Ho Buella ’Nete ea Bibele!
HA LE tsamaea ka koloi ea Iona ho leba nqa boroa, letona le ile la etsa seo mohlomong u se entseng ha u le tereneng, beseng kapa sefofaneng. La bala. Le ne le bala Bibele ’me le talimane le bothata boo mohlomong u bileng le bona.
Tlaleho, e fumanoang bukeng ea Bibele ea Liketso, e bolela hore moevangeli Filippi o ile a atamela ’me a botsa motsamai oa Moethiopia: “Na u utloisisa seo u se balang na?” Karabo: “Nka utloisisa joang ha e mong a sa nkenye tseleng?”—Lik. 8:27-31.
Batho ba bangata ba balang Bibele kajeno ba ’nile ba utloa hore ho hlokahala tsamaiso. Hona ho matlafatsoa haholo ke ’nete ea hore likereke tse sebelisang Bibele li na le lithuto tse ngta tse hohlanang. Kannete lithuto tsena tse sa tšoaneng e ke ke ea e-ba ’nete ea Bibele kaofela ha tsona. (1 Ba-Kor. 14:33) Empa ke hokae moo motho a ka fumanang thuso ea bohlokoa ho fumaneng le ho tsebeng ’nete ea Bibele?
E bile ka baka la ho fana ka thuso e joalo e hlokahalang makasine ea Molula-Qhooa e ileng ea qala ho hatisoa ka 1879. E ne e tla buella linnete tsa bohlokoa tsa Lentsoe la Molimo. Leqephe le ka ntle la tokollo ea eona ea pele le hlile la bontša ka ho hlakileng hore e ineetse, e seng ho tlatseng lithuto tse loantšanang tsa kereke, empa ho jala linnete tse tsoang ka Mangolong, tse leng molemo bakeng “sa ho laea, le . . . ho hōlisa ka khōlo ea ho loka.” (2 Tim. 3:16, 17) Ka mohlala, potso ke ena e nang le seo e se bolelang:
NA HA U SHOE, KAPA CHE?
Ha ho fihloa ho se ka Bibeleng, batho ba bangata ba nahana pele ho tsohle ka seo e se bolelang ka bona le bokamoso ba bona. Hoo ba atisang ho ho hopola ke ho hong hoo mohlomong ba ho utloileng bongoaneng ho ea pele, hore motho e mong le e mong ka ho eena o na le moea o sa shoeng; likereke tse ngata li ruta seo. Ke kahoo batho ba bangata ba nang le tšepo ea hore ha ba e-shoa moea oa bona o tla ea leholimong ho ea ba le Molimo.
Na Molula-Qhooa o ne o tla pakela litumelo tsena tse ratehang? Ho fapana le hoo, o ile oa buella ’nete ea Lentsoe la Molimo tabeng. Hoo e ka bang ka ’Mesa 1881, sehlooho se neng se re “Tsoho” se itse:
“Motho e mong le e mong ka nepo o bitsoa moea. Ena ke kutloisiso ea Mangolo le tšebeliso ea lentsoe moea. . . . Ka pōpo ea Adama rea bala—‘Morena Molimo a bōpa motho ka lerōle la lefatše, ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea ho phela (ruach—eona phefumoloho eo ho boleloang hore e ile ea neoa liphoofolo, linonyana le lihlapi) ’me motho ea e-ba moea o phelang,’ (boleng.) Gen. 2:7.”—leq. 1.
Ka ho tšehetsoa haholo ke Bibele sehlooho sa bontša hore lefung moea—motho—o-oa shoa. (Pes. 33:19; Esa. 53:10-12; Ezek. 18:4) Ka Bibele ha motho (moea) a shoa o boemong bo kang ba boroko ba ho se ikutloe ho fihlela nakong e tlang ea tsoho. Ka mohlolo oa tsoho motho a ka ’na a fuoa bophelo ba ho se shoe leholimong, joalokaha ho ile ha etsahala ka Jesu, kapa tebello ea bophelo bo phethahetseng lefatšeng la paradeise.—Moek. 9:5, 10; 1 Ba-Kor. 15:12-16, 50-53.
Ba bang ba ileng ba bala linnete tse joalo maqepheng a makasine ena ho theosa le lekholo le fetileng la lilemo mohlomong ba ile ba nyaroha, kaha baeta-pele ba bona ba kereke ba sa ka ba ruta lintho tsena. Empa mehla e-ea fetoha. Baruti le ba rutang ka tsebo ea Molimo ka ho eketsehang ba ntse ba lumela linnete tsena tsa Bibele tseo e leng khale li buelloa ke Molula-Qhooa. Hlokomela mehlala ena:
Oscar Cullmann, moprofesa oa thuto ea Tsebo ka Molimo oa Univesithi ea Basel le Sorbonne ea Paris, o-oa ngola:
“Haeba re ne re ka ipotsetsa Mokreste feela tjee kajeno . . . hore na o nka hore thuto ea Testamente e Ncha ke efe mabapi le qetello ea motho kamorao ho lefu, ntle ho mekhelo e seng mekae re ka fumana karabo e reng: ‘Ho se shoe ha moea.’ Leha ho le joalo maikutlo ana a amohelehang hohle ke ho hloka kutloisiso ho hong ho hoholo ha Bokreste.”—Immortality of the Soul or Resurrection of the Dead (1958), leq. 15.
Ea rutang ka tsebo ea Molimo oa Baptist Dr. Robert Laurin o-oa hlalosa:
“Testamente e Ncha ha e rute ho se shoe ha ‘moea’ o tsoileng ’meleng oa khopolo ea Plato. Seo e tlang ho ba qetello ea motho ke ’mele sebakeng sa lefatše.”—The Expository Times, Tlhakola 1961, leq. 132.
Robert Koch, moprofesa oa Mok’hatholike oa Testamente ea Khale, Rome o-oa ngola:
“Moea ha o phele e le ntho e itaolang ka ’meleng, joalokaha eka o chankaneng, eo o tlang ho lokolloa ho eona lefung. ‘Moea’ ke motho kaofela ha hae. Motho ha a na moea, ke moea.”—Teologia della redenzione in Genesi 1-11 (1966), leq. 69.
“Frere” Pierre Pascal o ngola tjena ho La vie Catholique ea France:
“Bibele e ruta hore ha motho a shoa, boleng bohle ba hae bo ea shoa. Leha ho le joalo, o na le pallo ea ho nyoloha lefeeleng la lefu le ea ho khutlisetsoa bophelong qetellong ea mehla ka tsoho.”—Phupu 1975, leq. 37.
Batho ba bang ba ka ’na ba makatsoa ke hore baruti ba lumela lintho tse joalo. Leha ho le joalo, tsena ke linnete tsa Bibele tse ileng tsa buelloa ke makasine ena ka lilemo tse 100.
KAMOO E AMANANG LE LIHELE
A re iseng taba pejana. Haeba moea o shoa ’me bafu ba sa ikutloe ba emetse tsoho, thuto ea kereke e ka ba ’nete joang hore Molimo o rōmela batho ba khopo hore ba hlokofatsoe liheleng? ’Nete ke hore Bibele ha e rute ntho e joalo. Molula-Qhooa hangata o ’nile oa buella ’nete ea Mangolo tabeng ena; mohlala o le mong ke ona:
“Re fumana hore [lihele] ke phetolelo ea lentsoe la Seheberu sheol, leo ka bonolo feela le bolelang boemo ba ho shoa. Ka ho Iona ha ho le tlhasenyana feela ea maikutlo a bophelo kapa tlhokofatso; . . . Empa ho le joalo [baruti] ba ntse ba ruta maikutlo ana a fosahetseng a lihele, ao e seng letho ha e se ho etselletsa sebopeho sa Molimo.”—Pulungoana 1883, leq. 4.
Na baruti joale ba amohela boemo ba Bibele ka lihele? Le hoja ba bang ba ka ’na ba e-ba monyebe ho ho bolela ka ho toba, ha baeta-pele ba lumela seo Bibele e se buang ka “moea,” ba bontša hore “mollo oa lihele” ha o na motheo oa Mangolo. Ka mohlala, moruti oa Ledanishe Kai Jensen o ile a lumela boemo bo hlahang pheletsong:
“Puo ea timetso e sa feleng ke bohlanya. Hase Bokreste. Ke feela mehleng e fetileng moo ho neng ho le teng ba rutang ka lihele bao sefalaneng ba neng ba rora ka diabolose le mollo o sa timeng. Empa mehla eo e fetile.”—Hvor gaar vi hen (Re Ea Hokae?), leq. 119.
Le hoja batho ba bangata ba se ba ke ke ba hlola ba utloa ho hongata ka mollo oa lihele likerekeng tsa bona joale, mohlomong hape ha ba ithute teng hore na Bibele e re’ng ka taba. Ba bangata ba tšoana le mongoli oa mosebeletsi oa kereke ea Presbyterian oa Australia ea ileng a re: “Re emella thōko-thōko le leholimo le lihele kaha li khopisa batho ba bangata. Ha e le hantle, nke ke ka tsotella ho buisana le e mong ka bonna hore ke li lokise kelellong ea ka.”
U RAPELA MANG?
’Nete e ’ngoe ea Bibele e ileng ea buelloa ho Molula-Qhooa e amana le ho khetholloa ha Molimo oa ’nete oo re o rapelang. Ba bangata ba ’nile ba pheta se bitsoang “Thapelo ea Morena,” e rutiloeng ke Jesu. (Matt. 6:9-13) Empa na ba kile ba nahana ka se boleloang ke polelo, “Lebitso la hao le khethehe,” kapa ho hlokomela bohlokoa boo Jesu a ileng a bo bea ho hlompheng lebitso la Molimo? (Joh. 12:28; 17:6;) Kapa na ha ba tsebe lebitso leo kaha baruti baa le qoba ’me bafetoleli ba bea “Morena” le “Molimo” sebakeng sa Iona?
Liithuti tse ngata joale li lumela hore lebitso ke la bohlokoa. Ea rutang ka tsebo ea Molimo oa Mok’hatholike John L. McKenzie o-oa ngola ho Bible Dictionary (1965):
“Molimo oa Iseraele o bitsoa ka lebitso la oona la botho hangata ho feta litlotla tsohle li kopane hammoho; lebitso ha le khetholle motho feela, empa le senotse sebopeho sa hae.”—leq. 316.
J. A. Motyer, hlooho ea Trinity College, ea England, o phaella ka hore:
“Ho hongata hoa lahleha ’malong oa Bibele haeba re lebala ho sheba ka nq’ane ho mantsoe a beiloeng sebakeng [Morena kapa Molimo] lebitsong la botho, le haufi haholo la Molimo ka boona. Ka hore a bolelle batho ba hae lebitso la hae, Molimo o ne o rerile ho ba senolela sebopeho sa hae se tebileng haholo.”—The Lion Handbook of the Bible (1973), leq. 157.
Molula-Qhooa ka tieo o ’nile oa sebelisa Lebitso la Bomolimo. Ka mohlala, kamor’a ho hlalosa hore lentsoe la Seheberu el le bolela “molimo,” tokollo ea Mphalane ea 1881 (leq. 9) ea tsoela pele ho bolela hore:
“Jehova ke ‘el’ e moholo ’me o busa holim’a bo-el ba bang bohle—ba matla. ’Me bohle ba ke ba tsebe hore, JEHOVA ke lebitso le sebelisetsoang boleng bo Phahameng feela—Ntat’a rōna, le eo Jesu a mo bitsitseng Ntate le Molimo.”
’Me tokollo ea la 1 Pherekhong, 1926, ea hōlisa sehlooho sa bohlokoa se reng, “Ke Mang ea Tla Hlonepha Jehova?” Ho buelloa hona ha Lebitso la Molimo ho ntse ho tsoela pele. Hoba ho hlahe The New World Translation (1950-1961), ke eona phetolelo e qotsoang hangata mona kaha e sebelisa lebitso la Molimo le “Testamenteng e Ncha” moo bopaki bo buellang hore ho be joalo. Moprofesa G. Howard o sa tsoa bua ka ho sebelisa lebitso la Molimo ka “Testamenteng e Ncha.” Ka ho khahlisang, o totobalitse hore:
“Hoa utloahala ho lumela hore bangoli ba Testamente e Ncha, ha ba ne ba qotsa Mangolo, ba ile ba boloka ‘Tetragram’ [lebitso la Molimo ka Seheberu] ka temaneng ea Bibele.”—Journal of Biblical Literature, 1977, maq. 63-83.
Molula-Qhooa o ne o buile ka eona ntlha ena lilemo pele.
Moprofesa Howard a bolela hore ha lebitso la Molimo le ne le tlosoa hamorao ’me ho beoa “Morena” sebakeng, ho bonahala ho ile ha baka pherekano ho khetholleng pakeng tsa Morena Jesu le Morena Jehova; hona ha tlatsetsa haholo thutong e lumeloang hohle ea Boraro-bo-bong.
MOLIMO O HARARO?
Mantsoe a tloaelo “Molimo Ntate, Molimo Mora le Molimo Moea o Halalelang” a itsoela habonolo feela malemeng a mangata. A khutsufatsa maikutlo a bona a hore ho teng batho ba bararo ba lekanang le ba bileng teng ka nako e lekanang ho Molimo.
Empa ka nako ea lilemo tse lekholo Molula-Qhooa o ’nile oa phehella babali hore ba hlahlobe Lentsoe la Molimo hore na le hlile le re’ng tabeng ena, joaloka ha ho bontšoa ka mokhoa o pheta-phetang hore Jesu ha a lekane le Ntate oa hae, empa o ka tlase, o laoloa ke Jehova. (Joh. 14:28; 17:3; 1 Ba-Kor. 11:3) E le mohlala, sena se ile sa hlaha hammoho le litemana tse tšehetsang ka 1882:
“Joale re lumela ho Molimo o le mong le Ntate, le ho Morena a le mong Jesu Kreste. . . . Empa bana ba babeli hase motho a le mong. . . . Re latola ho hang hore hase thuto ea Mangolo hore [Jehova, Jesu le moea oa Molimo kapa matla a sebetsang] ke Melimo e meraro mothong a le mong, . . . Thuto ea Boraro-bo-bong e qalehile lekholong la boraro la lilemo.”
Hore Boraro-bo-bong ha bo eo ka Bibeleng, empa ke se ileng sa hōlisoa ke kereke hamorao ho ntse ho lumeloa ka ho eketsehileng. Switzerland Vocabulaire biblique (1954, leq. 72) e boletse hore: “Ha ho mangolo a Testamente e Ncha a fanang ka tiiso e tiileng ea Molimo o hararo.” Ian Henderson, oa Univesithi ea Glasgow, o-oa ngola ho Encyclopedia International (1969):
“Thuto ea Boraro-bo-bong ha e ka ea bōpa karolo ea boboleli ba baapostola, kaha bona bo tlalehiloe ka Testamenteng e Ncha.”—leq. 226.
Joale London Observer e tlalehile ka la 3 Tšitoe, 1978:
“E mong oa ba etellang pele thutong ea tsebo ka Molimo oa Lenyesemane oa Chache, Rev. Dr. Geoffrey Lampe, . . . o hlahile ka phephetso e matla thutong ea pale ea Bokreste ea Boraro-bo-bong. . . . O boletse hore thuto ea Boraro-bo-bong—Molimo o entsoeng ka ‘batho’ ba bararo—bokamoso ba eona ‘bo khutsufetse.’”
Ha ba ithutileng ka tsebo ka Molimo ba ineela ho se boleloang ka Bibele ka Molimo le Kreste ho e-na le thuto ea morao ea kereke, hangata ho fella ka seo e leng khale se buelloa ke makasine ona. Berlin, Jeremane, Setsebi sa thuto ea tsebo ka Molimo J. Schneider sea ngola:
“Jesu Kreste ha a ikhapele sebaka sa Molimo. Bonngoe ba hae le Ntate ha bo bolele boleng bo khetholloang ho hang e le ntho e le ’ngoe. Le hoja Mora oa Molimo bophelong ba hae pele e e-ba motho a ne a le ka sebopeho sa Molimo, o ile a hana moleko oa ho lekana le Molimo (Ba-Fil. 2:6). . . . Le hoja ho hang ba sebelisana le Molimo, o lula a ntse a le tlas’a oona.”—Theologisches Begriffslexikon zum Neuen Testament (1965), Moq. 2, leq. 606.
HO KHUTLA HA BOHLOKOA HA KRESTE
Ho tlamahaneng le ho tsosa ha Molimo Jesu ke ketsahalo ea bohlokoa bo boholo ho Bakreste bohle. Eo ke ho khutla ha Kreste, kapa ho tla labobeli. Jesu o ile a etelletsa pele thuto ena ea bohlokoa ho balateli ba hae, ’me e emela ho khutla hona ka cheseho. Pelenyana ho lefu la hae ba ile ba botsa, “Ak’u re bolelle: lintho tsee li tla etsahala neng? Pontšo e tla ba efe ea ho tla [parousia ka Segerike] ha hao le ea ho fela ha mehla ea kajeno?” (Matt. 24:3; Lik. 1:6) Bibele e phethoa ka mantsoe a thabisang a Jesu, “E, ke tla kapele,” e leng ao moapostola Johanne a a arabelang ka cheseho, “Tlo, Morena Jesu!”—Tšen. 22:20; 1:7.
Buka ea liketsahalo ea Maluthere e ile ea bolela kamoo thuto ena e leng ea bohlokoa, e re:
“Litebello tsohle bakeng sa nako e tlang li ne li busoa ke tieo ea hore Morena o tla khutla ’me ka ho sa feleng a be le phutheho ea hae, . . . Tšepo ena e ile ea nea Bakreste ba pele tšepo e sa sisinyeheng ea hore matla ’ohle le liphetoho tsohle lefatšeng lena ke tsa nakoana feela: Kreste oa tla!”—The Encyclopedia of the Lutheran Church, Moq. III, leq. 2149.
Ke phapang e sisimosang hakaakang e teng, leha ho le joalo, litumelong tse nang le tšusumetso tsa ba ithutileng ka tsebo ka Molimo kajeno. Ka mohlala, haufinyane Dr. A. C. Thiselton, oa Univesithi ea Sheffield, England, o ile a khutsufatsa tse ka sehloohong, a re:
“Oa thuto ea tsebo ka Molimo oa Mok’hatholike Teilhard de Chardin “ha a na ho hongata hoo a ka ho buang ka parousia [kapa, boteng].” Paul Tillich o fana “tsebo ka Molimo ea nakong e tlang eo ho eona parousia e se nang karolo ho eona ho hang.” Rudolf Bultmann “o nka parousia e le tšomo ea bolumeli.” ’Me J. A. T. Robinson o bolela hore ‘Jesu ka boeena ha a ka a lebella hore ho tla ba teng ho tla la bobeli.’—Tyndale Bulletin, 1976, maq. 27-53.
Kaha baruti ha baa ka ba hatisa haholo ho khutla ha Kreste, ’nete ena e khōlō e bolela ho honyenyane bophelong ba ba bangata ba kenang kereke. E le mohlala o le mong oa botebo ba sena, nahana: Ho khutla ha Kreste ho ama hore ho loka ho qetelle ho hlōtse bokhopo, ka hona ho etsahale joang ka kameho ea batho bakeng sa ho loka ha baeta-pele ba moea ba kenyelletsa hore ha ho mohla Jesu a tla khutla?
Leha ho le joalo, tumellanong le Mangolo le mohlala oa Bakreste ba pele, ho tloha ka tokollo ea eona ea pele ka 1879 Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence (kamoo e neng e bitsoa kateng pele) e ’nile ea hooa le ho buella ho khutla le boteng ba Kreste.
Ho feta moo, seo re se boneng bophelong ba rōna—lintoa, litlala, litšisinyeho tsa lefatše, tlōlo ea molao e etsoang tekanyong ea lefatše lohle—ke bopaki bo bongata ba hore HONA JOALE re bona ‘pontšo ea ho ba teng ha Kreste’ e ileng ea profetoa ke Jesu. (Matt. 24:3-14) Hona ho bolela hore bofelo ba tsamaiso ea lintho bo haufi! Ruri ’nete ena le linnete tse ling tsa Bibele tseo re buisaneng ka tsona li lokela ho buelloa. Hona ho joalo ka ho khethehileng hobane Jesu o ile a bolela hore ba khahlisang Molimo ba ‘lokela ho rapela ka moea le ka ’nete.’—Joh. 4:24.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
LEHOLIMO
LIHELE
MOEA
TSOHO
JESU
HO KHUTLA HA KRESTE
BORARO-BO-BONG
LEBITSO LA BOMOLIMO