morao tjena. A tla kenyelletsa batho bohle ba phelang holim’a lefatše, bao hajoale ba ka bang 4 000 000 000 ka palo.—2 Pet. 3:7-13.
Bonnete ba mantsoe a Jesu a ho Mattheu 24:21 mabapi le se ileng sa etsahala ka 70 C.E. bo lokela ho re hlakisetsa tieo ea tšebeliso e kholoanyane ea mantsoe ao mehleng ea rōna.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—li Tsoa Mohloling Ofe?, maqephe 78-89.