Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 3/1 maq. 20-24
  • Seo Bolumeli ba ’Nete bo ka se Etsetsang Bacha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo Bolumeli ba ’Nete bo ka se Etsetsang Bacha
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO HLONEPHA MATLA A BATSOALI
  • HO SEBELISA BOHLALE BO TSOANG HOLIMO
  • MOHOLO-HOLO OA BOHLE, “MOHOLO OA MATSATSI”
  • Ho Khahlisa Jehova le le Lelapa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Boloka Khotso Lelapeng la Hao
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 3/1 maq. 20-24

Seo Bolumeli ba ’Nete bo ka se Etsetsang Bacha

HAEBA litho tsohle tsa malapa ’ohle li ka hlokomelisisa Bibele le ho etsa boiteko, le hoja e le bo sa phethahalang, ho sebelisa keletso e ntle ea Bibele, malapa ’ohle a ne a tla thabela kopano le thabo ka har’a oona. Ho feta moo, qhoebeshano le lintoa pakeng tsa malapa, lichaba le merabe li ne li tla khaotsa. Empa nakong ea hona joale hoo hase eona taba lefatšeng lohle. Ka linako tse ling ke setho se le seng feela sa lelapa se nkang tsela ena e ntle. Ho ba joang haeba boemo e le bona boo—haeba, re re mohlomong ke mora kapa morali feela ea lekang ka masene ho sebelisa metheo ea Bibele? Na hona ho tlisa moea oa thabo ka lapeng? Ha ho be jaolo ka mehla. Empa tšusumetso e matla e lebisang kopanong e kholoanyane e-ea hlaha. ’Me ka sebele Molimo o thusa mora kapa morali ho emellana ka mokhoa o khotsofatsang haholoanyane le bothata, hore a be le khotso e kholoanyane kelellong ea ho sebelisa ka matla tšusumetso e hahang ka lapeng.

Ha ho nahanisisoa ka polelo ena ka matla a kopanyang a Bokreste, ba bang ba ka ’na ba hopola hore Jesu o itse ho Luka khaolo ea 12, temana ea 52 le ea 53, hore o tlile ho baka karohano—“batho ba bahlano ba ntlo e le ’ngoe ba tla arohana, ba bararo ba loantše ba babeli, ba babeli ba loantše ba bararo. Ntat’a motho o tla arohana le mora oa hae, le mora a arohane le ntat’ae; ’m’a motho o tla arohana le morali oa hae, le morali a arohane le ’m’ae; matsal’a motho o tla arohana le ngoetsi ea hae, ’me ngoetsi e arohane le matsal’a eona.” Ka ho bolela joalo, Jesu o ne a sa khothalletse karohano kamanong ea lelapa. Jesu o ne a sa loantšane le bana babo ka tsoalo. Ka lehlakoreng le leng, bana babo ba ne ba sa mo khothatse, empa ba ne ba tloaetse ho bua ka mokhoa o nyelisang litšekamelo tsa hae. Leha ho le joalo, tsela ea Jesu e bile eo qetellong bana babo ba ileng ba lumela ‘litaba tse molemo’ tseo a neng a li ruta ’me ba fetoha Bakreste.—Joh. 7:3-5; Lik. 1:13, 14.

Jesu, e seng ka phihlelo ea hae bophelong feela, empa hape ka mantsoe a hae, o ile a supa hore balateli ba hae, mabakeng a mangata ba ne ba tla tšehuoa, ba songoe le ho hlorisoa ke malapa ao ba tsoang ho oona. Leha ho le joalo, molumeli o ne a sa lokela ho ba mohloli oa bora ka boitšoaro bo bobe le ho hloka hlonepho. Hona ho ne ho tla hanana le Bokreste, ’me e ne e tla ba leraba leo Mokreste, haholoholo e monyenyane a neng a ka ’na a oela ho lona habonolo. Mohlomong pele a fihla tsebong ea ’nete ea Bibele o ne a hloka hlonepho. Empa ’nete ea Bibele e ka etsa liphetoho tse tsotehang ho Mokreste, hobane a ka etsa mohlala oa molemo oa eona o fetisisang, kahoo a ipuella matsoalong a bohle mahlong a Molimo.—2 Ba-Kor. 4:2.

Mabapi le ba ka ’nang ba hla ba bonahatsa khanyetso e matla, ka baka la ho hlōleha ho utloisisa kapa ho ananela tsela e fetohileng ea Mokreste, Jesu o ile a laela: “Ratang bao e leng lira ho lona, le hlohonolofatse ba le rohakang; ba le hloileng le ba etse hantle, le rapelle ba le tsohelang matla le ba le hlorisang; le tle le be bana ba Ntat’a lona ea maholimong.” (Matt. 5:44, 45) Tšepo ea Mokreste ke hore bao ba joalo ba tla qetella e le balumeli.

Har’a khanyetso ea ’nete, Mokreste, joaloka Morena oa hae Jesu Kreste, o tla emela ’nete a tiile. Empa ha ho hlokahale hore ho tiea e be ho khahlapetsa. O tla ba mosa ka linako tsohle. A ke ke a ikhopola a phahametse ba bang, kapa ho ba ea arabisang kapa ea mahlapa (litšobotsi tse tloaelehileng har’a bacha ba bangata kajeno). Linakong tsa ho tšehuoa kapa ho nyefoloa, ke hantle ha ka mehla Mokreste a hopola mantsoe a Petrose a ‘ho itokisetsa ka mehla ho ikarabela, ka mosa le ka hlompho, ho ea botsang tšepo e ho lona.’ (1 Pet. 3:15) Bonolo bona le hlompho li lokela ho bontšoa ka mokhoa o khethehileng ho litho tsa lelapa. Ho arabela ka mokhoa ona ho hloka boithuto le boiteko bo tiileng, bo tšepahalang le bo masene. Bohle, le bona bacha ba Bakreste, ba tsebe ho fana ka mabaka a utloahalang, a hlakileng le a phethahetseng a tumelo ea bona. Ho seng joalo, e ka ba hokae tumelo ea bona?

HO HLONEPHA MATLA A BATSOALI

Mocha ea fetohileng Mokreste o ithuta joalokaha Jesu a boletse hore, “’Nete e tla le lokolla.” (Joh. 8:32) O fumana hore ruri tokoloho e fela e le teng linthong tse ngata tse laolang, e, tse hlileng li etsang bacha makhoba kajeno—ho tšaba metsoalle ea bona, khatello ea tsa boithabiso ho ‘latela bongata,’ borapeli ba bahale, mehono, bora, litakatso tse fosahetseng, litsieleho liphello tsa litlokotsi tse tlisoang ke ho susumetsoa ke litloaelano tse mpe. Empa ho hlokahala hore bacha ba hlokomele hore hase hore ba lokolohile ho hang. Ba lokela ho hlokomela matla a beiloeng ka toka, ao a ka sehloohong ho oona e leng a batsoali. Ke Molimo ka booona o fileng batsoali boikarabelo ba ho koetlisa bana ka tsela e nepahetseng le ho lekanyetsa se molemo haholo bakeng sa ngoana ka mong.—Deut. 6:1, 6, 7; 31:12, 13.

Matla a botsoali a akarelletsa “thupa” ea taeo. Liproverbia 23:13, 14 e-ea bolela: “Se time ngoana khalemelo; leha u ka mo shapa ka thupa, a ke ke a shoa: u tla mo shapa ka thupa e le uena, u lopolle moea oa hae nqalong ea bafu.” Ka linako tse ling, bana ba ka ’na ba ikutloa hore khalemelo ha e etsoe ka nepo, empa ba lokela ho hopola hore ke ho Molimo moo batsoali ba ikarabellang bakeng sa hore na ba sebelisa matla a bona joang, le hore haeba khalemelo e sa etsoe ka nepo, Molimo, leha ho le joalo, o ka etsa hore e sebeletse molemong oa ngoana ea hlonephang.—Ba-Roma 8:28.

Boikokobetso matleng a batsoali bo bonolo haholo bakeng sa mocha haeba ba nahana ka mantsoe a moapostola Pauluse, a reng: “Empa taeo ha e hlahela motho, ha ho bonahale kamoo e ka mo thabisang kateng; ea mo llisa; empa hamorao, ba rutoang ka eona e ba kotulisa khotsong li tholoana tsa ho loka.” (Ba-Heb. 12:11) Mocha ea ananelang sena a ka leboha khalemelo eo a e fumanang matsohong a batsoali le batho ba bang ba baholo ka phuthehong, haesita le sekolong. O tla tsoela pele ka potlako le ho thabela letsoalo le letle le puo e lokolohileng, hobane ha a ikokobeletsa ba boholong le hoja ka linako tse ling ho se monate, mocha o sebeletsa Morena Jehova le Mora oa hae Jesu Kreste. Moapostola o hlile a hlokomela bacha haholo ho ba tšelisa, ha a ngola, a re: “Bana, utloang batsoali ba lona nthong tsohle, hobane ke taba e khahlisang Morena.” (Ba-Kol. 3:20) Khethollo e tla feela tabeng ea ha mocha a biletsoa ho etsa ntho e sa khahliseng Morena.

HO SEBELISA BOHLALE BO TSOANG HOLIMO

Ha u rapela ’Mōpi, u ka ’na ua se ke ua famana thuso e tsoang ho litho tsa lelapa kapa metsoalle. Ho ipoloka u leka-lekane tlas’a maemo a joalo, u ka rapella le ho fumana bohlale bo tsoang ho Molimo. Morutuoa Jakobo, ngoanabo Jesu Kreste, o ile a ngolla ba neng ba le mahlomoleng: “Banab’eso, le ke le lekanye hobane ke thabo feela ha le hlaheloa ke meleko e mengata.” “Ha e mong ho lōna a hloka bohlale, a bo kope ho Molimo, o sitsang bohle ka phano e kholo, o se na ho khanana, ’me o tla bo neoa.”—Jak. 1:2, 5.

Jakobo a boela a hlalosa “bohlale bo tsoang holimo” taba ea bona ea “pele, bo hloekile, hape bo na le khotso, bo bonolo, bo rekoloha kapele, bo tletse mohau le litholoana tse monate, ha bo feto-fetohe.” (Jak. 3:17) Nahanisisa ka tšoanelo ka ’ngoe ho tsena ka hloko, ’me ka tieo u bone hore na ebe u-ua li bonahatsa kapa che, le moo ho hlokahalang hore ho ntlafatsoe. Litšoaneleho tsena li tla u thusa hore u utloisise boemo le boikutlo ba ba bang haesita le ba hao.

Ho ke ho hopoloe hore litho tsa lelapa leno ka mehla pelong li na le lithahasello tse molemohali tsa hao, le hoja ba ka ’na ba e-ba le tsebo e lekanyelitsoeng feela ea hore na Bokreste ba ’nete bo seng. Mohlomong u qalisitse ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Beng ka uena le metsoalle mohlomong ha ba hlile ha ba tsebe hore na Lipaki tsa Jehova ke batho ba mofuta ofe. Mohlomong ba ka ’na ba ikutloa hore ‘bolumeli bona bo nka nako e ngata ea hao.’ Ka baka la boikaketsi bo bonoang bolumeling bo bongata kajeno, batho ba baholo ka ho utloahalang ba ka ’na ba ba le lipelaelo le ho shebisisa. Ha ba bona cheseho ea hao ea bocha bolumeling, ba tšoenyeha ka hore bohato ba hao ha boa thehoa kutloisisong e ntle, empa boikutlong ba botho feela. Haeba ba bontša ho hanyetsa, u ka ’na ua ba le hona ho paka, ka likarabelo tse nang le hlonepho ka moea oa khahiso le o nang le kutloisiso, hore u entse qeto e nang le kelello le e nang le motheo.

Ka hona ak’u ipotse: Na kannete ke na le khahiso le ho ba ea utloisisang? Na ke bontša boikutlo bona lapeng leso le hoja lona, ho isa tekanyong eitseng le hanyetsa seo ke se lumelang? Nka etsa eng ho ntlafatsa kopano ea lelapa ’me kahoo ke etse hore tšebeletso ea ka ho ’Mōpi e be ea moea ’ohle? Ntlheng ena, na kemiso ea ka ea mesebetsi e bontša ho leka-lekana le ho utloisisa, hoo e leng hore nka hlokomela litšoanelo tsa ka ka lapeng le ho kopanela ho boleleng ‘litaba tse molemo’ ka tsela e sebetsang?

Ka ho sebelisa bohlale ba Bibele bo tsoang holimo, Mokreste o lokela hore a ’ne a ntlafale boitšoarong le puisanong le litho tsa lelapa. Lelapa leno le metsoalle ba ka ’na ba se u hanyetse, empa haeba ba ka ho etsa, mantsoe a moapostola Petrose a supa seo u lokelang ho se etsa. O ile a tšelisa Bakreste ka mantsoe a latelang: “Le be le letsoalo le letle, hore, tabeng tsona tseo ba le etselletsang ho tsona, joale ka hoja le le lisenyi, bona bao ba sebang metsamao ea lona e metle ho Kreste ba hlajoe ke lihlong. Hobane, ha ekaba ke thato ea Molimo hore le utloisoe bohloko, ho ka fetisa hore le bo utloe le ntse le etsa hantle, e seng hampe.”—1 Pet. 3:16.

Hangata, boitšoaro ba Mokreste bo etsa boipiletso bo matla haholoanyane ho ba bang ho feta lipolelo tsa molomo.

Hong Kong, ha ngoanana ea neng a le qalehong ea lilemo tse 20 a qala ho ba teng ka mehla libokeng tsa ho ithuta Bibele tsa Lipaki tsa Jehova, hona ho ile ha soenyetsoa ke lelapa, haholo-holo baholoane ba hae ba bashemane. Leha ho le joalo, khaitseli ea hae e mong a hlokomela hore, le hoja ka nako e fetileng a ne a tloaetse likhang tse lerata le ho tleroha le ’mè oa hae, ha a ntse a tsoela pele ho ithuta Bibele a qala ho fetoha ’me ka mokhoa o tsoelang pele o ne a bontša moea o khutsitseng le o bonolo haholoanyane. Ho ntse ho le joalo o ne a belaela ’me a batla ho nepisisa se susumetsang khaitseli ea hae bolumeling bo bocha. A ikutloa hore khaitseli ea hae e ne e nkehile feela le hore boikutlo ba hae bo fetohileng e ne e le boikaketsi feela.

Hore a ke a bontšise taba ena, moshemane a ea le khaitseliee ka lekhetlo le leng Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova ho ba teng sebokeng. Ho makaleng ha hae, ha a ka a fumana mokhatlo oa boithabiso kapa nako eo ka eona ho fetisoang sejana sa koleke, empa, ho e-na le hoo, sehlopha sa batho ba mofuthu le ba botsoalle ba thahasellang ho ithuta Bibele le ho e sebelisa bophelong ba bona. Kapele le eena o ne a ithuta Bibele. Joale, e le Paki tse kolobelitsoeng, moshemane enoa le khaitseli ba ba teng libokeng hammoho ’me ba qalisitse ho tlisa litho tse ling tsa lelapa. Thahasello Lentsoeng la Molimo le ho Molimo e tsositsoe ’me khanyetso e fetoletsoe kopanong le thabong ea lelapa—hona kaofela ka lebaka la hore morali a sebelise keletso ea Bibele ho ntlafatseng bonolo le moea oa ho lakatsa ho thusa ba bang.

Ka linako tse ling, ho ka ’na ha bonahala boitšoaro bo botle bo sa hlokomelehe ho ba hanyetsang, empa hona ho se ke ha nyahamisa Mokreste.

Moroetsana eo ka nako e fetileng a neng a sekametse ho ikenyeng likhathatsong le ho bontša bolokolohi ba hae o ile a sebetsa ka thata ho fetolela botho ba hae bokresteng. Qalehong, hona ha se ke ha tlisa tlhaloso ea letho kapa hona ho ba le phello ea letho ho batsoali ba hae. Joale, ka letsatsi le leng, a utloa ’mè oa hae a bolella eo a ahisaneng le eena: “Ke ne ke hanyetsa morali oa ka ha a kopanela le bolumeli bona [Lipaki tsa Jehova] empa ke hlokometse phetoho e kholo boitšoarong ba hae hoo nke keng ka hlola ke mo hanyetsa, hobane bona e tlameha ebe ke bolumeli bo botle.”

Ngoanana eo o ile a thaba hakaakang hore e be o ile a tiisetsa ho bontša boitšoaro bo botle!

MOHOLO-HOLO OA BOHLE, “MOHOLO OA MATSATSI”

Ke eng se etsang hore bacha ba har’a Lipaki tsa Jehova ba latele Bibele ka tieo e kaale le hoja malapa a sa lumele? Na ke kahobane ba rutoa ho hlompholla bang ka bona? Ha ho joalo ho hang! Ho e-na le hoo, ba latela mokhoa oa khale ho feta eohle joaloka moloko oa motho, e leng, ho hlonepha le ho utloa ntatemoholo oa bohle. Litsamaisong tse potolohileng lefatše, ho tla fihlela linakong tsa morao haholo tjena, setho se seholo ho tsohle sa lelapa se setona se ne se shejoa bakeng sa keletso, bohlale le tataiso. Lentsoe la hae e ne e le molao ’me e le lona le etellang pele ho feta la ba bang—mora, setloholo sa moshemane kapa setloho-tloholoana. Batho ba bangata Bochabela ba bile ba rapela baholo-holo ba bona ba shoeleng le ho shebella tataiso ho bona. Empa Bakreste ba ’nete ba hlile ba mamela moholo-holo ea moholo ho bohle kapa ntate-moholo, ea sa shoang, empa e le “Molimo o phelang,” e leng, ’Mopi oa batho, Jehova Molimo.—Jer. 10:10-12.

Buka ea Bibele ea Daniele (7:9) e bua ka Molimo e le “Moholo oa matsatsi.” Ke oa bo sa hlaheng ho isa ho bo sa feleng le mohloli oa bophelo bakeng sa batho bohle. (Pes. 36:7, 9; Lik. 17:24, 25, 28) Ka ho loketseng, bohle ba lokela ho mo utloa, joalokaha bacha ba koetlisitsoeng hantle ba lokela ho potlakela ho mamela batsoali le batsoali ba batsoali. Ke ka ho latela bohlale le taeo tsa “Moholo oa matsatsi” re ka bitsoang bana ba hae. (1 Pet. 1:14; 1 Joh. 3:1; 2 Ba-Kor. 6:18) Ka ho utloahalang, he, bahlanka ba banyenyane ba ’Mōpi ba ikutloa hore ba tlameha hore ka letsoalo le letle ba mamele motsoali enoa e moholo ho bohle e le eena matla a ho qetela neng le neng ha khohlano ea litaelo e le teng, empa ba ntse ba bolokile hlonepho le ho bontša ho rata batsoali ba bona.

Kaha Jehova ke eena moqapi oa malapa le bophelo ba lelapa, ke ho utloahalang hore bacha ba mo sebeletsang ba tla fetoha litho tse molemo tsa lelapa. Bara le barali ba ke ke ba hlabisa batsoali ba bona ba lefatšeng lihlong ka ho latela liphetoho, boitšoaro bo bobe le masoabi a lefatše lena. Ba tla potlakela ho thusa ka lapeng ’me ka mekhoa e meng ba tlisetse batsoali ba bona hlonepho ka boitšoaro ba bona bo botle le bo khabane ka linako tsohle. (Tite 2:6-8) Ka ho hlokomela lintho tsena, tse thabisang le ho khotsofatsa haholoanyane ho feta qhoebeshano le ho hanyetsa borena, bacha ba Bakreste ba ’nete ba tla rorisa ’Mōpi. Ntate oa bona oa leholimo hape o fumana tlotla ka sena ’me o ba hlohonolofaletsa lerato le tumelo tsa bona.

Likhutlong tsohle tsa lefatše, maemong leha e le afe, bacha ba baloang ka likete ba nka tsela ea ho khahlisa Molimo. Mohlomong ho hong har’a tse kholo tse hohelang bacha, le likhatello tse kholo, li teng ho seo se bitsoang ka hore ke lichaba tse tsoetseng pele, moo moea o busang e leng lintho tse bonahalang. Na Bokreste ba ’nete bo ka nea bacha seo ba hlileng ba se hlokang hore ba khotsofale le ho thaba, le ho ba lokolla ho hoholoa ke lintho tse bonahalang tsa lefatše? Mohlala o motle o fumanoa Riphabliking e Kopaneng ea Jeremane ea nako ea kamorao ho ntoa.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela