Bophelo ba Kamoso ka Tsoho
“Ha le sa je nama ea Mor’a motho, le sa noe mali a hae, le ke ke la ba le bophelo ka ho lona.”—Joh. 6:53.
1, 2. Jesu o ile a re’ng ho Johanne 6:53, 54, ’me ke ba lumelang thutong efe ba tla ho fumana ho utloisisa mantsoe ao ho le thata?
THUTO ea hore moea oa motho ha o shoe e tletse hohle. Ba e lumelang ka baka leo ba ho fumana ho le thata ho bona hore na mantsoe a Jesu Kreste e ka ba ’nete joang, joalokaha a ngoliloe ka Bibeleng ho Johanne 6:53, 54:
2 “Ka ’nete-nete ke re ho lona: Ekare ha le sa je nama ea Mor’a motho, le sa noe mali a hae, le ke ke la ba le bophelo ka ho lona. Ea jang nama ea ka, le ho noa mali a ka, o na le bophelo bo sa feleng; ’me ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo.”
3. Ke lipotso life tse utloahalang tse hlahisoang ke ba lumelang ho se shoe ha moea mabapi le “bophelo ka ho lona” le tsoho?
3 Haeba, joalokaha ho bolela ba bangata, moea oa motho o se o ntse o sa shoe, o tsoela pele o phela kamor’a hore lekase la oona le o kentseng e leng ’mele le shoe, ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re je nama ea Jesu Kreste, “Mor’a motho,” le ho noa mali a hae e le hore re ‘be le bophelo ka ho rōna’? Haeba moea o lokolloa ha ’mele o e-shoa ’me o tsoe o ntse o phela ho kena lefatšeng la moea, ke hobane’ng ha ho hlokahala hore motho a tsosoe e le hore a tle a phele hape? Bohle re lokela ho lumela hore ona ke monahano o utloahalang.
4. Ke bafe, har’a bamameli ba Jesu, ba ileng ba ho fumana ho le thata ho utloisisa se neng se boleloa ke Jesu, ’me kajeno teng ho joang?
4 Le bona balateli ba Jesu Kreste ba ile ba fumana bothata ka seo a ileng a se bua, hobane re bala hore: “Eare ha Jesu a tseba ka ho eena hobane barutuoa ba hae ba seba ka taba eo, a re ho bona: Na hoo hoa le khopisa na?” (Joh. 6:61) Leha e le kajeno ba bang ho babali ba rona ba ka ’na ba ho fumana ho le thata ho utloisisa mantsoe a Jesu. Leha ho le joalo Jesu o ne a tseba seo a buang ka sona ka nako eo, hobane eena ka boeena o ne a sa lumele hore moea oa motho ha o shoe. Mantsoe a hae a pakahatsa ’nete eo.
5. Ke ka lipolelo life Jesu a ileng a bontša hore o he a sa lumele ho se shoe ha moea oa motho?
5 Ka lekhetlo le leng Jesu o kile a re ho barutuoa ba hae: “Le mpe le tšabe ea nang le matla a ho bolaela moea le ’mele liheleng.” (Matt. 10:28) Hamorao, pele a tšoaroa serapeng sa Gethsemane, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Moea oa ka o tšoeroe ke masoabi a isang lefung.” (Matt. 26:38; Mar. 14:34) Jesu o ile a qotsa boprofeta ba Esaia hangata ’me a lumellana le seo bo neng bo se bolela mabapi le eena, a re: “O beiloe lebitleng le ba babe, empa o bile a ba le morui lefung la hae, . . . o neetse moea oa hae lefu.”—Esa. 53:9, 12.
6. Ho latela Johanne 6:53, 54, ba bang ba ne ba tla etsa joang ka sehlabelo sa Jesu pele ho “letsatsi la bofelo,” ’me ba ne ba tla hlaheloa ke eng ka letsatsi leo?
6 Ke ka baka leo ho Johanne 6:53, 54, Jesu a ileng a supa hore e ne e tla ba sehlabelo sa motho, ’me ho ne ho tla ba teng ba neng ba tla ja kapa ba iphepe ka nama ea hae le ho noa mali a hae pele ho “letsatsi la bofelo.” Bana ba ne ba tla shoa ha nako e ntse e tsamaea, empa, mabapi le e mong le e mong ho bona, Jesu o itse: “Ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo.” Ho latela se ileng sa boleloa ke Maretha oa Bethani, ho Johanne 11:24, nako ea tsoho ea bafu e ne e nkoa e le ‘letsatsi leo la bofelo.’ Maretha o ne a phela haufi le Jerusalema. Mona, nakoana kamorao ho Paseka ea 31 C.E., Jesu o ne a ile a bua ka thomo eo a e filoeng ke Molimo ea ho tsosa bafu. O ne a ile a nyefoloa bolumeling kaha o ne a ile a phekola motho ka letsatsi la Sabbatha ’me a mo bolella hore a nke liphate tsa hae a ee hae. Ha a arabela nyefolo e ’ngoe Jesu o itse:
7, 8. (a) Jesu Kreste o phelisa bo-mang bafung, ’me o lokela ho hlomphuoa joaloka mang, hona hobane’ng? (b) Ke bo-mang joale ba tlohang lefung ba kena bophelong? (c) Mor’a motho o tla biletsa bohle ba mabitleng litsohong tsa mofuta ofe?
7 “Hobane, joale ka ha Ntate a tsosa bafu, le ho ba pholosa, le eena Mora o pholosa bao a ratang ho ba pholosa. Hobane Ntate ha a ahlole motho le ea mong, empa o neile Mora kahlolo eohle, . . . Ea sa hlonepheng Mora, ha a hlonephe le Ntate ea mo romileng. Ka ’nete-nete ke re ho lona: Ea utloang lentsoe la ka, ’me a lumela ea nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng; ha a ka ke a tla kahlolong, empa o tlohile lefung ho kena bophelong.
8 “Ka ’nete-nete ke re ho lona. Nako ea tla, le joale e se e tlile, eo bafu ba tla utloa lentsoe la Mor’a Molimo, ’me ba le utloang ba tla phela. Hobane joale ka ha Ntate a ena le bophelo ka ho eena, o neile le eena Mora hore a be le bophelo ka ho eena; o mo neile le matla a ho ahlola, kahobane e le eena Mor’a motho. Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, ’me ba entseng hampe ba tsohele tsuo. Ke sitoa ho etsa letho ke ’notsi; ke ahlola kamoo ke utloang kateng, ’me kahlolo ea ka e lokile, kahobane ha ke batle ho ratoang ke ’na, ke mpa ke batla ho ratoang ke Ntate ea nthomileng.”—Joh. 5:21-30.
9. Mantsoeng a seng a qotsitsoe a Jesu khatiso e beiloe tabeng efe haholo-holo?
9 Ka mantsoe a ka holimo re hlokomela khatiso e beoang tabeng ea kahlolo, mantsoe “ahlole” “kahlolo,” “kahlolong” le “ahlola” a hlaha hammoho ka kakaretso ea makhetlo a supileng (NW). Hape, “kahlolo ea tsuo” e emetse ea etsang lintho tse mpe.
10. Nakong ea puso ea Kreste ea lilemo tse sekete ho ahloloa ha batho ho beoa ho mang, ’me ke hobane’ng ho ke keng ha ipiletsoa ka boahloli bo joalo?
10 Kahoo taba ea tsoho e amana le kahlolo. Kaha mora oa Molimo ea tsoang leholimong o ile a fetoha “Mor’a motho” lefatšeng, o ile a neoa matla a ho ahlola litho tsohle tsa lelapa la motho. Ka hona Molimo Ntate o entse Mora oa hae ea tšepahalang ea tla ahlola le eena. Nakong ea puso ea lilemo tse sekete tsa puso ea Jesu Kreste kahlolo ea batho bohle ka lekhetlo la pele e neoa Mora Molimo e le Moahloli hammoho le Molimo. Boipiletso bo ke ke ba e-ba teng kahlolong e lihiloeng ke Mora oa Molimo, hobane e tla be e phethahetse. Kahlolo e etsoang ke Jehova Molimo kamorao ho letsatsi la kahlolo la lilemo tse sekete e ke ke ea etsoa ka lebaka la boipiletso leha e le bofe bo entsoeng ke batho ba khutlisitsoeng ho Jehova e le Moahloli e Moholo, Moahloli oa ho qetela.—1 Ba-Kor. 15:24-28.
HO TLOHA LEFUNG HO KENA BOPHELONG JOALE
11. Ho Johanne 5:24, 25, ke joang Jesu a hlalositseng hore na ke hobane’ng ha ba lumelang ho eena ba ‘tlohile lefung ho kena bophelong’?
11 Lefatšeng Jesu Kreste o ile a sebetsa joaloka molomo oa Molimo ho batho. Ka hona bamameli leha e le bafe ba lumelang se ileng sa boleloa ke Mora oa Molimo ho ne ho tšoana leha ba lumela se boleloang ke Molimo Ntate. Molemo o neng o tla tlisoa ke sena ho Bajode ba ileng ba mamela Jesu, o ile a o supa ha a bua mantsoe a latelang ho Bajode: “Ka ’nete-nete ke re ho lōna; Ea utloang lentsoe la ka, ’me a lumela ea nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng; ha a ka ke a tla kahlolong, empa o tlohile lefung ho kena bophelong.” (Joh. 5:24, 25) Koana, morao koo ba neng ba hlile ba shoele ka mabitleng ba ne ba ke ke ba utloa mantsoe a builoeng ke Jesu le ho a ela hloko, ka “nako” eo a neng a a bua ka eona. Kahoo, ke bafe ba ‘shoeleng’ bao Jesu a neng a bua ka bona ka nako eo?
12, 13. (a) Ke “bafu” bafe ba neng ba boleloa ke Jesu ha a bua ka ho utloa ha bona lentsoe la hae ’me ba phela ka lebaka leo? (b) Ka lebaka la tokisetso e halalelang joalo, Pauluse o ne a ka ngolla “bafu” bao ba shoeleng litlolong le libeng eng, ho ea ka Ba-Efese 2:4-7?
12 Kaha Jesu o ile a bolela hore “nako” ea hore sena se etsahale “e se e tlile,” o ne a bolela feela batho bao ba neng ba tsamaea lefatšeng empa e le ba tlas’a thohako ea lefu ka baka la ho se phethahale le boetsalibe tse futsitsoeng ho Adama. Ponong ea Molimo batho bohle ka kakaretso ke “bafu”; ha ba na tokelo ea ho kena bophelong ’me “moputso” oa sebe ke lefu. (Ba-Roma 6:23) Empa ka ho utloa le ka ho ela hloko “mantsoe” a Jesu ba ne ba tla tsoa thohakong ea Molimo ho bona e isang lefung ’me kahoo, ka tšoantšetso ‘ba tlohe lefung ho kena bophelong.’
13 Ka lebaka la tokisetso e halalelang joalo, moapostola Pauluse o ne a ka ngolla balumeli ba “bahalaleli” ba Efese ba neng ba ‘lumetse ho Jesu Kreste’ mantsoe a latelang: “[Molimo] o le tsositse joalo le lona le neng le shoele melatong ea lona le libeng tsa lona. Empa Molimo, ka ha e le morui oa mohau, ka baka la lerato le leholo leo o re ratileng ka lona, ha re ne ichoeletse melatong ea rona, o re pholositse hammoho ho Kreste (hobane le bolokehile ke mohau), ’me o re tsositse hammoho, oa ba oa re lulisa hammoho maholimong, ho Jesu Kreste; hore mehleng e tlang, o tle o bonahatse monono [o seng o fetile] o fetisang oa mohau oa oona, ka lereko leo o re etselitseng lona ho Jesu Kreste.”—Ba-Ef. 1:1; 2:1, 4-7.
14. Bao ba phelisoang joalo moeeng ba lula hokae ’me ba etsoa sehlopha sa mofuta ofe ’me ba lokela ho lula kopanong le mang?
14 Ba ileng ba lopolloa thohakong ea lefu ’me ba etsoa ba phelang moeeng ho lula le Kreste Jesu ‘ho lula hammoho libakeng sa leholimo’ ba ile ba etsoa litho tsa ’mele oa phutheho oa Kreste. Hape ba etsoa sehlopha sa “tempele” eo Molimo o neng o ka lula ho eona ka moea oa oona o halalelang joaloka ‘tempeleng e halalelang.’ (Ba-Ef. 1:22, 23; 2:20-22) Ka lebaka la ho ba “’mele o le mong le Kreste,” ba hlile ka ho khethehileng ba ‘kopanong le Kreste Jesu.’ Ho hlokahala hore ba lule ba le kopanong le eena.—Joh. 15:4.
15. Ke lipotso life tse hlahisoang ke hore Ntate a be le “bophelo ka ho eena”?
15 Ho bana ho sebetsa mantsoe a Jesu, a reng: “Joale ka ha Ntate a tsosa bafu, le ho ba pholosa, le eena Mora o pholosa bao a ratang ho ba pholosa.” (Joh. 5:21) Hona ho bolela hore Mora o na le matla a ho fetisetsa bophelo ho ba bang. Lebaka la sena Jesu o ile a le bolela ha a re: “Hobane joale ka ha Ntate a e-na le bophelo ka ho eena, o neile le eena Mora hore a be le bophelo ka ho eena.” (Joh. 5:26) Ho ba ha Ntate le “bophelo ka ho eena” ho hlile ho bolela eng? Na ho ipolellela feela hore o-oa phela e le eena ‘Molimo o inotši o phelang le oa ’nete’? (1 Ba-Thess. 1:9) Na ho bolela hore o na le bophelo bo lokolohileng kapa bo futsitsoeng? Ka mantsoe a mang, ho se shoe? An American Translation e utloisisa taba ka tsela eo, hobane e ngola Johanne 5:26 ka tsela ena: “Hobane joalokaha Ntate a le teng ka boeena, o neile mora hore a be teng ka boeena.” Tumellanong le sena, The Holy Bible in Modern English ea Farrar Fenton e utloisisa lebitso Jehova e le le bolelang “Ea Phelang ka Mehla,” ’me kahoo e ngola Esaia 42:8 tjena: “Ke ea Phelang ka Mehla;—hobane ke lona lebitso la ka.” Jehova o ’nile a bitsoa “Ea Bileng Teng ka Boeena.”
16. Haeba ho ‘neoa bophelo ka ho eena’ ho Mora oa Molimo ho ne ho bolela feela ho mo nea bophelo bo phethahetseng ke hobane’ng ha Mora a ne a ke ke a fetisisa ka letho ntlheng ee?
16 Leha ho le joalo, ho ea ka mokhoa oa khang ho se litemaneng tse potolohileng taba polelo “bophelo ka ho eena” e na le tlhaloso e matla haholoanyane ho feta ho ba teng ha hae ka boeena. Polelo e bolela hore Ntate oa leholimo o na le seliba sa bophelo ka ho eena, e le hore, joaloka ntate, o na le hona ho fetisetsa bophelo ho ba bang. Har’a ’nete ena, o ile a tseba ho fetisetsa bophelo ho Mora oa hae ka tekanyo eo a neng a tseba ho fetisetsa bophelo ho ba bang le eena. Haeba ho neeng ha Ntate Mora matla a hore a be le “bophelo ka ho eena” ho ne ho bolela feela ho mo nea bophelo bo phethahetseng, joale Mora o ne a ke ke a khetholleha ka letho. Hobane’ng ho neng ho ke ke ha e-ba joalo? Hobane Molimo o fane ka bophelo bo phethahetseng le ho mangeloi a leholimo. E seng hoo feela, empa o ne a neile Adama le Eva tšimong ea Edene bophelo bo phethahetseng. Empa ke hobane’ng ha Mora oa Molimo a ile a neoa “bophelo ka ho eena”?
17. Ke hobane’ng ha “bophelo ka ho eena” bo ile ba neoa Mora, ’me na thapelo ea hae, ho Johanne 17:1, 2, e lumellana le see?
17 Ke kahobane Mora oa Molimo o ile a tela bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho e le sehlabelo sa topollo bakeng sa batho bohle. (Matt. 20:28; 1 Tim. 2:5, 6) Ka tsela ena o ne a ka rekolla batho lefung leo ba neng ba le ahloletsoe ka lebaka la ho futsa ho se phethahale. Ho hopotsoe sena Jesu o ne a qala thapelo ea hae bosiung ba Paseka ka mantsoe a reng: “Ntate, nako e tlile! Tlotlisa Mora oa hao, hore Mora oa hao a u tlotlise le eena; hobane u mo neile borena holim’a nama eohle, hore bohle bao u mo neileng bona a ba nee bophelo bo sa feleng.”—Joh. 17:1, 2.
18. Phetolelo ea R. A. Knox ea Johanne 5:26 e totobatsa ’nete eo joang, ’me Kreste o ile a neoa matla le tokelo ho fana ka bophelo neng?
18 The New Testament of Our Lord and Saviour Jesus Christ ea Ronald A. Knox e utloisisa ’nete eo ’me e e totobatsa phetolelong ea eona ea Johanne 5:26. Moo e baloa tjena: “Kaha ntate ka ho eena o na le neo ea bophelo bo sa feleng, ka hona o neile Mora hore le eena ka ho eena a ka ba le neo ea bophelo.”a Kamorao ho lefu la hae la sehlabelo, tsoho ea hae le ho hlahisa ha hae molemo oa bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho ho Ntate oa hae oa leholimo, Jesu Kreste o ne a ka neoa matla le tokelo ea ho fana ka melemo ea sona ho ba e hlokang—batho bohle ba rohakiloeng le ba shoang. Kahoo, rea bala, ho Baroma 6:23: “Moputso oa sebe ke lefu; empa neo ea mohau ea Molimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena oa rōna.”
19. Ke hobane’ng ha Jesu Kreste e le eena ea nepahetseng hore Molimo o mo sebelise ho ahloleng batho?
19 E le motho oa nama le mali, Jesu “Mor’a motho,” o ne a ka nyehela ho Molimo se lekanang hantle le seo Adama a neng a ile a se lahlela bana ba hae ka sebe sa hae sa ka boomo Edeneng. (Ba-Heb. 2:9, 14, 15; Joh. 1:14) Hantle joalokaha Jehova Molimo a mo sebelisa ho faneng ka bophelo ho batho ka rohakiloeng le ba shoang, Jesu Kreste “Mor’a motho” ke eena ea loketseng hore Jehova a ka mo sebelisetsa ho ahlola batho ba lopolotsoeng.
20 Ho Johanne 5:26, 27, Jesu o ile a re’ng ka matla a ho ahlola, ’me Pauluse o ile a tiisa see joang puong ea hae Leralleng la Mars?
20 Tumellanong le ’nete eo, Jesu a tsoela pele ho re: “[Ntate] o neile le eena Mora hore a be le bophelo ka ho eena; o mo neile le matla a ho ahlola, kahobane e le eena Mor’a motho.” (Joh. 5:26, 27) Kaha Jesu Kreste ea seng a tlotlisitsoe ka nako e ’ngoe e kile ea e-ba motho ka boeena har’a tsamaiso ea lintho e silafetseng ea lefatše, e ka ba moahloli ea mohau le ea lokileng ho bao a ba lopolotseng lefung. ’Nete ena e ile ea boleloa ka ho hlakileng ho sehlopha se phahameng ho feta tsohle sa boahloli mane Athene ea boholo-holo, Greece, ha moapostola Pauluse a eme har’a baahloli Leralleng la Mars ’me a re: “[Molimo oo ba sa o tsebeng] o beile letsatsi le leng leo o tla ahlola lefatše ka lona ka ho loka, ka monna eo o ’meetseng hoo, ’me o lokiselitse bohle tšepiso ea teng ka ho mo tsosa bafung.”—Lik. 17:23, 31.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabapi le Johanne 5:25, 26, rea bala: “bophelo bo suptjoang ka zésousin ena [ba tla phela, ka Segerike], kaha bao ho buoang ka bona ba ne ba shoele, e tlameha ebe ke ntho e ’ngoe eo ba tlang ho e neoa,—bophelo bo tsoang ho Mora, mopotlakisi. Empa o ne a ke ke a fana ka bona haeba ka ho Eena ka Boeena a ne a se na mohloli oa bophelo o halalelang le o itaolang, joaloka Ntate, boo Ntate, Eena ea phelang ho hang (vi 57), a Mo neileng bona ha A mo romela lefatšeng ho finyella mosebetsi oa Hae oa Messia: comp. x. 36.”—Leqephe la 184 la Critical and Exegetical Hand-Book to the Gospel of John ea Heinrich August Wilhelm Meyer, e hatisitsoeng ka Senyesemane ka 1884.
Good News Bible e ngola Johanne 5:26 tjena: “Joalokaha Ntate ka bo eena e le mohloli oa bophelo, ka tsela e joalo o entse Mora oa hae hore a be le mohloli oa bophelo.” (E hatisitsoe ke Mokhatlo oa Amerika oa Bibele ka 1976)