“Ba Nonne ba Sotse”
Jeremia 5:28 e hlalosa ba neng ba ena ka ho tlola molao, e re: “Ba nonne, ba sotse, le hona ba tlolisa bobe bo ka boleloang.” Batho ba khopo joalo ba ne ba nonne ka kutloisiso ea hore ba ne ba otlehile. Kahoo, letlalo la bona le ne le sa repha joalokaha eka ba haelloa ke lijo tse ntle. Che, le ne le tletse hantle le le boreleli, le “sotse.” Empa ho ena ha bona e ne e le ha nakoana. Jehova o ne a tla ba etsa hore ba ikarabelle.—Jer. 5:29.