Hlalefa—Itekanye Mosikaro
‘ITEKANYE mosikaro.’ “Bala litšenyehelo.”a Ke Jesu Kreste monna ea bohlale ho bohle ba kileng ba tsamaea lefatšeng, ea ileng a eletsa joalo. O buile taba eo ha a bua ka taba ea motho ha a fetoha morutuoa e mong oa hae. Leha ho le joalo, mantsoe ao a bolela motheo o ka sebelisoang ka mokhoa o batsi litabeng tsa rōna tsa letsatsi le leng le le leng tsa bophelo. Joang?
Ka ho fumana matlotlo a bonahalang: Ka baka la liphatlalatso tse ngata-ngata tse etsoang ka mecha ea puisano—likoranta, limakasine, TV le sea-le-moea—litakatso tsa batho le seo ba se batlang li atisa ho tlōla moeli oa matla a bona a ho lefa. Empa bakeng sa ba bangata, ho laba-labela ha bona lintho tsena, ho matla hoo ba sitoang ho hanela lithetso tsa morekisi ea ba tiisetsang hore ba ka khona lintho tse joalo ka ho li lefella likhaohana: “Ho thabela lintho ha u ntse u li lefella. Ke hobane’ng ha u ka itlhokisa tsona ho fihlela ha u na le chelete e lekaneng ho li lefella?” Hase feela U.S. News & World Report ea la 20 Pulungoana, 1978, e reng: “Batho ba Qoela ka Matla Melatong: ‘Ruri Hoa Tšoenya.’” Ea tsoela pele ho bolela hore melato ea batho Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika e fihla ho $2 500 000 000 000.
Ka phello efe? Ho ba bangata, ho bolela ho oa ha botho ka baka la maemo a sa kang a elelluoa. Kahoo, selemong sa haufi tjena, ho oele batho ba fihlang ho kotara ea millione Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika, karolo ea 85 lekholong ho bona e se ho oa ha mesebetsi ea khoebo empa ho oa ha motho ka mong. Ho oa hona boholo ba hona bo bontša eng? Ho hlōleha ho ahlola lintho ka bohlale; ho hlōleha ho itekanya mosikaro ka bohlale ha motho a ikatolosa licheleteng.
Bohlale ba ho itekanya mosikaro bo boetse bo totobala leha ho fihloa lenyalong ke batho ba bakae ba kenang lenyalo ntle ho ho nahana hantle ka hore na ho ameha eng, ’me ho joalo haholo ho batho ba bacha! Ke ka lebaka leo likarohano le litlhalano li leng ngata haholo har’a bacha ho feta sehlopha leha e le sefe. Hona ho fana ka maikutlo a hore’ng? Hore batho bana ba ne ba hlōlehile ka ho khethehileng ho itekanya mosikaro—e seng feela tabeng ea liranta le lisente.
Ho atlehisa lenyalo ho hloka ho hoholo haholo. Hangata ho bolela mosikaro oa ho bula sebaka bakeng sa mefokolo ea ba bang molemong oa khotso, ka sebete ho mamelloa ho ke keng ha fetoloa habonolo, haeba ho le joalo. Ha ho bolele ho hopolela “rōna” e seng “’na” feela, empa hape ho etelletsa lithahasello tsa molekane oa motho pele ho tsa hao. Hona hohle ho qobella hore motho a ichebe hantle le motho e mong, ho hlokomela hore ha ho lenyalo le phethahetseng le hore motho o lokela ho noelella libabang ‘matšoenyeho nameng,’ le monate. (1 Ba-Kor. 7:28) E, manyalo a mangata haholo e ka be e le a nako eohle a bile a thabile hoja ba keneng ho oona ba ne ba ile ba itekanya mosikaro pele. Tabeng ea bacha ba bangata, hona ka bohlale ho ne ho ka ’na ha bolela ho ema ka bohlale lilengoana tse ling hape ho fihlela ba itlhomella hamolemo ka litsela tsohle, kelellong, ’meleng, maikutlong le licheleteng, hore ba jare boikarabelo ba lenyalo.
’Me ho teng hape lintlha tse ling tsa bophelo tseo ho tsona motho a ka ’nang a sitoa, a haelloa ke bohlale, ka hore a se ke a itekanya mosikaro pele. Bacha ba ka ’na ba phehella batsoali ba bona ho reka lintho tse ling tse theko e boima tseo ba li hlokang bakeng sa boithabiso, e le hore feela mocha a tenehe ke tsona haufinyane. Mocha ha a ka a itekanya mosikaro tabeng ea nako, matla le tlhokomelo hore ntho e joalo e be e tšoanelehang, kahoo hase feela hore chelete ea ntate oa hae e senyehile empa ho joalo le ka nako eo mocha a e sentseng nthong eo a neng a e etsa ka eona.
Joalokaha ho hlokomelehile pelenyana, ho ‘itekanya mosikaro’ ke ntho e ileng ea boleloa pele ke Jesu Kreste ha a bua ka taba ea ha motho a fetoha e mong oa barutuoa ba hae. Na ho ba morutuoa oa Jesu Kreste ho jarisa motho ho hong? Ruri ho joalo! Kahoo, ka naleli e ’ngoe ea TV e tsebisahalang e ileng ea fihlela qeto ea ho latela Jesu Kreste e le e mong oa Lipaki tsa Jehova Molimo, sehlooho ho New York Sunday Daily News se ile sa hlalosa ka mokhoa o latelang:
“[Montsana] a ka be a phela Bel Air moo ho phelang baikhantši, a qhoba Rolls Royce e lelemelang, a apara meaparo ea morao-rao ea St. Laurent. A ka be a ferehana le ba tsebisahalang, a noa, a ipapalla hohle ’me e le eena puo. . . . O ile monyetla oa hae oa ho fetoha moruihali ka nakoana feela, naleli e phahametseng tsohle ea thelevishene, molleloa oa meketeng ea bosiu.”
Hobane’ng?
“Haholo-holo hobane o hanne ho lumella eng kapa eng kapa mang kapa mang ho sekisetsa tumelo eo a e fumaneng bocha, Lipaki tsa Jehova. . . . Nako e ka tlase ho selemo, ho ne ho se letho leo a le nahanang ka ho tantša a sa apara ka mokhoa o feletseng, ho bapala papali ea chelete, ho tahoa, le ho lelera feela. kamoo a bolelang, ‘Ke entse lintho tsa mefuta eohle pele ke kena ’neteng. Ke ne ke le lefifing le ho hlokeng tsebo, ’me kahoo ka latela melao ea lefatše.’”
E, hore e be Mokreste oa ’nete ho ile ha mo jarisa ho hong. Na o fumane molemo ka ho itekanya mosikaro? E, hobane joalokaha sehlooho seo se bolela: “Ha ho mohla a kileng a thaba ho feta hona joale.” Boholo ba thabo eo bo bakoa ke hore e bile ’moleli oa nako e tletseng oa litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo. E le Mokreste ea nang le tumelo, o tseba hore thabo e khōlō haholo e mo emetse.
Toronto Star, ea la 12 Loetse, 1978, e ile ea bolela ka sebapali sa hoko seo ka 1977 e neng e le eena ea kentseng lintlha tse fetang tsa mang kapa mang sehlopheng sa habo, empa a etsa qeto ea ho tlohela. Sehlooho sa taba sa qotsa a re: ‘Ke ikutloa hore nke ke ka ineela ho bapala “hockey” ka ba ka sebeletsa Jehova. Ke tla be ke arola boineelo ba ka. Bo tsitsitse melaong ea motheo ea Bibele . . . ha e-ea ba qeto e etsoang ka lepotla-potla. Ke nahanne ka eona selemo kaofela.’ Joale kamor’a hore a qaqise ka mosebetsi oa hae e le motho oa lipapali, tlaleho e boetse e mo qotsa a re:
“Ka ea kopanong Montreal selemo ’me ka kolobetsoa moo, nakoana kamor’a moo ka nyala. Ho qalile hoba ke bale libuka tse seng kae tsa (Lipaki). Ka utloa hore li utloahala li nepahetse. Kamehla ke ne ke lumela ho Molimo, empa ke hlile ke sa nepisise. Ka fihlela qeto ea hore feela ke habohlokoa haholo ho sebeletsa Jehova ho feta ho bapala ‘hockey’”
Kamor’a ho bolela hore o etsa boboleli ba ntlo le ntlo, sehlooho sa taba ha se qetella sa mo qotsa a re: “Ha ho hlokahale hore ke sebetse hanakoana—’moloki oa libuka tsa ka o ile a mpolokela lichelete hantle. Ke hlokomela hore chelete eo ke e entseng e ne e le leraba, empa ke habohlokoa haholo ho etsa se khahlisang Jehova.” Ha ho pelaelo ea letho ka hona, hape a itekanya mosikaro ’me joale a qala ho ipelesa oona.
Leha ho le joalo, ho teng tšobotsi e ’ngoe ka seo Jesu a se boletseng ka ho itekanya mosikaro e sa ananeloeng ka kakaretso. Ke efe? Hantle Jesu o ne a bolela’ng ka nako eo ha a re barutuoa ba hae ba “itekanye mosikaro”? Na o ne a bolela hore taba ea pele ba lekanye mabaka a emelang le a tsoang hore na motho e ka ba morutuoa oa hae kapa che? (Ho ne ho ka ba joalo, koana, moo e kang ho bolokeng lintho tse bonahalang.) Che, ho itekanya mosikaro hoo Jesu a neng a bua ka hona e ne e se ka hore na motho e tla ba morutuoa oa hae kapa che, empa, ho e-na le hoo, ka ho fumana hore ho ameha eng.
Joalokaha Molula-Qhooa o kile oa ho bolela ka nako e ’ngoe: “Lentsoe la Molimo le re eletsa hore re itekanye mosikaro. E seng hore na re ikemisetsa ho ba ba ineetseng bōrōna kapa che [ho etsa thato ea Molimo]—karabo e ’ngoe feela potsong eo—empa e le hore ho ananeloe ho amehang. hoo e leng hore re tla itokisetsa hore re re, joalokaha Jesu a ile a bua ka lekhetlo leo, ‘sala hantle ho matlotlo ’ohle a rōna,’ haeba ho ka hlokahala.”
Mehleng ena ho bonahala hore ba bang ha baa ka ba itekanya mosikaro hantle ha ba ineela bobona ho etsa thato ea Molimo le ho latela mehatong ea Jesu Kreste. Ka baka la sena, ha ho tla liteko tsa mofuta ona kapa oane, tse kang mahloriso kapa meleko ka lintho tse bonahalang kapa boitšoaro bo bobe, ba oela ka thōko ho tsela. Ke masoabi a makaakang! Moputso oa Jehova oa ho mo sebeletsa ka botšepehi ke o tiileng, hobane ha ho mohla litšepiso tsa hae li hlōlehang—leha e le selemong sena, selemong se tlang, kapa tsohong. Mokreste ea bohlale, ea ileng a itekanya mosikaro oa se amehang ho lateleng Jesu Kreste, ha a ikoahlaee ka letho.—Joshua 23:14.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Luka 14:28, Revised Standard Version, New World Translation.