“Ke Tla mo Tsosa ka Letsatsi la Bofelo”
1. Mantsoe a Jesu, “ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo,” ha a sebetse ho batho ba sehlopha sefe ba phelang kajeno?
MANTSOE AO a tsotehang a ile a boleloa ke Jesu, ho Johanne 6:54. A ne a ke ke a sebetsa ho “bongata bo boholo” bo phonyohang ‘mahlomola a maholo’ a atamelang. (Tšen. 7:9-17) Joale, he, Jesu o ne a hopotse mang ha a bua mantsoe ao lilemong tse fetileng tse makholo a 19?
2. Jesu o ile a bua mantsoe ao ka tsoho ho bo-mang, ’me hoo ho ne ho mo amahanya haufi le mokete ofe oa Bajode?
2 Litemana tsa Bibele tse potolohileng Johanne 6:54 li bontša hore Jesu o ne a bua mantsoe ao, a sa a tobisa feela ho Bajode, empa hape le barutuoa ba hae ba bangata ba Baiseraele, ho kopanyelletsa le baapostola ba hae ba 12. Paseka ea bona ea 32 C.E., “mokete oa metlotloane” o ne o le haufi. (Joh. 6:4) Ha ho lokisetsoa mokete oo, Bajode ba ne ba hlaba konyana ea Paseka tempeleng ea Jerusalema ’me baprista ba ne ba khakeletsa mali ka likotlolo ’me ba a fafatse mosikong oa aletare. (Bona Cyclopædia ea M’Clintock le Strong, Moqolo oa 7, tlas’a “Passover,” leq. 738, karolo ea 1, serapa sa 4, mela 1-34; hape The Temple—Its Ministry and Services As They Were at the Time of Jesus Christ, ea Alfred Edersheim, 1874, C.E., maq. 190, 191.) Jesu o ne a rerile ho ba teng moketeng oo e le hore a ka ikhopotsa Paseka ea pele e ileng ea ketekoa tlase koana Egepeta ka 1513 B.C.E. Eena ka boeena, ’neteng ea taba, e ne e le Konyana ea sebele ea Paseka, “Konyana ea Molimo.”—Joh. 1:29, 36.
3. Ke hobane’ng ha Bajode ba ile ba sala Jesu morao kamorao ho mohlolo oa hae oa la maobane, ’me ba ile ba lokafatsa sena seo ba mo neang sona joang?
3 Bajode, ho kopanyelletsa le barutuoa ba hae, ba ne ba mo bone a etsa mohlolo o tsotehang letsatsi pele a e-ba le puisano e ngoliloeng le bona Kapernauma. O ne a atisitse mahobe a mahlano le lihlapi tse peli ho fepa likete-kete tsa ba neng ba mo mametse. Eaba Bajode ba ratang naha ea habo bona ba batla ho mo etsa morena e le Moeta-pele oa bona oa Messia. Kaha Jesu e ne e tla ba Morena oa Messia oa leholimo, a tloha pel’a bao ba neng ba batla ho mo etsa morena. Hamorao, ka ho tsamaea metsing, a kopana le baapostola ba hae ba 12 ba neng ba le ka sekepeng se ka leoatleng la Galilea. (Joh. 6:14-21) Empa Bajode ba ne ba ke ke ba sitisoa habonolo joalo morerong oa bona oa ho latela Messia oa motho oa lefatšeng. Eaba ba mo sala morao, ba hopotse mohlolo oo a neng a o entse ka la maobane. Ba ne ba batla Morena oa Messia ea neng a ka ba lokisetsa lijo tse bonahalang joalokaha Jesu a ne a iponahalitse hore o na le matla a ho etsa joalo. E le ho netefatsa tsena, ba hopotsa Jesu hore lefeelleng la hloahloa ea Sinai Molimo o ne o neile bo-ntat’a bona moholo “bohobe bo tsoang leholimong” hore ba bo je bo le ka sebopeho sa manna ea mohlolo.—Joh. 6:22-31.
4. Jesu o ile a hlalosa joang hore na ebe Moshe o ile a nea bo-ntat’a bona moholo ‘bohobe ba sebele bo tsoang leholimong’?
4 Karabelong ea seo, Jesu a ba bolella hore Moshe o ne a sa ka a ba nea bohobe ba ’nete bo theohang leholimong. A re: “Bohobe ba Molimo ke bo theohileng leholimong, bo neang lefatše bophelo.”—Joh. 6:32, 33.
5. Bajode joale ba ile ba kopa Jesu eng, ’me o ile a re’ng ha a ba hlalosetsa tsela ea ho fumana bophelo bo sa feleng?
5 Ka ho rialo Bajode ba re: “Morena, re fe bohobe boo ka mehla eohle.” Jesu a itšupa e le bona, a re: “Ke ’na bohobe ba bophelo; ea tlang ho ’na a ke ke a lapa, ’me ea lumelang ho ’na a ke ke a nyoroa le ka mohla o le mong. . . . Ho ratoang ke ea nthomileng ke hore, e mong le e mong ea talimang Mora, ’me a lumela ho eena, a be le bophelo ba sa feleng; ’me ’na, ke tla motsosa ka letsatsi la bofelo.”—Joh. 6:34-40.
6. Ke hobane’ng ha ba tlang ho Jesu ’me ba lumela ho eena e le Messia tsamaisong ee ea lintho ba tiisetsoa tsoho?
6 Kahoo bao ba khethehileng ba tlang ho Jesu ’me ba lumela ho eena e le Messia nakong ea tsamaiso ea hona joale ea lintho ba na le tebello ea bophelo bo sa feleng. Hobane’ng ha ho le joalo? Hobane Jesu Kreste o tla ba tsosa bafung ka letsatsi le bofelo. Hona ho ba tiisetsa tsoho. Mona re ke re hlokomele hore Jesu ha a ka a bolela hore tabeng ena eo ho buisanoang ka eona, motho o tla lokela hore a qale ka ho tsoha ebe ka morao ho moo o tla ho eena ka tumelo ’me a iphepe ka eena e le hore a ka ba le bophelo bo sa feleng. Ka ho hlakileng mona Jesu ha a bue ka bao ba seng ba shoele mabitleng a khopotso ba kang Abrahama, Isaka le Jakobo le Moshe, Davida le Johanne ea Kolobetsang. Jesu moo o ne a bua le Bajode ba neng ba phela ka nako eo, ho kopanyelletsa le barutuoa ba hae ba bangata, ba neng ba le selekaneng sa molao oa Moshe.
7. Karabelong ea ho korotla ha Bajode, Jesu o ile a re’ng ka motho ea huleloang ho eena ’me a na le bophelo bo sa feleng?
7 Bamameli ba Bajode ba qala ho korotla ba tlatsitse lerata ka hore na Jesu o hlahile joang. Ka polelo e ileng ea etsoa ke Jesu ka sena re lokela ho khetholla bao ba khethehileng bao a neng a tobisitse puo ea hae ho bona. “Empa Jesu a ba fetola, a re: Le se ke la seba hammoho. Ha ho motho ea ka tlang ho ’na, ha a sa huloe ke Ntate ea nthomileng; ’me ’na, ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo. Ho ngoliloe mangolong a baprofeta, ho thoe: Ba tla rutoa bohle ke Molimo. Ka baka leo, e mong le e mong ea utloileng Ntate [joaloka Moruti], ea ithutileng ho eena, o tla ho ’na. . . . Ka ’nete-nete ke re ho lona: Ea lumelang ho ’na o na le bophelo bo sa feleng.”—Joh. 6:41-47.
8. Jesu o ne a qotsa boprofeta bofe, ’me ke monyetla ofe oo a neng a o nea bamameli ba hae ba Bajode moo?
8 Jesu moo o ne a qotsa boprofeteng ba Esaia 54:13, bo tobisitsoeng ho “mosali” oa Molimo, Sione oa leholimo, ’me e re: “Bana ba hao bohle ba tla rutoa ke Morena; khotso ea bana ba hao e tla ba kholo.” Bana ke bara ba moea ba Jehova Molimo. Bana ke bona bao a ba hulelang ho Jesu ka tumelo ea bona ea hona joale ho eena. Bana ke bona bao Jesu a buang ka bona e le ba kenang bophelong bo sa feleng ka hore a ba tsose ka letsatsi la bofelo. Bophelo ba bona e ne e tla ba bo sa feleng phuthehong ea moea ea Jehova ea leholimo. Jesu ka baka leo o ne a nea bamameli ba hae ba Bajode, ba neng ba akarelletsa barutuoa ba hae ba bangata, monyetla oa hore e be bara ba “mosali” oa Molimo, Sione oa leholimo.
“NAMA EA KA, EE KE TLA E NEA LEFATŠE”
9-11. (a) Ho bolela ha Jesu hore “bohobe” boo a fanang ka bona ke “nama” ea hae ’me hona ‘bakeng sa bophelo ba lefatše’ ho hlahisa potso efe? (b) Pauluse o arabela potso eo joang ho 1 Ba-Korinthe 10:2-11?
9 Kamor’a hore Jesu a phete ka makhetlo hore ke “bohobe bo phelang” a tsoela pele a re: “Ke ’na bohobe bo phelang, bo theohang leholimong; ekare ha motho [mang le mang ho lona, ba ’mametseng] a e-ja bohobe bona, o tla phela ka mehla; ’me bohobe boo ke tla mo nea bona, ke nama ea ka, ee ke tla e nea lefatše, le tle le phele.”—Joh. 6:51.
10 Jesu ka hoo e ne e le Manna ea sebele, e neang bophelo e theohang leholimong. Bohobe bona ba tšoantšetso, kamoo a boletseng, e ne e le nama ea hae. Nama ena, kamoo a boletseng, e ‘ne e neoa lefatše.’ Ka ho eketsa ka mantsoe ao, na Jesu o ne a bolela hore Bajode ba ileng ba ja manna lefeelleng mehleng ea Moshe ba ne ba tšoantšetsa “lefatše” la batho nakong ea puso ea Kreste ea lilemo tse sekete le phutheho ea hae e khanyang?
11 Pauluse o-oa arabela: “Ba kolobelitsoe bohle ho Moshe lerung le leoatleng; ba jele bohle sejo se le seng sa moea [manna]; ba noele bohle seno se le seng sa moea; hobane ba ne ba e-noa metsi a lefika la moea le ba latelang, ’me lefika leo e ne e le Kreste. . . . Taba tseo ke litemoso ho rona [Bakreste] re tle re se ke ra lakatsa tse mpe, joale ka ha ba li lakalitse. . . . Efela taba tseo tsohle li ne li ba hlahele hore e be litemoso, ’me li ngoliloe hore re ithute ka tsona [rona Bakreste ba tsoetsoeng ka moea], rona ba hlahetsoeng ke mehla ea bofelo.”—1 Ba-Kor. 10:2-11; Ex. 16:1-35; Num. 11:1-9.
12. Boemo ba Baiseraele ba moea nakong ena ea tsamaiso ena bo bapisoa joang le ba lefatše la batho nakong ea puso ea lilemo tse sekete?
12 Ka hona Baiseraele bao lefeelleng la Sinai tlas’a Moshe ba ne ba tšoantšetsa Baiseraele ba moea tlas’a tsamaiso ena ea lintho. Tsamaiso ena e ea bolaea, ha ho boleloa ka puo ea moea. Hona joale ke nako eo ka eona Baiseraele ba moea ba iphepang ka manna a sebele a leholimo, Jesu Kreste ea entsoeng sehlabelo. Nakong ea puso ea Kreste ea lilemo tse 1 000, batho ba tsositsoeng ba ke ke ba e-ba boemong ba lefeella bo kang ba Sinai. Ho khutlisoa ha lefatše la Paradeise ka bophara ho tla be ho tsoela pele. Ka nako eo Jehova o tla be a sa ‘hulele’ batho ho Jesu joalokaha eena e le Moruti a etsa joalo hona joale ka Baiseraele ba moea. (Joh. 6:44) Ho e-na le hoo, Morena ’Musi ea Phahameng Jehova o bea Mora oa hae Jesu Kreste e le Morena holim’a batho, ’me Morena enoa o bitsa bafu hore ba tsoe ka mabitleng.
13. Ho phethahatsa manna ea boholo-holo, “nama” ena e lokela ho ba ea mofuta ofe kapa e tšoaroe joang?
13 Bohobe bo entsoeng ka koro ke bo jeoang bo se nang mali, joalokaha ho ne ho le joalo ka manna a boholo-holo. Jesu o boletse hore “bohobe ba bophelo,” manna a sebele, e ne e le nama ea hae ‘e neeloang lebitsong la bophelo ba lefatše.’ Ho lumellana le manna ea boholo-holo, lentsoe “nama” mona le tlameha ho utloisisoa e le nama e ntšitsoeng mali. Seo Jehova a ileng a se nea Baiseraele lefeelleng hore ba se noe e ne e le metsi, e seng mali.
14. Ke hobane’ng ha bamameli ba Jesu ba ile ba utloisisa ho bua ha hae ka “nama” e le ho bolelang e ntšitsoeng mali a eona, leha e le nama ea motho?
14 Bajode ba neng ba mametse Jesu ba ile ba utloisisa litaba ka tsela eo, hobane, ho pheeng khang ha bona ka seo a neng a se bolela, ba re: “Na eo a ka re nea nama ea hae joang [ka tsela efe], ra e ja?” (Joh. 6:52) Ba ne ba tseba molao oa Molimo ka taba ea mali. Ha, kamorao ho moroallo oa mehleng ea Noe, Molimo o eketsa lijo tsa batho, ha o-oa ka oa ba nea mali a liphoofolo hore ba a noe hammoho le nama ea liphoofolo e le lijo tsa bona tse thata hore ba matlafatse bophelo ba bona. O ile oa ba nea metsi hore ba a noe le nama e fophisitsoeng hore ba e je. Oa bolela hore mali ke a oona e le Monei-Bophelo ho libopuoa tsohle tsa nama le mali. (Gen. 9:1-4) Tlas’a molao oa Moshe joalokaha o fanoe ho sechaba sa Iseraele, ho tloloa ha molao oa Molimo mabapi le mali a phoofolo kotlo ea hona e ne e le lefu bakeng sa motloli. (Lev. 17:10-12; Deut. 12:16, 22-27) Ho jeoa ha nama ea motho, leha e fophisitsoe mali, e ne e le ho nyonyehang ho bamameli ba Bajode ba Jesu. Ba ne ba sa rate bore e be malimo.—2 Mar. 6:26-31.a
15, 16. (a) Ho ja nama ea Jesu ho ne ho lokela ho etsoa joang? (b) Ho ea ka Johanne 6:53-59, Jesu o ile a tiisa ntlha ee haholoanyane joang?
15 Jesu o ne a batla ha bamameli ba hae ba Bajode ba utloisisa hore ho jeoa ha nama ea hae ho ne ho tla etsoa ka tsela e tšoantšetsang. Kahoo, ho tiisa ntlha ena haholoanyane, o ile a boela a bua ho hong ho neng ho tla nyatseha ka ho fetisisa haeba ho nkoa joalokaha ho boleloa. Rea bala:
16 “Jesu a re ho bona: Ka ’nete-nete ke re ho lona: Ekare ha [lona bamameli ba ka ba Bajode] le sa je nama ea Mor’a motho, le sa noe mali a hae, le ke ke la ba le bophelo ka ho lona. Ea [ho lona, bamameli ba ka] jang nama ea ka, le ho noa mali a ka, o na le bophelo bo sa feleng; ’me ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo. Hobane nama ea ka ke sejo ka ’nete, ’me mali a ka ke seno ka ’nete. Ea jang nama ea ka, le ho noa mali a ka, o lula ho ’na, le ’na ho ho eena. Joale ka ha Ntate ea phelang a nthomile, ’me ke phela ka Ntate, le eena [ho lona, bamameli ba ka] ea jang ’na o tla phela ka ’na. Bohobe bo theohileng leholimong ke bona bona, ha ho joale ka bo-ntat’a lona ba jeleng manna, ’me ba shoele; ea jang bohobe bona, o tla phela ka ho sa feleng. A bolela taba tseo Kapernauma, a ntse a ruta synagogeng.”—Joh. 6:53-59.
17. (a) Bohlokoa ba mantsoe ao a Jesu e ne e le bofe synagogeng ea Bajode, haesita le ho barutuoa ba bangata ba hae? (b) Ka hona mantsoe a Jesu ho Johanne 6:53, ka karolo e kholo, a ne a tobisitsoe ho bo mang ’me bana ba ile ba fetoha eng?
17 Ka hona Jesu o ne a buisana le bamameli ba Bajode ba neng ba le selekaneng sa molao oa Moshe. Hona ho ne ho kopanyelletsa le barutuoa ba bangata ba Jesu. Re ka nahana matla a mantsoe a Jesu ha a bua, e seng feela ka ho iphepa ka nama ea hae, empa hape le ho noa mali a hae. “Barutuoa ba hae ba bangata, hobane ba utloe a rialo, ba re: Taba eo e thata, ea ka e utloang ke mang?” (Joh. 6:60) Polelo ena e bontša hore hase barutuoa bohle ba Jesu ba ileng ba nyarosoa ke puo ea hae. Ntle ho ba nyarohileng, ho ne ho sa le teng “barutuoa” ba bangatanyana ho kopanyelletsa le baapostola ba 12. (Joh. 6:61-66) Kahoo mantsoe a Jesu ho Johanne 6:53 karolong e kholo a ne a tobisitsoe ho barutuoa ba hae ’me, ha ho atolosoa, ho bao e neng e tla ba barutuoa ba hae pele ho ‘letsatsi la bofelo.’ Bana e bile Bajode ba moea, Baiseraele ba moea.—Ba-Roma 2:28, 29.
18, 19. (a) Mali a phoofolo ea sehlabelo e ne e le a mang, ’me kahoo ho etsoa ha sejo ka mali le nama tsa Jesu ho ne ho bolela eng? (b) Ho ile ha boleloa joang ka sejo se joalo ke Jesu ka baka la tumelo ea leqhalaha la Molichaba ’me hape le Mojode ea itseng ea neng a hlalosa ka mantsoe a Jesu selallong?
18 Bajode selekaneng sa molao oa Moshe ba ne ba tseba hore mali hammoho le mafura a phoofolo ea sehlabelo ke tsa Jehova. (Lev. 3:16, 17) Ha Jesu a nyolohela leholimong ’me a itlhahisa moo Jehova a leng teng, o ile a nyehela ho Jehova “mali” a hae kapa bohlokoa ba oona e le theko e lopollang. (Ba-Heb. 9:12-14; Joh. 6:61, 62) Kaha mali ke a Jehova, ho a noa le ho ja nama ea Jesu ho ne ho tla supa ho ba sejong le Jehova. Molimo ka tsela eo o tla be o arolelana mali a Konyana ea hae Jesu Kreste le barutuoa ba konyana ena. Jesu o buile ka sejo se joalo le Jehova e le Abrahama e Moholo, ha a bolela e sa le pele hore balumeli ba bangata ba Balichaba (joaloka Molichaba ea lumelang oa “leqhalaha”) ba ne ba tla tla ba e-tsoa likarolong tsohle tsa lefatše ’me ba ‘lule tafoleng le Abrahama [Jehova] le Isaaka [Jesu Kreste] le Jakobo [phutheho e tsoetsoeng ka moea ea Bokreste] ’musong oa maholimo.”—Matt. 8:5-12.
19 Ka nako e ’ngoe ha a ne a bua ka selallo se neng se tšoaneleha kannete ka baka la ba neng ba memetsoe hore ba be teng, Jesu o ile a hlalosa hore na ke ka lebaka lefe se neng se tšoaneleha, a re: “Tsa hao li tla buseletsoa tsohong ea ba lokileng.” Hona ha tlisa khopolong ea motho tokelo ea ho ba lijong le Jehova Molimo, hobane rea bala: “E mong oa ba lutseng le eena lijong, ha a utloa taba tseo, a re ho eena: Ho lehlohonolo ea tla ja bohobe ’musong oa Molimo.” (Luka 14:12-15) Karabelong polelong ena Jesu o ile a etsa setšoantšo sa “selallo se seholo” se neng se entsoe ke motho ea itseng. Ka sena Jesu o ne a bontša hore hase bohle ba tla ba le thabo ea ho lalla le Molimo ’Musong.—Luka 14:16-24.
“BOPHELO KA HO LONA”
20. Ba fumanang bophelo ka ho bona ka ho ja nama ea Kreste le ho noa mali a hae ba na le bophelo ka tekanyo efe, ’me ke hokae hona neng ba tlang ho sebelisa matla aa?
20 Ho Johanne 6:53 Jesu o itse: “Ekare ha le sa je nama ea Mor’a motho, le sa noe mali a hae, le ke ke la ba le bophelo ka ho lona.” Kaha polelo e joalo e hlaha mona joalokaha e hlaha ho Johanne 5:26, An American Translation e ngola Johanne 6:53 tjena: “Kea le bolella, ha le sa je nama ea Mor’a motho le sa noe mali a hae, ha le na bophelo bo itlisang ka bobona ka ho lona.” Kahoo, mona Jesu o ne a bolela “bophelo” ka tekanyo e boletsoeng ha a tsoela pele hore: “Ea jang nama ea ka, le ho noa mali a ka, o na le bophelo bo sa feleng; ’me ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo.” (Joh. 6:54) Bophelo boo bo sa feleng bo tla thabeloa ke ea bo fumanang, e seng lefatšeng empa ’musong oa leholimo le Kreste. O tla kena bophelong bo joalo ha a tsosoa ke Jesu Kreste “ka letsatsi la bofelo.” Bao ba nang le ‘bophelo ka ho bona bo joalo le Jesu Kreste maholimong, ba na le hore ba tle ba fetisetse ho ba bang melemo ea sehlabelo sa Kreste. Ba tla etsa joalo ha ba lopolotsoeng ba batho ba biletsoa hore ba tsoe ka mabitleng a bona a khopotso “ka letsatsi la bofelo.”—Joh. 5:28, 29.
21, 22. (a) Nama le mali tsa Kreste e ne e le “lijo ka ’nete” ka ntlha efe ho ba li jang? (b) Ba jang joalo ba na le kamano efe le eena ’me ba itšetlehile joang ka eena?
21 Ha re nahana ka tšoaneleho ea “bophelo bo sa feleng” bo tla fumanoa leholimong, re ananela lebaka leo ka lona Jesu a ileng a re: “Nama ea ka ke sejo ka ’nete, ’me mali a ka ke seno ka ’nete.” (Joh. 6:55) Kamorao ho polelo eo o ile a bontša kamano e khethehileng eo barutuoa ba hae ba nang le kutlo ba neng ba ka kena ho eona ka ho eketsa mantsoe ana: “Ea jang nama ea ka, le ho noa mali a ka, o lula ho ’na, le ’na ho eena. Joale ka ha Ntate ea phelang a nthomile, ’me ke phela ka Ntate, le eena ea jang ’na o tla phela ka ’na.” (Joh. 6:56, 57) Kahoo Jesu o ile a bua ka barutuoa ba hae e le ba lutseng ba le kopanong le eena le ba lutseng ba kopane hammoho. Hamorao, ka mantsoe a batlang a tšoana, o ile a bua tjena setšoantšong:
22 “Lulang ho ’na, le ’na ho lona. Joale ka lekala ha le sitoa ho bea le ’notši, ha le sa khomarele sefate, ho joalo le lona ha le sa nkhomarele. Ke ’na sefate sa morara, ’me lona le makala. Ea lulang ho ’na, le ’na ke lula ho eena, eo o bea haholo; hobane ka ntle ho ’na le ka sitoa ho etsa letho.”—Joh. 15:4, 5.
23. Ke hobane’ng, he, ha Judase Iskariota a ile a hloleha ho fumana ‘bophelo ka ho eena’?
23 Le hoja Judase Iskariota a ile a lula botsoalleng ba botho le Jesu Kreste nako e fetang selemo haleletsana, ha a ka a lula le Morena oa hae. Kahoo ha a ka a iphepa ka ’mele oa sehlabelo oa Jesu le ho noa mali a hae, ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E. ho ea pele. O ile a hloleha ho fumana ‘bophelo ka ho eena.’—Joh. 6:66-71.
24. (a) Jesu e ne e le “bohobe” bo theohileng leholimong joang? (b) Jesu o ne a phela ka lebaka la Ntate joang, ’me ba mo jang ba ne ba tla phela ka eena joang?
24 Leha ho le joalo, Jesu o ile a hopotsa Judase le bamameli ba bang ba hae ba Bajode synagogeng eane ea Kapernauma kamoo bo-ntat’a bona moholo ba ileng ba e-ja manna lefeelleng ho imatlafatsa. Ha a qetela puo ea hae, o itse: “Bohobe bo theohileng leholimong ke bona bona; . . . ea jang bohobe bona, o tla phela ka ho sa feleng.” (Joh. 6:58) E ne e bile “Lentsoe” la Molimo holimo leholimong, empa, ka nako e tšoanelang ea Molimo, a ‘etsoa nama.’ (Joh. 1:14) Kahoo e le Mora oa nama oa Molimo ea phethahetseng e ne le “bohobe bo phelang, bo theohileng leholimong,” manna a sebele. Nama ea hae, e neng e sebeletsa e le manna ea tšoantšetso bakeng sa Baiseraele ba moea,’b hape e sebeletsa hore ‘lefatše le tle le phele.’ (Joh. 6:51) Kajeno Jesu Kreste o phela hape maholimong, a se a ke ke a shoa, ka lebaka la Ntat’ae oa leholimo, hobane ‘Ntate enoa ea phelang’ o mo tsositse bafung ho mo kenya bophelong ba moea. Tumellanong le seo, morutuoa ea “jang” manna a sebele (“nama” ea Kreste) pele ho ho tla ha “letsatsi la bofelo,” joalokaha Jesu a boletse, o tla ‘phela ka baka la ka,’ hobane Jesu ea phelang o tla mo tsosa “ka letsatsi la bofelo.”—Joh. 6:54, 57, 58.
25. (a) Na ba jang sehlabelo sa Kreste ba tla tsoela pele ho etsa joalo leholimong? (b) Ba tla sebeletsa setulong efe se halalelang, ka molemo ofe ho batho?
25 Leholimong, ha ba ‘e-na le bophelo ka ho bona,’ Baiseraele ba moea ba tsositsoeng ba ke ke ba hlola ba hloka hore ba je nama ea Jesu le ho noa mali a hae. (Joh. 6:53) Ba tla neoa tokelo ea ho sebeletsa e le “baprista ba Molimo le ba Kreste” ’me kahoo ba tla ba le hona ho fetisetsa ho batho melemo ea ka ho sa feleng ea sehlabelo se phekolang sa Kreste. (Tšen. 20:6) Kaha leholimong ba na le bophelo bo sa feleng, ba ke ke ba hloka bahlahlami setulong sa boprista. Ho tšoana le Moprista e Moholo, Jesu Kreste, ba tla ba le hona ho sebeletsa e le baprista ba tlase ka ho tsoelang pele ho theosa le lilemo tsohle tse sekete. Ka tsela ena ba tla kopanela le Kreste ho phahamisetseng batho ba lefatšeng phethehong.
LITOKISETSO TSA BOMOLIMO BAKENG SA BOPHELO BO PHETHAHETSENG BA BOTHO
26. “Bongata bo boholo” bo qalile ho bopeha neng, ’me ke bohlokoa bofe boo ba bo utloang bakeng sa mali a Konyana Jesu Kreste?
26 Kamoo re tsebang, ho tloha bohareng ba lilemo tse mashome a mane tsa lekholo la rona la 20 la lilemo, “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” tsa Kreste bo ’nile ba e-ba teng. (Tšen. 7:9, 10; Joh. 10:16) Le bona ba tla fumana molemo bopristeng bona ba lilemo tse sekete. Moapostola Johanne, ea bileng le pono ea tšenolo ea “bongata bo boholo,” o ile a hopotsoa hore le bona ba ananela mali a tšolotsoeng a Konyana Jesu Kreste. Ba a ananela e le mokhoa oa ho hloekisa, hobane Johanne o ile a bolelloa hore: “Ke ba tsoang mahlomoleng a maholo; ba hlatsoitse liaparo tse telele tsa bona, ba li soeufalitse maling a Konyana.” (Tšen. 7:14) Bana ba tseba hore ba ne ba ke ke ba sebeletsa Molimo ka ho amohelehang tempeleng ea oona e halalelang haeba ba ne ba ka lula ba apere liaparo tse litšila.—Bapisa Zakaria 3:3-10.
27. Le hoja ba sa hloke tsoho, ba tla hloka molemo oa litšebeletso life nakong ea lilemo tse sekete?
27 Ho Molimo le Konyana Jesu Kreste “bongata bo boholo” ha bo lebise tlotla ea tsoho mabitleng a khopotso empa “poloko” ho tsoa “mahlomoleng a maholo.” Ba bolokoa ba phela ho feta ‘mahlomola ao a maholo.’ Ka hona, ha ho hlokahale hore ba hle ba ‘tsosoe letsatsing la bofelo,’ joaloka bao ho buoang ka bona ho Johanne 6:54. Leha ho le joalo, ba tla hloka molemo oa litšebeletso tsa Moprista e Moholo Jesu Kreste le baprista ba tlas’a hae ba 144 000 nakong ea lilemo tse sekete.
28. Ke “nako” efe e atamelang mabapi le bafu ba batho ba lopolotsoeng, ’me ke monyetla ofe o tla beoa ka pel’a bona?
28 Joale ho atamela “nako” e babatsehang. Ke “nako” ea ha Jesu Kreste e le moahloli hammoho le Jehova a tla bitsa ‘ba mabitleng a khopotso’ hore ba tsoe e le balopolloa ba hae. Kaofela ba tla etsoa bafo ba ’muso oa leholimo oa hae le haeba ba rata kapa che. Ka pel’a bona kaofela ho tla be ho beiloe monyetla oa ho fumana bophelo bo phethahetseng ba botho lefatšeng la paradeise.—Joh. 5:28, 29.
29. “Bongata bo boholo” le batho ba tsositsoeng joale ba tla noa eng le ho ja eng, ’me ke monyetla ofe o khethehileng oo “bongata bo boholo” bo tla ba le oona joale?
29 Joale bafo ba Kreste ba tla lokela ho noa eng? Ba tla ja eng? Tšenolo e neiloeng moapostola Johanne e bontša hore ka nako eo ‘noka ea metsi a bophelo’ e tla be e phalla tlas’a terone ea Jehova Molimo le ea Konyana Jesu Kreste. Ka mahlakoreng ka bobeli a “noka” ho teng “lifate tsa bophelo,” tse beang litholoana khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Mahlaku a tsona ke a ho phekola lichaba. Ka litokisetso tseo tsa bomolimo, “bongata bo boholo” le bafu ba tsositsoeng ba tla noa le ho ja. (Tšen. 22:1-3) Ka ho iphumantša molemo o feletseng oa mosa ona ’ohle o sa tšoanelang oa Jehova Molimo ka Jesu Kreste ba ananelang le ba utloang ba tla etsa hore ‘tsoho ea bona e be ea bophelo.’ Bao ba “bongata bo boholo” bo sa tsosoang ba “linku tse ling” tsa Kreste joale ba tla ba le monyetla oa ho phela ba sa shoe le ho khutlela leroleng la mobu.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lentsoe la Seheberu bakeng sa “lelimo” ke okhelʹ adamʹ, le bolelang “ea jang motho oa lefatšeng”; kapa okhelʹ ben minoʹ, “eo jang mora oa mofuta oa habo.” Bakeng sa ho nyaroha hona ho se ileng sa etsahala Jerusalema ka 70 C.E., bona “Wars of the Jews,” Josephus, khaola ea 3, buka ea 6.
b Hlokomela hore, ho ea ka Tšenolo 2:9, 17, ‘manna e patiloeng’ e boloketsoe Baiseraele ba moea e le bahloli.—Bapisa Ba-Heberu 9:4.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Joalokaha manna e ile ea matlafatsa Baiseraele lefeelleng, ka ho joalo, ‘bohobe ba bophelo,’ joale o matlafatsa Baiseraele ba moea