Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 3/15 maq. 3-5
  • Senotlolo se Isang Thabong ea Lelapa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Senotlolo se Isang Thabong ea Lelapa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MALAPA A TLOKOTSING
  • MOTHEI OA LELAPA
  • HO FANOE KA TATAISO E ISANG BOPHELONG BO THABILENG BA LELAPA
  • Na ho na le Lekunutu la Thabo ea Lelapa?
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Ho Abela ba Bang Lekunutu la Thabo ea Lelapa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lelapa—Ke Seo Batho ba se Hlokang!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Phehella Khotso ea Bomolimo Bophelong ba Lelapa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 3/15 maq. 3-5

Senotlolo se Isang Thabong ea Lelapa

THABO ke takatso e tloaelehileng har’a rona bohle, na ha ho joalo? Ho sa tsotellehe hore na re lilemo li kae, re tsoa sechabeng sefe kapa boemong bofe bophelong, re batla ho thaba. ʼMe kaha thabo e ntšetsoa pele ha e kopaneloa, ho thabisa lipelo tsa rona ho bona ba bang ba thabile ba bile ba khotsofetse. Hona e hlile ke ʼnete ka bao ba haufi le ba ratehang ho rona, baratuoa ba rona. ʼMe ha boemo bona bo hlohonolofetseng ba ho ikutloa hamonate, bo tsejoang e le thabo, bo le teng har’a litho tsa lelapa, na hase ʼnete hore lintho tse bohloko tsa bophelo tse ke keng tsa qojoa li mamelloa habonolo haholoanyane, li tiisetsoa haholoanyane? Kahoo, ke mang ea ka latolang hore bophelo bo thabileng ba lelapa boa lakatseha?

Ka sebele, le hona lefatšeng lena le oeleng, bophelo ka lapeng e ka ba bo khahlisang haholo. Ke ʼnete, ho emela ho sebetsa ka thata haholo, lipelaelo le ho itela. Empa ke lelapa lefe le ke keng la lumela hore thabo e tlang e le matšeliso e ho etsa hore e be ho tšoanelehang kaofela ha hona?

Leha ho le joalo, le hoja bophelo ba lelapa e ka ba bo khahlisang hakaalo, lelapa le hlileng le thabileng kannete ke mokhelo kajeno. Koana, lelapa le leng le le leng le na le ‘maima le manolo’ a lona; ha ho le le leng le beelloang kathoko mathateng. Ho se utloisisane, ka mohlala, ho tla thibela thabo ea lelapa leha e le lefe haeba ho lumelloa hore ho tsoele pele. Kapa e ʼngoe feela har’a lintho tse ngata tse kang ho kula kapa likhatello tsa mosebetsi li ka ʼna tsa tlatsetsa ho teneheng kapa ho khopeheng, hoo, le hona ho ka bulang tsela ea mantsoe a tla ikoahlaeloa le liketso. Tsena, le tsona, li ka isa boikutlong bo bohloko ʼme, ka baka leo, likamano tse seng ntle. Ka hona mathata, a le maholo kapa a le manyenyane, ke karolo e tloaelehileng malapeng a lefatšeng lena la ho se phethahale leo re phelang ho lona.

MALAPA A TLOKOTSING

Mekhoa ea ho phela lekholong lena la 20 la lilemo e phaelletse haholo mathateng a lelapa hoo ba bang ba bontšang ho ameha ka ho tsoela pele ha tokisetso ea malapa e le karolo e ka sehloohong ea tsamaiso ea batho. Lebelo le phahameng haholo la ho hlalana, likarohano le likamano tsa botona le botšehali tse etsoang ka tumellano le tsa bosodoma ke a mang a mabaka a khothalletsang ho nahana ka matla ho joalo.

Ka malapa a mangata hakana ho pota lefatše a le boemong ba tlokotsi, ke ho utloahalang hore ebe rea ipotsa: Hobane’ng? Le hoja mohlomong ba atleha linthong tse ling tseo ba itekang ho tsona, ke hobane’ng ha ba bangata hakana ba hloleha ho finyella katleho tikolohong ea lelapa? Ho sa tsotellehe ho batla ha bona thuso ka baeletsi ba malapa, lingaka tsa mafu a hlooho le ba joalo, ke hobane’ng ha ba sa sibolla senotlolo sa thabo ea lelapa?

Le hoja e se ntho e qabolang, leseli la karabelo le lutse polelong eo hangata e nkoang habobebe, e reng: “Ha ho hong hohle ho hloleha, latela litaelo.” Ha ho lateloa litaelo, joalokaha ho tsamaisoa mochine, ho hana ho sebetsa le ho robeha li ka qojoa ka kakaretso. Kahoo, ka tlhaho, ho lokela hore ho bonoe litaelo pele. Leha ho le joalo, tlhaho ea motho e le kamoo e leng kateng, ke seoelo ho uoang ho tsona ʼme ho uoa ho tsona e le mohloli oa ho qetela, “ha ho hong hohle ho hloleha.” Empa “litaelo” ke life? Li fumanoa hokae?

MOTHEI OA LELAPA

Lelapa le rarahane haholo ho feta mochine leha e le ofe o kileng oa qaptjoa ke motho. Ka baka leo, ke ho sa utloahaleng ho hang ho nahana hore le bile teng feela ka tsietsi, ntle ho ho kenella ha moetsi kapa moqapi. Phello e ʼngoe le e ʼngoe e na le se e qalileng. Mongoli oa lekholong la pele la lilemo, ka baka leo, o ne a bua ntho e utloahalang ha a re: “Efela ntlo e ʼngoe le e ’ngoe e na le sehahi sa eona, ʼme sehahi sa tsohle ke Molimo.”—Ba-Heb. 3:4, Phet. e ncha.

Kahoo bophelo ba lelapa ha boa itlhahela feela. Bo entsoe hore bo be teng. Nakoana kamor’a ho bopa motho oa pele, Eena ea bo entseng o itse: “Ha ho molemo hoba monna a lule a le mong. Ke tla mo etsetsa mothusi e le motlatsi oa hae.” Joale, ha a kopanya batsoali ba rona ba pele lenyalong, le tumellanong e feletseng le ho ba etseng ha oona e le e motona le e motšehali, “Molimo oa ba hlohonolofatsa, ʼme Molimo oa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona.” (Gen. 2:18, NW; 1:27, 28) Kahoo, phethahatsong ea morero o boletsoeng oa Molimo, tokisetso ea lelapa ea e-ba teng.

HO FANOE KA TATAISO E ISANG BOPHELONG BO THABILENG BA LELAPA

Joale, na Mothei oa lelapa o ne a lebelletse hore bana ba hae ba lefatšeng hore ba ithute likarolo tsa bona bophelong ka tšebetso e bohloko ea liteko le liphoso? Kapa, na o ile a re nea tataiso ea kamoo lelapa le lokelang ho sebetsa? Joalokaha re ne re ka lebella ka Ntate ea lerato, o ile a re nea melao ea ketso kapa “litaelo” ho re tataisa. Senotlolo sa thabo ea lelapa se lutse ho ‘lateleng litaelo’ tsa bophelo ba lelapa le ho hlaoleleng kamano e ntle le Moqapi oa bona, Eena ea re entseng.—Pes. 100:3; 119:1, 2; 128:1, 2.

Molemong oa rona, lilemong tse fetileng tse ka bang 3 500 ʼMopi oa rona ea lerato o ile a qala hore litataiso tse buang ka bophelo ba lelapa li ngoloe moqolong oa libukana tse nyenyane tseo ka ho utloahalang li sebetsanang le taba ea lelapa. O fumaneha kajeno, o feletse kapa ka karolo, ka lipuo tse fetang 1 600, moqolo oo o ka fumaneha hoo e ka bang malapeng oohle a lefatše. Ha ho talinga bohlokoa bo ke keng ba lekanngoa ba se ka ho eona, ruri ke habohlokoa hore ke eona buka e tsamaisoang haholo ho feta buka leha e le efe paleng. Buka eo, koana, ke Bibele e Halalelang.—2 Tim. 3:16, 17.

Ha re supa Bibele e Halalelang e le buka ea mohloli oa boitsebiso ka bophelo ba lelapa, ʼmali a se ke a fihla qetong ea hore re supa lithuto tse tloaelehileng tsa kereke tabeng ena? Che. E, le tlhahlobo e potlakileng e tla bontša hore likereke tsa lefatše tsa Bojakane li ʼnile tsa etselletsa Jehova, Molimo oa Bibele, ʼme li entse Lentsoe la Hae lefeela ka baka la likhopolo le lineano tsa bona. (Pes. 83:18; Matt. 15:6) Ha e-ea ba ka tsietsi feela tjee, he, ho oa bophelong ba lelapa ho bonahalang hakana taolong ea bona. Leha ho le joalo, tlaleho e liphoso ea kereke ho hang ha e tlose letho bonneteng, botšepehing le ho sebetseng ha Bibele e le tataiso eo re e hlokang ho hang ho fumaneng senotlolo sa thabo ea lelapa.

Bibele, ka ho totobetseng ke buka e buang ka bophelo ba lelapa. Ha e re bolella ka lenyalo la pele, e hlalosa hore na ke hobane’ng ha Molimo o ile oa etsa botona le botšehali ʼme, ka baka leo, morero oa botona le botšehali le sebaka se bo lokelang bophelong bo hlomphehang ba lelapa.

Lentsoeng la Molimo, le teng, re bala ka liteko le thabo ea malapa a mashome-shome. Litlaleho tse joalo tsa lelapa e ka ba tse molemo haholo ho rona bohle, ba baholo le ba banyenyane ka mokhoa o tšoanang. Na u batla molekane oa lenyalo eo e tlang ho ba motlatsi ea tšepahalang? Joale ho tla hlokahala hore u batle keletso ea Bibele ho khetheng hamolemo le ho itokisetseng boikarabelo ba lenyalo. Na u monna le hlooho ea lelapa? Haeba ho joalo, ka sebele u tla fumana molemo mehlaleng e mengata ea Bibele ea banna ba ileng ba atleha haholo likarolong tseo. Na u mosali le ʼmè? Ha ho lumelletsoe, litšoanelo tsa hao li ngata, ho joalo? Leha ho le joalo, Bibele e tla u bontša hore na u ka fumana thabo joang ha u ntse u loana le oona le kamoo u ka iphumanelang thoriso lelapeng le ananelang. Kapa, mohlomong u tholoana e babatsehang ea kopano ea lenyalo, ngoana. U ka etsa joang ho tlatsetsa moeeng oa mofuthu le lerato lapeng heno? Na u rata ho tseba? Lentsoe le bululetsoeng la Molimo le tla u bolella.

Ke ka Lentsoeng la Molimo moo u tla fumana likarabelo mathateng a mangata a bophelo, ho kopanyelletsa le mathata a lelapa. E le “Molimo o thabileng,” ʼMopi oa hao o batla hore le lelapa leno le lona le thabe. (1 Tim. 1:11; Liprov. 2:6; 3:13, 18) Kamoo tlaleho e latelang e bontšang, Lipaki tsa Jehova ka linako tsohle li loketse ho thusa ba bang ho fumana thabo eo, hammoho le lerato, nyakallo le khotso.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela