Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 6/1 maq. 12-16
  • Boikhethelo ba Rōna ho Sebetsa le Jehova Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boikhethelo ba Rōna ho Sebetsa le Jehova Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BA KHETHILENG KA MOKHOA O NEPAHETSENG
  • HOBANE’NG U IKHETHELA HO SEBETSA LE JEHOVA MOLIMO?
  • BOINEELO LE KOLOBETSO KE TLAMO
  • Kolobetso Tlhokahalo ea Bokreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Kolobetso le Kamano ea Hao le Molimo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Ho Etse Pakane ea Hao ho Sebeletsa Molimo ka ho sa Feleng
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • ‘Khethang Bophelo Hore le ’ne le Phele’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 6/1 maq. 12-16

Boikhethelo ba Rōna ho Sebetsa le Jehova Molimo

Ikhetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa, . . . Ha e le ’na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Jehova.”—Josh. 24:15.

1, 2. Elia o ile a etsa hore batho bahabo ba Iseraele ba etse khetho efe? ka mokhoa ofe?

LETŠEHARE lohle baprofeta le baprista ba Baale ba ne ba ntse ba pota-pota aletare eo ho neng ho beiloe sehlabelo ho eona. Ba rapela molimo oa bona Baale hore o itsebahatse ka ho chesa sehlabelo ka mollo, ba ba ba qetella ba itlhabakile ka lithipa. Empa molemo oa se ke oa hlaha!

2 Joale e ne e le nako ea moprofeta Elia, ’muelli oa Jehova Molimo. Hoba a hahe aletare, a bea lithupa le phoofolo e hlabiloeng holim’a eona, a re e tšeloe ka metsi, hoo kamor’a hona a ileng a rapela ho Jehova Molimo oa hae. Eaba? Mollo oa theoha leholimong ’me oa ja, e seng patsi le sehlabelo feela, empa le oona majoe a aletare. Eaba moo bashebelli ba Baiseraele ba hooang, ba re: “Jehova ke Molimo! Jehova ke Molimo!” Ka lilemo-lemo ba ne ba ‘tenyetsehela ka ’nqa tse peli,’ empa joale ba ikhethela ho hlokomela Jehova Molimo oa ’nete e le Molimo oa bona.—1 Mar. 18:21-40.

3. Ke joang ho ka boleloang hore motho ke ea lokolohileng ho ikhethela, ’me ke hobane’ng ha ho le joalo ka ho khethehileng?

3 Matla a motho a ho ikhethela pakeng tsa ho nepahetseng le ho fosahetseng, pakeng tsa ho sebeletsa Molimo oa ’nete Jehova kapa ho itšebeletsa le melimo ea bohata a bontša hore motho o na le boikhethelo bo lokolohileng, a bopiloe ka setšoantšo le ka ho tšoana le Molimo Jehova. (Gen. 1:27) Liphoofolo ha li na matla a joalo. U ka ruta ntja hore e se ke ea nka ntho eitseng, empa u ke ke ua e ruta mabaka a hore na ke hobane’ng ha ho utsoa ho le phoso. Ka bomalimabe ka lilemo tse ka bang likete tse tšeletseng, batho ba ’nile ba sebelisa hampe bolokolohi ba bona ba botho, ’me ke ka lebaka leo lefatše le leng molubalubeng oa Iona o mokana oa hona joale.—Bapisa Deuteronoma 32:5.

4. (a) Ke mang oa pele ea ileng a sebelisa bolokolohi bona hampe, ’me o entse joalo ka lebaka lefe? (b) Ba bang ba ileng ba latela mohlala oa hae ke bo-mang?

4 Oa pele ea ileng a sebelisa matla ana le bolokolohi ba ho ikhethela hampe hase mang kapa mang haese ea ileng a fetoha Satane Diabolose. O ile a ikhethela ho latela takatso ea boithati; hona ha tsoala sebe sa bofetoheli, seo qetellong se tla etsa hore a timetsoe, a felisoa ho hang. (Joh. 8:44; Jak. 1:14, 15) Adama le Eva, batho ba pele ho moroallo mehleng ea Noe, mangeloi a sa kang a tšoarella sebakeng sa oona sa pele, Nimrode le bongata ba hae kamorao ho Moroallo, baahi ba Sodoma le Gomorrha le boieane bo bong ho theosa le makholo a lilemo ho tla fihlela mehleng ea rōna—bana ba ikhethetse ho latela mohlala oa Satane Diabolose ka ho khetha ka mokhoa oa boithati, o fosahetseng le o mobe.

BA KHETHILENG KA MOKHOA O NEPAHETSENG

5. Ke bo mang ba ileng ba khetha ka mokhoa o nepahetseng?

5 Ka lehlakoreng le leng, ho ne ho le teng Abele ea ileng a ikhethela ho sebeletsa Jehova Molimo, ’me a entse joalo ka ho lahleheloa ke bophelo ba hae. O ile a lateloa ke Henoke, Noe, le lihlooho tsa malapa Abrahama, Isaaka, le Jakobo. Ka mantsoe a moapostola Pauluse ho Ba-Heberu 11:13-16, re ka bona hore lihlooho tsena tsa malapa li ile tsa khetha ka mokhoa o nepahetseng. Joale ho bile teng Moshe. A hōliselitsoe tlung ea borena ea Faro, a rutiloe bohlale bohle le thuto ea Egepeta, monna ea neng a tumile, a na le matla le leruo, ha a le lilemo li 40 o iphumane ho hlokahala hore a khethe. O ile a khetha ka mokhoa o joang? A ikhethela “ho tšoenngoa le sechaba sa Molimo, e seng ho thabela menate ea libe e felang kapele; a kholoa hoba sekhobo sa Kreste ke monono o fetisang matlotlo a Egepeta.” (Ba-Heb. 11:25, 26; Lik. 7:20-29) Na le uena u ka be u entse joalo?

6. (a) Moshe, (b) Joshua, ba ile ba bea khetho efe ka pel’a batho?

6 Ho ea qetellong ea mosebetsi oa hae o molelele e le moprofeta oa Jehova le moeta-pele oa batho ba Hae, Moshe o ile a bea taba ea boikhethelo ka mokhoa o hlakileng ka pel’a batho ba Hae: “Kajeno, ke bitsa leholimo le lefatše hore e be lipaki ho lōna. Ke beile pel’a hao bophelo le lefu, lehlohonolo le thohako. Ikhethele bophelo, u tle u phele, uena, le litloholo tsa hao; u tle u rate Jehova, Molimo oa hao, u utloe lentsoe la hae, ’me u mo khomarele.” (Deut. 30:19, 20) Mohlahlami oa Moshe, Joshua, le eena o ile a bea khetho e joalo ka pel’a batho ba Iseraele qetellong ea tšebetso ea hae e telele. Eena o ile a ikhethela ka mokhoa o nepahetseng, joalokaha ho ile ha etsa moprofeta Elia makholo a lilemo hamorao.—Josh. 24:15; 1 Mar. 19:10.

7. (a) Jesu o ile a khetha joang ha a lekoa ke Diabolose? (b) Barutuoa ba hae ba ile ba etsa khetho efe?

7 Motho Jesu Kreste o ile a tlameha ho khetha ha Satane Diabolose a mo nea mebuso eohle ea lefatše ha a reka ketso e le ’ngoe feela ea borapeli. Jesu a khetha ka mokhoa o nepahetseng. (Matt. 4:10) Ka ho tšoanang, barutuoa ba pele ba Jesu ba ile ba khetha ka mokhoa o nepahetseng; ba mo hlokomela hore ke Messia, Mora oa Molimo, ’me ba mo amohela e le Moetapele le Morena oa bona. (Joh. 1:49) Ho ile ha etsa joalo le Saule oa Tarese. Ha a ne a le tseleng e eang Damaseka ho ea hlorisa Bakreste, ka mohlolo Jesu Kreste a ithlahisa ho eena. Saule a botsa, ‘Ke tla etsa’ng na, Morena?’ Hoba a fumane karabelo, a ikhethela ho amohela le ho latela taelo eo a e filoeng, a fetoha Mokreste ea kolobelitsoeng.—Lik. 22:10.

8. (a) Ho boleloa ha “litaba tse molemo” tsa ’muso oa Molimo ho hloka hore batho ba etse khetho ea mofuta ofe? (b) Ke hobane’ng ha no potlakile?

8 Kajeno, ka lebaka la ho boleloa ha ‘litaba tse molemo tsa ’muso, boikhethelo bo talimane le bohle ba utloang. Ke bofe? Ke hore na ebe ho tla kenoa tseleng ea ho loka ’me ho sebeletsoe Jehova Molimo, ’Mopi oa bokahohleng, eena ea bo bolokileng le Morena oa bona, kapa ho tsoela pele ka tsela ea boithati tlas’a puso ea Satane Diabolose, ‘molimo oa tsamaiso ena ea lintho.’ Monyetla ona oa ho khetha o tla tsoela pele e seng ka ho sa feleng, hobane re phela ‘bofelong ba tsamaiso ea lintho,’ ‘mehleng e thata ea qetello,’ joalokaha ho phethahala ha boprofeta ba Bibele ho bontša ka mokhoa o hlakileng. E, rea ameha. Boikhethelo bo teng hore bo etsoe ’me re ke ke ra bo qoba.—Matt. 24:14; 2 Ba-Kor. 4:4; Matt. 13:39; 2 Tim. 3:1.

HOBANE’NG U IKHETHELA HO SEBETSA LE JEHOVA MOLIMO?

9, 10. Ho ela hloko ho boleloa ha ‘litaba tse molemo’ ho lokela ho fella ka hore motho ka mong a nke mehato efe?

9 Ka ho ela hloko ho boleloeng ha ‘litaba tse molemo’ tsa ’muso oa Molimo, motho ka mong o fumana tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo le thuso ho le sebeliseng bophelong ba hae. Hona, le hona, ho ka fella ka pako ea ’nete tseleng leha e le efe e fosahetseng eo mohlomong motho a neng a e nkile, ho lateloa ke ho sokoloha ho nka tsela e khahlisang Jehova Molimo. Joalokaha moapostola Petrose a ile a bolella Bajode ba mehleng ea hae, a re: “Bakang ke hona, ’me le sokolohe, libe tsa lōna li tle li hlakoloe.”—Lik. 3:19.

10 Ho nka mehato ena e ’meli ka ho utloahalang ho lokela ho isa motho hore a etse khetho ea ho etsa thato ea Molimo, ho sebetsa le Oona le ho hata moo Jesu Kreste a hatileng. Boikhethelo bo joalo e lokela hore ebe bohato bo khethollehileng, bohato bo ileng ba nkuoa ke Jesu ka boeena ha a le lilemo li 30, e leng nako eo ka eona ho ileng ha tšoantšetsoa ka boprofeta e le ea reng: “Bona, Molimo, ke tlile ho etsa thato ea hao; joale ka ha ho ngoliloe taba tsa ka bukeng.” (Ba-Heb. 10:7; Pes. 40:7, 8) Ho latela mohlala oa Jesu ho sena ho bolela hore motho a ineele boeena ho etsa thato ea Molimo le ho tšoantšetsa boineelo bo joalo ka kolobetso ea metsing. Ho nka bohato bona ruri ke ntho e bohlale kannete, e nepahetseng kannete le e lerato kannete hore e ka etsoa.

11-13. Ke hobane’ng ha ho nka mehato ea boineelo le kolobetso (a) ho le bohlale kannete? (b) ho nepahetse kannete ho bile ho lokile? (c) ho le lerato kannete e bile e le bopaki ba teboho?

11 Ntho e bohlale kannete hore e ka etsoa? E, Jehova Molimo o tseba se leng molemo ka ho fetisisa bakeng sa rōna. Lentsoe la hae le bontša haholo booatla ba ho phehella tsela ea boithati le e sa lokang. Ke ka baka leo re balang hore “hlakiso ea ’mele ha e thuse hakae, empa borapeli bo thusa kahohle, bo tsoe bo e-na le pallo ea bophelo ba joale le ea bo tlang ho tla.” (1 Tim. 4:8) Joalokaha Jehova a ile a ho bolela ka moprofeta oa hae oa boholo-holo, a re: “’Na Jehova, Molimo oa hao, ke u ruta se u tšoanelang. (Esa. 48:17) Ho re thusa hore re fumane molemo ka borona re na le “mangolo a halalelang,” Mangolo a bululetsoeng. (2 Tim. 3:15-17) A re hopotsa hore “seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.” (Ba-Gal. 6:7) E, “lehlohonolo la Jehova le entša motho, hase mokhathala oa hae o mo ekeletsang leruo.” (Liprov. 10:22) Kannete, he, ho ikhethela ho sebetsa le Jehova Molimo ke tsela e hlalefileng.

12 Ho ikhethela ho ineela ho etsa thato ea Jehova le hona ke ntho e loketseng le e nepahetseng hore e ka etsoa. Haele hantle, re molato ho Molimo hore re etse thato ea oona. Hobane’ng? Hobane Jehova Molimo, ka lebaka la hore ke eena ea bōpileng lintho tsohle, ke eena mong a lefatše lena le lintho tsohle le libopuoa tse holim’a Iona. Ha a ka a re etsetsa feela hore re thabele menyaka ea rōna empa hape le hore re sebeletse morero oa hae, ho etsa thato ea hae. Hase feela hore ke eena ea ileng a qala ho bōpa lintho tsohle empa hape o li bolokile, a fana ka khanya ea letsatsi le pula. Ke ka baka leo re balang: “Morena, u loketsoe ke ho neoa khanya, le hlompho, le matla; hobane u hlolile lintho kaofela, ’me ke ka ho rata ha hao li leng teng, li bileng li bōpiloe.”—Tšen. 4:11.

13 Ho phaella moo, ho ineela hore re etse thato ea Jehova le ho kolobetsoa tšoantšetsong ea hoo ke ntho e lerato le e nang le teboho eo re ka e etsang. Ha re nahana ka lerato lohle leo Jehova Molimo a le tšolletseng holim’a batho hore bophelo bo be teng bo be bo thabise (Lik. 14:17), ha re nahana ka sebete ho sebelisaneng ha hae le batho ka lilemo tse fetileng tse 6 000 (2 Pet. 3:8, 9), leha re nahana ka ho re rata ha hae hakana hoo a bileng a re nea Mora oa hae ea tsoetsoeng a le mong hore e be ’Moloki oa rōna le Molopolli (Joh. 3:16)—re ka fihlela qeto efe? Bonyane boo re ka bo etsang ke hore re ipoloke re itlhonepha re neetse bōrōna ho Ntat’a rōna ea lerato oa leholimo ho etsa thato ea hae, ebe joale re tšoantšetsa boineelo boo ka kolobetso ea metsing.

BOINEELO LE KOLOBETSO KE TLAMO

14, 15. (a) Ba bang ba ka ’na ba botsa lipotso life ka bohlokoa ba boineelo le kolobetso? (b) Ke mohlala ofe oa Mangolo o bontšang bohlokoa ba ho ineela ka ketso ho etsa thato ea Molimo ha rōna?

14 Empa na re ke ke ra khahlisa Jehova Molimo ’me ra fumana bophelo bo sa feleng ka hore feela re phele bophelo bo hloekileng? re lumela ho Molimo le Jesu Kreste? re kopanela le batho ba Molimo? re bolella ba bang ‘litaba tse molemo’? ka hore re se ke ra qala ka ho ineela ho etsa thato ea Molimo le ho kolobetsoa? Ka ho bonahalang ho teng batho ba bang ba nahanang joalo, hobane, leha ba etsa lintho tsena tse ling, ba haelloa ke ho ineela le ho kolobetsoa. Empa mona ba fositse.

15 Hore Jehova Molimo a re putse re lokela ho lumela ho eena le ho mo rata ho isa moo re ka ineelang borona ho etsa thato ea Molimo le ho latela mehatong ea Jesu Kreste. Ka mohlala: Thabeng ea Sinai, Jehova Molimo o ile a bea ka pel’a sechaba sa Iseraele melao ea hae le meputso eo ba neng ba tla e fumana ka ho utloa melao ea hae. Baiseraele ba hla ba lumela ho etsa thato ea Molimo e le hore ba ka fumana tataiso, tšireletso le tlhohonolofatso. Ka mokhoa o tšoanang, bahlanka ba hae kajeno ba tlameha ho itlama joalo. (Ex. 19:3-8) Ba tlameha ho ela hloko taelo ea Jesu ea hore ba tla boloka litaelo tsa hae ba lokela ho qala ka ho kolobetsoa.—Matt. 28:19, 20.

16, 17. (a) Bontša ho se leka-lekane ha bao ba batlang ho sebeletsa Molimo ba sa kolobetsoa. (b) Ba-Roma 10:9, 10 e ka sebelisoa joang ntlheng ee? (c) Ke joang ho haelloa ke tieo ha batho ba bang ho liehisa ho kolobetsoa ho ka tšoantšetsoang?

16 Re ka ’na ra tšoantša taba ka tsela ena: Motho oa hore ho itseng ea tsamaeang tseleng har’a naha o bona letšoele la batho ba thusang ho kotula sejalo se itseng. O ikutloa a tlamehile ho itsoakanya le bona ’me a ba thuse ka matsatsi a malelele ho fihlela ho qetoa ho kotula. Leha ho le joalo, ha ho fihla nako ea hore basebetsi ba amohele moputso, na ka toka a ka lebella hore a fumane moputso? Che, kaha ha a ea hiroa. Ha a ea etsa tumellano ea letho le mong’a kotulo bakeng sa moputso. Ha a ka a kena tlas’a tokisetso e tloaelehileng bakeng sa mosebetsi hore a tle a lefuoe. Boemo bo joalo le ka bao ba fetohang bahlanka ba Molimo. Ke ka lebaka leo Ba-Roma 10:9, 10 e sa sebetseng polelong feela tjee ea pontšeng, empa e sebetsa ka mokhoa o khethehileng polelong ea pontšeng e nang le ketso e kang e etsoang nakong ea ha motho ea ineetseng ho etsa thato ea Molimo a kolobetsoa. “Ekare ha u bolela ka molomo oa hao hobane Jesu ke Morena, ’me u lumela pelong ea hao hobane Molimo o mo tsositse bafung, u tla bolokeha. Hobane motho o lumela ka pelo, hore a beoe ea lokileng, ’me o bolela ka molomo, hore a bolokehe.” Polelo eo ea pontšeng e hlokomelisa bohle hore motho o ikhethetse ho sebetsa le Jehova Molimo. E, re ke ke ra lebella Molimo hore o re putse ka bophelo bo sa feleng haeba, kamoo ho leng kateng, re sa ngolise hore re sebetsa le oona.

17 Kapa, ho tšoantšetsa ka mokhoa o mong: Mohlankana o etela moroetsana khafetsa. O bolela hore o rata moroetsana haholo. O tsoa le eena a mo isa lijong, ba ea matlong a lipapali, o mo rekela limpho. Ba bang ba nahana hore o mo ferehile, empa ka boomo o qoba taba ea lenyalo. Na ho ka boleloa hore o rata moroetsana? Mohlomong seo moroetsana a hlileng a se hopotseng ke ho nyaloa. Leha ho le joalo, mohlankana ha a batle ho lahleheloa ke bolokolohi ba hae, ha a batle ho “itlama” ka eena. Ka hona lipolelo tsohle tsa hore o-oa mo rata li lephaka, ha li tšepahale. Ho joalo le ka motho mang le mang ea ipolelang hore o rata Jehova Molimo le hore o ananela sohle seo Molimo o mo etselitseng sona. Haeba kamorao ho nako e telele bo lekaneng a sa ineele ho etsa thato ea Molimo, a latela mehatong ea Jesu, boipolelo ba hae molumo oa bona o lephaka, bo haelloa ke lerato, tšepo le tumelo ho Jehova Molimo ’me mohlomong e bile ha bo tšepahale.

18. 1 Petrose 3:21 e bontša eng ka bohlokoa ba hore motho a kolobetsoe?

18 Ho feta moo, kolobetso ke ea bohlokoa bakeng sa ho fumana letsoalo le letle ho Molimo. Moapostola Petrose o hlakisa ntlha ena ho 1 Petrose 3:21: “Se tšoantšoang ke hoo [ke hore, ho fetisoa ka tšireletseho moroallong oa mehleng ea Noe] ke kolobetso e re pholosang joale—e seng e hlatsoang litšila tsa ’mele, [le hoja e le habohlokoa hakaalo], empa eo e leng ho itlama ha letsoalo le letle pel’a Molimo—ka tsoho ea Jesu Kreste.”

19. (a) Letšoao la kolobetso ke le loketseng hakae? (b) Le na le litšobotsi life tse sebetsang?

19 Kolobetso ke tšoantšetso e loketseng haholo ea hore re ikhethetse ho sebetsa le Jehova Molimo ka ho ineela borona ho etsa thato ea hae re le balateli ba mehato ea Jesu Kreste. Ka ho theohela ka metsing, re koaheloa ka oona, kamoo ho leng kateng, rea epeloa. Re shoa tseleng eo ea liketso tsa rona tsa pele; e tšoaea ho shoa ha tsela ea rōna ea boithati, ho ikhethela ha rōna ho etsa kamoo RE ratang. Ka ho nyolloa ka metsing ka mokhoa o motle ho tšoantšetsa ho phelisoa ha rōna ho etsa thato ea Molimo, e le hore re ka tsamaea ka bophelo bo bocha. Kolobetso ea metsi hape e ka boleloa hore e na le lehlakore le leng le sebetsang haholo, kaha motho a ka ’na a lebala hore o kile a lumela ka molomo oa hae hore o tla etsa thato ea Molimo, kapa mohlomong a ba a lebala hore o kile a tekena pampiri e amang taba eo; hoba ke lintho tse kae tseo re lebalang hore re li buile kapa hona hore re li ngotse! Empa na motho a ka lebala hore ka lekhetlo le leng, kamor’a ho utloa puo ea kolobetso le ho kopanela thapelong, o ile a hlobola lintho tseo a neng a li apere a apara tsa ho sesa ’me a kolobetsoa mahlong a lipaki tse ngata? Le hanyenyane! A nkile bohato bo joalo, motho o tlameha ho latela ka hore a sebetse hammoho le Jehova Molimo. Hore na sena sohle se ama eng, re tla buisana ka sona sehloohong se latelang.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela