Mofuta oa ho Bea Litholoana o Tlotlisang Molimo
1. Ka mantsoe a Jehova ho Ezekiele 15:1-5, o ile a supa hore morero o moholo oa sefate sa morara ke ofe?
HANTLE-NTLE morero oa sefate sa morara ke ofe? Khale-khale Molemi oa sefate sa pele sa morara o kile a botsa moprofeta oa hae Ezekiele seo, ka mantsoe ana: “Mor’a motho, sefate sa morara se feta lifate tsohle tse ling ka’ng, ke bolela lekala la morara le melileng har’a lifate tsa moru? Na ho tla nkoa lehong ho oona morara ho etsa mosebetsi ka lona na? Kapa, na motho o tla nka thakhisa ho oona ho fanyeha ntho efe kapa efe ho eona? . . . U ka bona, ha esita leha le ne le sa le kaofela ha lona, ho no ho ke ke ha sebetsoa mosebetsi ofe kapa ofe ka lona.” (Ezek. 15:1-5) Ka ho hlakileng, he, morero o moholo oa sefate sa morara ke ho bea litholoana, morara o hlabosang oo ho etsoang veine ka oona.—Baahl. 9:13.
2. Tumellanong le morero oo oa morara, Jesu o ile a re’ng ho Johanne 15:16 hore ke khopolo ea hae ha a khetha “makala” ao a baapostola?
2 Veine e ile ea kenella moketeng oa ho qetela oa Paseka oa Jesu a e-na le baapostola ba hae. Hoba ho lalloe a etsa setšoantšo sa hae sa “sefate sa ’nete sa morara” le “makala” a sona. A hopotse sena o ne a ka re ho baapostola ba hae ba tšepahalang ba leshome le motso o le mong: “Hase lōna le nkhethileng, ke ’na ke le khethileng, ’me ke le beile hore le ee, ’me le bee, ’me ho bea ha lōna ho tiee, e leng hore tsohle tsee le ka li qelang ho Ntate [Molemi oa sefate sa morara] ka lebitso la ka, a le fe tsona [ha ho talingoa ho bea ha lōna litholoana.]”—Joh. 15:16.
3. Ke hobane’ng ha morara o faoloa selemo le selemo, ’me hona ho lokela ho fetisetsa thuto efe lekaleng’ le ananelang le ‘sefateng sa ’nete sa morara’?
3 Hore se ka bea litholoana ka ho feletseng, sefate sa morara se faoloa selemo se seng le se seng. Ho joalokaha Jesu e le “sefate sa morara” sa moea a itse: “Lekala le leng le le leng le ho ’na le sa beheng litholoana, oa le pōma, . . . Ha motho a sa lule ka ho ’na, o lahleloa kantle joaloka lekala, ’me a omelle. Makala aa bokelloa, a lahleloe mollong, a che.” (Joh. 15:2, 6, phet. e ncha) Hona ho re ruta eng, he? Koana, haeba e mong ho rōna ke “lekala” ‘sefateng sa morara’ sa moea ’me a nka tokelo ea hae e le ea bohlokoa, a ke ke a batla hore a pongoe. Kahoo ho mo biletsa hore a bee litholoana—a bee haholo!
LITHOLOANA
4. “Tholoana” ke eng, joalokaha ho bontšitsoe tabeng ea Esaia 5:7?
4 Litholoana tsena ke eng? Litholoana, morara, ha li tšoantšetse barutuoa ba Kreste. Makala ke oona a tšoantšetsang barutuoa ba tsoetsoeng ka moea. Se tšoantšetsoang ke litholoana tse beoang ke makala se suptjoa ke Mangolo a bululetsoeng. Ka mohlala, ha Jehova a ne a tšoantšetsa Iseraele ea boholo-holo le sefate sa morara, o ile a bolela litholoana tseo a neng a li batla. A re: “Ruri, tšimo ea merara ea Jehova oa makhotla ke ntlo ea Iseraele, bana ba Juda ke litlama tsee a neng a khahlisoa ke tsona; o na a lebeletse ho loka, empa a bona hloriso, a lebella kahlolo, empa a bona mohoo oa hloreho [o kang oa Sodoma ea boholo-holo].”—Esa. 5:7; Gen. 18:21; 19:13.
5. Mehleng ea Jesu, ke lintho life tse matlanyana tsa Molao oa Molimo tse neng li hlokomolohiloe ke baetapele ba bolumeli, ’me ba ne ba ruta eng e le lithuto?
5 Kahoo, e le karolo ea tholoana ea ‘sefate seo sa morara’ sa tšoantšetso sa Iseraele, e neng se batloa ke Jehova Molemi e ne e le kahlolo (e akaretsang toka) le ho loka, ho fapaneng le ho tlōloa ha molao le boitšoaro bo lihlong. Kahlolo le ho loka li ne li haella Iseraeleng mehleng ea Jesu. Nakoana pele a bolaeloa tumelo Jerusalema o ile a bua tjena le bangoli le Bafarisi ba baikaketsi: “Le ntša karolo ea leshome ea koena, tenane le sepaile, feela le tlohetse lintho tsa bohlokoa tsa Molao: tōka, mohau le botšepehi.” (Matt. 23:23, phet. e ncha) Tabeng ea ho tlōloa ha Molao oa Molimo, Jesu a boela a re: “[Lōna Bafarisi le bangoli] ka baka la moetlo oa lona he, le fetotse taelo ea Molimo lefeela.” “Le ruta lithuto tseo e leng litaelo tsa batho.”—Matt. 15:6, 9, phet. e ncha.
6, 7. (a) Joaloka tabeng ea Iseraele oa tlhaho, ke tholoana efe e lokelang ho batloa ‘makaleng’ a “sefate sa ’nete sa morara,” ’me hona ho ka bontšoa joang? (b) Mehleng ea Jeremia, Iseraele e ne e feba joang habeli?
6 Kahlolo le toka, mohau, botšepehi, ho loka, ho bolokoa e seng ho sothoa ha Molao oa Molimo e ne e le karolo ea litholoana tseo Jehova a neng a li batla ‘sefateng sa morara’ sa tšoantšetso sa Iseraele. Hore lintho li lumellane, na o ne a ka lebella litholoana tse fapaneng le seo sohle hore li be “makaleng” a ‘sefate sa hae sa ’nete sa morara’? Ho hang ha ho joalo! Litholoana tseo a li batlang e le bokhabane bo apesitseng “makala” ao ke litšoaneleho tse kang tsa Kreste tsa botho. Empa litholoana li kenyelletsa ho fetang botho bo botsoa feela.
7 Pontšo e mafolo-folo ea litšobotsi tsa botho le eona e ea hlokahala! Ka mohlala, mehleng ea moprofeta Jeremia Jehova o ile a bolela masoabi a hae ka litholoana tseo a neng a li hlahisetsoa ke “sefate sa morara” sa tšoantšetso sa Iseraele. O itse: “Ke moo u ineetseng bootsoa marallaneng ’ohle a phahameng le ka tlas’a lifate tsohle tse mahlaku. Athe ’na, ke na be ke u hlomile u le morara o fetisang ka molemo, oa mofuta oa sebele-bele; u mpa u iphetotse joang ho ’na morara oa mofuta osele? . . . U ka bolela joang, ua re: Ha kea ka ka itšilafatsa, ha kea ka ka latela bo-Baale?” (Jer. 2:20-23) Kahoo karolo e ’ngoe ea tholoana eo Jehova a neng a e batla ‘sefateng sa morara’ sa tšoantšetso sa Iseraele e ne e le ho hloeka boitšoarong le borapeli bo khethileng Eena feela. Empa, ho e-na le ho fumana tholoana e joalo makaleng a sona, Jehova a fumana ho etsoa bofebe le bootsoa har’a Baiseraele ka bomong, hape le bofebe ba moea ka lehlakoreng la sechaba sohle ka ho etsa lilekane tsa setsoalle le lichaba tsa bahetene tse ba potolohileng.—Bapisa Jakobo 4:4.
8. Baiseraele ba ne ba sa neele Jehova boineelo bo khethehileng joang?
8 Ho feta moo, ho e-na le ho rapela Jehova feela e le Molimo oa sona oa selekane, sechaba se ne se matha ka borapeli ba litšoantšo kamor’a litšoantšo tsa Baale ’me ba li rapela. Pheletsong, “morara” oa “sefate sa morara” oa Iseraele ea tšoantšetso e ne e le ‘morara oa Sodoma,’ hoo e leng hore ‘lihlahla’ tsa teng li ne li le bolila. Kahoo, litholoana tsa “sefate sa morara” sa Baiseraele li ne li akarelletsa likamano tsa botona tsa mofuta o neng o fumanoa Sodoma ea boholo-holo. (Deut. 32:32) Litholoana tse sa lakatseheng li ema li fapane le seo Molimo o neng o se batla.
9. “Makala” a ‘morara oa ’nete’ a lokela ho ipoloka joang bofebeng ba moea, le haeba hona ho fehla lehloeo la lefatše?
9 Molimo o sa fetoheng ha o batle leha e le ’ngoe ea litholoana tsa mofuta o joalo “makaleng” a “sefate sa ’nete sa morara,” Jesu Kreste. Ka hona Baiseraele ba moea ba sehlopha sa ’Muso ba lokela ho ipoloka ba hloekile boitšoarong. Ha ba ea lokela ho etsa bofebe ba moea ka ho iketsetsa metsoalle le lefatše lena. Ha ho letho le hlokoang ho bona haese boineelo bo khethehileng ho Jehova e le Molimo. Ba tsotelletse eng ha lefatše le ba hloile ka baka la ho bea litholoana tse joalo? “Ereka ha le se ba lefatše, ke mpa ke le khethile lefatšeng, ka baka leo lefatše le le hloile.” Ke sona seo Jesu a se boleletseng baapostola ba hae ba tšepahalang ba leshome le motso o le mong bosiung boo Judase Iskariota a mo ekileng ka bona.—Joh. 15:19.
10. (a) Ke tholoana ea mofuta ofe ea ho ikarola le ho hloka letheba e lokelang ho beoa ke makala a ‘morara oa ’nete,’ ’me hona ho biletsa bohato ba mofuta ofe ho bona? (b) Ka ho se hlahise tholoana e joalo, sechaba sa Iseraele se ile sa utloa bohloko ba ho lahleheloa ke eng?
10 Ho se be ha bona karolo ea lefatše lena ka ho ipoloka ba se lipolotiking le likhohlanong tsa lona ke pontšo ea tholoana ea bohloeki le ho hloka letheba lefatšeng lena. Tholoana ena e lokela ho khetholla bao e leng ba phutheho ea Jehova e le baemeli ba Mora oa hae “sefate sa ’nete sa morara,” Jesu Kreste. Ba tlameha ho bontša ho matahana ho se nang ho lekanang le hona ’musong oa Molimo o matsohong a Jesu Kreste. Hona ho biletsa ho lumela ha bona le ho amohela ha bona pepenene Mora oa Molimo e le eena Messia eo e neng e le khale a tšepisitsoe, kapa Kreste. Tholoana ea mofuta ona ha e-ea ka ea hlahisoa ho Jesu Messia ke “sefate sa morara” sa tšoantšetso sa Iseraele oa tlhaho. E ile ea hlōleha ho hlahisa “litholoana” tsa ’muso oa Molimo. Hona ha fella ka tahlehelo e khōlō ho bona, hobane ba ile ba amohuoa ’muso oa Molimo ’me oa neoa sechaba se neng se tla bea tholoana e hlokahalang, Iseraele oa moea. (Matt. 21:43) Sechaba sena se secha se entsoe ka “makala” a pakang kopano ea oona le “sefate sa ’nete sa morara” ka ho se hane Jesu Messia joalokaha ho ile ha etsa sechaba sa Bajode empa ka hore ba mo amohele pepeneneng le ka ho hata moo a hatileng teng.
11. (a) Ka lebaka la boprofeta ba Mattheu 24:14, ke eng se amehang ho feta feela ho ‘kenya Jesu ka pelong ea motho’? (b) Ke tšobotsi efe ka “morara oa ’nete” eo e leng tlamo ‘makaleng’ a morara?
11 Ka hona hona ho akarelletsa ho fetang feela ho lumela le ho amohela Messia ka pelong ea motho, ‘a kenya Jesu ka pelong ea hae,’ joalokaha baevangeli ba Bojakane ba bolela. Ho tlameha ho lumellanoe le ho senoloa sena ka ketso e etsoang pontšeng. (Ba-Roma 10:10) Ho tlameha hore ho nkoe karolo ea botho phethahatsong ea boprofeta ba Jesu, bo reng: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Matt. 24:14) Haeba “lekala” le ineetseng le le kolobelitsoeng, le tsoetsoeng ka moea ‘sefateng sa morara’ Kreste le sa nke karolo e mafolo-folo mosebetsing oo o hlileng oa boleloa, ke joang a ka beang “litholoana” tsa ’muso oa Molimo? Tšobotsi e tlamang ntlheng ena ke hore ke “makala” ho eo e bileng eena oa pele ea ileng a tlotsoa ka moea oa Morena ’Musi ea Phahameng Jehova hore a bolele litaba tse molemo tsa ’Muso. (Esa. 61:1-3; Luka 4:16-21) Joaloka thupeng ea “sefate sa morara” ka hona “makala” a monyang metsi a lokela ho ba joalo le oona!
12. Ho tloha selemong sa 1914, Mattheu 24:14 e tlameha ho phethahatsoa tekanyong e kholo hakae, ’me ho mahetleng a bo-mang hore ‘litaba tse molemo’ li boleloe ho isa tekanyong eo?
12 Boprofeta ba Mattheu 24:14 bo ne bo e-na le phethahatso e ka ’moho lekholong la pele la lilemo C.E., ho tloha nakong eo ka eona Jesu a nyolohetseng leholimong le hore a hlahe moo Molimo o leng hona teng ho fihlela ka selemo sa 70 C.E., ha Baroma ba timetsa Jerusalema. Empa phethahatso eo e ne e tšoantšetsa phethahatso e feletseng ea boprofeta ho tla fihlela ka 1914 ho ea pele. Qetellong ea Mehla ea Balichaba hoetla selemong seo, ’muso oa Molimo oa Messia o ile oa tsoaloa maholimong a holimo. Kajeno, lilemo tse fetang makholo a 19 hoba “sefate sa morara” Kreste se qale ho hlōmela makala a sona, ke masala a seng makae feela a “makala” a sa ntsaneng a phela le ho bea “litholoana” tsa ’muso oa Molimo, joalokaha ho lokela hore ho be teng “makala” a 144 000 a joalo e le majalefa hammoho le Jesu Kreste. (Tšen. 7:4-8; 14:1-3) Holim’a masala ana ho likoloha boikarabelo ba hore ‘litaba tse molemo tsa ’muso’ li boleloe lefatšeng lohle hore lichaba tsohle li li utloe.
13. Ka hona ke ho hlahisoa ha “tholoana” efe ka lehlakoreng la masala a “makala” a morara Ntate oa Jesu a tlotlisitsoeng lefatšeng lohle?
13 Ho beoa ha tholoana ea kutlo taelong ea ho bolela ho felletse ka ho tlotlisoa ha Jehova Molimo. Ho joalokaha Jesu a ile a bolela bakeng sa ho khothatsa “makala” a hae: “Moo Ntate a tlotlisoang teng, ke ha le bea haholo: le hona ke moo le tla ba barutuoa ba ka.” (Joh. 15:8) Nakong ena ea ho qetela ea ho phethahatsoa ho qetellang ha Mattheu 24:14, na masala a “makala” a joalo a ‘beile haholo’? Haeba re ka hlahloba litlaleho tse fumanehang bakeng sa nako ea ho tloha kamorao ho selemo sa kamorao ho ntoa sa 1919 C.E., re ka re E! Ka “litholoana” tse joalo tse hlahisoang Jehova Molimo o tlotlisitsoe lefatšeng lohle.
HO LULA ‘SEFATENG SA MORARA’
14. Ke joang, ho Johanne 15:4-6, Jesu a bontšang hore ho lula ka ho matahana le eena hoa hlokahala bakeng sa masala a “makala” hore a bee litholoana tse ngata hakaalo?
14 Ho lula ha “makala” ‘sefateng sa morara’ Kreste, e bile ha bohlokoa bakeng sa ho bea litholoana tse ngata hakaalo nakong ea linako tsena tse mahlonoko hoba Ntoa ea I ea Lefatše e qhome ka 1914. Ho masala a “makala” a beang mantsoe a Jesu a sebelitse e le kannete: “Lulang ka ho ’na, le ’na ka ho Iōna. Joalokaha lekala le ke ke la beha litholoana ka bolona ha le se sefateng sa morara, ho joalo le ho lōna ha le sa lule ka ho ’na. Ke ’na sefate sa morara, lōna le makala. Ea lulang ka ho ’na, le ’na ka ho eena, o beha litholoana tse ngata, hobane ntle ho ’na le ke ke la etsa letho. Ha motho a sa lule ka ho ’na, o lahleloa kantle joaloka lekala, ’me a omelle. Makala aa bokelloa, a lahleloe mollong, a che.”—Joh. 15:4-6, phet e ncha.
15. (a) Hoja baapostola ba ne ba sa matahana le eena, Jesu o ne a ke ke a ba khethela ho eng le ka mohla kopanong le eena? (b) Ke hobane’ng ha masala a ne a ke ke a emela Selekane sa Lichaba ’me a lula a ntse a le kopanong le “sefate sa ’nete sa morara”?
15 Jesu Kreste o ne a ke ke a khethela “makala” ana ’musong kopanong le eena leholimong ntle leha a lula ho eena leha e le har’a mathata. (Luka 22:28-30) Ho boloka ho tlotsoa ha bona ka moea oa Morena ’Musi ea Phahameng Jehova, ba lokela ho lula ba matahane le eena, thupa ea “sefate sa morara.” Ho seng joalo, libaka tsa bona tseo ba li lebelletseng ’musong oa khanya ba tla li amohuoa. (Tšen. 3:5, 11) Ka baka leo, ha Mehla ea Balichaba e felella ka 1914 ’me ho senoloa hore ’muso oa Molimo oa Messia o tsoetsoe maholimong, masala a “makala” a tlotsitsoeng a ile a tlameha ho etsa joang? Ka botšepehi a hooa Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng e le Morena oa Molimo ea beiloeng teroneng oa Messia! Hore ba ’ne ba lule ba matahane le eena, ha ho mohla ba tla mo latola ba ikhethela mebuso e emang sebakeng e entsoeng ke motho bakeng sa ’muso o loketseng holim’a lefatše lohle, e kang Selekane sa Lichaba. Kaha ba lutse ba matahane le eena, ha a ka a ikarohanya le bona.
“BONGATA BO BOHOLO” BA TŠENOLO 7:9-17
16. (a) Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea ama kamano ea “bongata bo boholo” le masala a “makala” a morara joang? (b) “Bongata bo boholo” bo ile ba ema le bomang mabapi le Machaba a Kopaneng, hona hobane’ng?
16 Lilemong tse qetellang tsa bophelo ba Selekane sa Lichaba tse ’ne e le mokhatlo o bolokang khotso “bongata bo boholo” bo hlileng ba boleloa bo ile ba qala ho bōpeha ka banna le basali ba neng ba thabela litholoana tse neng li beoa ke makala a “sefate sa ’nete sa morara.” Mathata a sehlōhō le liteko tseo ba ileng ba li liheloa nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše ka baka la ho kopanela ha bona le masala a tlotsitsoeng ha lia ka tsa ba tlama hore ba ikarohanye le bana ba beang “litholoana” tsa ’Muso. Ba tseba hore hore ba tšepahale ho Morena ea beiloeng teroneng eo e leng “sefate sa morara” sa ’nete, ho hlokahala hore ba tšepahale ho “makala” a hae, baena ba hae ba moea. (Matt. 25:31-40) Hammoho le “baena” ba Kreste, ba hana ho amohela mokhatlo o tsositsoeng bakeng sa khotso le tšireletseho ea lefatše e se e le mokhatlo oa Machaba a Kopaneng. Ho e-na le ho buella ’muso ona o neng o eme sebakeng ho tlohetsoe ’muso oa Jehova oa Messia, ba tsoela pele le masala a majalefa a ’Muso ba bolela e le Lipaki tsa Jehova.
17. (a) Ha ho fihloa ho luleng tlas’a “morara” ka tsela ea tšoantšetso, ke tlas’a “morara” ofe “bongata bo boholo” bo ikhethelang ho lula lefatšeng? (b) Ke tlas’a “morara” ofe bo ’nileng ba lula pele ho moo?
17 Ha ho fihloa tabeng ea ho lula ka tšireletseho lefatšeng tlas’a morara oa motho le sefate sa feiga ka tsela ea tšoantšetso, “bongata bo boholo” boo bo ikhethela eng? Bo ikhethela ho lula tlas’a “sefate sa ’nete sa morara” le “makala” a sona kaha bana ba emela ’muso oa Jehova ka Kreste. (Mik. 4:1-4) Pele bo ithuta litaba tse molemo tsa ’muso o tsoetsoeng bocha oa Jehova tlas’a taolo ea Jesu Kreste “sefate sa ’nete sa morara,” bo ne bo tloaetse ho lula tlas’a morara o mong—“merara ea lefatše.” (Tšen. 14:19) Oo ke “morara” oa mofuta ofe? Ke tsamaiso ea lefatše lohle ea bopolotiki eo ka eona batho ba busang ka nyeliso ba lekang ho tšoarella pusong ea lefatše, kahoo ba hlōlisana le ’muso oa Jehova oa Messia.
18. Ke hobane’ng ha “makala” a ‘morara oa ’nete’ a phehelletseng “bongata bo boholo” hore bo tsoe ‘merareng ea lefatše’?
18 “Makala” a beang litholoana a “morara” o lemiloeng ke Jehova a khothallelitse bao ba bongata bo boholo hore ba tsoe tlas’a “merara ea lefatše.” Ba se hlole ba e-ja morara le veine ea eona e kotsi le e bolaeang. Hobane’ng? Hobane “morara” oo o ahloletsoe ho timela, joalokaha ho hlile ha boleloa ho Tšenolo 14:18-20:
“Le leng hape lengeloi la tsoa aletareng, le e-na le matla holim’a mollo, ’me la hoeletsa ka lentsoe le phahamileng ho le nkileng sekele e bohale, la re: Akhela sekele ea hao e bohale, ’me u khe merara ea lefatše, hobane litholoana tsa eona li butsoitse. Lengeloi la akhela sekele ea lona lefatšeng, la kotula merara ea lefatše, ’me la akhela litholoana tse kotutsoeng sehatelong se seholo sa bohale ba Molimo. Sehatelo sa hateloa ka ntle ho motse, ’me ha tsoa mali sehatelong, ’me a phahama a ba a fihla litomong tsa lipere, sebaka sa ’ona se lekana le listadia tse sekete se nang le makholo a tšeletseng.”
Mona ke taba ea morara o mong oa tšoantšetso tsekong le o mong, hobane Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng, eo e leng “sefate sa ’nete sa morara,” o thumakanya morara oa sera, “merara ea lefatše.” “Lipere” tse sebelisoang ho hata sehatelong se tebileng ka limaele tse 200 ke lipere tsa ntoa tsa Jesu Kreste le makhotla a hae a mangeloi.—Tšen. 19:11-15.
19. (a) Ke hobane’ng ha ho se teng “sehatelo” sa bohale ba Jehova se boloketsoeng “tšimo ea morara” ea moea? (b) Ke hobane’ng ha ho ka ba kotsi bakeng sa “bongata bo boholo” hore bo kenye lintho tse kang ‘meutloa le libajoa’ tšimong eo ea morara?
19 “Sehatelo sa veine” sa “bohale” ba Molimo se boloketsoe “merara ea lefatše” eo e seng ea Bokreste. Hape, ho tloha nakong eo ka eona Molimo o tsosolositseng Baiseraele ba moea ho tla mohaung oa hae selemong sa kamorao ho ntoa sa 1919, ha ho “bohale” boo a nang le bona khahlanong le ‘tšimo ena ea morara’ ea sebele kapa ea moea. O lebetse ‘tšimo ena ea morara’ ea Iseraele oa moea hore e bee ho tlotlisoeng ha hae. Ho eona ha ho sebaka se loketseng bakeng sa lintho tse kang libajoa kapa meutloa tse sitisang le tse nkang ho hong ho beeng ha ‘tšimo ea morara.’ (Luka 6:44) Kahoo, “bongata bo boholo” boo hajoale bo kopanelang le “tšimo ea morara” ea Jehova ha boa lokela ho lakatsa ho tlisa lintho tse sa lokelang tse kang libajoa le meutloa ka ‘tšimong ea morara’ e beang. Hona ho ka fella ka hore “bongata bo boholo” bo tsoe kotsi, hobane Jehova, morerong oa hae o sa fetoheng ho etsa hore “tšimo ea morara” ea hae e bee ka ho feletseng, o tla loana le “libajoa le meutloa” tse joalo. O tla hatikela ba joalo ’me a ba thumakanye ebe joale o ba chesa joalokaha eka ke ka mollo.—Esa. 27:4.
20. “Bongata bo boholo” bo lokela ho batla kamano ea mofuta ofe le Jehova, ’me ke pina efe ho “tšimo ea morara” ea hae eo ba lokelang ho kopanela ho e bineng?
20 Joale ke nako ea hore “bongata bo boholo” bo bōpe khotso le Jehova le ho itšoarella ka “qhobosheane” ea hae kapa mohloli oa matla e le hore bo ka neoa matla a ho etsa se mo khahlisang. Ho nakong ho bona hore ba hopole mantsoe a pina eo joale e bineloang ‘tšimo ea hae ea morara’ ea Iseraele oa moea, e reng: “Ka letsatsi leo, le ’ne le bine joalo holim’a morara oa ka o lakatsehang: Ke ’na Jehova, ke leng molebeli oa oona, ke o nosetsa ka linako tsohle, ke o sireletsa bosiu le motšehare, hore o se ke oa senngoa ke letho. Ha ke sa na bohale; leha ho le joalo, ha nka khahlana le libajoa le meutloa, ke tla loana le tsona, ke itihele ho tsona, ke li chese kaofela ha tsona. Ha ho ka hosele, ha e se hore batho ba itšoarelle ka ’na, ba etse khotso le ’na, ba etse khotso le ’na. Letsatsi lea tla lee Jakobo a tlang ho mela metso ka lona, Iseraele a hlahise lipalesa le lehlomela, ’me ba tla tlatsa lefatše ka litholoana tsa bona.”—Esa. 27:2-6.
21. (a) Ke ho isa tekanyong efe masala a Jakobo kapa Iseraele oa moea a lokelang ho bea? (b) Ke eng se supang hore Jehova o entse hore naha e bee bakeng sa bona?
21 Joale ke “letsatsi” bakeng sa masala a Jakobo kapa Iseraele oa moea ho bontša ho bea litholoana ka ho tlatsa lefatše lohle ka litholoana tse bolokang bophelo. Jehova o entse hore lefatše le bee kaofela ha lona, hobane ba baloang ka likete tse makholo ba arabetse bopaking ba ’Muso bo fanoang ke masala ’me ba hlahile linaheng tse fetang 200 ho bōpa “bongata bo boholo” bo hooang Jehova e le Morena ’Musi ea Phahameng oa Bokahohle ’me Jesu Kreste e le eena eo joale a filoeng matla a ho busa e le morena holim’a lefatše kaofela.—Tšen. 7:9-17.
22. Ke joang ho bea ha masala a “makala” a “sefate sa ’nete sa morara” ho bileng le phello mabapi le Molimo, ’me le ho bea ha “bongata bo boholo” joang?
22 Ho bea litholoana ka lehlakoreng la “makala” a “sefate sa morara” sa ’nete ruri e bile ho tlotlisang Jehova Molimo, Molemi. Ka lebaka la mesebetsi ea bona ea Bokreste “bongata bo boholo” bo isa tlotla ho Molimo ona o lemileng le ho hlaolela ntho e khōlō hakaalo ka “morara” ona oa borena le makala a oona. Ba ithuta ka “morara” o beang litholoana le “makala” a oona, bao ba “bongata bo boholo” ka mokhoa o tšoanang ba qoba bonyopa bohle ’me ba batla ho bea litholoana ka ho hlaolela litšoaneleho tsohle tsa botho ba bomolimo le hore ka mafolo-folo ba bolele le ho li bonahatsa tlotlisong ea Jehova.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
MASALA A BEANG LITHOLOANA LE “BONGATA BO BOHOLO” BA TLA SIRELETSOA HA LENGELOI LE KOTULA “MERARA EA LEFATŠE”