Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 6/1 maq. 3-11
  • Ho Etela Moo Tsena li Etsahetseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etela Moo Tsena li Etsahetseng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MORERO OA LEETO
  • LIPAKI TSA KAJENO
  • KA BOROA HO JERUSALEMA
  • KA BOROA HO TEL AVIV-YAFO
  • HO KENA SAMARIA
  • GALILEA E NTLE
  • JERIKO LE JERUSALEMA
  • Thuto ea 1—Ho Etela Naha e Tšepisitsoeng
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Jeokrafi ea Bibele—Na e Nepahetse?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • “Pholletsa le Naha”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Phula ea Ela—Moo Davida a Neng a Bolaele Senatla Teng!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 6/1 maq. 3-11

Ho Etela Moo Tsena li Etsahetseng

HOSENG ka la 12 Phuptjane, 1978, Maarabia a mabeli a manyenyane a ne a thusa sehlopha sa rōna sa ba 10 ba tsoang Norway ho ea Bethlehema. Ha re ntse re emetse bese motseng oa Jerusalema, ha utloahala molumo o moholo! O utloahala joaloka seqhomane. Lifahleho tsa bacha ba Maarabia kapele tsa bontša pherekano. Hamorao lifahleho tsa bona tsa ela, lori e khōlō ea khelohela kathōko ho tsela—thaere e ’ngoe ea eona e khōlō e phunyehile.

E mong ho bacha bana a re, “Hoja e ne e le seqhomane, re ne re le khathatsong.” A hlalosa hore Maarabia ’ohle a sebakeng seo ho qhomang ho sona a kenngoa litlamong, ’me a ka ’na a tlangoa ka nakoana. Re ile ra bontšoa hantle joalo boemo bo mabifi bo teng Iseraele. Leha ho le joalo, ho fapana le ho tšoha hoo ba bang ba ileng ba ho bolela mathoasong a selemo, bopaki ba baeti ba haufinyane tjena ke hore naha e sireletsehile bakeng sa baeti.

Rōna ba tsoang Norway re ne re le karolo ea Lipaki tsa Jehova tse neng li bona libaka. Ho tloha qalehong ea selemo (karolong e ka leboea ea lefatše) Lipaki li ne li ’nile tsa fihla Iseraele li e-tsoa likarolong tsohle tsa lefatše—tse 2 400 li tsoa France, tse 1 500 li tsoa Jeremane, tse 1 200 li tsoa Netherlands, tse 750 li tsoa Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika, joalo-joalo. Ho fihlela ka Phupu ba ka bang 9 000 ba ne ba tlile, ’me palo-kholo ea ba ka bang 15 000 e ne e lebelletsoe mafelong a Mphalane.

Ba bangata ba neng ba hahlaula ba ne ba kentse libeche tsa boitsebahatso, ’me libese tsa mehahlaula li khetholloa ka pontšo fenstereng e reng: LIPAKI TSA JEHOVA LI HAHLAULA HAR’A NAHA EA BIBELE. Ka ho makala, mosali oa Mojode ea tsoang California, hoba a khutle leetong Iseraele, a bolella mong ka eena: “Hohle moo re neng re tsamaea, re ne re bona Iōna Lipaki. Ke ne ke sa kholoe hore le ka thahasella Iseraele hakana.” A ipotsa hore na ke hobane’ng ha re e thahasella.

MORERO OA LEETO

Lebaka haholo-holo, ke hore Lipaki tsa Jehova li lumela hore Bibele ke lentsoe la Molimo ’me kahoo li lakatsa ho tseba ho hongata ka eona kamoo ho ka khonehang. Kaha Iseraele ke moo liketsahalo tse ngata tsa Bibele li etsahetseng, re thahasella naha eo. Ho molemo haholo ho tloaelana le libaka tseo u balang ka tsona. Ho etsa papiso:

Ha re re mohlomong u bala koranteng ka ketsahalo e hlokomelehang e etsahetseng haufi le moo u hōletseng teng. Ha re re mohlomong libaka tse kang leralla, mohaho, nōka le tse joalo, lia boleloa mabapi le taba ena. Na joale u ke ke ua bala ka ketsahalo ka thahasello le kutloisiso e khōloanyane ho feta ha ho se mohla u kileng ua ba sebakeng seo? E, hobane joale u ka bona hore na ho ne ho le joang. Ka leihlo la kelello ea hao u bona hore na naha e lutse joang—bophahamo ba leralla, boahlamo ba nōka le litšobotsi tse ling tsa sebaka tse etsang hore ketsahalo eo e phele ho uena.

E, ho tseba naha ho thusa motho hore a utloisise hamolemo batho ba Bibele le liketsahalo tse ba amang.

LIPAKI TSA KAJENO

Leha ho le joalo ha re thahaselle feela bahlanka ba khale ba Jehova. Sebokeng se khethehileng bakeng sa Lipaki tsa Norway tse neng li etile Holong ea ’Muso ea Haifa, re ile ra bolelloa ka liphutheho tse hlano tsa kajeno tsa Lipaki tsa Jehova Iseraele le baboleli ba ’Muso ba ka bang 260 ba kopanelang le tsona. Ho ile ha hlalosoa hore ho teng liphutheho Bethlehema le Ramallah, boholo e le tsa Lipaki tse buang Searabia. Liphuthehong tse peli tse Tel Aviv, boholo ke Bajode. Empa ho Lipaki tsa Haifa tse 75, karolo e bohareng ke Bajode ’me karolo e ’ngoe e bohareng ke e buang Searabia.

Ka libeke-beke Lipaki tsa moo li ne li tšoarehile li lokisetsa libōka tse khethehileng, moo ho neng ho khothatsanoa moeeng le baeti. Hape, ha bese ea sehlopha sa rōna se tsoang Norway e ne e hahlaula Bethlehema ka la 11 Phuptjane, re ile ra kopana le Paki ea moo e ileng ea re isa Holong ea ’Muso e ntle e ncha. Moo eona le Paki e ’ngoe ba arabela lipotso tse ngata tsa rōna.

Ba re bolella hore Jerusalema, e ka bang lik’hilomithara tse 8 ho ea ka leboea ho teng Lipaki tse ’ne le hore ha ho le e ’ngoe Hebrone lik’hilomithara tse ka bang 24 ho elella ka boroa. Ba bolela hore “bahoeletsi ba 25 ba ’Muso ba Bethlehema ba na le sebaka se seholo seo ba se koahelang.” Ka letsatsi le latelang ba bang sehlopheng sa rōna ba ikopanya le Lipaki tsa Bethlehema boboleling ba ntlo le ntlo Jerusalema. Ba bang ho rōna, hammoho le Lipaki tse peli tsa moo li re supisa tsela, ra kena beseng ea Maarabia e tlohang haufi le hotele ea rōna Jerusalema ho khutlela Bethlehema.

KA BOROA HO JERUSALEMA

Kamorao ho nakoana re ne re tla kena Bethlehema. Ho rōna, sebaka sena ke sa bohlokoa haholo. E, Jesu Kreste o tsoaletsoe mona, ’me mangeloi a ile a itlhahisa ho balisa ho e ’ngoe ea masimo a haufi le moo ho ba tsebisa ka tsoalo.1 Ke sebaka se maralla, ho feta kamoo re neng re lebelletse, ’me se bonahala se omeletse se le letsoatlare. Ra makalla ho fumana hore Bethlehema e bophahamong bo lekanang le Jerusalema Naha e mathōkong a moo ea re hopotsa ka liketsahalo tse ngata tsa Bibele.

Ke sebaka seo Haufi le sona Jakobo a neng a feta ho sona ha mosali oa hae ea ratoang Ragele a e-shoa ha a beleha Benjamine.2 Ke motse oa habo Boase le Naomi. ’Me Momoabe Ruthe o ile a tla mona a tsoa ka mose lefeelleng le nyopileng le ka boehabela ’me a khoahlapisa masimong a Boase.3 Hape, mona molisana e monyenyane Davida o ile a hōlela teng ’me a alosa linku tsa ntate oa hae, ’me, ka ho totobetseng hape e ne e le lehae la bachana ba hae ba tumileng Joabe le Abishai.4

Ra phakisa ra hira koloi ’me ra leba ka boroa nq’a Hebrone. Hebrone e bophahamong bo ka etsang limithara tse 137 ka holim’a Jerusalema le Bethlehema, eona e phahame ka limithara tse ka bang 914 ka holim’a leoatle. Ha re leba ka boroa, naha ea qala ho fetoha. Ea bonahala e na le ho bea ho hoholo. Ka nako e telele sebaka sa mathōko a Hebrone se ’nile sa tsebisahala ka lijalo tsa sona; ke haufi le moo sekhutlong sa Eskola moo lihloela tsa Baiseraele li ileng tsa tlisa ho Moshe sehlahla se seholo sa morara hoo ho neng ho hlokahala banna ba babeli ho se jara.5 ’Me kajeno, le teng, ho nona ha mobu ho sa totobetse.

Ha re tsamaea literateng tse tšesanyane tsa boholo-holo tsa Hebrone, ra ikutloa re hopola morao. Hebrone ke o mong oa metse ea khale haholo ea lefatše e sa ntsaneng e e-na le baahi. Ke haufi le Hebrone ea boholo-holo moo Abrahama, Sara Isaaka, Rebeka, Jakobo le Lea ba ileng ba epeloa lehaheng la Makpela.6 Ra etela sebaka sa mabitla se tsebisahalang, mohaho oa Mosleme joale o eme holim’a lebitla. Ka ho totobetseng Abrahama o ne a lula haufi le moo Mamre, moo ho kileng ha hola lifate tse khōlō.7 O kile a thabisa mangeloi mona pele ho ho timetsoa ha Sodoma le Gomorrha.8 A le haufi le Hebrone, o ile a shebela hole ba limithara tse 1 220 le lik’hilomithara tse ngata haholo ho bona mosi o motenya oa timetso eo e khōlō.9

Ha re nahana ka sebaka sa lithaba seo re fetileng ho sona ho ea fihla Hebrone, kananelo ea rōna ea hōla bakeng sa tlaleho e ’ngoe ea Bibele. Ha a ntse a ahelletse Hebrone, Jakobo a bolella mora oa hae ea lilemo li 17 Josefa hore a ee ’me a bone hore na banab’abo ba bang ba leshome ba phela joang. Ba ne ba alositse linku moo lelapa le neng le lula teng pele Sikeme (Nablus ea kajeno).10 Hoo ho ne ho sa bolele feela ho tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 35 ho ea haufi le Jerusalema, empa lik’hilomithara tse baloang ka mashome ho elella hōlenyana ka leboea ho feta har’a libaka tse mpe. Qetellong Josefa a fihla ho baholoane ba hae ka nqa’ane ho Sikeme, Dothane (feela ka boroa ho Jenin ea kajeno), lik’hilomithara tse ka bang 130 kapa ho feta ho tloha Hebrone!

Ha re ntse re tsamaea literateng tsa khale tsa Hebrone, kapa ha re sheba ’maraka oa khale, ra nahana hore bophelo ha boa fapana haholo le nakong ea ha Davida a sa phela mona. Ra hopola hore ke Hebrone moo Davida a ileng a tlotsetsoa borena, ’me a busa ho tloha hona mona ka lilemo tse supileng le likhoeli tse tšeletseng pele a fallisetsa motse oa hae oa moreneng ka boroa ho Jerusalema.11 Empa, koana, sebakanyana le moo ke bopaki ba nakong ea hona joale—bo bong e le masole a Baiseraele ao ka linako tsohle a nkileng lithunya.

Hebrone ke motse oa sesole. O sebakeng se nang le baahi ba Palestina ba ka bang 700 000 ’me o taolong ea sesole. Sebaka sena, seo hajoale se bitsoang “West Bank”, se pakeng tsa Leoatle le Shoeleng le Nōka ea Jordane ka bochabela le lehoatata la Bajode le Leoatleng la Meteterane ka bophirimela. Sebaka sena se seholo se lik’hilomithara tse lekanang tse 3 700 se makoluopong a maralla le likhohlo Iseraele e ile ea se amoha Jordane ka 1967 nakong ea Ntoa ea Matsatsi a Tšeletseng.

E ne e le mantsiboea pele re tloha Hebrone re leba Bethlehema. Leha ho le joalo, pele re fihla moo ra lahla ’mila o moholo moo letšoao la tsela le supang Matša a Salomone. Re ne re sa lumele se bonoang ke mahlo a rōna. A maholo hakaakang—a mararo, le leholo ho oona le le bolelele ba limithara tse 178, bophara ba limithara tse 54 ’me le le botebo bo ka bang limithara tse 15! Ana a bonahala a ile a tsosolosoa mehleng ea Baroma hore a fepele Jerusalema metsi, empa mohlomong a ne a ntse a sebelisetsoa morero oona oo le morao koana mehleng ea Salomone.

Ha re khutletse Jerusalema, re ne re batla ho bona ntho e ’ngoe hape—“Herodium.” Mona leralleng le tumileng le phahameng, lik’hilomithara tse seng kae ka boroa bo ka bochabela ho Bethlehema, Heroda e Moholo, ea neng a ile a leka ho bolaea ngoana Jesu,12 o ile a haha qhobosheane eo a ileng a e reella ka eena. Pelenyana re ne re ile ra bona ntlo ea borena ea qhobosheane e tsotehang ea Heroda Masada hōlenyana ho elella ka boroa bo ka bochabela haufi le Leoatle le Shoeleng. Moo Bajode ba ile ba itoanela ka matla ho Baroma ka 73 C.E. Empa, le hoja e se khōlō haholo, “Herodium” ka litsela tse itseng e ne e bolela ho hoholo ho rōna.

Ke ka lebaka la ponahalo e tsotehang ea naha e e potolohileng, eo, ho sa tsotellehe ho nyopa ha eona, e nang le ponahalo e ntle e bosootho ba gauda ha letsatsi le likela. Ho elella ka bochabela, re ne re bona tsela eohle ho isa Leoatleng le Shoeleng. Ka pela rōna mona e ne e le lefeella la Judea moo Davida a ileng a atleha ho ipatela Saule ea neng a mo lelekisa.13 Ha re bona meholokohlo ea sebaka, ra bona hore na o ne a ka etsa joalo joang, kaha o tlameha hore ebe o ne a ile a tloaelana le sebaka haholo ho tloha bonyenyaneng ba hae. Ra boela ra nahana hore ha a ntse a alositse linku tsa hae, mohlomong Davida o ne a hloella leralla Iona lena bakeng sa ponahalo e ntle eo re neng re e thabela.

KA BOROA HO TEL AVIV-YAFO

Bekeng ea pele re le Iseraele re ile ra lula haufi le Tel Aviv hoteleng e haufi le Meteterane. Tel Aviv, motse o moholo ho eohle ea Iseraele, ke ea mehleng ea kajeno, empa e kenyelletsa le motse oa khale oa Joppa—kahoo metse e bitsoa ka molao Tel Aviv-Yafo.

Ke Joppa moo moapostola Petrose a ileng a tsosa Dorkase,14 ’me ke hona mona moo a ileng a fumana pono ha a ntse a lula ha Simone mosuhi haufi le leoatle. Ka lebaka la pono ena Petrose o ne a lokile hore a ka tsamaea le baromuoa ba tsoang Sesarea, ba neng ba rōmetsoe ke Molichaba Kornele.15 Kaha re bile le sebaka sa ho tsamaea tseleng e khōlō e tlohang Tel Aviv ka leboea ho ea Sesarea, re ne re nahana kamoo leeto lena la nako e nkang nako e ka etsang hora ka koloi le ileng la nka Petrose le metsoalle ea hae matsatsi a mabeli.

Letsatsing leo re ileng ra leba boroa ka lona, re ile ra kena sebakeng sa boholoholo sa Bafilista. Kaha ho ne ho se maeto a libese tsa mehahlaula a neng a lokiselitsoe bakeng sa beke eo ea pele, ra hira koloi e ka re isang libakeng tse thahasellisang tsa Bibele. Tseleng e lebang ka boroa, ra fihla pele Ashdode, moo ho ntseng ho hahuoa motse oa kajeno oa Maiseraele Meteterane. Empa ra hopola hore haufi le moo ho kile ha ema motse o tsebisahalang oa Bafilista, le hore Areka ea selekane ea Jehova e ile ea tlisoa moo kamor’a hore e hapuoe ntoeng. Baashdode ba otloa ka lithopane tse bohloko, ho ileng ha ba etsa hore ba khutlise Areka.16

Ra tsoela pele ka boroa ho Ashkelone, eo joale e fetohang setsi se tsebisahalang sa mehahlaula, e nang le mabōpo a thabisang. Empa le oona, ka nako e ’ngoe e ne e le motse o moholo oa Bafilista. Ha re etela masuping a khale, ra thabela ho bona hore lipontšo tse moo li akarelletsa mantsoe a pina ea Davida mabapi le lefu la Saule le Jonathane ha ho ne ho loanoa le Bafilista: “Le se ke la e bolela . . . mapatlelong a Ashkelone, e se re baroetsana ba ba-Filista ba thaba, le baroetsana ba maqai ba nyakalla.”17

Joale ra leba Gaza le “Mophuleng oa Gaza,” sebaka sa motse o mong o moholo oa Bafilista haufi le leoatle. Ka nako ena eohle re ne re khahloa ke ho nona ha naha; ke naha ea temo, eo ka ho totobetseng e ileng ea tlatsetsa haholo naleng ea Filistia. Empa kajeno Gaza e na le maoma a ntoa. Ho khanna literateng tsa eona, re utloa moea oa ho tepella le oa ho hloka tšepo.

Sebaka sa re etsa hore re hopole moahloli oa Moiseraele Samsone, ea neng a tseba Gaza hantle. Ka bosiu bo bong a rutla menyako le likosene tsa khoro ea motse, ‘a li jara ka mahetla, ’me a li isa hlorong ea thaba e maloka le Hebrone.’18 Joale, ha re bile libakeng tsena, re ananela haholoanyane matla a mohlolo a neng a ameha ho hloa sebaka se ka etsang limithara tse 914 ka mojaro o boima hakaalo ho ea thabeng e hole ba lik’hilomithara tse fetang 50! Le hona mona Gaza, Samsone a ipolaea le Bafilista ba baloang ka likete, ha a rutla lithupa tse neng li tšeelitse marulelo a mohaho oo Bafilista ba neng ba entse moketeo ho oona.19

Ho tloha Gaza ra leba ka boroa bo ka bochabela, re leba Beer-sheba, e hōle ka li k’hilomithara tse ka bang 50. ’Mila o motle oa re tsamaisa sebaka se seholo se ahlameng feela, moo re ileng ra bona likamele, linku le lipōli, hammoho le balisa ba tsona ba Maarabia. Ha re bona litente tsa bona sebakana, ra nahana hore bophelo ha boa fapana haholo le kamoo Abrahama le Isaaka ba neng ba phela kateng sebakeng sena. Beer-sheba eo, karolong e khōlō, e leng motse oa kajeno, ra etela ’maraka oa Bedouin (o buloang ka Labone) ’me ra hlolloa ke litlhahisoa tse ntle—tse theko e phahameng hakaakang! Ra reka lik’hilo tse peli tsa lilamunu (li ka ba leshome le metso e ’meli ka hare) ka chelete e lekanang le lisente tse 30 (U.S.)

Seo re neng re se thahaselletse haholo, leha ho le joalo, e ne e le tututsoana e ka ntle ho motse, eo ka kakaretso ho lumeloang hore ke Beer-sheba ea Bibeleng. Tututsoana ena e busa mahlo a sebaka se e potolohileng. Ra e hloa ’me ra ba le pono e ntle ea naha e namileng tlase, e nang le mebala-bala e entsoeng ke meriti le khanya ea letsatsi le eang malikela. Ha re ntse re hlahloba tse epollotsoeng masuping a boholo-holo, ra nahana: ‘Ke sebaka se setle hakaakang seo motho a ka lulang ho sona!’ Abrahama le eena e tlameha ebe o ile a nahana joalo. O ne a lula hona mona ha Molimo o mo laela hore a ee le Isaaka Thabeng ea Moria (e ka har’a marako a Jerusalema kajeno) ho ea mo nyehela e le sehlabelo. Hamorao Abrahama a khutlela Beer-sheba.20

Ha re khutlela hoteleng mantsiboeeng ao, ra ikutloa re tletsoe ke thabo. Ho bona libaka tsena—tse ngata li e-na le mabitso oona ane a Bibele—ha tiisa le ho fana ka tlhaloso e tebileng ea litlaleho tsa Bibele tseo re li balileng ho tloha ha re le banyenyane.

HO KENA SAMARIA

Ka letsatsi le leng ra leba ka leboea re ikhohlile ka Meteterane, re retelehela ka bochabela ha re le Netanya. Hona ha etsa hore re tšele Hloahloa e nonneng ea Sharone, ’me, kamorao ho lik’hilomithara tse seng kae, re ne re le lithabeng tsa Samaria. Ka potlako feela, mabapa le rōna e ne e le leralla leo ho Iona ho kileng ha ema Samaria, motse-moholo oa ’muso oa khale oa Iseraele oa ka leboea oa meloko e 10. Ha re khannela ho oona, ra thabela pono e ntle haholo ea lithaba tse potolohileng sebaka le sekhutlo se nonneng. Ka holimo ra bona mesaletsa ea seo ho thoeng e ne e le ntlo ea borena ea Morena oa Iseraele Akabe. Likotoana tsa manaka a tlou tse fumanoang mona, e le tsa khale ho ea fihla lekholong la borobeli le la borobong a lilemo B.C.E., li pakela monono oa pele o neng o le tlung ea borena.21

Ha re khutlela tseleng e khōlō, ra leba ka leboea khohlong ea Dothane, moo Josefa e monyenyane a ileng a fumana baholoane ba hae le mehlape ea bona. Balemi ba le masimong ba kotula lijalo, hammoho le mehlape ea linku le lipōli, ba etsa ponahalo e ntle ea lekhulo le neng le bonoa nakong e fetileng. Haufi le Jenin (motse oa khale oa Balevi oa En-ganim) ra khutlela morao tseleng ea rōna, qetellong re fihla Nablus. Mona, moo e neng e le sebaka sa Sikeme ea boholo-holo, Thaba ea Ebale e ne e re okametse ka leboea ’me Thaba ea Gerizime e re okametse ka boroa.22 Mosikong oa Gerizime ke seliba sa Jakobo, mohlomong sona seliba seo Jesu a ileng a kopana le mosali oa Mosamaria ho sona ha a khutla Jerusalema. Mantsoe a hae ho Jesu, “Bo-ntat’a rōna ba ne ba rapela thabeng eo,” ka ho totobetseng o ne a supa Thaba ea Gerizime.23

Hoba re theohe tlhorong ea Thaba ea Gerizime, ra leba ka boroa hape, mohlomong re tsamaea ka eona tsela eo Jesu a neng a e nkile ha a ea leha a khutla Jerusalema. Ka mohlolo ra bona letšoao la tsela le reng, “Shiloh.” Ka thabo ra retelehela ka bochabela tseleng e tšesaane haholo, re leba moo areka ea Jehova ea selekane e neng e bolokiloe mehleng ea baahloli.24 Lesole le lenyenyane la Moiseraele la re hlahloba ho bonahala le makaletse ho tla ha rōna sebakeng sena se thōko moo ho seng motho e mong ea bonahalang. Leha ho le joalo, ho rōna, e ne e le phihlelo e hopolehang ho nahana hore mona, sebakeng sena se maralla se khutsitseng, morali oa Jafeta ’me hamorao Samuele e monyenyane ba kile ba sebeletsa tabernakeleng ea Jehova.25

Joale e ne e le motšehare oa mantsiboea ’me ho ne ho sa saletse ho hongata hoo re batlang ho ho bona. Re tsoela pele ho leba ka boroa lik’hilomithara tse ngata sebakeng se lithaba, ra retelehela ka bochabela sebakana se sekhutšoanyane ho ea metseng ea Maarabia ea Betin le Deir Dibwan. Haufi le moo metse ea Bibele ea Bethele le Ai e neng e le teng. Empa ka ho thatafalloa ke ho e fumana, ra botsa banna ba babeli tseleng. Ba ne ba bua Senyesemane, ’me ka nako e ka etsang hora kapa tse peli ka mosa ba re tsamaisa masuping a boholo-holo a epollotsoeng.

E ne e le ho khahlehang hakaakang ho ema sebakeng sena se qhooeng, se ka bang limithara tse 914 ka holim’a leoatle, ’me, ha moea o pholileng oa mantsiboea o otla moriri oa rōna le liaparo, ho boha sebaka se potolohileng moo. Mohlomong ke hona mona moo Abrahama a ileng a memela Lota hore a ikhethele hore na o tla leba kae ha a arohana le Abrahama ka lebaka la ho hloka kutloano ha balisa ba bona. ’Me, kamoo Bibele e bolelang, ‘Lota a isa mahlo a hae, a bona lehoatata lohle la Jordane, hore le nosetsehile hohle.’26

Re ne re loketse ho tsamaea, empa monna e mong a hatella hore re etele lapeng ha hae ’me re fumane tee le ho kopana le lelapa la hae. Ra ba le nako e monate haholo moo. Ha shoalane e atamela, ra tsamaea, re thabile hore ebe re fumane kamohelo ena eo re neng re sa e lebella ho batho bao re sa ba tsebeng ho hang.

GALILEA E NTLE

Ho rōna Galilea e bile thabo. Litšobotsi tsa eona ka botsona lia hapa—mokoloko oa lithaba tsa Karmele o lebopong la leoatle, sebaka se meholokohlo se ka leboea, le Leoatle la Galilea le leputsoa le kang lehakoe, le Khohlo e ntle ea Jizreele (hape e bitsoa lehoatata la Esdraelone) e arolang Samaria ka boroa le lithaba tsa Galilea ka leboea. Empa, koana, ho hlileng ha ipiletsa haholo ho rōna ka Galilea ke ’nete ea hore mona Jesu o lutse nako e khōlō haholo ea bophelo ba hae ba lefatšeng, ’me liketsahalo tse ngata tsa Bibele li etsahetse hona mona.

Ha bese ea rōna e tloha Haifa ’me e tsamaea Khohlong ea Jizreele, mokoloko oa Karmele o ne o le ka letsohong le letona ho rōna, ’me Nōka ea Kishone, e khabileng ka lipalesa tse pherese, e le ka letsohong le letšehali ho rōna. Ha re sheba holimo mokolokong oa lithaba, ra nahana ka mohlolo oa Jehova moo, a chesa sehlabelo sa Elia tekong eane e tsebisahalang ea mollo. Joale Elia a etsa hore baprofeta ba 450 ba Baale ba theohele mona Kishone, limithara tse seng kae ho elella ka letsohong le letšehali ho rōna, ’me a etsa hore ba bolaoe.27 Ha re bona moo hona ho ileng ha etsahala, ha phaella tlhaloso le kananelo bakeng sa ketsahalo ena.

Lik’hilomithara tse seng kae ho elella pele joale re ne re le lithakong tsa Megiddo ea boholo-holo, motse o lutseng botleng haholo bakeng sa ntoa. Khohlo ea Jizreele e bonahala hantle hakaakang sebakeng see! Mang le mang ea neng a laola sebaka sena se sireletsehileng hantle o ne a ka laola hore na ke bafe ba fetang mokolokong oa lithaba tsa Karmele; ka sebele, ho ne ho loaneloa lintoa tsa makhaolakhang. Ke ho loketseng hakaakang hore le lebitso la Harmagedone (le bolelang “Thaba ea Megiddo”) ka Bibeleng le amana le ntoa e hlōlang ea Molimo ho bahanyetsi bohle ba lipolotiki!28

Re le Megiddo ra nka litšobotsi tsa khohlo ena e tsebisahalang, kapa sekhutlo. Moo, haufi le bohare ba sekhutlo, ke leralla la More. Haufi le mathule a Iona ho kile ha lula metse e kang Naine, Shuneme le En-dore. Maloka le leralla lena, lik’hilomithara tse seng kae ho elella ka leboea le ka bochabela, ho ema Thaba ea Tabore e tsebisahalang, ka litlhoro tsa eona tse pilikoechana. Hona mona Moahloli Barake, le Debora, ba ile ba theoha ’me ba hlōla Bakanana ba maketseng.29 (Ponahalo e tsotehang ea sebaka sena e fumaneha hape ha u le tlhorong ea Tabore, eo re neng re ile ra e hloa pelenyana ka koloi.) Ho neng ho sireletse mahlong a rōna lithabeng tsa Galilea, empa hose hole haholo le sekhutlo, ke Nazaretha, lehae la pele la Jesu. Mohlomong Jesu o ne a tloaelane le sebaka se ka pel’a mahlo a rōna, kaha Nazaretha ke leeto le lekhutšoanyane la maoto ho tloha libakeng tsena kaofela.

Ra sheba ka lehlakoreng le leng la sekhutlo, ho elella hole ka boroa bo ka bochabela, ho elella Thabeng ea Gilboa. Haufi le mosiko oa eona ke seliba, sa Harod. Moo Gideone a ileng a talimana le Bamidiane ba 135 000 ba neng ba hlomile liahelo ka mose leralleng la More. Ra hopola kamoo Jehova a ileng a tsamaisa Gideone hore a fokotse lebotho la hae hore e be feela ba 300, leha ho le joalo, a e-na le bana feela, a etsa hore Gideone a hlōle.30 Hamorao, ntoeng e tšoanang le eona eo, Bafilista ba ne ba batla ba le haufi le leralla la More ’me hape Baiseraele ba le selibeng sa Harod. Ka nako ena Bafilista ba fekisa Baiseraele, ’me Saule le Jonathane ba bolaoa.31 Ho bona libaka tsena ha re thusa ho bona hamolemo haholo liketsahalo tsa Bibele.

Empa pono e ntle ka ho fetisisa ho tsohle ke ho bona ka lekhetlo la pele Leoatle la Galilea. Ka nako eo, re ne re theoha lithabeng ho elella ka leboea ho leoatle. Ka tlas’a rōna, e ne e le selibahali se tebileng se kang lehakoe, e le boliba ba metsi bo bolelele ba lik’hilomithara tse 21, bophara ba lik’hilomithara tse 12 ba metsi a maputsoa. Empa bo bonahala bo le bonyenyane, hobane bophahamong boo re neng re le ho bona, leihlo re ne re bona ka la nonyana. Mohlolo, letša le tebile ka limithara tse ka fihlang ho 213 ka tlase ho leoatle, ho hang le batla le potiloe ke maralla le lithaba.

Ha re ntse re le mabōpong a letša, ho tsamaea har’a Iona ka seketsoana kapa ho le talima boemong bo phahameng, ra hopola liketsahalo tse ngata tse etsahetseng mona. Jesu o ile a tsamaea holim’a metsi ana,32 a a khutsisa nakong ea sefefo,33 a fumana lijo tsa hoseng le barutuoa ba hae kamorao ho tsoho mabopong a Galilea,34 a etsa puo e molemo ho feta tsohle tse ngoliloeng haufi le mosiko oa thaba e haufi le moo,35 a fepa ba baloang ka likete hona mona ka mahobe a seng makae le lihlapi,36 ’me a etsa lehae la hae Kapernauma, motse o ka lebōpong le ka leboea ho Iona.37

Mohla bese ea rōna e tlohang Galilea ho ea Jerusalema, ra fihla motseng oa Bethesheane, o lutseng hantle pakeng tsa likhutlo tsa Jizreele le Jordane. Tututsoana, kapa masupi a motse oa boholo-holo, a thabaneng e phahameng ka limithara tse ka bang 80. Ke pono e ntle hakaakang e bonahalang ho tloha tlhorong ha u shebile Khohlong ea Jizreele ho elella Thabeng ea Gilboa le Megiddo, le ho theosetsa sekhutlong sa Jordane ho elella Jeriko! Mona Bethesheane Bafilista ba ile ba tlamella setopo sa Saule le lerakong la motse kamor’a hore a shoe ntoeng Thabeng ea Gilboa.38

JERIKO LE JERUSALEMA

Ra latela Khohlo ea Jordane ho theosa ka lik’hilomithara tse ka bang 80 ho ea Jeriko. Sebaka se ne se chesa se le letsoatlare, empa ra hlokomela hore selemo ho ne ho tla phola haholoanyane. Joale ra ipotsa hore na ebe Jesu le lelapa labo ba ne ba ee ba nke tsela ena e tsamaehang habonolo, empa e le teletsana, ha ba ea maetong a bona a selemo le selemo Jerusalema bakeng sa Paseka, ho e-na le ho pota Samaria e lithaba.39

Ho ne ho khahleha hakaakang ho fihla Jeriko le lifateng tsa eona tsa lipalema tse ngata.40 Ha re e-tsoa ka beseng e fehlang moea o pholileng, ra utloa mocheso o matla oa letsatsi. Ha re thusa hore re ananele ka botlalo ho babatsa ha Jesu ba neng ba ka fana ka ‘metsi a pholileng’ ho barutuoa ba hae.41 Ra hloa tututsoana eo masupi a Jeriko ea boholo-holo a epolotsoeng ho eona. Sebaka se hlile se senyenyane, ho re thusa ho ananela hore na ho bile bonolo joang hore Joshua le lebotho la hae ba pote motse ka makhetlo a supileng ka letsatsi le le leng.42

Matsatsi a rōna a ho qetela a mane Iseraele ra a qeta Jerusalema, motse o moholo oa Bibele. Ruri ho bile molemo hore re bone ka mahlo libaka tseo re neng re balile haholo hakana ka tsona. Re eme Thabeng ea Mehloare, ra hopola hore Judase o ile a eka Jesu ho lira tsa hae Tšimong ea Gethesemane kae kae sebakeng sena.43 Ha re lahlela mahlo ka mose ho Khohlo ea Kidrone, ra bona tempele ea Mosleme e khōlō, empa ra hlokomela hore mehleng ea Jesu o ne a bona tempele e eme moo. Tempele e le moo a e bonang, a neelana ka boprofeta ba hae bo tsebisahalang ka “bofelo ba tsamaiso ea lintho.”44

Sebakeng seo re neng re le ho sona Thabeng ea Mehloare, re ne re ka bona sebaka sa sebele sa “motse oa Davida,” le kamano ea oona le Jerusalema e atolositsoeng ea lilemong tsa morao, o neng o le ho elella ka leboea le ka bophirimela. “Motse oa Davida” oa pele, kapa “Thaba ea Sione,” o ile oa hapuoa ho Bajebuse.45 O ka ntle ho marako a Jerusalema ea kajeno, o le ka boroa ho Tempele ea Mosleme. Ka letsatsi le leng ra bona ka ho hlakileng haholoanyane hore na ke hobane’ng ha sebaka sa sebele sa motse oa pele se totobetse hakana.

Ra theohela Khohlong ea Kidrone selibeng sa Gihone, tlas’a leralla leo “motse oa Davida” o neng o hahiloe ho Iona. Seliba sena, se patiloeng lehaheng, ke sa bohlokoa ho moo motse o leng teng, kaha phepelo ea metsi e sireletsehileng e ne e hlokahala mehleng ea boholo-holo. Kamoo ho bonahalang e bile ka mokoti o neng o entsoe ke Bajebuse ho tla fihla selibeng sena se ka ntle ho marako a motse, moo Joabe le banna ba hae ba ileng ba tseba ho hloa ho ea fihla motseng o ka holimo. Kahoo ba le ka hare, ba hlasela ka ntoa e ileng ea hapela Davida le Baiseraele motse.46 Lilemo hamorao Morena Ezekiase a etsa hore ho chekoe tsela e tsamaeang ka har’a thaba e bolelele ba limithara tse 533 e hahiloeng ho tloha Gihone ho ea letšeng la Siloame, leo mehleng ea Ezekiase le neng le le ka hare ho motse—mosebetsi o hapang ka sebele.47 Hona ha tiisetsa Jerusalema phepelo ea metsi leha e ka futuheloa neng le neng.

Metsi a sa ntsane a phalla ka mokoti ona oa Ezekiase. A ne a le botebo ba ho fihla mangoleng ha re tsamaea ka har’a oona. Hoba re tsoe letšeng la Siloame, ra tsamaela pejana ho theosa le khohlo ho ea selibeng sa En-rogele. Ra hopola hore ke hona mona En-rogele moo mora oa Davida oa lerabele Adonija a ileng a etsa mokete ho ipatlela batšehetsi ba hore a ikhapele terone.48 Eare ha ho tsebisoa Morena Davida ea shoang sena, a etsa hore mora oa hae Salomone a tlotsetsoe borena selibeng sa Gihone, limithara tse makholo a seng makae ho elella holimo ho khohlo.49

Ho etela libaka tsee ho bile le phello efe ho rōna? Koana, ho ne ho sa hlokahale hore re be re li bone hore re lumele hore li teng. Leha ho le joalo, ho li etela e ne e le ho tiisa hore li hlile li teng. Empa, haholo-holo, ho hla re e-ba moo le ho tloaelana le libaka tsa sebele tsa liketsahalo tsa Bibele ho phaelletse boahlamo ba se molemo le kananelo bakeng sa liketsahalo tsena.

[Lebokose le leqepheng la 11]

LITŠUPISO TSA BIBELE

1 Luka 2:4-16.

2 Genese 35:16-20.

3 Ruthe 1:16-19; 2:2-4.

4 Johanne 7:42; 2 Samuele 2:18, 32.

5 Numere 13:23.

6 Genese 23:14-19; 25:9; 49:30, 31; 50:13.

7 Genese 13:18; 35:27.

8 Genese 18:1-8.

9 Genese 19:27-29.

10 Genese 37:12-14.

11 2 Samuele 5:1-5.

12 Mattheu 2:7-18.

13 1 Samuele 24:1-3.

14 Liketso 9:36-43.

15 Liketso 10:1-25.

16 1 Samuele 5:1-9.

17 2 Samuele 1:20

18 Baahloli 16:3.

19 Baahloli 16:21, 25-30.

20 Genese 21:30-34; 22:1-19.

21 1 Marena 22:37-39; Amose 6:1, 4.

22 Deuteronoma 11:29, 30; Joshua 8:30-35.

23 Johanne 4:5-7, 19, 20.

24 Joshua 18:1.

25 Baahloli 11:40; 1 Samuele 3:21.

26 Genese 13:1-11.

27 1 Marena 18:18-40.

28 Tšenolo 16:14, 16.

29 Baahloli 4:4-16.

30 Baahloli 7:1-22; 8:10.

31 1 Samuele 28:4; 31:1-4.

32 Mattheu 14:23-32.

33 Mareka 4:35-41.

34 Johanne 21:9-14.

35 Mattheu 5:1, 2.

36 Mattheu 14:14-22.

37 Mareka 2:1, NW.

38 1 Samuele 31:10.

39 Luka 2:41, 42.

40 Deuteronoma 34:3.

41 Mattheu 10:42.

42 Joshua 6:15.

43 Mattheu 26:30, 36-47.

44 Mareka 13:3, 4; Mattheu 24:3, NW.

45 2 Samuele 5:7, 9; 6:12.

46 2 Samuele 5:6-9; 1 Likronike 11:4-7.

47 2 Marena 20:20; 2 Likronike 32:30.

48 1 Marena 1:9, 10.

49 1 Marena 1:33-41.

[’Mapa o leqepheng la 4]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

ISRAEL

MEDITERRANEAN SEA

Capernaum

SEA of GALILEE

Nazareth

Kishon River

MT. CARMEL

MT. TABOR

Hill of Moreh

Jezreel Valley

Megiddo

Caesarea

En-gannim (Jenin)

MT. GILBOA

Beth-shean

Plain of Sharon

Netanya

Samaria

MT. EBAL

MT. GERIZIM

Shechem (Nablus)

Jordan River

WEST BANK

Shiloh

Joppa (Tel Aviv)

Bethel

Ai

Jericho

JORDAN

Jerusalem

Ashdod

Bethlehem

Ashkelon

Pools of Solomon

Herodium

Valley of Eshcol

Mamre

Gaza

Hebron

DEAD SEA

Masada

Beer-sheba

Sodom and Gomorrah?

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Re bone molisana enoa oa mosetsana a alositse linku le lipōli haufi le Tell Beer-sheba

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Leoatle le letle la Galilea kamoo le bonahalang kajeno

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela