Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 3/1 maq. 8-12
  • Tsoho ea Bophelo le ea Tsuo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsoho ea Bophelo le ea Tsuo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “BONGATA BO BOHOLO” LE TSOHO
  • ’Musa le Tšepo ea Tsoho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Letsatsi la Kahlolo ke Eng?
    Tsoha!—2010
  • Bophelo ba Kamoso ka Tsoho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Tšepo ea Tsoho—E Bolela’ng ho Uena?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 3/1 maq. 8-12

Tsoho ea Bophelo le ea Tsuo

1, 2. Ke hobane’ng ha ho bolela ha Jesu hore o neiloe matla a ho ahlola e ne e se ho tsotehang hakaalo hore ho ka lumeloa?

KA LETSATSI le ‘beiloeng’ la Molimo Mora oa ha o tla sebelisa “neo ea bophelo.” (Joh. 5:26, Knox) O tla tsosa bafu ba batho ba shoeleng bao molemo oa sehlabelo sa hae sa topollo o sebetsang ho bona. “Letsatsi” e tla ba nako ea kahlolo, empa e seng e telele ba lihora tse 24. E tla ba nako ea lilemo tse 1 000 joalokaha e beetsoe puso ea Kreste. (Tšen. 20:4-6) Tšebetso ea kahlolo e tla fella ka bophelo bakeng sa ba bang le tsuo ea kahlolo e isang thohakong ea timetso bakeng sa ba bang. Na hona ho utloahala e le ho tsotehang bakeng sa rona kajeno ha hona joale toka e sa etsoe hakaale le ho hloka kutloisiso ea bolumeli ho le hongata hakana ka seo letsatsi la Molimo la kahlolo le tla ba sona? Ho ne ho utloahala ho le hotle ho Bajode ba bolokang Sabbatha ba mehleng ea Jesu.

2 Ka lebaka leo Jesu o itse ho bona: “Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, ’me ba entseng hampe ba tsohele tsuo. Ke sitoa ho etsa letho ke ’notsi; ke ahlola kamoo ke utloang [ho Ntate joaloka Moahloli e Moholo] kateng, ’me kahlolo ea ka e lokile, kahobane ha ke batle ho ratoang ke ’na, ke mpa ke batla ho ratoang ke Ntate ea nthomileng.”—Joh. 5:28-30.

3. Ba tlohang lefung ba kena bophelong ’me ba sa kene kahlolong e mpe ba fapane joang le bao Jesu a buileng ka bona ho Johanne 5:28, 29, ’me e lokela hore e be batho ba sehlopha sefe?

3 Pele Jesu a bua mantsoe a qotsitsoeng ka holimo, o ile a bua, ho Johanne 5:24, 25, ka “bafu” ba bang bao “nako” ea hore ba phele e neng e se e qalile. Ba joalo ho ne ho boleloa hore ba ne ba ‘shoele’ empa leha ho le joalo ba se ka ‘mabitleng.’ Ka nako eo ba ne ba bile ba utloa “mantsoe” a neng a boleloa ke Mora oa Molimo ’me ba lumela ho Ea mo romileng. Ka tsela eo ba ne ba tloha lefung ’me ba kena bophelong ’me ba ne ba ke ke ba kena kahlolong e iphetetsang. Kahobane ba fetile lefung ho kena bophelong, bana ba utloang lentsoe la Mora oa Molimo ho boleloa hore ba tla phela ’me ba na le tebello ea bophelo bo sa feleng. Bana e tlameha ho ba bona ba fetohang majalefa a leholimong a kopaneng le Jesu Kreste, e leng, ba 144 000 ba neoang ho tsohela sebakeng sa moea hore e be ba bang le eena ’Musong.

4. Ho fapana le hore ba ahloloe, majalefa hammoho le Kreste a 144 000 a neoa kabelo efe?

4 Majalefa ana a 144 000 a nang le Jesu Kreste, ho e-na le ho ahloloa, a tla lula le eena literoneng tsa kahlolo. Tšenolo 20:4 e bolela hore “ba filoe matla a ho ahlola.” Tsoho ea bona e bitsoa ‘tsoho ea pele.’ Ka eona ba tsosetsoa lefeng la leholimo ka ho panya ha leihlo.—Tšen. 20:6.

5. Nako ea ho ahloloa ha phutheho ea Iseraele oa moea e qalehile neng, ’me Jesu o ile a re tokelo ea bona e tla ba efe ’musong oa hae?

5 Nako ea kahlolo e seng e fetile e ne e bile teng bakeng sa bana ba 144 000 ha ba sa le lefatšeng. Ena e qalile ho tsoaloeng ha phutheho ea Bokreste ea Iseraele oa moea ka letsatsi la Pentekonta la 33 C.E. Nako e joalo ea kahlolo e ntse e tsoela pele ho fihlela ho phethoa phutheho ena ea bara ba moea ba Molimo. (1 Pet. 4:17, 18) Mabapi le bokamoso ba bona bo khanyang, Jesu o ile a re ho baapostola ba hae ba tšepahalang bosiung ba Paseka ea 33 C.E.: “’Me ’na ke le nea ’muso, joale ka ha Ntate a ’neile oona, le tle le be ba jang le ba noang tafoleng ea ka ’musong oa ka; ’me le tle le lule literoneng, le ahlole meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.” (Luka 22:29, 30) Kahoo, sebakeng sa ho ahloloa nakong ea puso ea Kreste ea lilemo tse sekete, ba kopanela le eena ho ahloleng batho ba lopolotsoeng.

6. Bakeng sa batho ka kakaretso hore ba be le nako ea kahlolo, ho hlokahala hore ho be teng eng, ’me Haʹdes e tla timetsoa joang?

6 Ho batho ba lopolotsoeng ka kakaretso hore ba be le nako ea kahlolo mona lefatšeng ho hlokahala hore tsoho e be teng ea bohle ‘ba mabitleng.’ Ho tiiseng seo, Jesu o itse, ho Johanne 5:28-30, “nako” e-ea tla eo ka eona bana bohle ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba arabele. O tla ba bitsa hore ba tsoe ka mabitleng a bona, ka tsela e tšoanang le eo a ileng a hoeleetsa motsoalle oa hae ea neng a le lebitleng Bethani: “Lazaro, tsoa moo”! (Joh. 11:43, 44) “Nako” eo e ne e tla tla nakong ea puso ea Jesu Kreste le majalefa hammoho le eena a tlotlisitsoeng a 144 000 ea lilemo tse sekete. (Tšen. 20:6, 11-14) Nakong ea puso eo Haʹdes, kapa lebitla le tloaelehileng la batho, le tla timetsoa ka hore le ntšoe batho bohle ba lopolotsoeng ba shoeleng. Hoo ho bolela tsoho!

7. Ke lihlopha life tse peli tse tlang ponong, ’me na li hlahela qalehong ea lenaneo la tsoho?

7 Jesu o bolela hore lihlopha tse peli joale li ne li tla hlahela. Hona, leha ho le joalo, ho ke ke ha etsahala qalehong ea lenaneo la tsoho, kaha hase bafu bohle ba lopolotsoeng ba tla tsoa mabitleng ka nako e tšoanang. Jesu o buile (1) ka “ba entseng hantle” le (2) “ba entseng hampe.” Hona ha ho supe seo batho ba tsositsoeng ba leng sona nakong ea ha ba etsoa ka mabitleng. Re bua joalo ka lebaka lefe?

8. (a) Kaha “Konyana ea Molimo” e ile ea shoela ho tlosa sebe sa lefatše, ba ke ke ba kena ho eng ha ba tsosoa bafung? (b) Leha ho le joalo, bophelo ba bona ba pele bo tla ba ama joang, hona hobane’ng?

8 Lebaka-baka hore na batho bana ba tsosoang ba tla ba seng hase seo ba neng ba le sona pele ba e-shoa. Hona ke ’nete, hobane lefung ba ile ba lefa kotlo ea boetsalibe ba bona. (Ba-Roma 6:23) Hape, Jesu Kreste o shoele e le “Konyana ea Molimo” e le hore a ka ‘tlosa libe tsa lefatše.’ (Joh. 1:29; 1 Joh. 2:2) Ka hona seo a se ‘tlosang’ se ke ke sa tsekisoa lefatše la batho kamor’a hore ba tsosoe bafung. Ntlheng ena, moapostola Pauluse o ile a ngola: “Re se ke ra hlola re e-ba bahlanka ba sebe. Hobane ea shoeleng o lokolotsoe sebeng.” (Ba-Roma 6:6, 7) Kahoo, ka ho tsosoa ha ho motho ea lopolotsoeng ea “ahloloang habeli,” hore a otloe hape bakeng sa seo a se entseng pele ho lefu la hae. Ka baka leo, lebaka-baka le lekanyetsang bakeng sa batho ba tsosoang e tla ba, Ho tloha ka nako eo ke’ng seo ba tla se etsa ka bophelo ba bona, ha joale e le mona ba qalisitsoe bocha tlas’a ’muso oa Kreste oa lilemo tse 1 000? Koana, borokong ba bona ba lefu ha ho phetoho ea letho e tlang bothong ba bona. Kahoo, seo ba ileng ba se etsa kapa hore na ba ile ba phela joang tsamaisong ea hona joale e khopo ea lintho ho tla ba ama litšekamelong tsa bona kapa boikutlong mabapi le ’muso oa Kreste.

9. Bao ba tla angoa ka tsela eo ke tsela eo ba neng ba phela ka eona pele ba tla talimana le liphello life tse peli?

9 E, mokhoa oa ho phela oa nakong e fetileng o tla ama bothata ba ba tsositsoeng ho lumellaneng ha bona le se hlokoang ’Musong bakeng sa ho loka le ho tsoela pele ha bona ho ea phethehong ea botho lefatšeng. Joale ho tla ba le liphello tse peli feela tse tla hlaha. Joalokaha Jesu a ile a supa, ho Johanne 5:28, 29, mohlomong ba tla retelehela tseleng ea ho etsa botle kapa ba itloaetse bobe. Ka liphello life tse sa tšoaneng?

10. Polelong ‘ho tsohela bophelo,’ “bophelo” bo bolela eng?

10 Jesu o ile a supa liphello ha a bua ka ‘ho tsohela bophelo’ le ‘ho tsohela tsuo.’ Ka lentsoe “bophelo” litemana tse potolohileng mona, Jesu o ne a sa bolele tekanyo ea bophelo eo batho ka bomong ba bang le eona ha ba tsoa mabitleng. Ho seng joalo, hase baetsi ba se setle feela ba neng ba tla ‘tsohela bophelo,’ empa le ba entseng bobe ka mokhoa o tšoanang ba ne ba tla fumana tsoho e joalo, joalokaha ba ne ba tla fumana ho qalisoa ka hore ba phelisoe lefatšeng. Kahoo, “bophelo” joalokaha bo sebelisitsoe ho Johanne 5:29 bo bolela ho phethahatsoa ha bophelo joalokaha bo fumanoa ke ba bang qetellong ea puso ea Kreste ka hore ba phehelle ho etsa botle kutlong ea ’muso oa hae le boahloli.

11. Polelong ‘ho tsohela tsuo,’ “tsuo” e bolela eng?

11 Ka ho tšoanang, “kahlolo” e emela se fellang ho batho ba bang ka bomong e bang ke nakong ea “letsatsi la kahlolo” la lilemo tse sekete kapa qetellong ea lona. Ho Johanne 5:29 “kahlolo” e bolela se fapaneng le “bophelo.” Kahoo, ho bolela kahlolo ea tsuo, ho ahloleloa ha ba etsang lintho tse mpe timelong ea ka ho sa feleng. Ena ke timetso ea moea le ’mele Gehenna.—Matt. 10:28.

12. Ka hoo, he, ke qeto life tse peli tse teng tseo batho ba tsositsoeng tlas’a ’muso oa Kreste ba ka eang ho tsona?

12 Kahoo ho teng qetello e habeli bakeng sa hore motho ea tsosoang tlas’a ’muso oa Kreste a ka ea ho eona, leha e le bophelo bo phethahetseng ba botho kapa tsuo e fellang ka ho lahleheloa ke bophelo bohle. Ka mokhoa o monate An American Translation e ngola Johanne 5:29 hore e baloe tjena: “ba tla tla tsohong le bophelong, ’me . . . ba tla tla tsohong le tsuong.”

13, 14. (a) Ke eng seo Jesu a se utloang pele eena le bao a ahlolang le bona ba liha kahlolo? (b) Ke hobane’ng ha ho se sebaka sa ho ipiletsa kahlolong e joalo ea Kreste nakong ea lilemo tse sekete?

13 Nakong ea lilemo tse sekete boahloli ba Jesu Kreste le metsoalle ea habo ea baahloli e tla ba e lokileng bakeng sa batho bohle. Jesu o itse: “Ke ahlola kamoo ke utloang kateng.”—Joh. 5:30.

14 Seo Jesu a se utloang ho Moahloli ea Phahameng, Jehova Molimo, o se kenyelletsa kahlolong ea hae. O tla lumellana le tlhaloso ea boprofeta e buang ka eena e le moahloli eo Ntate oa hae oa leholimo a ileng a bululela Esaia hore a ngole khaolong ea 11, temana ea pele ho ea ho ea bohlano. Setulong sa boahloli, baahloli hammoho le eena ba 144 000 ba tla etsisa Jesu Kreste. Ka tsela ena ruri e tla ba kahlolo ea Jehova e tla phethahatsoa, hobane Mora oa hae Jesu Kreste ka linako tsohle o tla batla ho etsa thato ea Ntate oa hae, e seng thato ea hae. Kahoo, kahlolong e joalo e etsoang ke Jesu Kreste ho ke ke ha hlokahala hore ho ipiletsoe lekhotleng le leng le phaha-phahameng. Kahoo qetellong ea boahloli ba lilemo tse 1 000 ba hae, o tla ba le hona ho neelana ka ’Muso ho Moahloli ea Phahameng, a lokolohile liqosong tsohle tsa ho se sebetse hantle mosebetsing. (1 Ba-Kor. 15:24-28) Ho tloha ka nako eo ho ea pele Jehova Molimo o tla tšoara litaba mabapi le teko ea ho qetela le e lekanyetsang holim’a batho bohle bao Mora oa hae a neelaneng ka bona ho eena.—Tšen. 20:7-15.

“BONGATA BO BOHOLO” LE TSOHO

15. Ka ho laela Timothea ka Kreste Jesu ea lokiselitsoeng ho ahlola ba phelang le ba shoeleng, Pauluse o ne a bolela “bafu” e le bo-mang?

15 Letsatsi le atamelang la kahlolo ke ntho eo batho bohle ba lokelang ho e nkela hloohong. (Lik. 17:30, 31) Ho hlokometsoe sena ka mokhoa o tšoanelehang, moapostola Pauluse o ile a ngolla eo e neng e kile ea e-ba molekane oa hae oa boromuoa, Timothea, a re: “Ke u laela ke hona haholo pel’a Molimo, le pel’a Morena Jesu Kreste, ea tlang ho ahlola ba phelang le ba shoeleng.” (2 Tim. 4:1) Ka polelo “ba shoeleng,” Pauluse o ne a supa ba ka ‘mabitleng a khopotso’ le ba ‘lebitleng la metsi.’ Empa bao Pauluse a ba bitsang ba phelang ke bo-mang?

16. “Ba phelang” ke bo-mang ka ho khetheha?

16 Ke ba tla beng ba le lefatšeng ba pholoha ‘mahlomola a maholo’ a tlang le ho tlangoa ha Satane Diabolose le bademona ba hae. Bana ka lebaka leo ba tla be ba phela lefatšeng nakong ea ha puso ea lilemo tse 1 000 ea Kreste holim’a lefatše e qaleha. Bao joale e tlang ho ba bafo ba hae ba nang le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise ke bona ba hlileng ba boleloang ka ho khethehileng. Ba bang ho majalefa a tlotsitsoeng a kamoso a Kreste le bona ba tla be ba pholohile, empa hore na ebe ba tla qala ho ahlola lefatšeng pele ba fallisetsoa ‘musong oa leholimo, ke hona ho tla bonahala. (1 Ba-Thess. 4:15-17; 2 Pet. 3:11-14) Leha ho le joalo, “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” tsa Kreste bo tla pholoha ‘mahlomola a maholo,’ hammoho le masala a Baiseraele ba moea, ’me ba tla kena lilemong tse sekete ba phela. Tšenolo 7:9-17 e paka hore sena ke ’nete.

17. Re tseba joang hore na ebe lefatše le tla hlokisoa baahi bofelong bo feletseng ba tsamaiso ee ea lintho?

17 Sena sohle se kopana ho tiisa hore lefatše la rona le ke ke la hlokisoa baahi ho hang bofelong bo feletseng ba tsamaiso ena ea lintho. Kahoo “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” tsa Kreste ke bona “ba phelang” bao letsatsi la kahlolo la lilemo tse sekete le qalehang ka bona.

18. Ntho e tsotehang ka “bongata bo boholo” bona ba baphonyohi ba “mahlomola” ke efe, hoha ka lebaka lefe?

18 Ntho e tsotehang haholo ka ‘bongata bona bo boholo’ ba baphonyohi ba “mahlomola” ke hore ha ho mohla ba tsosoang. Hose mohla ka kileng ba e-shoa, le ho feta tlas’a ’mele o etsoang lefeela oa botho, ho ke ke ha hlokahala hore Morena Jesu Kreste a ba bitse hore ba tsoe mabitleng a khopotso. Ka lebaka la tsela eo ka eona ba ileng ba tšoara masala a tlotsitsoeng a baena ba Kreste ba moea nakong e fetileng, bana ba kang linku ba beiloe ka letsohong le letona la mohau oa Morena, ’me o bua tjena le bona qalehong ea puso ea hae ea lilemo tse sekete: “Tlong, lona ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le amohele ’muso oo le o lokiselitsoeng ha e sa le lefatše le theoa.” Kahoo ba tla kenngoa tseleng e lebisang ho fumaneng bophelo bo phethahetseng ba botho lefatšeng la paradeise. (Matt. 25:31-46; Joh. 10:16) Tokelo ea bona e tla ba e kholo hore ba be teng ha “Mor’a motho” ea busang, Jesu Kreste, a qala ho bitsa ba mabitleng hore ba tsoe ka tsoho e tla ba bulela monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela